Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 7/8 maq. 28-30
  • Ho Thoe’ng Haeba Eena a sa Nthate?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thoe’ng Haeba Eena a sa Nthate?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohloko ba ho Kulisoa ke Lerato
  • Ho Hlahlobisisa Maikutlo a Hao
  • Ho Toba ’Nete
  • Ho Sebetsana le ho Utloa Bohloko
  • Nka mo Hana Joang?
    Tsoha!—2001
  • Nka mo Bolella Joang Hore na ke Ikutloa Joang?
    Tsoha!—2004
  • Ke Lokela ho Tšoara Ngoanana ea Nthahasellang Joang?
    Tsoha!—2005
  • Ho Thoe’ng Haeba a ka Hana?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 7/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa. . .

Ho Thoe’ng Haeba Eena a sa Nthate?

“Ke khathatsehile le ho tšoenyeha. Kea mo rata. Empa ha ke tsebe hore na eena o ikutloa joang ka ’na. Ebe ke tla etsa joang? Ke mo bolelle hore na ke ikutloa joang? Che, le ho leka! Ba bang ba tla re’ng ka ’na?”—Huda.a

HUDA, moroetsana e mong oa Lebanon, o ne a rata motho ea neng a sa mo rate. Ke bothata bo tloaelehileng. Moroetsana e mong ea bitsoang Zeina le eena o ne a e-na le bothata bo tšoanang. Oa hopola: “Ke ne ke atisa ho mo bona letsatsi le leng le le leng hobane e ne e le moahisani oa rōna. O ne a khahla haholo ’me e le tjaka. Kahoo, ke ile ka mo rata.”

Ka ho hlakileng, hase phoso ho nkeha maikutlo ka motho e mong—haeba e le motho eo ho loketseng hore Mokreste a ka nyalana le eena. (Liproverbia 5:15; 1 Bakorinthe 7:39) Leha e le hore ho phoso hore moroetsana a batle ho nyaloa le ho ba le lelapa. Empa ho thoe’ng haeba u rata motho ea tšoanelehang, feela eena a sa lemohe—kapa a sa ikutloe kamoo u ikutloang kateng?

Bohloko ba ho Kulisoa ke Lerato

Joaloka Huda, u ka ’na ua ikutloa u le setsokotsaneng sa maikutlo. Maikutlo a tletseng nyakallo a ka ’na a lateloa ka potlako ke ho nyahama ho hlokisang tšepo. Zeina o itse: “Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke le ngoanana ea thabileng ka ho fetisisa lefatšeng, ’me ka linako tse ling, ke ne ke ikutloa ke le ea hlonameng ka ho fetisisa.” Ho rata motho empa eena a sa u rate e ka ba mohloli oa matšoenyeho, ho hlobaela esita le ho tepella maikutlong.

Ho Liproverbia 13:12, Bibele e re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” ’Me ho ka ba bohloko haholo haeba se lebeletsoeng se sa phethahale ho hang! U ka ’na ua iphumana u nahana ka motho enoa ka linako tsohle, u labalabela ho utloa leha e se e le taba e sa reng letho ka eena. U ka ’na ua etsa matsapa a hore u hape thahasello ea hae kapa ua hlahisa mabaka a fokolang hore le be ’moho. ’Me ha u le moo a leng teng, u ka ’na ua fumana ho le thata ho itšoara ka tsela e tloaelehileng.

Boemo bo ka ferekanya le ho feta haeba ka linako tse ling motho eo u mo ratang a bontša thahasello e itseng ho uena, ’me ka linako tse ling a bontša eka ha a na thahasello ho hang. ’Me haeba u mo bona a lebisa thahasello ho motho e mong, kapa a bontša feela mosa le tlhokomelo ho ba bang, hoo ho ka ’na ha etsa hore u be lefufa. Bibele e re: “Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha nōka; ha e le lefufa, ke mang ea tla ema pel’a lona?”—Liproverbia 27:4.

Huda o ile a lumela: “Ke ne ke tlalellana ke lefufa le sa hlaloseheng hoo hoja ka se ke ka lokisa boikutlo ba ka, nkabeng ke ile ka lahleheloa ke kelello.” Ho ka ba ha fella ka ho itsoafa. Huda o ile a re: “Ke ikoahlaela hore na ke ne ke ratela’ng motho ea neng a sa nthate le hore ebe ke ile ka ikutloisa bohloko.”

Le hoja linaheng tse ka Bophirimela moroetsana a ka ikutloa a lokolohile ho ea ho mohlankana le ho mo bolella maikutlo a hae, hase baroetsana bohle ba ka ikutloang joalo. ’Me litsong tse ling, ho ka talingoa ho sa tšoaneleha, ho bile ho tšosa hore ngoanana a nke mohato o joalo. Joale u ka etsa eng haeba u rata motho ea sa u rateng?

Ho Hlahlobisisa Maikutlo a Hao

Pele, leka ho hlahloba maikutlo a hao ka tsela e pholileng le ea sebele. Bibele ea lemosa: “Ea itšepelang pelo ea hae ke lehlanya.” (Liproverbia 28:26) Hobane’ng? Hobane hangata, kahlolo ea lipelo tsa rōna ea lahla. (Jeremia 17:9) ’Me seo re nahanang hore ke lerato hangata se fella e le ntho e ’ngoe esele. Huda oa lumela: “Ke ne ke hloka tlhokomelo le lerato. Ke ne ke hloka motho ea tla nthata le ho ntlhokomela. Ho tloha bonyenyaneng ba ka, ho ne ho se mohla nkileng ka fumana lerato. Seo se nkamme ka botebo.” Haeba u hlaha tikolohong ea lelapa le se nang lerato kapa le hlekefetsang, le uena u ka ’na ua ikutloa u lapetse lerato le tlhokomelo. Empa na kamano ea lerato ke eona pheko?

Ka bomalimabe, batho ba sa thabang le ba jeoang ke bolutu hangata ha e be balekane ba loketseng ba lenyalo. Ba kena lenyalong ba lebeletse ho fumana seo ba ikutloang ba se hloka ka hohle-hohle. Leha ho le joalo, thabo ea sebele e fumanoa ho faneng, eseng ho amoheleng. (Liketso 20:35) ’Me mosali e ba ea loketseng haholo bakeng sa ho jara boikarabelo ba lelapa haeba a khotsofalla boemo ba hae ’me a ‘behile leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa hae feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.’—Bafilippi 2:4.

Ha u ikutloa u le tlas’a khatello ea ho batla ho nyaloa, u ka arabela ka mokhoa o feteletseng tlhokomelong leha e le efe e etsoang ke oa bong bo fapaneng. Ka linako tse ling, takatso ea moroetsana ea lerato e bakoa ke metsoalle le lelapa. Lichaba tse ling li hatella hore ngoanana o lokela ho nyaloa hang feela ha a fihla lilemong tsa ho kena lenyalong. Buka ea Women in the Middle East e re: “Haeba moroetsana a atamela lilemo tse mashome a mararo ’me a ntse a e-s’o nyaloe, lelapa labo le ameha haholo ka eena.” Kaha ho ameha botumo ba lelapa, ntate a ka ’na a leka ho nyalisa barali ba hae ba sa le banyenyane ka hohle kamoo ho ka khonehang.

Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele ke ea bohlokoa ho feta setso. Ebile Mangolo a khothalletsa bacha hore ba eme ho fihlela ba “fetile palesa ea bocha” pele ba ka kena lenyalong. (1 Bakorinthe 7:36) Kahoo, ho thoe’ng haeba u utloa hore metsoalle ea hao kapa batsoali ba hao ba u beha tlas’a khatello e sa hlokahaleng ea hore u nyaloe? Bibele e re bolella hore ngoanana ea tšabang Molimo oa Moshulame o ile a laela metsoalle ea hae ka matla hore ‘e se ke ea tsosa kapa ea susumetsa lerato ka ho eena ho fihlela a e-ba le boikutlo ba lona.’ (Sefela sa Lifela 2:7, NW) Mohlomong ho itlhalosa ka tsela e tiileng joalo ho tla ba le phello, haholo haeba batsoali ba hao ba tšaba Molimo.

Ho Toba ’Nete

Leha ho le joalo, qetellong u tlameha ho toba ’nete mabapi le motho eo u ikutloang u mo rata. Ho etsa joalo ho ka ’na ha se be bonolo ’me ha u utloisa bohloko maikutlong. Empa Mangolo aa lemosa: “Reka ’nete ’me u se ke ua e rekisa.” (Liproverbia 23:23) Ipotse, ‘Na ke na le lebaka le utloahalang la ho mo rata? Ke tseba motho eo hakae? Ke tseba eng ka mehopolo ea hae, maikutlo, pono, mekhoa, boitšoaro le lintho tseo a li lumelang, tsebo, bokhoni le mokhoa oa hae oa bophelo?’

Ntho e ’ngoe e ka nahaneloang ke hore na motho eo o kile a bontša thahasello ea sebele ho uena kapa che. Hangata, mosa o sa reng letho kapa botsoalle li utloisisoa hampe. Huda o itse: “O ne a leka ho ba mosa, empa ke ile ka nka lipuo le liketso tsa hae e le ho bontša ha hae thahasello ea botho hobane ke ne ke batla joalo. Ka mor’a hore ke elelloe hore o ne a sa nthahaselle, ke ile ka ikutloa ke tlotlolohile. Ke ile ka ikutloa ke sa tšoanelehe hore a ka nthahasella le hore ho ne ho e-na le ho phoso ka ’na.”

Mohlomong u ile ua ikutloa ka tsela e tšoanang ka mor’a ho ba le phihlelo e kang ena. Leha ho le joalo, hlokomela hore taba ea hore ha ua ka ua rateha mahlong a motho enoa ha e bolele hore u ke ke ua rateha mahlong a motho e mong osele. Etsoe hase eena feela mohlankana lefatšeng!

Ho Sebetsana le ho Utloa Bohloko

Leha ho le joalo, ho ka ’na ha u nka nako hore ho utloa bohloko ho fele. Ke eng e ka thusang? Tsela e ’ngoe ke ka ho phetlela “motsoalle [oa hao] oa ’nete” sefuba—Mokreste ea hōlileng ea tla u mamela. (Liproverbia 17:17, NW) Mohlomong ho na le ’mè ea hōlileng ka phuthehong eo u ka buang le eena. Batsoali ba Bakreste le bona ba ka phetha karolo ea bohlokoa ho u thusa le ho u tšehetsa. Zeina oa hopola: “’Mè e mong oa Mokreste phuthehong ea rōna o ile a hlokomela ho nyahama ha ka ’me o ne a hōlile ho lekana hore a ka nthusa. Ke ile ka ikutloa ke phutholohile ho eena ’me ka mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O ile a nkhothalletsa hore ke bue le batsoali ba ka. Kahoo, ke ile ka bua le bona ’me ba ile ba nkutloisisa ba ba ba nthusa.”

Hape, hopola matla a thapelo. (Pesaleme ea 55:22) Huda o re: “Ho rapela Jehova ho ile ha nthusa hore ke ntše bohloko ba ka. Ke ile ka boela ka bala lihlooho tse thusang limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha!” Ho phaella moo, ke habohlokoa hore u se ke ua ikarola ho ba bang. (Liproverbia 18:1) Itsoakanye le batho ba bang. Zeina oa hopola: “Ntho e ’ngoe e ileng ea nthusa ke hore ke ile ka lula ke tšoarehile ’me ka ba pula-maliboho [moevangeli oa nako e tletseng]. Ke ile ka boela ka eketsa botsoalle ba ka le basali ba bang ka phuthehong. Sena se ile sa nthusa hore ke hatele pele moeeng.”

Bibele e bua ka ‘nako ea ho rata,’ ’me ho ka ’na ha etsahala hore ka nako e loketseng, u tla kopana le motho eo le eena a tla u rata. (Moeklesia 3:8) Jehova Molimo o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho thabela monyaka oa lerato le fumanoang lenyalong, ’me le uena u ka ’na ua qetella u finyeletse tokisetsong ena e ntle ea Moetsi oa rōna e Moholo. Khabareng, ke hobane’ng ha u sa sebelise lilemo tsa hao tsa bosoha ka hohle-hohle, tseo moapostola Pauluse a reng li ‘lokolohile matšoenyehong’? (1 Bakorinthe 7:32-34) Leha ho le joalo, u ka kholiseha ka phethahatso ea tšepiso ena ea Bibele: “Uena [Jehova] u fuparolla seatla sa hao ’me u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 145:16, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe molemong oa ho boloka lekunutu la ba amehang.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ka linako tse ling mosa o ka ’na oa utloisisoa hampe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela