Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 7/8 maq. 24-27
  • Ho Talima Holimo, Eseng Fatše, Bakeng sa Likarabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Talima Holimo, Eseng Fatše, Bakeng sa Likarabo
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Liphatsa Tsa Lefutso Tsa Liphoofolo Kapa ke Tse Nang le Bofokoli?
  • Lebaka Leo ka Lona re sa Batleng ho Shoa
  • Re Etselitsoe ho Phela ka ho sa Feleng
  • Lefatše le Lecha le Thehiloeng Leratong
  • Na Lefu Ehlile ke Qetello ea Bophelo?
    Tsoha!—2007
  • Na ka Sebele Bophelo bo sa Feleng bo Tla Hle bo be Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Re Etselitsoe ho Ithuta ho ea ho Ile
    Tsoha!—2004
  • Jehova ke Molimo ea Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 7/8 maq. 24-27

Ho Talima Holimo, Eseng Fatše, Bakeng sa Likarabo

KHOPOLO ea ho iphetola ha lintho e ruta hore butle-butle, letoto la liphetoho le ile la re beha boemong ba liphoofolo tse holimonyana. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re re simolohile re phethahetse, re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, empa ka mor’a nakoana ho ile ha hlaha ho se phethahale ’me moloko oa batho oa qala ho theohela tšenyehong.

Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ile ba itheolela selomong sena ha ba batla ho ipusa boitšoarong ’me ba senya matsoalo a bona ka ho se mamele Molimo ka boomo. Ho bile joalokaha eka ba ile ba khanna koloi ka boomo ho tlōla mokoallo o sireletsang oa molao oa Molimo ’me ba kolumela mona moo re leng teng hona joale, moo re utloisoang bohloko ke ho kula, ho tsofala le lefu, re se re sa re letho ka leeme la merabe, lehloeo la bolumeli le lintoa tse tšabehang.—Genese 2:17; 3:6, 7.

Na ke Liphatsa Tsa Lefutso Tsa Liphoofolo Kapa ke Tse Nang le Bofokoli?

Ho hlakile hore Bibele ha e hlalose ka mantsoe a saense hore na ho ile ha etsahala eng ka ’mele e neng e phethahetse ea Adama le Eva ha ba etsa sebe. Bibele hase buka ea saense, feela joalokaha buka ea litaelo ea mong’a koloi e se buka ea ho ithuta ho etsa likoloi. Empa joaloka buka ea litaelo ea mong’a koloi, Bibele e nepahetse; hase tšōmo.

Ha Adama le Eva ba soahlamana ka nģ’ane ho mokoallo o sireletsang oa molao oa Molimo, ’mele ea bona e ile ea senyeha. Ka mor’a moo, butle-butle ba ile ba qala ho theohela lefung. Ka melao ea lefutso, bana ba bona, lelapa la motho, ba ile ba rua lefa la ho se phethahale. Kahoo, le bona baa shoa.—Jobo 14:4; Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12.

Ka masoabi, lefa leo re le ruileng le kopanyelletsa ho sekamela sebeng, e leng ho bonahalang ka boithati le boitšoaro bo bobe. Ke ’nete hore likamano tsa botona le botšehali li nepahetse moo li tšoanetseng. Molimo o ile a laela banyalani ba pele: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng.” (Genese 1:28) ’Me kaha ke ’Mōpi ea lerato, o ile a etsa hore ho phetha taelo eo e be ho thabisang monna le mosali. (Liproverbia 5:18) Empa ho se phethahale ha botho ho entse hore likamano tsa botona le botšehali li sebelisoe hampe. Ha e le hantle, joalokaha kaofela re lemoha, ho se phethahale ho ama karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna, ho kopanyelletsa le tsela eo likelello tsa rōna le ’mele ea rōna li sebetsang ka eona.

Leha ho le joalo, ho se phethahale ha hoa felisa kutloisiso ea rōna ka boitšoaro. Haeba re fela re batla, re ka “fetola maoa” ’me ra qoba maraba a bophelo ka ho loantša tšekamelo ea ho khelohela sebeng. Ke ’nete hore ha ho na motho ea sa phethahalang ea ka atlehang ho loantša sebe ka ho feletseng, ’me Molimo o nahanela sena ka mosa.—Pesaleme ea 103:14; Baroma 7:21-23.

Lebaka Leo ka Lona re sa Batleng ho Shoa

Bibele e boetse e rarolla qaka e ’ngoe eo khopolo ea ho iphetola ha lintho e sa e hlaloseng ka tsela e khotsofatsang: boikutlo bo tloaelehileng ba motho ba ho se ikemisetse ho amohela lefu, le hoja lefu le ka ’na la bonahala e le la tlhaho le bile le ke ke la qojoa.

Joalokaha Bibele e senola, lefu le bakiloe ke sebe, ho se mamele Molimo. Hoja batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lula ba mamela, ba ka be ba phetse ka ho sa feleng hammoho le bana ba bona. Ha e le hantle, Molimo o ne a kentse kelellong ea motho takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Ho latela New International Version, Moeklesia 3:11 e re: “O boetse o kentse bosafeleng ka lipelong tsa batho.” Kahoo, kahlolo ea bona ea ho shoa e ile ea tsosa khohlano ka hare ho motho, ho se lumellane ho phehellang.

E le ho lumellanya khohlano ena e ka hare le ho khotsofatsa takatso ea tlhaho ea ho tsoela pele ho phela, batho ba qapile litumelo tsa mefuta eohle, ho tloha thutong ea hore moea ha o shoe ho isa tumelong ea ho tsoaloa hangata. Bo-rasaense ba batlisisa sephiri sa ho tsofala hobane le bona ba batla ho qoba lefu kapa bonyane ba le thisise. Babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho le ho latola hore Molimo o teng, ba qhela takatso ea bophelo bo sa feleng e le leqheka le feto-fetohang, kapa mano, hobane e hanana le maikutlo a bona a hore batho e mpa feela e le liphoofolo tse holimonyana. Ka lehlakoreng le leng, tlhaloso ea Bibele ea hore lefu ke sera e lumellana le tlhaho ea rōna ea ho lakatsa ho phela.—1 Bakorinthe 15:26.

Kahoo, na ’mele ea rōna e na le matšoao a itseng a bontšang hore re ne re etselitsoe ho phela ka ho sa feleng? Karabo ke e! Boko ba motho e le bona feela, bo etsa hore re hlolloe ke bopaki bo bontšang hore re ne re etselitsoe ho phela haleletsana ho feta kamoo re phelang kateng.

Re Etselitsoe ho Phela ka ho sa Feleng

Boko bo na le boima ba lik’hilograma tse 1,4, ’me bo na le lisele tsa kutlo tse limilione tse likete tse 10 ho isa ho tse limilione tse likete tse 100, tseo ho boleloang hore ha ho tse peli ho tsona tse tšoanang hantle. Sele e ’ngoe le e ’ngoe ea kutlo e ka fetisetsa molaetsa ho tse ling tse ka bang 200 000, ea bula mecha kapa litselana tse ngata tse fapaneng bokong. ’Me ho feta moo, Scientific American e re, “sele e ’ngoe le e ’ngoe ea kutlo ke k’homputha e rarahaneng” ka boeona.

Boko bo sebelisa mekelikeli ea lik’hemik’hale tse susumetsang mokhoa oo lisele tsa kutlo li itšoarang ka oona. ’Me boko bo rarahane haholohali ho feta le k’homputha e matla ka ho fetisisa. Tony Buzan le Terence Dixon baa ngola: “Hloohong e ’ngoe le e ’ngoe ho na le matla a boholo bo hlollang, setho se ipatisitseng sebakeng se senyenyane, se sebetsang hantle seo matla a sona a bonahalang a atoloha ka ho ke keng ha lekanngoa ha re ntse re ithuta ka sona ka ho eketsehileng.” Ha ba qotsa Moprofesa Pyotr Anokhin, baa phaella: “Ha ho na motho ea phelang ea ka sebelisang matla ’ohle a boko ba hae. Ke ka hona re sa amoheleng likhakanyetso leha e le life tse lerootho ka meeli ea boko ba motho. Ha boa beheloa moeli.”

Linnete tsena tse makatsang li hanyetsa khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ho iphetola ha lintho ho ne ho ka “etsetsa” baahi feela tjee ba mahaheng, kapa esita le bona batho ba kajeno ba rutehileng haholo, boko bo nang le matla a ho sebetsa bophelong bohle ba lilemo tse likete tse leshome kapa tse limilione tse sekete ka lebaka lefe? Ka sebele, ke bophelo bo sa feleng feela bo utloahalang! Empa ho thoe’ng ka ’mele ea rōna?

Buka ea Repair and Renewal—Journey Through the Mind and Body e re: “Tsela eo masapo, linama le litho tse ling tse tsoileng kotsi li ipholisang ka eona ka sebele ke mohlolo. Haeba re ka ipha nako ea ho nahana ka hona, re tla fumana hore ho nchafatsoa ho sa bonahaleng ha letlalo le moriri le manala—haesitana le ha litho tse ling tsa ’mele—ke ho hlollang haholo: Ho etsahala lihora tse 24 ka letsatsi, beke e ’ngoe le e ’ngoe, ka puo ea bongaka ba tšebetso ea metsoako ea ’mele, re ka re ka sebele re nchafatsoa ka makhetlo a mangata bophelong ba rōna.”

Ka nako ea Molimo e tšoanetseng, e ke ke ea e-ba bothata ho eena hore a etse hore tšebetso ena ea mohlolo ea ho inchafatsa e tsoele pele ka ho sa feleng. Joale, qetellong “lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26) Empa, re hloka ho fetang bophelo bo sa feleng hore re lule re thabile kannete. Re hloka khotso—khotso le Molimo le batho ba bang. Khotso e joalo e ka finyelloa feela haeba ka sebele batho ba ratana.

Lefatše le Lecha le Thehiloeng Leratong

Johanne oa Pele 4:8 e re: “Molimo ke lerato.” Lerato le matla hoo—haholo-holo lerato la Jehova Molimo—e leng lebaka la motheo leo ka lona re ka bang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Johanne 3:16 e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”

Bophelo bo sa feleng! Ke tebello e babatsehang hakaakang! Empa ha re na tokelo ea ho phela hobane re jele lefa la sebe. Bibele e re, “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Leha ho le joalo, ho thabisang ke hore lerato le ile la susumelletsa Mora oa Molimo, Jesu Kreste, hore a re shoele. Moapostola Johanne o ile a ngola tjena ka Jesu: “Eo o ile a nehelana ka soule ea hae bakeng sa rōna.” (1 Johanne 3:16) E, o nehelane ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho ho ba “thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata,” e le hore rōna ba sebelisang tumelo ho eena re ka hlakoloa libe ’me ra thabela bophelo bo sa feleng. (Matheu 20:28) Bibele ea hlalosa: “Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.”—1 Johanne 4:9.

Joale, ke joang re ka arabelang leratong leo Molimo le Mora oa hae ba re bontšitseng lona? Bibele e tsoela pele: “Baratuoa, haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale rōna ka borōna re tlas’a tlamo ea ho ratana.” (1 Johanne 4:11) Re lokela ho ithuta ho rata, hobane tšobotsi eo e tla ba motheo oa lefatše le lecha la Molimo. Kajeno, ba bangata ba ananela bohlokoa ba lerato, feela joalokaha Jehova Molimo a le hatisitse ka Lentsoeng la hae, Bibele.

Buka ea Love and Its Place in Nature e hlokometse hore “bana ba atisa ho shoa” ha lerato le le sieo. Leha ho le joalo, ho hloka lerato ha ho khaotse ha batho ba hōla. Setsebi se eteletseng pele ho tsa thuto mabapi le batho se ile sa hlokomela hore lerato “le boemong ba bohlokoa ka ho fetisisa litlhokong tsohle tsa motho, joalokaha letsatsi la rōna le le boemong ba bohlokoahali potolohong ea lipolanete . . . Mokhoeng oo lik’hemik’hale li sebetsang ka oona ’meleng, mokhoeng oo ’mele o sebetsang ka oona le mokhoeng oo kelello e sebetsang ka oona, ngoana ea sa kang a ratoa o fapane haholo le ea ileng a ratoa. Ea sa kang a ratoa o bile o hōla ka tsela e fapaneng le ea ea ileng a ratoa.”

Na u ka bona ka leihlo la moea hore na bophelo bo tla ba joang ha bohle ba lefatšeng ba ratana e le kannete? Ka sebele, ha ho sa tla hlola ho e-ba le ea koetlang lehloeo hobane motho e mong e le oa morabe osele, oa moloko osele kapa hobane a e-na le lebala le fapaneng le la hae! Tlas’a tsamaiso ea Morena ea khethiloeng ke Molimo, Jesu Kreste, lefatše le tla tlala khotso le lerato phethahatsong ea pesaleme ea Bibele e bululetsoeng:

“Oho Molimo, u nee morena likahlolo tsa hao . . . O tla ahlolela ba malimabe ba sechaba, a thuse bana ba ea lesitsi, ’me a hatakele batubi. . . . Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše. Hobane o tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi.”—Pesaleme ea 72:1, 4, 7, 8, 12, 13.

Ba khopo ba ke ke ba lumelloa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo, joalokaha ho tšepisitsoe pesalemeng e ’ngoe ea Bibele: “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:9-11.

Joale ho tla be ho folisitsoe likelello le ’mele eohle ea batho ba mamelang, ho kopanyelletsa le ba tsositsoeng lebitleng ka tsoho ea bafu. Qetellong, e mong le e mong ea phelang o tla bonahatsa setšoantšo sa Molimo ka ho phethahetseng. Ntoa e matla ea ho etsa se nepahetseng e tla qetella e le sieo. Ho se lumellane ho lipakeng tsa ho labalabela ha rōna bophelo le ’nete e bohloko ea hona joale ea lefu, le hona ho tla be ho felile! E, ena ke tšepiso ea ’nete ea Molimo oa rōna ea lerato: “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:4; Liketso 24:15.

Kahoo, e se eka le ka mohla u ke ke ua tela ntoeng ea ho etsa se nepahetseng. Ela hloko keletso ena ea bomolimo: “Loana ntoa e ntle ea tumelo, u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng.” Bophelo boo ba lefatšeng le lecha la Molimo ke bona boo Bibele e bo bitsang “bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:12, 19.

E se eka u ka ananela ’nete e bontšitsoeng ka Bibeleng: “Jehova ke Molimo. Ke eena ea re entseng, ha rea iketsa.” Ho ananela ’nete eo ke mohato oa bohlokoa o etsang hore motho a tšoanelehe bakeng sa bophelo lefatšeng le lecha la Jehova la lerato le ho loka.—Pesaleme ea 100:3, NW; 2 Petrose 3:13.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Bophelo lefatšeng le lecha la Molimo ke bona boo Bibele e bo bitsang “bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:19

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Batho ba tlōtse mekoallo ea tšireletso ea melao ea Molimo, ka liphello tse hlahisitseng tlokotsi

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Tlas’a puso ea Molimo, batho ba tla thabela lefatše le lecha la khotso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela