Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jd khao. 7 maq. 83-95
  • Sebeletsa Jehova ho ea ka Melao ea Hae e Phahameng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebeletsa Jehova ho ea ka Melao ea Hae e Phahameng
  • Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA MELAO EA MOLIMO EA UTLOAHALA?
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO AMOHELA MELAO EA JEHOVA?
  • “HLOEANG SE SEBE, LE RATE SE MOLEMO”
  • LULA U HOPOLA LENTSOE LA MOLIMO
  • TŠABA MOLIMO KA TSELA E LOKETSENG
  • U Lokela ho Khetha Hore na U Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
  • Bahlanka ba Jehova ba Rata ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na Litekanyetso Tsa Molimo ho Thata Haholo Hore li ka Finyelloa?
    Tsoha!—1995
  • U ka Tšepa Litekanyetso Tsa Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
jd khao. 7 maq. 83-95

Khaolo ea Bosupa

Sebeletsa Jehova ho ea ka Melao ea Hae e Phahameng

1. Batho ba Jerusalema mehleng ea Sofonia ba ne ba ikutloa joang ka melao ea Jehova?

“JEHOVA a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe.” Mantsoe ana a bontša hore na batho ba Jerusalema ba ne ba ikutloa joang mehleng ea Sofonia. Ba ne ba nahana hore Jehova o ne a sa lebella hore ba boloke melao leha e le efe. Sofonia o ile a re ba ne ‘ba qitile holim’a litšifa tsa bona,’ e leng litlheferetsi tse lulang tlaase ka har’a veine e bolokiloeng. O ne a bolela hore ba ne ba batla ho iphelela hamonate, ba sa tšoenngoe ka hore ba ’ne ba bolelloe kamoo Molimo a kenellang kateng litabeng tsa bona. Leha ho le joalo, Molimo o ile a bolella Bajuda bao hore o ne a “tla batlisisa Jerusalema ka mabone” ’me a ‘lebise tlhokomelo ho’ ba hlokomolohang melao ea hae. E, Jehova o behile melao, ’me o ameha ka hore na batho ba hae ba e talima joang.—Sofonia 1:12.

2. Moo u lulang teng, boholo ba batho bo ikutloa joang ka ho beheloa melao?

2 Le kajeno, batho ba bangata ha ba batle feela le ho nahana ka ho ba tlas’a melao e itseng. U ka ’na ua utloa ba re, “Iketsetse seo u se ratang!” Ba bang ba re, ‘Haeba ke se na chelete e lekaneng kapa ke hlōleha ho fumana seo ke se batlang, ke tlameha ho etsa eng kapa eng e tla fetola seo.’ Ha ba natse hore na ebe Molimo eena o ikutloa joang kapa hore na o batla eng ho bona. Ho thoe’ng ka uena? Na u thabela hore ebe ’Mōpi o behile melao?

3, 4. Ke hobane’ng ha u thabela hore ebe melao e teng?

3 Ba bangata ba sa rateng ho ba tlas’a melao ea Molimo ha ba tsilatsile ho boloka melao ea batho likarolong tse sa tšoaneng tsa bophelo. Ka mohlala, nahana ka taba ea metsi. Mebuso e mengata e beha melao ea hore na e batla hore ho be le metsi a mofuta ofe. Empa ho thoe’ng haeba mebuso e khoehlisa melao eo? Sena se ka ’na sa baka letšollo le mafu a mang a bakoang ke metsi a sa hloekang, a tšoarang bana haholo-holo. Leha ho le joalo, mohlomong u rua molemo ka hore ebe ho behiloe melao e phahameng mabapi le metsi a nooang. International Organization for Standardization e re: “Haeba melao e ne e le sieo, re ne re tla hlokomela kapele. Hangata ha re lemohe kamoo melao e thusang kateng hore lintho e be tsa boleng bo phahameng, ho be le tšireletseho, hore lintho tse sebelisoang e be tse ka tšeptjoang, tse sebetsang hantle le ho tseba hore na ke life tse ka nkelang tse ling sebaka—esita le ho etsa hore batho ba fumane melemo e joalo ka ntle ho litšenyehelo tse boima.”

4 Haeba u lumela hore ho molemo ho ba le melao likarolong tse sa tšoaneng tsa bophelo, na ha ho utloahale ho lebella hore Molimo a behe melao e phahameng bakeng sa batho ba bitsoang ka lebitso la hae?—Liketso 15:14.

