Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 10/8 maq. 14-15
  • Na Litekanyetso Tsa Molimo ho Thata Haholo Hore li ka Finyelloa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Litekanyetso Tsa Molimo ho Thata Haholo Hore li ka Finyelloa?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo O-oa Nahanela
  • U se ke Ua Tela
  • Sebeletsa Jehova ho ea ka Melao ea Hae e Phahameng
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • U Lokela ho Khetha Hore na U Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
  • Bahlanka ba Jehova ba Rata ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Melao ea Molimo e Molemong oa Rōna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 10/8 maq. 14-15

Pono ea Bibele

Na Litekanyetso Tsa Molimo ho Thata Haholo Hore li ka Finyelloa?

“MOLIMO HA A LEKANYE BATHO KA BOLELELE.”—MAELE A KHALE A SCOTLAND.

LITLHAHLOBO tsa sekolo, ho hlahlobeloa mosebetsi, le litlhahlobo tsa meriana empa e le feela tse ling tsa liphetoho tse khōlō tsa bophelo tseo motho a lekanngoang ka tsona. Empa ha ho tluoa tabeng ea ho phela ka litekanyetso tsa Molimo letsatsi le letsatsi, batho ba bangata ba ikutloa hore ka tsela e itseng ba ka ’na ba hlōleha ho li finyella. Na ke sona seo le uena u se lumelang? Na u ka finyella litekanyetso tsa Molimo?

Ho araba seo, pele a re talimeng litekanyetso tseo Molimo a li behetseng barapeli ba hae. Bibele e hlakisa kamoo re lokelang ho tsamaea kateng bophelong. (Pesaleme ea 119:105) Mongoli oa Bibele Morena Salomone ea bohlale o ile a etsa qeto ea hore “tšoanelo eohle” ea motho ke ho ‘tšaba Molimo le ho boloka litaelo tsa hae.’ (Moeklesia 12:13) Moprofeta Mikea o ile a hlokomela: “Seo Jehova a se batlang ho uena, ke hore u etse se lokileng, u rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hao.”—Mikea 6:8.

Jesu Kreste, Mor’a Molimo ka sebele, o ile a bolela hore ha ho litaelo tse khōlō ho feta hore “u rate Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle, le ka matla a hao ’ohle” le ho “rata oa heno joalo ka ha u ithata.” (Mareka 12:30, 31) Ho phaella moo, re bontša hore re rata Molimo ka ho mamela litaelo tsohle tsa hae.—1 Johanne 5:3.

Ha ho hlalosoa ka bonolo feela, batho ba lokela ho rata le ho hlompha Molimo, ho mamela litaelo tsa hae, ho hloka leeme, ho ba mosa ho bohle le ho qoba boikhohomoso. Na litekanyetso tse joalo hase tseo re ka li finyellang?

Molimo O-oa Nahanela

Ka ho loketseng Molimo o lebeletse hore batho ba finyelle litekanyetso tsa hae. Empa ka botšepehi bohle, na ho na le motho ea iphaphathang ka ho phethahetseng le litekanyetso tsena ka linako tsohle? Ho totobetse hore ho ke ke ha e-ba joalo, hobane re futsitse ho se phethahale ho moholo-holo oa rōna Adama. (Ba-Roma 5:12) Kahoo, re sekametse ho foseng. Empa sena ha se etse hore re be ba sa tšoaneleheng bakeng sa ho sebeletsa Molimo ka ho amohelehang.

Ho etsa papiso, nahana ka mathata a ho ithuta ho khanna koloi. Ho hlokahala phalimeho e sa khaotseng le nako hore motho a khanne hantle ka ho lekaneng hore a pase tlhahlobo ea ho khanna. Ka sebele, ho ntse ho hlokahala hore re sebeletse tabeng ea ho khanna hantle esita le ka mor’a hore re fumane lengolo la ho khanna. Ha re ntse re fumana phihlelo, re chorisa tsebo ea rōna. Empa ha ho na bakhanni ba phethahetseng!

Hoa thabisa hore Molimo o nahanela mefokolo ea rōna. Hase ea sa nahaneleng maemo, ea batlang seo re ke keng ra khona ho se hlahisa, kapa hona ho tsoela pele a tšoaea-tšoaea liphoso. O utloisisa ho haelloa ha rōna le mefokolo. Morena Davida ea neng a ile a etsa sebe se tebileng, o ile a lumela: “Ha a ka a re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso oa makhopo a rōna.” Ka lebaka lefe? “Empa joalo ka leholimo ha le phahamile holimo ho lefatše, mohau [oa Molimo] o moholo joalo ho ba mo tšabang.” Le hoja Jehova a tseba hore re etsa libe, o itokiselitse ho lahlela litšito tsa rōna ‘hōle joalo ka ha bochabela bo le hōle le bophirimela.’—Pesaleme ea 103:10-14.

U se ke Ua Tela

Morapeli ea tšepahalang oa Molimo o-oa hlalosa: “Ha ke tepeletse maikutlong, ka linako tse ling ke ee ke etse qeto ea hore ha ho mohla ke tla atleha ho phela ka litekanyetso tsa Molimo. Empa ha ke hōlisa pono e nepahetseng haholoanyane, ke ikutloa hore nka khona ho phela ka tsela eo Molimo a batlang hore ke phele ka eona. Empa ha ho bonolo hakaalo!” U se ke ua nyahama haeba u ikutloa ka tsela ena. Ha u oa pele, kapa hona ho ba oa ho qetela, oa ho ba le maikutlo a joalo.

Ka botšepehi moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a lumela: “Ha ke rata ho etsa tse ntle, ke etsa tse mpe. Bothong ba ka ba moea ke thabela Molao oa Molimo, empa bothong ba ka ba nama ho teng molao osele, o loantšanang le molao oa kelello ea ka, o nkenyang litlamong tsa molao oa sebe . . . Ke motho ea sōtō hakaakang!” Empa ha aa ka a etsa qeto ea hore seo Molimo a neng a se lebeletse se ne se le thata haholo, hobane o ile a phaella: “Ke mang ea tla ntōkōlla boemong boo bo nkisang lefung? A ho lebohuoe Molimo ea re lōkōlōtseng ka Jesu Kreste, Morena oa rōna! ’Na, ka bonna, ke sebeletsa Molao oa Molimo ka kelello feela, empa ka botho ke sebeletsa molao oa sebe.” (Ba-Roma 7:21-25, Bibele—Phetolelo e Ncha) Kahoo o ile a ikutloa a khona ho khahlisa Molimo le hoja e ntse e le moetsalibe.

Jehova, ’Mōpi oa rōna ea lerato, o tšoarela mefokolo le liphoso tsa rōna motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae ea ratehang, Jesu. Moapostola Johanne o ngotse: “Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemeli pel’a Ntate: ke Jesu Kreste ea lokileng. Ke eena e leng pheko [e koahelang] ea libe tsa rōna.” (1 Johanne 2:1, 2) Mokoallo o tlisoang ke sebe le o re thibelang ho finyella tekanyetsong ea Molimo bakeng sa botsoalle o tlositsoe kapa o khaotsoe ke matla a sehlabelo sa Kreste. Ka tsela ena botsoalle le Molimo bo khutlisitsoe.

Ho amohela ka boikokobetso tokisetso ena e lerato ho tlisa tšoarelo, hobane Molimo o ahile “le ea tepeletseng, le motho ea robehileng pelo.” (Esaia 57:15) Re ka itšetleha ka Eena bakeng sa ho tsosolosa meea ea rōna. O tšepisa ho “tsosa ea malimabe lerōleng.” Ha ho sa hlokahala hore re lule re tepeletse maikutlong ha re hlōleha ho utloa Molimo ka ho phethahetseng. Ho e-na le hoo, re ka fumana kholiseho ea hore le ka mohla Molimo a ke ke a hlokomoloha boiteko boo re bo etsang bakeng sa ho phela ka litekanyetso tsa hae.—Pesaleme ea 113:7; Ba-Heberu 6:10-12.

Le hoja e le boikitlaetso bo matla, u tla hlokomela hore u ea thabileng haholoanyane ha u etsa se khahlisang Molimo. Boinehelo ho Molimo bo etsa hore bophelo e be bo mamellehang haholoanyane ho uena le ho ba u potileng. Hape nahana ka bokamoso. Ho loanela hore u be ea lumellanang le litekanyetso tsa Molimo hona joale ho tlisa tebello ea bophelo bo sa feleng ka tlas’a maemo a paradeise.—Esaia 48:17; Ba-Roma 6:23; 1 Timothea 4:8.

Batho ba nang le phihlelo bao papali ea bona e leng ho hloa lithaba baa hlokomela hore hang ha ba se ba fihlile tlhōrōng, ba mpa feela ba le halofong ea leeto. Ba sa ntse ba lokela ho theoha ba sireletsehile. Ka ho tšoanang, ba tšabang Molimo ba hloka ho finyella litekanyetso tsa Molimo ’me ba phehelle ho phela ka tsona.—Luka 21:19; Jakobo 1:4.

Fumana khothatso tsebong ea hore litekanyetso tsa Molimo ha ho thata haholo hore li ka finyelloa. Haeba ka linako tse ling u hlōleha ho iphaphatha le tsona ka ho phethahetseng, kōpa hore a u tšoarele. Itšetlehe ka tšehetso ea hae e lerato. (Pesaleme ea 86:5) Ka hona, ka ho ba le Jehova le Mora oa hae e le Bathusi ba hao, u ka finyella litekanyetsong tsa Molimo ’me ua fumana kamohelo ea hae.—Liproverbia 12:2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela