U ka Ntlafatsa Tsela eo U Hopolang Lintho ka Eona!
“Ho hopola lintho ho ntlafatsa bophelo ba rōna. Haeba re ne re sa li hopole, re ne re tla ikutloa eka re ntse re tapa-tapa ’nģa e le ’ngoe ’me hoseng ho hong le ho hong ha re icheba ka seiponeng, re ne re tla bona motho eo re sa mo tsebeng. Lintho tse etsahalang letsatsi ka leng li ne li ke ke tsa amana le tse etsahetseng nakong e fetileng kapa tse tlang ho etsahala; re ne re ke ke ra ithuta linthong tse fetileng kapa hona hore re lebelle bokamoso.”—“MYSTERIES OF THE MIND.”
KE HOBANE’NG ha linonyana tse ling li khona ho hopola esita le ka mor’a likhoeli moo li behileng peō ea tsona ea mariha teng le mesha e khona ho hopola moo e patileng linate teng, empa rōna ka mor’a hora feela re ka ’na ra lebala moo re behileng linotlolo teng? E, ba bangata ba rōna re lla ka bothata ba ho lebala. Empa le hoja boko ba motho bo sa phethahala, bo na le bokhoni bo hlollang ba ho ithuta le ho hopola lintho. Seo re lokelang ho se etsa ke hore re bo sebelise ka botlalo.
Boko bo na le Bokhoni bo Tsotehang
Boko ba motho bo boima ba lik’hilograma tse ka bang 1,4 ’me bo batla bo lekana le lamunu e khōlō, empa bo na le lisele tsa kutlo tse ka bang limilione tse likete tse 100, tse rarahaneng ka tsela e hlollang. Ha e le hantle, e ka ’na eaba sele e le ’ngoe ea kutlo e hokahane le tse ling tse 100 000. Tsela ena eo li sebetsang ka eona e etsa hore boko bo khone ho amohela le ho boloka boitsebiso bo bongata haholo. Empa bothata boo motho a nang le bona ke ba hore a hopole boitsebiso ha ho hlokahala. Ba bang baa ipabola ntlheng ena, ho akarelletsa batho ba bangata ba sa rutehang hakaalo.
Ka mohlala, Afrika Bophirimela, batlalehi ba histori ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ba bitsoang ma-griot ba khona ho pheta mabitso a meloko e mengata ea batho ba metseng ea habo bona. Batlalehi bana ba ile ba thusa mongoli oa Leamerika ea bitsoang Alex Haley, eo buka ea hae e bitsoang Roots e ileng ea hapa khau ea Pulitzer, hore a batlisise beng ka eena ba Gambia ho ea fihla melokong e tšeletseng e fetileng. Haley o ile a re: “Ke ananela haholo seo batlalehi bana ba Afrika ba nketselitseng sona—bao ka nepo mehleng ea kajeno ho thoeng ha e mong oa bona a e-shoa, ho tšoana le ha laebrari e chele lore!”
Hape, ak’u nahane ka motsamaisi oa ’mino ea tummeng oa Motaliana ea bitsoang Arturo Toscanini, ea ileng a “sibolloa” ha a le lilemo li 19 hore a tl’o nkela motsamaisi e mong oa ’mino sebaka. Le hoja a ne a sa bone hantle, o ne a khona ho tsamaisa sehlopha sohle sa ’mino oa opera oa Aida—ka hlooho!
Re ka ’na ra makatsoa ke bokhoni bo hlollang joalo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba na le bokhoni ba ho hopola lintho tse ngata ho feta kamoo ba nahanang kateng. Na u ka rata ho ntlafatsa tsela eo u hopolang lintho ka eona?
Ho Ntlafatsa Tsela eo U Hopolang Lintho ka Eona
Hore motho a hopole lintho ho ameha mekhahlelo e meraro: oa ho hatisa boitsebiso bokong, oa ho bo boloka le oa ho bo khutlisa. Boko ba hao bo hatisa boitsebiso ha bo bo utloisisa bo bile bo bo lemoha. Joale bo ka boloka boitsebiso bona e le hore bo tle bo bo khutlise nakong e tlang. Ha o mong oa mekhahlelo ena o sa sebetse hantle, motho oa lebala.
Motho o hopola ka litsela tse sa tšoaneng, o hopola lintho tse amanang le mecha ea kutlo, o hopola lintho tse sa tsoa etsahala le lintho tseo e leng khale li etsahetse. E le hore motho a hopole lintho tse amanang le kutlo, boko bo fumana boitsebiso boo ka mecha ea kutlo, e kang oa ho fofonela, oa ho bona le oa ho ama. E le hore motho a hopole lintho tse sa tsoa etsahala, boko bo tšoara boitsebiso bo seng bokae ka nakoana. Ke kahoo re khonang ho kopanya lipalo ka hlooho, re hopolang linomoro tsa fono nakong eo re letsang re bileng re khonang ho hopola mantsoe a qalang polelo ha re ntse re bala kapa re mametse karolo ea eona e qetellang. Empa joalokaha re tseba, ho hopola lintho tse sa tsoa etsahala ho na le meeli.
Haeba u batla ho hopola boitsebiso ka nako e telele, bo lokela ho ea moo bo lulang teng ka nako e telele. U ka etsa seo joang? Melao-motheo e latelang e tla u thusa.
◼ E-ba le thahasello Thahasella taba eo u ithutang eona, ’me u ikhopotse mabaka ao u ithutang eona ka ’ona. E ka ’na eaba u hlokometse hore lintho tse u amang maikutlo, ke tsona tseo u li hopolang haholo. Taba ena e ka thusa batho ba ithutang Bibele. Ha ba bala Bibele ba e-na le sepheo se habeli, e leng sa ho atamela haufi le Molimo le sa ho ruta ba bang ka eena, tsela eo ba hopolang lintho ka eona e ka ntlafala haholo.—Liproverbia 7:3; 2 Timothea 3:16.
◼ Ela lintho hloko Buka e bitsoang Mysteries of the Mind, e re: “Hangata ha batho ba lebala ke hobane ba sa ela lintho hloko.” U ka thusoa ke’ng hore u ele lintho hloko? E-ba le thahasello ’me ha ho khoneha u ngole lintlha. Ho ngola lintlha ha ho thuse kelello feela hore e tsepame tabeng empa ho boetse ho nolofalletsa momameli hore a hlahlobe boitsebiso boo hamorao.
◼ Utloisisa taba Liproverbia 4:7 e re: “Hammoho le sohle seo u se fumanang, fumana kutloisiso.” Haeba u sa utloisise se rutoang, ho thata hore u se hopole. Ho utloisisa se rutoang ho hlakisa kamano e teng pakeng tsa lintho, ho li tlamahanya ’moho hore li fetohe ntho e le ’ngoe e utloahalang. Ka mohlala, ha motho ea ithutelang ho ba mak’henike a utloisisa kamoo enjene e sebetsang kateng, ho tla ba bonolo hore a hopole lintlha tsohle tse amanang le enjene.
◼ Beha lintho ka mahlofo Beha likhopolo tse tšoanang kapa lintlha tse amanang ka mahlofo a tsona. Ka mohlala, ho bonolo ho hopola lintho tseo re lokelang ho li reka ha re li behile ka mahlofo—nama, meroho, litholoana le tse ling. Hape, arola boitsebiso ka mahlofo a nang le lintho tse hlano ho isa ho tse supileng. Hangata linomoro tsa thelefono li aroloa habeli e le hore li ka hopoleha habonolo. Qetellong, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u thathamise lintho ka tatellano e itseng, mohlomong ea alfabeta.
◼ Pheta-pheta taba, kapa u e buele holimo Ho pheta ntho eo u batlang ho e hopola (e kang lentsoe kapa polelo ea puo e ’ngoe) le ho e buela holimo ho tla matlafatsa lisele tsa boko. Ka tsela efe? Taba ea pele, ha u bitsa lentsoe seo se etsa hore u ele hloko seo u se buang. Ea bobeli, motho ea u rutang a ka ’na a u bolella hona hoo hore na u le bitse joang. Ea boraro, ha u mamela—esita le se buuoang ke uena—seo se etsa hore likarolo tse ling tsa boko li sebetse.
◼ Iketsetse setšoantšo sa taba kelellong Iketsetse setšoantšo sa ntho eo u lakatsang ho e hopola kelellong. Hape, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u toroee setšoantšo seo pampiring. Ho iketsetsa setšoantšo kelellong ho tšoana le ho buela holimo, ho sebelisa likarolo tse fapaneng tsa boko. Ha u sebelisa mecha e mengata ea kutlo, boitsebiso bo teba le ho feta kelellong.
◼ Amahanya lintho Ha u ithuta ntho e ncha, e amahanye le ntho eo u seng u ntse u e tseba. Ho amahanya likhopolo tse ncha le tseo u seng u ntse u li tseba ho u nolofalletsa ho boloka boitsebiso le ho bo hopola, ’me ho u thusa ho hopola lintlha tse ling. Ka mohlala, e le hore u hopole lebitso la motho ea itseng, le amahanye le ntho e itseng e sa tloaelehang ponahalong ea hae kapa le ntho leha e le efe e ’ngoe e tla u hopotsa lebitso la hae. Haeba ntho eo e tšehisa kapa e makatsa, ho tla ba bonolo le ho feta hore u le hopole. Ka mantsoe a mang, re lokela ho nahana ka batho le lintho tseo re batlang ho li hopola.
Buka e bitsoang Searching for Memory e re: “Haeba nako eohle re sa nahanisise ka lintho le ho lemoha tse etsahalang tikolohong ea rōna le tse re etsahallang, re ka ’na ra sitoa ho hopola moo re neng re le teng esita le lintho tseo re li entseng.”
◼ Tebisa boitsebiso kelellong Iphe nako ea ho nahana ka boitsebiso, e le hore bo thopothele kelellong. E ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho etsa sena ke hore u phete seo u ithutileng sona, mohlomong ka hore u se phetele motho e mong. Haeba u bile le phihlelo e thahasellisang kapa u balile taba e khothatsang Bibeleng kapa bukeng e thusang ho ithuta Bibele, e phetele motho e mong. Ka tsela eo, ka bobeli le tla rua molemo—u tla matlafatsa tsela eo u hopolang lintho ka eona ’me motsoalle oa hao o tla khothatsoa. Ka lebaka le utloahalang, ho ’nile ha thoe pheta-phetane ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa motho ho hopola lintho.
Mantsoe a Thusang Motho ho Hopola Lintho a Molemo
Mehleng ea boholo-holo, Greece le Roma, libui tse kheleke li ne li khona ho fana ka lipuo tse telele empa li sa ngola lintlha fatše. Li ne li khona ho etsa seo joang? Li ne li sebelisa mantsoe a li thusang ho hopola. Mantsoe ana a re thusa ho boloka boitsebiso moo bo lulang teng nako e telele ’me re bo hopole ha ho hlokahala.
Mokhoa oo libui tse kheleke tsa Greece ea boholo-holo li neng li o sebelisa oa mantsoe o ne o bitsoa loci kapa sebaka seo ntho e leng ho sona, ’me o ile oa qala ho hlalosoa ke seroki sa Mogerike se bitsoang Simonides oa Ceos ka 477 B.C.E. Mokhoa ona o kopanya melao-motheo e sebelisoang mekhoeng e meng, e leng ea ho beha lintho ka mahlofo, ho iketsetsa setšoantšo kelellong le ho amahanya lintho le e ’ngoe eo u e tloaetseng, e kang letšoao le tseleng kapa ntho e teng ka kamoreng kapa ka tlung. Batho ba sebelisang mokhoa ona oa loci ba inahanela lintho, ba amahanya boitsebiso boo ba batlang ho bo hopola le matšoao kapa lintho tse itseng. Ha ba batla ho hopola boitsebiso bo itseng, ba boela ba nahana eka ba ntse ba tsamaea.—Sheba lebokose le reng “Nahana Eka U Ntse U Tsamaea.”
Lipatlisiso tse entsoeng ho batho ba ipabolang Litlhōlisanong Tsa ho Hopola Lintho Lefatšeng tse tšoaroang selemo le selemo, li bontšitse hore ho ipabola ha bona tabeng ea ho hopola, e ne e se hobane ba le bohlale haholo. Ho feta moo, boholo ba batho ba neng ba kenetse litlhōlisano tseo ba ne ba le pakeng tsa lilemo tse 40 le tse 50. Ba thusoa ke’ng hore ba hopole lintho? Ba bangata ba boletse hore ba thusoa ke tsela e atlehang eo ba sebelisang mantsoe a ba hopotsang lintho ka eona.
Na u lokela ho hopola lethathamo le itseng la mantsoe? Tsela e ’ngoe e atlehang ke ea ho khutsufatsa lentsoe kapa polelo—u kopanye tlhaku e qalang ea lentsoe kapa lipoleloana tse itseng hore li khutsufale. Batho ba bangata ba Amerika Leboea ba ikhopotsa mabitso a Matša a Maholo a mahlano—e leng Huron, Ontario, Michigan, Erie le Superior—ka khutsufatso ena, “HOMES.” Mokhoa o mong o tšoanang le oo o thusang batho ho hopola ke oa litlhaku tsa alfabeta, o neng o sebelisoa haholo ke Baheberu ba boholo-holo. Ka mohlala, lipesalemeng tse ngata, lentsoe le qalang temana kapa sehlopha sa litemana le qala ka litlhaku tse latellanang tsa alfabeta ea Seheberu. (Sheba Pesaleme ea 25, 34, 37, 111, 112 le ea 119.) Mokhoa ona o ne o thusa libini hore li hopole litemana tsohle tse 176 tsa Pesaleme ea 119!
Ka sebele u ka koetlisa tsela eo u hopolang lintho ka eona ua ba ua e ntlafatsa. Joalokaha lipatlisiso li bontšitse, tsela eo re hopolang lintho ka eona e batla e tšoana le mosifa. Haeba re e sebelisa haholo, e ba matla le ho feta, esita le ha re se re tsofetse.
[Lebokose le leqepheng la 27]
LITLHAHISO TSE LING
◼ Ntlafatsa tsela eo u hopolang lintho ka eona ka hore u ithute lintho tse ncha, puo e ncha kapa seletsa se itseng sa ’mino.
◼ Tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa haholo.
◼ Ithute ho sebelisa mantsoe a u hopotsang lintho.
◼ Noa metsi a lekaneng. Ho haelloa ke metsi ’meleng ho ka etsa hore motho a ferekane kelellong.
◼ E-ba le nako e lekaneng ea ho robala. Ha motho a robetse, boko bo boloka lintho tseo a lokelang ho li hopola.
◼ Phutholoha ha u ntse u ithuta. Ha motho a imetsoe kelellong, seo se etsa hore ’mele o ntše homone e bitsoang cortisol, e ka sitisanang le tšebetso ea boko.
◼ Qoba tšebeliso e mpe ea tahi le ho tsuba. Tahi e sitisa motho ho hopola lintho tse sa tsoa etsahala ’me ho ba lekhoba la tahi ho ka etsa hore a haelloe ke thiamine, e leng mofuta oa vithamine B e hlokahalang hore kelello ea motho e hopole lintho. Ho tsuba ho fokotsa oksijene e eang bokong.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lintlha tsena li nkiloe makasineng e Inthaneteng e bitsoang Brain & Mind.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
NAHANA EKA U NTSE U TSAMAEA
Ke joang u ka ikhopotsang lethathamo la korosari le nang le lintho tse ngata, tse kang bohobe, mahe, lebese le botoro? U sebelisa mokhoa oa loci, u ka li “bona” ha u ntse u nahana eka u ntse u tsamaea ka kamoreng ea hao ea ho phomola.
Nka hore mosangoana o setulong ke bohobe,
khoho e alame mahe ka tlas’a lebone,
tlhapi ea ka tlung e ntse e sesa ka tankeng ea lebese
thelevishene e tlotsitsoe hohle ka botoro
Ho ka ba molemo hore u nahane ka ntho e tšehisang haholo kapa e sa tloaelehang! Ha u fihla lebenkeleng, nahana eka u ntse u tsamaea hape.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
THABELA HORE EBE UA LEBALA!
Nahana hore na bophelo bo ne bo tla ba joang haeba u ne u hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ebang ke ea bohlokoa kapa hase ea bohlokoa. Kelello ea hao e ne e tla tlala lintho tse se nang thuso, na ha ho joalo? Ha e le hantle makasine ea New Scientist e bolela hore mosali e mong ea neng a hopola hoo e batlang e le lintho tsohle tse etsahetseng bophelong ba hae, “o ile a hlalosa tsela eo a lulang a hopola lintho ka eona e le ‘e sa khaotseng, e sa laoleheng le e mo khathatsang ka ho feletseng’ e bileng e mo bakelang ‘moroalo.’” Ka lehlohonolo, ba bangata ba rōna ha re na bothata boo, kaha bafuputsi ba lumela hore boko ba rōna bo khona ho lahla boitsebiso bo seng bo sa hlokahale kapa bo feletsoeng ke nako. New Scientist e re: “Ho lebala ke karolo ea bohlokoa ea ho etsa hore tsela eo re hopolang lintho ka eona e sebetse ka botlalo. Ha re lebala ntho e itseng ea bohlokoa, . . . sena se bontša hore mokhoa ona oa ho lahla lintho tse se nang thuso kelellong o batla o sebetsa ka tsela e feteletseng.”