NA MELAO EA MOLIMO EA UTLOAHALA?

5. Jehova o ile a sebelisa Amose joang ho bontša bohlokoa ba ho boloka melao ea Hae?

5 Ha u haha ntlo, melao ke ea bohlokoa. Haeba lebota le leng le sa otloloha, mohaho oohle o ka ’na oa sekama. Kapa haeba mabota a petsohile, sena se ka ’na sa sitisa batho ho lula ntlong eo. Ke eona taba e hatisoang ponong eo Amose, ea ileng a profeta lilemong tsa bo-800 B.C.E., a ileng a ba le eona ka boemo ba sechaba sa Iseraele sa meloko e leshome. O ile a bona Jehova a eme lerakong “ho e-na le sekitiloto letsohong la hae.” Molimo o ile a re: “Bona! ke beha sekitiloto har’a batho ba ka ba Iseraele. Nke ke ka hlola ke ba lokolla molatong.” (Amose 7:7, 8) Sekitiloto ke ntho e boima e faselelitsoeng khoeleng; se sebelisoa ho bona hore na lerako le otlolohile kapa che. Lerako la tšoantšetso leo Amose a ileng a bona Jehova a eme ho lona le ne le ‘entsoe ka sekitiloto.’ Le ne le eme ka mokhoa o nepahetseng, kapa le otlolohile. Leha ho le joalo, mehleng ea Amose Baiseraele ba ne ba se ba sa etse se nepahetseng moeeng—ba ne ba tšoana le lerako le sekameng leo ho neng ho hlokahala hore le heletsoe pele le oa.

6. (a) Taba ea sehlooho mangolong a baprofeta ba 12 ke efe? (b) Ke hobane’ng ha u ka bolela hore melao ea Molimo ea utloahala?

6 Ha u ntse u ithuta libuka tsa baprofeta ba 12, u tla fumana hore taba e ntseng e pheta-phetoa ke hore: Ke habohlokoa ho boloka melao ea Molimo. Hase melaetsa eohle e libukeng tsena e neng e nyatsa batho ba sa pheleng ka melao e phahameng ea Molimo. Ka linako tse ling ha Jehova a hlahloba batho ba hae, o ne a fumana hore ba boloka melao ea hae. Taba ea hore ba ne ba khona ho e boloka e bontša hore melao ea hae ea utloahala; batho ba sa phethahalang joaloka rōna ba ka khona ho e boloka. Nahana ka mohlala o latelang.

7. Zakaria o re thusa joang hore re bone hore batho ba sa phethahalang ba ka khona ho boloka melao ea Jehova?

7 Ka mor’a hore Bajuda ba khutlileng botlamuoeng ba hahe motheo oa tempele, mosebetsi o ile oa ema. Kahoo, Molimo o ile a romela baprofeta ba hae, e leng Hagai le Zakaria hore ba ba tsose molota hore ba boele ba qalelle ho haha. Ponong e ’ngoe ea Zakaria, Jehova o ile a bolela hore ’musisi oa Juda, Zorobabele, o ne a tšoere “sekitiloto letsohong la [hae]” ha a beha lejoe la sehlooho le neng le phetha mosebetsi oa ho haha tempele. Tempele eo e ne e hahiloe ho ea ka melao ea Molimo. (Zakaria 4:10) Empa hlokomela boitsebiso bona bo thahasellisang mabapi le tempele eo ha e se e phethiloe: “Ana a supileng ke mahlo a Jehova. A qamaka lefatšeng lohle.” Molimo o ile a bona ha Zorobabele a beha lejoe la sehlooho, ’me kaha O khona ho bona tsohle, eitse ha A hlahloba tempele e tsosolositsoeng, A bona hore e boemong bo loketseng, e hahiloe ho ea ka melao ea Hae! Sena se bontša hore le hoja melao ea Jehova e phahame, batho ba ka e boloka. Zorobabele le sechaba sa habo ba ne ba khonne ho e boloka ka mor’a hore ba khothatsoe ke Hagai le Zakaria. Joaloka Zorobabele, le uena u ka khona ho etsa seo Molimo a se lebeletseng ho uena. Ho tseba see ho khothatsa hakaakang!

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO AMOHELA MELAO EA JEHOVA?

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha ho loketse hore Jehova a behele batho melao? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Molimo a batle hore Baiseraele ba boloke litaelo tsa hae?

8 Joalokaha Molimo e le ’Mōpi, o na le tokelo ea ho behela batho melao le ho lebella hore re e boloke. (Tšenolo 4:11) Ha ho hlokahale hore Jehova a qaqise ntho e ’ngoe le e ’ngoe hobane o file batho letsoalo leo e leng motataisi oa bohlokoa. (Baroma 2:14, 15) Molimo o ile a bolella batho ba pele hore ba se ke ba ja litholoana tsa “sefate sa tsebo ea botle le bobe,” se neng se emela tokelo ea Molimo ea ho beha melao ea se setle le se sebe. U tseba se ileng sa etsahala. (Genese 2:17; 3:1-19) Ha Hosea a bontša ka mokhoa o sa tobang hore Adama o ile a khetha ho etsa se fosahetseng, o ile a ngola: “[Baiseraele] bona ba tlōla selekane joalo ka Adama.” (Hosea 6:7, Bibele ea Sesotho) Kahoo, Hosea o bontša hore Baiseraele ba ne ba entse sebe ka boomo.

9 Sebe seo e ne e le sefe? “Ba robile selekane [sa Molao].” (New International Version) Ha Molimo a pholosa batho ba hae Egepeta, e ile ea e-ba mong’a bona ’me ho hlakile hore o ne a e-na le tokelo ea ho ba behela melao. Baiseraele ba ile ba lumela ho kena selekaneng le Jehova, kahoo ba lumela hore ba tla boloka melao eo. (Exoda 24:3; Esaia 54:5) Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba sitoa ho boloka Molao. Ba ile ba e-ba molato oa mali, oa polao le bohlola.—Hosea 6:8-10.

10. Molimo o ile a leka ho thusa batho ba sitoang ho boloka melao ea hae joang?

10 Jehova o ile a romela baprofeta ba kang Hosea hore ba e’o thusa sechaba sa hae se inehetseng ho Eena. Qetellong ea buka ea hae ea boprofeta, Hosea o ile a re: “Ke mang ea bohlale, e le hore a ka utloisisa lintho tsee? Ea masene, e le hore a ka li tseba? Etsoe litsela tsa Jehova li lokile, ’me ba lokileng ke bona ba tla tsamaea ho tsona; empa batlōli ke bona ba tla khoptjoa ho tsona.” (Hosea 14:9) Pejana ho Hosea khaolo ea 14, moprofeta enoa o ile a hatisa hore ho hlokahala hore batho ba khutlele ho Jehova. Ba bohlale ba ne ba tla utloisisa hore Jehova o boletse ka ho hlaka litsela tse lokileng tseo batho ba hae ba lokelang ho tsamaea ho tsona. Joaloka mohlanka ea inehetseng oa Molimo, ha ho pelaelo hore le uena u labalabela ka pelo eohle hore u ’ne u tsoele pele ho tsamaea litseleng tsa Jehova tse lokileng.

11. Ke hobane’ng ha u batla ho boloka litaelo tsa Molimo?

11 Hosea 14:9 e boetse e re bontša melemo ea ho lula tseleng e lokileng. Re fumana litlhohonolofatso le melemo ha re etsa seo Molimo a se hlokang ho rōna. Joalokaha e le ’Mōpi, o tseba sebōpeho sa rōna. Seo a se lebeletseng ho rōna se molemong oa rōna. E le ho tšoantša kamano e pakeng tsa rōna le Molimo, re ka ’na ra nahana ka koloi le moetsi oa eona. Moetsi oa koloi o tseba tsela eo koloi e raliloeng ka eona le tsela eo e kopantsoeng ka eona. Oa tseba hore nako le nako ho hlokahala hore ho ntšoe oli ea khale koloing ho tšeloe e ncha. Ho ka etsahala joang haeba u ka hlokomoloha molao oo, eaba mohlomong u re koloi e ntse e itsamaela hantle? Ho e-s’o ee kae enjine eo e tla senyeha e be e khaotse ho sebetsa. Ho joalo le ka batho. ’Mōpi oa rōna o re file litaelo. Ho molemong oa rōna ho li boloka. (Esaia 48:17, 18) Haeba re utloisisa hore re rua molemo ha re boloka melao ea hae, sena se re fa lebaka le matla haholoanyane la hore re e boloke, re mamele litaelo tsa hae.—Pesaleme ea 112:1.

12. Ho tsamaea ka lebitso la Molimo ho ka matlafatsa kamano ea rōna le eena joang?

12 Moputso o moholo ka ho fetisisa oa ho boloka litaelo tsa Molimo ke ho ba le kamano e matla le Molimo. Ha re phela ka melao ea hae ’me re bona kamoo e utloahalang e bileng e leng molemo kateng, lerato la rōna ho Moqapi oa melao eo lea teba. Moprofeta Mikea o ile a hlalosa kamano ena e tebileng ka mantsoe a monate, a re: “Lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona; empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Mikea 4:5) Re fuoe tlotla e kaakang ea ho tsamaea ka lebitso la Jehova, ho phahamisa botumo ba hae bo botle le ho hlokomela hore ke eena ea laolang bophelo ba rōna! Kahoo, ho hlakile hore re batla ho bontša litšobotsi tsa hae. Re le batho ka bomong, a re sebeletseng ho matlafatsa kamano ea rōna le Molimo.—Pesaleme ea 9:10.

13. Ke hobane’ng ha ho tšaba lebitso la Molimo e se ntho e mpe kapa e fosahetseng?

13 Batho ba phelang ka melao ea Molimo ba bileng ba tsamaeang ka lebitso la Molimo ho boleloa hore ba tšaba lebitso la Molimo. Ena hase tšabo e mpe kapa e fosahetseng. Jehova o khothatsa batho ba joalo, o re: “Ho lōna ba tšabang lebitso la ka letsatsi la ho loka le tla khanya, le e-na le pholiso mapheong a lona; le tla ea ’me le tile fatše joaloka manamane a nontšitsoeng.” (Malakia 4:2) Ho phethahatsa boprofeta bona, “letsatsi la ho loka” ke Jesu Kreste. (Tšenolo 1:16) Hona joale o khanya ka ho folisa batho moeeng, ’me hamorao o tla khanya ha a ba folisa nameng. Thabo ea ba folisitsoeng e tšoantšoa le ea manamane a nontšitsoeng a ‘eang ’me a tile fatše,’ a thala a thabetse ho lokoloha. Na u se u ntse u sa thabele tokoloho eo ka tsela e khōloanyane?—Johanne 8:32.

14, 15. Ho khomarela melao ea Jehova ho u ruisa molemo ka litsela life?

14 Tsela e ’ngoe eo ka eona u ruang molemo ka ho khomarela melao ea Molimo ke hore u tla khona ho sebelisana hantle le batho ba bang. Habakuke o ile a phatlalatsa bomalimabe ka makhetlo a mahlano—khahlanong le ba neng ba chacheha ka mohono, ba neng ba batla phaello e sa lokang, ba neng ba tšolla mali, ba neng ba rera maqheka a ho etsa boitšoaro bo bobe, le ba neng ba rapela litšoantšo. (Habakuke 2:6-19) Taba ea hore Jehova o ile a phatlalatsa bomalimabe bona e bontša ka ho hlakileng hore o behile melao e bontšang tsela eo re lokelang ho phela ka eona. Empa hlokomela ntlha ena: Liphosong tseo tse boletsoeng, tse ’nè li amana le kamoo re tšoarang batho ba bang kateng. Haeba re hlaolela ho ba le pono ea Molimo, re ke ke ra utloisa baahelani ba rōna bohloko. Kahoo, likamano tsa rōna le baahelani ba bangata li tla ntlafala.

15 Tsela ea boraro eo re ruang molemo ka eona e ama thabo ea lelapa. Hangata kajeno batho ba nka hore tharollo ea ho qetela ea mathata a lenyalo ke tlhalo. Leha ho le joalo, ha Jehova a sebelisa moprofeta Malakia, o ile a re: “O hloile tlhalo.” (Malakia 2:16) Re tla tšohla Malakia 2:16 haholoanyane hamorao, empa hajoale hlokomela hore ka bohlale Molimo o behile melao eo litho tsa lelapa li lokelang ho e boloka; ’me haeba feela li e boloka, ho tla rena khotso ka lapeng. (Baefese 5:28, 33; 6:1-4) Ke ’nete hore bohle ha rea phethahala, kahoo, mathata a tla ba teng. Leha ho le joalo, bukeng ea Hosea, re fumana hore Eo “lelapa le leng le le leng leholimong le lefatšeng le bitsoang ka eena” o re file mohlala o bontšang kamoo ho ka rarolloang esita le mathata a tebileng a lelapa. Re tla tšohla ntlha eo hape hamoraonyana khaolong e ’ngoe bukeng ena. (Baefese 3:15) Hona joale a re boneng hore na ho boloka melao ea Molimo ho boetse ho akarelletsa eng.

