Tokoloho ea ho Bua—Na e Sebelisoa Hampe?
MONYAKO oa ho kena lekholong la bo21 la lilemo o tloha o buleha. Ha ho pelaelo hore lekholo le lecha la lilemo le tla tlisa tšepo e ncha, litekanyetso, maikutlo ka boitšoaro, likhopolo tsa theknoloji e hlollang le ho batla tokoloho haholoanyane. Maikutlo a neano a mebuso, a malumeli le a batho ao pele a neng a loantšana, a se a ntse a lumellana le litakatso le litlhoko tse ncha. Libakeng tse ngata ho na le tlhokahalo e potlakileng ea ho tlosa lithibelo tse teng tsa tokoloho ea ho bua le ho itlhalosa, ho sa tsotellehe liphello tsa hona!
Seo pele se neng se sa amoheloe ’me se thibetsoe ke ba khaso ea seea-le-moea le thelevishene le bahlahlobi ba taba e ka hasoang—puo e litšila le litšoantšo le matšoao a bootsoa—hona joale se tloaelehile linaheng tse ngata ’me se khurumetsoa ka hore ke tokelo ea tokoloho ea ho bua!
Ba nang le phihlelo tšebelisong ea lik’homputha, batho ba baholo le bana, hona joale ba ka khona ho fetisetsa litšoantšo tse hlakileng tsa liketso tsa likamano tsa botona le botšehali tse litšila lik’honthinenteng tse ling ka metsotsoana feela le ho qoqa le babeti ba tsebahalang le ba hleka-hlekang bana ba kōpang mabitso le liaterese bakeng sa ho ea kopana sephiring. Hona joale ’mino o nang le mantsoe a khothalletsang le a buang ka ho ipolaea le ho bolaea batsoali, mapolesa le bahlanka ba ’muso o utluoa letsatsi le letsatsi seea-le-moeeng le thelevisheneng kapa lirekotong tse letsoang ke bana.
Ke ba seng bakae har’a ba batlang tokoloho ea ho bua e se nang meeli ba tla hanyetsa Moahloli oa Lekhotla le ka Holimo-limo, Oliver Wendell Holmes, e monyenyane, eo lilemong tse ka holimo ho 50 tse fetileng a ileng a ngola qetong e tsebahalang haholo e tlisitseng phetoho mabapi le tokoloho ea ho bua: “Tšireletso e matla ka ho fetisisa ea ho bua ka bolokolohi e ke ke ea sireletsa motho eo ka bohata a hoeletsang hore ho na le mollo ka theatereng ’me kahoo a bake tšabo.” Liphello tsa ketso e joalo li totobetse. Joale, ke ntho e sa utloahaleng hakaakang, hore bona batho bana ba talime polelo e latelang ea qeto eona eo e le ea bohlokoa bo fokolang kapa ebile e se ea bohlokoa le hore ba sebetse ka manganga ho e hanyetsa. Holmes o ile a re: “Maemong ’ohle taba ke hore na mantsoe a sebelisitsoeng a sebelisoa maemong a joalo ’me ke a sebōpeho se tlang ho baka kotsi e hlakileng le hona joale, hoo a tlang ho hlahisa bokhopo ba sebele boo Lekhotla la Sechaba le Etsang Molao le nang le tokelo ea ho bo thibela.”
