U ka Ntlafatsa—Kelello ea Hao
“Ke na le kelello e lebalang feela.” Na u se u kile ua rialo? Haeba ho joalo, u se ke ua felloa ke tšepo. Litlhahiso tse seng kae tse bonolo ’moho le boiteko bo bonyenyane li ka tlisa phetoho e hlollang. U se ke ua halala boko ba hao. Matla a bona aa tsoteha.
BOKO bo etsa liketso tsa bona tse makatsang joang? Lilemong tsa morao tjena, boko bo phenya-phentsoe ho feta leha e le neng pele. Le hoja temohisiso e hōla, re ntse re tseba ho fokolang feela mabapi le hore na ha e le hantle boko bo finyella joang seo bo se etsang.
Ha hoa hlaka hore na re ithuta boitsebiso le ho bo hopola joang, empa bafuputsi ba leka ho sibolla sephiri sena. Bokong, ho ameha lisele tsa methapo ea kutlo tse hakanyetsoang ho limilione tse likete li 10 ho ea ho limilione tse likete li 100, bakeng sa ho ithuta le ho hopola. Empa, bonyane ho na le makhetlo a likete tse leshome ao ka ’ona lisele tsa methapo ea kutlo li teanang. Khopolo e ’ngoe ke hore mateano ao a lisele tsa methapo ea kutlo, a matlafatsoa ke ho sebelisoa, ha ho ba le ho hong ho ithutoang.
Ha re ntse re hōla, ho ka etsahala hore matla a rōna a kelello a fokotsehe; ho arabela ha rōna linthong tse itseng ho ka ’na ha theoha. Lisele tsa boko ha li inchafatse, ’me ho hlakile hore batho ba baholo ba lula ba lahleheloa ke tse ling ka ho tsoelang pele. Empa re ka ’na ra boloka matla a rōna a kelello nakoana e telele, ho ea ka hore na re sebelisa boko ba rōna hakae.
Boikutlo ba rōna ba kelello bo susumetsa boko. Boikutlo bo tletseng tšepo, bo thabileng bo ntlafatsa tšebetso ea boko lilemong leha e le life. Khatello e itseng ea kelello e ka ’na ea e-ba molemo, empa e seng e le mocha-o-chele, e feteletseng, eona e kena-kenana le tšebetso ea boko. Boikoetliso ba ’mele bo ka thusa ho imolla khatello ea kelello.
Le hoja boitsebiso bona e ka ba bo khothatsang, re ntse re ka lebala lintho tsa bohlokoa, ho sa tsotellehe lilemo tsa rōna. Na re ka ntlafatsa? Karolo e ’ngoe eo ba bangata ba nang le bothata ho eona ke ho hopola mabitso a batho bao re kopanang le bona.
Ho Hopola Mabitso a Batho
Litlhahiso tse seng kae tse bonolo li ka u thusa haholo hore u hopole mabitso hamolemo. Ho bontša thahasello ho motho hoa thusa. Lebitso la motho ke la bohlokoa ho eena. Hangata re lebala lebitso hobane re sa ka ra le utloa hantle qalong. Ka hona, ha motho a itsebisa, fumana hore na lebitso ke mang ka ho hlakileng. Haeba ho hlokahala, kōpa motho eo hore a le phete kapa hona ho le peleta. Le sebelise hangata ha le ntse le qoqa. Ha u mo fonanisa, sebelisa lebitso la hae. U tla makatsoa ke kamoo lintlha tse fokolang tsena li tla thusa kateng.
Tlhahiso e ’ngoe e ka ekelletsang ho hopoleng ha hao mabitso ke ho amahanya lebitso la motho le ntho e itseng eo u ka e nahanang kelellong ea hao. Ho ka thusa le ho feta haeba u kenyelletsa ketso ho seo u se nahanneng.
Mabitso a mangata a ka ’na a hloka seo a se bolelang ho uena, ka hona, ho tla hlokahala hore u khethe lentsoe le ka u hopotsang lebitso leo. Hase ho tsotellehang le haeba lentsoe leo u le khethileng le sa lumellane hantle le molumo oa lebitso leo. Kelello ea hao e tla khona ho hopola hamolemo lebitso leo ka thuso ea seo u se nahanneng. Ha u iketsetsa mantsoe le ho nahana ka ho itseng, khopolo e hatiseha haholoanyane.
Ho hlokahala hore u khothalle ho sebelisa tlhahiso ena ka nakoana, empa e hlile ea sebetsa. Harry Lorayne o hlalosa mokhoa ona bukeng ea hae ea How to Develop a Super-Power Memory, ’me o o sebelisitse liketsahalong tse ngata moo ho nang le batho. O re: “Ke ka makhetlo ke tsebisoa batho ba lekholo ho ea ho ba makholo a mabeli ka metsotso e leshome le metso e mehlano kapa ka tlaase ho moo, ntle le ho lebala lebitso leha le le leng!”