“HLOEANG SE SEBE, LE RATE SE MOLEMO”

16. Amose 5:15 e amana joang le melao ea Molimo?

16 Motho oa pele, Adama, o ile a etsa booatla ha a ne a khetha hore na ke melao ea mang e molemo ka ho fetisisa ea se setle le se sebe. Na rōna re tla khetha ka bohlale? Amose o ile a re khothalletsa hore re nke taba ena ka botebo, a re: “Hloeang se sebe, le rate se molemo.” (Amose 5:15) William Rainey Harper ea seng a hlokahetse, eo e neng e le moprofesa oa lipuo le lingoliloeng tsa Basema Univesithing ea Chicago, o ile a re ka temana ena: “Kelellong ea [Amose], molao o laolang hore na se setle kapa se sebe ke sefe ke o lumellanang le thato ea Yahweh.” Ena ke eona taba ea sehlooho eo re ithutang eona libukeng tsa baprofeta ba 12. Na re ikemiselitse ho amohela melao ea Jehova mabapi le hore na se setle le se sebe ke sefe? Re senoletsoe melao eo e phahameng ka Bibeleng ’me e hlalosoa ke Bakreste ba hōlileng moeeng, bao e leng khale ba li bona, ba etsang sehlopha sa “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Matheu 24:45-47.

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hloea se sebe? (b) Etsa mohlala oa kamoo re ka hlaolelang ho hloea se sebe ka ho feletseng.

17 Ho hloea bobe ho re thusa ho qoba ho etsa lintho tse halefisang Molimo. Ka mohlala, monna a ka ’na a tseba kotsi ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Inthaneteng ’me a leka ho qoba ho li sheba. Leha ho le joalo, ‘motho eo a leng eena ka hare’ o ikutloa joang ka boitsebiso ba litšoantšo tse manyala joalo boo a ka bo bonang Inthaneteng? (Baefese 3:16) Haeba a sebelisa khothatso ea Molimo e ho Amose 5:15, o tla fumana ho le bonolo hore a hlaolele ho hloea se sebe. Kahoo, a ka hlōla ntoa ea hae ea moea.

18 Nahana ka mohlala o mong. Na u nahana hore u ka khumamela litšoantšo tsa borapeli ba botona kapa botšehali? Ha u batle le ho nahana ka seo feela, na ha ho joalo? Leha ho le joalo, Hosea o ile a bolela hore baholo-holo ba Baiseraele ba ne ba etsetsa boitšoaro bo bobe ka pel’a Baale oa Peore. (Numere 25:1-3; Hosea 9:10) Ho bonahala hore Hosea o ne a bua ka ketsahalo ena hobane borapeli ba Baale e ne e le sona sebe se seholo sa ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome. (2 Marena 17:16-18; Hosea 2:8, 13) Re ka inahanela pono ena e nyonyehang: Baiseraele ba ne ba khumamela litšoantšo meketeng e tletseng boitšoaro bo bobe. Ho tseba hore Molimo o ile a nyatsa seo ka matla ho ka thusa e mong le e mong oa rōna hore a loantše maraba ao Satane a a chehang Inthaneteng. Kajeno, ba bangata ba tšoara basali ba batle le banna ba litjaka ba hlahellang boithabisong joaloka melimo. Leha ho le joalo, rōna ba ithutileng ho hong litemosong tseo baprofeta ba faneng ka tsona ka borapeli ba litšoantšo ha re etse joalo!

LULA U HOPOLA LENTSOE LA MOLIMO

19. Ke’ng seo u ka ithutang sona ho seo Jonase a ileng a se etsa ha a le ka mpeng ea tlhapi e khōlō?

19 Ha u ntse u loanela ho boloka melao ea Molimo e phahameng ho sa tsotellehe liteko le mathata, ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u haelloa ke matla kapa u sa tsebe seo u lokelang ho se etsa. Haeba ho bonahala eka u haelloa ke matla a kelello kapa a maikutlo, u ka tobana ka katleho le bothata bo tebileng joang? (Liproverbia 24:10) Ho na le seo u ka ithutang sona ho Jonase, eo re tsebang hore e ne e le motho ea sa phethahalang ea etsang liphoso. Hopola seo a ileng a se etsa ha a le ka har’a mpa ea tlhapi e khōlō. O ile a rapela Jehova. Hlokomela mantsoe a thapelo ea hae.

20. U ka itlhomella joang hore u etse seo Jonase a ileng a se etsa?

20 Ha Jonase a rapela Molimo a “le ka mpeng ea Sheole,” o ile a sebelisa mantsoe a mangata le lipolelo tseo a neng a li tloaetse, mantsoe a lipesaleme. (Jonase 2:2) O ne a tsielehile haholo ’me o ile a kōpa Jehova hore a mo hauhele, leha ho le joalo, Jonase o ne a bua mantsoe a Davida. Ka mohlala, bapisa mantsoe a ho Jonase 2:3, 5 le a Pesalemeng ea 69:1, 2.a Na seo ha se totobatse hore moprofeta Jonase o ne a tseba lipesaleme tsa Davida tseo a neng a ka khona ho li fumana ka nako eo? O ile a hopola mantsoe le lipolelo tsa lipesaleme tse bululetsoeng. Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le ne le le ‘lithong tsa [Jonase] tse ka hare.’ (Pesaleme ea 40:8) Haeba u le boemong bo u tepelletsang maikutlo, na u ka hopola lipolelo tse ling tsa Molimo tse loketseng boemo boo? Ha u tloaela Lentsoe la Molimo haholoanyane hona joale, sena se ka u thusa haholo nakong e tlang ha u lokela ho etsa liqeto le ho rarolla mathata ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo.

TŠABA MOLIMO KA TSELA E LOKETSENG

21. Ke’ng seo ho hlokahalang hore u se hlaolele e le hore u khomarele melao ea Molimo?

21 Ho hlakile hore ho lula u hopola Lentsoe la Molimo ka bohona hase eona feela ntho e tla etsa hore u khomarele melao ea Jehova. Moprofeta Mikea o bolela ntho e ’ngoe eo u e hlokang e le hore u tle u phethe se ka Lentsoeng la Molimo. O re: “Motho ea nang le bohlale bo sebetsang o tla tšaba lebitso la hao.” (Mikea 6:9) E le hore u be motho ea nang le bohlale bo sebetsang, ea khonang ho sebelisa seo a se tsebang bophelong ba hae, ho hlokahala hore u hlaolele ho tšaba lebitso la Molimo.

22, 23. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela Hagai ho Bajuda ba khutlileng botlamuoeng? (b) Ke’ng se u kholisang hore u tla khona ho boloka melao ea Molimo?

22 U ka ithuta ho tšaba lebitso la Molimo joang? Nka malebela ho Hagai, eo e neng e le moprofeta ha sechaba se khutla botlamuoeng. Bukeng ea hae e khutšoanyane haholo, e nang le litemana tse 38 feela, o ile a sebelisa lebitso la Jehova ka makhetlo a 35! Ha Jehova a roma Hagai hore a profete ka 520 B.C.E., ho ne ho se ho fetile lilemo tse 16 empa ho se mosebetsi o mokaalo o entsoeng ho tsosolosa tempele Jerusalema. Batho ba Molimo ba ne ba nyahamisitsoe ke ho hanyetsoa ke lira tsa bona. (Esdrase 4:4, 5) Ba ne ba nahana hore e ne e e-s’o be nako ea ho tsosolosa tempele. Jehova o ile a ba eletsa, a re: “Behang lipelo tsa lōna litseleng tsa lōna. . . . Le hahe ntlo, e le hore ke khahlisoe ke eona le hore ke tlotlisoe.”—Hagai 1:2-8.

23 ’Musisi Zorobabele, Moprista ea Phahameng Joshua, “le bohle ba setseng ba sechaba [ba ile] ba qala ho mamela lentsoe la Jehova Molimo oa bona, . . . ’me batho ba qala ho tšoha ka lebaka la Jehova.” Ha batho ba etsa seo, Molimo o ile a re: “Ke na le lōna.” Ao ke mantsoe a khothatsang hakaakang! Ka thuso ea moea oa Molimo, batho ba ile “ba qala ho kena le ho etsa mosebetsi ka tlung ea Jehova.” (Hagai 1:12-14) Tšabo e loketseng ea ho halefisa Molimo e ile ea susumelletsa batho ba neng ba tepeletse hore ba nke khato ho sa tsotellehe khanyetso.

24, 25. U sebelisa mehlala e tobileng, bontša kamoo u ka sebelisang melao-motheo e boletsoeng khaolong ena kateng.

24 Ho thoe’ng ka uena? Haeba u hlokomela hore na ke melao efe ea Molimo e sebetsang boemong boo u tobaneng le bona, na u tla ba le sebete se hlokahalang hore u tšabe Jehova ho e-na le ho tšaba batho? Mohlomong u mosali e mocha, ’me mosebetsing ho na le monna eo e seng molumeli-’moho le uena. Leha ho le joalo, ke motho ea mosa ebile oa u tsotella. Na u tla hopola lengolo le u hopotsang melao ea Jehova le kotsi ea ho e tlōla? Ka mohlala, na u tla hopola Hosea 4:11? “Bohlola le veine le veine e monate li tlosa tšusumetso e ntle.” Ha u nahana ka lengolo leo, na ho tšaba Molimo ho tla u susumelletsa hore u khomarele molao oa hae ’me u hane haeba monna eo a u memela boithabisong bo itseng? Haeba a qala ho bonya le uena, ho tšaba ho halefisa Molimo oa hao ea lerato ho ka u thusa hore u ‘balehe.’—Genese 39:12; Jeremia 17:9.

25 Joale a re khutlele mohlaleng oa monna eane ea lekang ho hanela teko ea ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Inthaneteng. Na o tla hopola mantsoe a Pesaleme ea 119:37, ao e leng thapelo? “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.” Hona na o tla hopola mantsoe ao Jesu a a buileng Thutong ea Thabeng? “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Ho tšaba Jehova le ho lakatsa ho boloka melao ea hae ho lokela ho susumelletsa Mokreste hore a qobe eng kapa eng e ka mo silafatsang. Neng kapa neng ha u lekoa hore u nahane kapa u etse se khahlanong le melao ea Molimo, leka ho hlaolela ho tšaba Molimo haholoanyane. Hape u hopole seo Jehova a u bolellang sona ka Hagai: ‘Ke na le uena.’

26. Ke’ng eo e leng hona re tla buisana ka eona?

26 E, u ka sebeletsa Jehova ho ea ka melao ea hae e phahameng ’me ua rua molemo ka ho etsa joalo. Ha u ntse u tsoela pele ho hlahloba libuka tse 12 tsa boprofeta, melao ea Molimo, kapa seo a se lebeletseng ho e mong le e mong oa rōna, e tla hlaka haholoanyane. Karolo e latelang bukeng ena e tla tšohla libaka tse tharo tseo ho tsona Jehova a behileng melao e babatsehang: boitšoarong ba rōna, kamoo re tšoarang ba bang kateng le kamoo re phelisanang kateng malapeng a rōna.

a Hape bapisa Jonase 2:2, 4-9 le Pesaleme ea 18:6; 31:22; 30:3; 142:3; 31:6; le 3:8 ho ea kamoo Jonase a ileng a li sebelisa kateng ka ho latellana.

U NE U TLA ARABA JOANG?

  • Molimo o ikutloa joang ha u boloka melao ea hae kapa u sa e boloke?—Amose 7:7-9.

  • Ke hobane’ng ha u ka re melao ea Jehova ea utloahala?—Zakaria 4:10.

  • Ke mabaka afe a etsang hore u amohele melao ea Molimo?—Mikea 4:5; Malakia 4:2; 2 Bakorinthe 5:15; Tšenolo 4:11.

LINTLHA TSE LATELANG LI KA U THUSA JOANG HORE U BOLOKE MELAO EA MOLIMO?

  • Ho hloea se sebe—Amose 5:15.

  • Ho lula u hopola Lentsoe la Molimo—Jonase 2:4-9.

  • Ho hlaolela ho tšaba Jehova—Hagai 1:12-14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela