Keresemese—Tšimoloho ea Eona
KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY
MATSATSI a mararo feela pele ho Keresemese ea 1993, Mopapa John Paul II o ile a lumela hore mokete oa Keresemese ha o-oa thehoa Bibeleng. Mabapi le letsatsi la la 25 December, mopapa o ile a lumela: “Mehleng ea boholo-holo ea bohetene letsatsing leo, letsatsi la tsoalo ea ‘Letsatsi le sa Hlōloeng’ le ne le ketekeloa hore le lumellane le ho kena tlung ha letsatsi nakong ea mariha karolong e ka boroa ea lefatše.” Joale, Keresemese e ile ea qala joang? Mopapa o ile a tsoela pele: “Ho ile ha bonahala e le ntho ea tlhaho le e utloahalang ho Bakreste ho nkela mokete oo sebaka ka mokete oa Letsatsi le le leng feela le la ’nete, Jesu Kreste.”
Moqolotsi oa litaba Nello Ajello o ile a ngola ho La Repubblica: “Ka mantsoe a mang, motho e mong o ile a phatlalatsa hore Jesu o hlahile ka letsatsi le inahanetsoeng, le iqapetsoeng la leshano.” Leshano lee le etsahetse neng? Phatlalatso ea Vatican e itse: “Mokete oa Keresemese o hlahile ka lekhetlo la pele ka 354 [C.E.].”
Ho thoe’ng ka la la 6 January, Epiphany, e leng letsatsi leo ka lona ho ketekeloang ho tla ha Linohe tsa Linaleli ha li ne li etela Jesu e le lesea le qetang ho hlaha? Phatlalatso eo ea litaba e ile ea tsoela pele: “Bopaki bo bongata bo re lebisa ho lumeleng hore ho khethoa ha letsatsi la la 6 January, joaloka la la 25 December e leng letsatsi la phomolo la Roma bakeng sa ketekelo ea ho tsoaloa ha Jesu, le lona le ile la susumetsoa ke mokete oa bohetene oa ho ikhopotsa ketsahalo e itseng. Ha e le hantle, Alexandria, bosiung bo pakeng tsa la 5 le la 6 January, bahetene ba ne ba atisa ho keteka letsatsi la tsoalo la god Aeon (molimo oa nako le bosafeleng). . . . Hoa bonahala hore Kereke e ne e batla ho etsa mokete ona oa bohetene hore e be oa Bokreste.”
Le ka mohla Jesu ha aa ka a lumella balateli ba hae hore ba tsoake borapeli ba ’nete le meetlo ea bohetene. Ho e-na le hoo, o ba boleletse hore ba rute ‘lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.’ (Mattheu 28:19, 20, NW) Ho feta moo, Jesu o ile a botsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ha ba ne ba mo qholotsa: “Ke hobane’ng ha le tlōla taelo ea Molimo ka lebaka la neano ea lōna?” (Mattheu 15:3, New International Version) Ke hantle ha potso eona eo e ka botsoa ba bitsoang hore ke Bakreste ba ntseng ba ntšetsa pele meetlo ea bohetene kajeno.