Re Etselitsoe ho Ithuta ho ea ho Ile
“Ka hloohong e ’ngoe le e ’ngoe ho na le matla a tsotehang, setho se senyenyane empa se sebetsa ka tsela e hlollang, seo matla a sona ho bonahalang a ntse a eketseha ho ea ho ile ha re ntse re ithuta ka sona.”—TONY BUZAN LE TERENCE DIXON, LINGOLI TSA SAENSE.
BOKO ba motho bo ka ithuta ho fihlela kae? Potso eo e ntse e hlolla bafuputsi le ho ba emisa lihlooho. Bukeng ea Brain Book, Peter Russell oa ngola: “Ha ho ntse ho ithutoa ka ho eketsehileng ka boko ba motho, ho fumanoa hore matla a bona le lintho tseo bo ka li finyellang li khōlō ho feta se neng se nahannoe.”
Ka mohlala, tabeng ea mohopolo, boko ba rōna bo na le matla a maholohali. Russell o re: “Mohopolo ha o tšoane le sejana se tlalang butle-butle, o batla o tšoana le sefate se melang lihakisi tseo mohopolo o fanyehoang ho tsona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e hopolang ke sehlopha se secha sa lihakisi tseo ho tsona ho ka hokeloang mehopolo e mecha. Ka hona, matla a mehopolo a lula a atoloha. Ha u ntse u e-ba le tsebo, u tseba le ho feta.” Sena se re khutlisetsa potsong eo re ileng ra e botsa pejana, Ke hobane’ng ha boko ba motho bo e-na le polokelo e kaale-kaale ea matla a e-s’o thetsoe le ho thetsoa?
Khopolo ea ho iphetola ha lintho ha e fane ka karabo e utloahalang. Kaha e buella haholo taba ea hore lekanyane ho phela le liretse, khopolo ea ho iphetola ha lintho e siea batho ba nahanang ba eme lihlooho hore na joale ke eng e ileng ea etsa hore boko ba motho bo be le matla a maholohali joalo. Ha re etsa mohlala, ke hobane’ng ha ho ka etsoa teraka e khōlō haeba e tl’o sebelisetsoa feela ho thotha kharafu e le ’ngoe ea lehlabathe?
Leha ho le joalo, Bibele e fana ka tlhaloso e bonolo bo hlakileng, empa e etsa moelelo. Pele, e re bolella hore batsoali ba rōna ba pele—Adama le Eva—ba ile ba bōptjoa ka setšoantšo sa Molimo, ba khona ho bonahatsa litšoaneleho tse hlollang tsa Molimo. Hape, e hlalosa hore ba ne ba etselitsoe ho phela—le hona ho ithuta—ka ho sa feleng. (Genese 1:27; 2:16, 17) Boko ba motho bo bonahatsa morero oo oa Molimo, le hoja hona joale bo sa phethahala ka lebaka la ho kena ha sebe lelapeng la motho.—Baroma 5:12.
Empa morero oa Molimo oa qalong oa hore lefatše la Paradeise le tlale ka batho ba phethahetseng, ba mo tšabang, o tla phethahala. Ka sebele, Jehova o fane ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, hore e be sehlabelo sa topollo molemong oa rōna e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng.—Matheu 20:28; Johanne 3:16.
Lijo Tse Molemo ka ho Fetisisa Tsa Kelello
Jehova o boetse a fana ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele e Halalelang. (2 Timothea 3:16; 2 Petrose 1:21) Kaha buka ena ea bohlokoa e bululetsoe ke moea o halalelang, hase ho feteletsa litaba ho bolela hore e na le lijo tse molemo ka ho fetisisa tsa kelello le tsa moea bakeng sa moloko oa batho. (Pesaleme ea 19:7-10) Ka sebele, Jesu ka boeena o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—Matheu 4:4.
Kahoo, ebang u monyenyane kapa u hōlile, ke hobane’ng ha u sa behelle nakonyana e itseng ka thōko letsatsi le leng le le leng hore u bale ‘lipolelo’ tse tsotehang tsa Molimo? Ba etsang joalo, ba bile ba sebelisa seo ba ithutileng sona, ba tla rua molemo hona joale le nakong e tlang. E, ba ka ba le tebello ea ho phela le ho ithuta ka ho sa feleng, joalokaha e ne e le morero oa Molimo tšimolohong. Eo ke tšepo e babatsehang hakaakang!—Moeklesia 3:11; Johanne 17:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Boko ba motho bo etselitsoe ho ithuta ka ho sa feleng, e leng se bonahatsang morero oa Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Bibele e na le lijo tse molemo ka ho fetisisa bakeng sa kelello ea hao