Mokhoa oa ho Hopola Lethathama
U ka ntlafatsa matla a hao a ho hopola lethathama la lintho tse sa amaneng joang? Mokhoa o bonolo o bitsoa tsela ea ho hokahanya. O sebetsa tjena: U inahanela setšoantšo bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e thathamisitsoeng, ebe joale u amahanya setšoantšo sa ntho ea pele e lethathamong le setšoantšo sa ea bobeli, joale u etse joalo ka ea bobeli le ea boraro, joalo-joalo.
Ka mohlala, u lokela ho ea reka lintho tse hlano suphamaketeng: lebese, bohobe, tleloubu ea lebone, eiee le ice cream. Qala ka ho hokahanya lebese le bohobe. Nahana u tšela lebese le e-tsoa ka lofong ea bohobe. Le hoja setšoantšo seo e ka ba se sa tlalang, se tla thusa ho hatisa lintho tseo kelellong ea hao. Hape, leka ho kenya ketso e u amang ha u tšela lebese ketsahalong eo ea kelello.
Ka mor’a ho amahanya lebese le bohobe, fetela nthong e hlahlamang, tleloubu ea lebone. U ka ’na ua hokahanya lofo ea bohobe le tleloubu ka ho nahana u leka ho sutela lofo ea bohobe ka lesobeng le tšoarang tleloubu. Joale hokahanya tleloubu ea lebone le eiee ka ho inahana u ebola tleloubu e khōlō ’me u lla ha u ntse u e ebola. Ha e le hantle, ho molemo ha e le uena ea amahanyang lintho tsena. Na u ka amahanya lintho tse saletseng, eiee le ice cream? Mohlomong u ka ’na ua nahana u e-ja ice cream e entsoeng ka eiee!
Hlokomela hore na u ka hopola lethathama. Joale hlahloba kelello ea hao ka lethathama leo u iketselitseng lona. Le etse hore le be le lelele ka hohle kamoo u ratang kateng. Hopola, e le ho etsa hore ho amahanya ha hao e be ho hopolehang haholoanyane, u ka ho etsa e be ho tšehisang kapa ho sa tlalang, kapa u bapise ka ntho e khōlō ho feta tekanyo. Leka ho kenya ketso setšoantšong sa hao, ’me u nkele ntho e ’ngoe sebaka ka e ’ngoe.
Ba bang ba ka ’na ba hanyetsa ka hore mokhoa ona o nka nako e telele ho feta ho hopola lethathama ka hlooho. Leha ho le joalo, ho nka nako e telele ho o hlalosa ho feta ho o sebelisa. Hang ha u ka u sebelisa, u tla amahanya lintho ka potlako, ’me kelello ea hao, haesita le lebelo leo u ithutang ka lona, li tla ba molemo haholoanyane ho feta haeba u leka ho ithuta ntle le tsela ea ho hokahanya. Ha batho ba 15 ba ne ba kōptjoa ho hopola lethathama la lintho tse 15 tse sa hlophisoang ntle le ho sebelisa tsela ea ho hokahanya, ka karolelano lintlha tsa bona e ile ea e-ba 8,5. Lethathamong le leng, ho sebelisoa tsela ea ho hokahanya ka se inahanetsoeng, sehlopha sona seo se ile sa e-ba le karolelano ea lintlha tse 14,3. Ka sebele, haeba u hopola ho nka lethathama le ngotsoeng la lintho tsena ha u ea reka, seo se tla u fa karolo ea lintlha tse 15—100 lekholong!
Ho Hopola Seo U se Balileng
Mehleng ena eo boitsebiso bo eketsehang ka bongata, karolo e ’ngoe eo boholo ba rōna re hlokang thuso ho eona ke ho ithuta ka mokhoa o nepahetseng. Thuto e molemo sekolong, khoebong, bakeng sa ntlafatso ea botho le ho lokisetseng ho bua phatlalatsa. Ho phaella moo, Mokreste o lokela ho behella ka thōko nako ea ho ba le thuto ea botho ea Bibele.—Johanne 17:3.
U ka ’na ua re, ‘empa ke na le bothata ba ho hopola seo ke ithutileng sona.’ Ho ka etsoa eng? Ho etsa hore nako ea hao ea ho ithuta e be ea bohlokoa ho ka u thusa hore u hopole seo u se balileng. Litlhahiso tse ling ke tsena.
Ha u ithuta, tlhophiso ea botho ke ea bohlokoa. E-ba le libuka, lintho tseo u ngolang ka tsona le pampiri haufi le uena. Leka ho ithutela sebakeng se setle se se nang litšitiso ’me se e-na le khanya e lekaneng. Tima seea-le-moea le thelevishene.
E-ba le nako kamehla bakeng sa ho ithuta. Ho ba bang, ho ithuta letsatsi le leng le le leng ka nako e khutšoanyane ho ka sebetsa ho feta ho nka nako e telele ka lekhetlo le le leng. Ho molemo ho arola nako ea hao ka likarolo. Ho e-na le ho ithuta u sa khaotse lihora tse peli kaofela, e ka ’na eaba ho molemo ho arola nako eo ka likarolo, ho tloha ka metsotso e 25 ho ea ho e 40, ’me lipakeng ho be le khefu ea metsotso e se mekae. Phuputso e bontšitse hore sena se tlatsetsa boemong bo phahameng haholoanyane ba ho hopola.
Fumana hantle hore na u batla ho akaretsa boitsebiso bo bokae nakong ea hao ea ho ithuta. Sena se thusa hore u tsepamise mohopolo tabeng. Pele u qala buka, e hlahlobe ka metsotso e se mekae. Sheba sehlooho. Hlahloba lethathama la tse ka hare, le akaretsang buka. Ebe joale u bala selelekela kapa kenyelletso. Mona sepheo le maikutlo a mongoli e ka ’na eaba moo li hlahellang.
Pele u bala khaolo, qala ka ho e hlahloba. Sheba lihloohoana, litšoantšo, lichate, kakaretso ’moho le lirapa tse qalang le tse qetellang. Qekotsa polelo ea pele serapeng ka seng. Hangata lipolelo tsena li tšoere taba ea sehlooho. Fumana kakaretso ea se tabeng. Ipotse lipotso: ‘Mongoli o ne a leka ho hlakisa eng? Nka rua’ng boitsebisong boo? Taba ea sehlooho ke efe?’
Ho tsepamisa mohopolo tabeng ke habohlokoa. U lokela ho ameha ka ho feletseng. Lekunutu ke hore u etse nako ea hao ea ho ithuta e be e phelang ka hohle kamoo u ka khonang. Phahamisa cheseho ka ho hlahloba likarolo tse sebetsang tsa boitsebiso boo. Bona ka mahlo a kelello. Sebelisa kelello ea hao ho nahana ka monko, tatso le ho tšoara, haeba boitsebiso boo u bo balang bo nyallana le tsona.
Ha u se u fumane moko-taba oa boitsebiso, u se u le boemong ba ho ngola lintlha. Ho nka lintlha ka mokhoa o nepahetseng ho ka potlakisa kutloisiso ea hao le ho hopola ha hao boitsebiso boo. Ha ho hlokahale hore lintlha e be lipolelo tse felletseng, empa e lokela ho ba mantsoe a sehlooho kapa lipoleloana tse u hopotsang mehopolo e ka sehloohong.
Ho utloisisa boitsebiso hase hakaalo-kaalo hore u tla bo hopola kaofela nakong e tlang. ’Nete ke hore, nakong ea lihora tse 24 u ithutile ho itseng, karolo e ka etsang 80 lekholong ea boitsebiso e ka lebaleha, bonyane ka nakoana. Hoo ho utloahala ho nyahamisa, empa likarolo tse ling kapa boholo ba 80 lekholong eo bo ka hopoloa hape ka hore ho boeloe ho hlahlojoe boitsebiso. Ka mor’a karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ho ithuta, hlahloba seo u ithutileng sona ka metsotso e se mekae. Haeba ho khoneha, se hlahlobe hape letsatsing le hlahlamang, joale e be ka mor’a beke, e ntan’o ba ka mor’a khoeli. Ka ho sebelisa ha hao lintlha tsena ho ka ’na ha u thusa hore u rue molemo nakong ea hao ea bohlokoa ea ho ithuta le ho hopoleng seo u se balileng.
Kahoo, u se ke ua halala boko ba hao. Matla a hao a ho hopola lintho a ka ntlafatsoa. Rasaense e mong o ile a bua ka boko e le “ntho e rarahaneng ka ho fetisisa eo re e sibollotseng bokahohleng ba rōna ho fihlela la kajeno.” Ke bopaki ba matla a phahameng a bohlale le matla a susumetsang tšabo a ’Mōpi oa bona, Jehova.—Pesaleme ea 139:14.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 15]
Bakeng sa ho hopola lethathama, sebelisa tsela ea ho hokahanya: Inahanele setšoantšo bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e thathamisitsoeng. Joale amahanya setšoantšo sa ntho ea pele e lethathamong le setšoantšo sa ea bobeli, joalo-joalo
Lethathama la tse eang ho rekoa:
1. Lebese Ho hokahantsoe 1 le 2
2. Bohobe Ho hokahantsoe 2 le 3
3. Tleloubu ea lebone Ho hokahantsoe 3 le 4
4. Eiee Ho hokahantsoe 4 le 5
5. “Ice cream”