Litšoantšo Tsa Bootsoa Tsa K’homputha
Makasine ea Time e ile ea tlaleha: “Matsatsing ana likamano tsa botona le botšehali li hlahella hohle, libukeng, limakasineng, lifiliming, thelevisheneng, livideong tsa ’mino le mamatjaneng a phatlalatso a boemelong ba libese a litlolo tse nkhang hamonate. Ho ngoloa likareteng tsa khoebo tseo ho letsetsoang ba litšoantšo tsa bootsoa ka tsona ’me li kenngoa tlas’a lihlakola-metsi tsa fensetere ea koloi. . . . Maamerika a mangata a tloaetse pontšo e pepenene ea ho tsosa takatso ea botona le botšehali—’me a tloaelane le mabaka a hore na ke hobane’ng ha ho behiloe boemong bo khethehileng tlas’a Sehlomathiso sa Pele [sa tokoloho ea ho bua]—hoo a sa hlokomeleng hore litšoantšo tsa bootsoa li teng moo.” Leha ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe mabapi le motsoako oa likamano tsa botona le botšehali tse totobetseng le lik’homputha e hlahisitseng litšobotsi le moelelo o mocha poleloaneng e reng “litšoantšo tsa bootsoa.” E fetohile ntho e ratoang, e atileng hohle le e nametseng lefatšeng ka bophara.
Ho ea ka phuputso e ’ngoe, litho tse ingolisitseng tsa litsamaiso tsa k’homputha tse bontšang likamano tsa botona le botšehali pepenene, tse neng li ikemiselitse ho ntša chelete ea tefello ea khoeli le khoeli e tlohang ho R40 ho ea ho R120, li ile tsa fumanoa “metseng e fetang 2000 mebusong eohle e 50 le linaheng tse 40, literekeng le liprofensing lefatšeng lohle—ho akarelletsa le linaheng tse ling tse kang Chaena, moo motho a ka ahloleloang lefu ha a fumanoa a e-na le libuka tsa litšoantšo tsa bootsoa.”
Makasine ea Time e ile ea hlalosa mofuta o mong oa litšoantšo tsa bootsoa k’homputheng e le “mokotla oa ho hula lintho o tšetseng lintho tse ‘tsoileng tseleng’ tse akarelletsang litšoantšo tsa ho tšoasoa ke takatso ea botona kapa botšehali, tsa ho thabela tlhokofatso ’meleng, tsa ho ntša metsi, tsa ho ithusa le tsa liketso tsa ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le liphoofolo tse sa tšoaneng tse ngata.” Ho hlahisoa ha boitsebiso bo joalo tsamaisong ea lik’homputha tsa sechaba, tse ka fumanehang ho banna, basali le bana lefatšeng lohle, ho phahamisa lipelaelo tse tebileng ka tšebeliso e mpe ea tokoloho ea ho bua.
Koranta ea Brithani e ile ea hlokomela: “Hang feela ha bana ba khonne ho kena tsamaisong ea k’homputha, litšoantšo tsa bootsoa tse mpe ka ho fetisisa ha li felle feela lishelefong tsa bo-ralitaba tseo bana ba ke keng ba li fihlela, empa li fumaneha habonolo ho ngoana leha e le ofe, ’me seo se ba lekunutung ka phaposing ea ho robala.” Ho lebeletsoe hore karolo ea 47 lekholong ea malapa ’ohle a Brithani a nang le lik’homputha a tla be a hokeletsoe litsamaisong tsa lik’homputha bofelong ba 1996. Koranta eo e itse: “Batsoali ba bangata ba Brithani ha baa tloaelana le thepa ea theknoloji e phahameng joaloka bana ba bona. Likhoeling tse fetileng tse 18 ‘ho qekotsa Tsamaiso ea Lik’homputha ea Machaba’ ho fetohile e ’ngoe ea lipapali tse ratoang haholo tsa ho fetisa nako ho bacha.”
Kathleen Mahoney, moprofesa oa molao Univesithing ea Calgary, Canada, ebile e le setsebi litabeng tsa molao tse amanang le litšoantšo tsa bootsoa, o ile a re: “Sechaba se lokela ho hlokomela hore ho na le mecha ea phatlalatso ea litaba e sa laoleheng ka ho feletseng, eo bana ba ka sebelisoang hampe le ho tlatlaptjoa ka eona.” Mookameli e mong oa mapolesa oa Canada o ile a re: “Lipontšo li hlakile tsa hore ho tloha ho hlahella keketseho e potlakileng liketsahalong tse amanang le bana tsa litšoantšo tsa bootsoa k’homputheng.” Lihlopha tse ngata tse eletsang malapa li tsitlella hore litšoantšo tsa bootsoa lik’homputheng tse bonoang ke bana le tšusumetso eo li ka bang le eona ho bona li “emela kotsi e hlakileng le e teng hona joale.”
Maikutlo a Fapaneng
Ba loanelang tokoloho sechabeng ba halefisoa ke boiteko leha e le bofe bo etsoang ke Lekhotla la Sechaba le Etsang Molao ba ho thibela lintho tse kang litšoantšo tsa bootsoa tsa k’homputheng, tumellanong le taelo ea Moahloli Holmes le Lekhotla le ka Holimo-limo la United States. Moprofesa oa molao oa Harvard o ile a phatlalatsa: “Ke tlhaselo e tobileng Sehlomathisong sa Pele.” Makasine ea Time e hlalositse hore esita le bachochisi ba nang le phihlelo baa ho soma. E mong o ile a re: “Ho ke ke ha ema ho tiile ha ho hlahlojoa esita le makhotleng a litlōlo tse nyenyane tsa molao.” Mookameli oa Electronic Privacy Information Center o ile a re: “Ke thibelo ea ’muso.” Time e ile ea mo qotsa moo a reng: “Sehlomathiso sa Pele se lokela ho sebetsa le Tsamaisong ea K’homputha ea Machaba. Setho sa lekhotla la sechaba le etsang molao sa United States se ile sa phatlalatsa: “Ka ho hlakileng ke tlōlo ea molao ea ho bua ka bolokolohi, ebile ke tlōlo ea molao ea tokelo ea batho ba baholo ea ho buisana.”
Moprofesa oa New York Law School o pheha khang ka hore ho na le molemo o itseng mekhoeng e sa tšoaneng ea ho bua ka likamano tsa botona le botšehali, e ka ’nģane ho litokelo tsa sechaba le ho bua ka bolokolohi. “Likamano tsa botona le botšehali tse bontšoang Tsamaisong ea Lik’homputha ea Machaba, ha e le hantle li ka ba molemo ho bacha,” Time e tlalehile maikutlo a hae joalo. O ile a re: “[Cyberspace] ke sebaka se sireletsehileng seo ho sona ho ka hlahlojoang lintho tse thibetsoeng le tse haneloang . . . E fana ka monyetla oa ho ba le meqoqo ea sebele, ntle le ho soaba, hammoho le litšoantšo tsa ’nete le tse inahaneloang ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali.”
Bao hape ba leng khahlanong le lithibelo leha e le life tsa litšoantšo tsa bootsoa litsamaisong tsa lik’homputha ke bacha ba bangata, haholo-holo liithuti tsa univesithi. Ba bang ba ’nile ba etsa mekoloko ea boipelaetso khahlanong le seo ba se talimang e le nyenyefatso ea litokelo tsa bona tsa tokoloho ea ho bua. Le hoja e se a seithuti, maikutlo a mang a qotsitsoeng ho The New York Times, ntle ho pelaelo a pheta maikutlo a ba bangata ba hanyetsang tlhahiso leha e le efe e tlang ho thibela litšoantšo tsa bootsoa lik’homputheng: “Ke nahana hore e tla tšehuoa le ho hlokomolohuoa ka kakaretso ke basebelisi ba Tsamaiso ea Lik’homputha ea Machaba ba naha ena, ’me ha e le basebelisi ba bang kaofela ba lefatše ba Tsamaiso ea Lik’homputha ea Machaba, ba tla soma United States.”
Ha e tlaleha polelo ea molaoli oa sehlopha sa tokoloho ea sechaba, U.S.News & World Report e hlalositse tjena: “Cyberspace [litsamaiso tsa k’homputha] e ka ’na ea fana ka tokoloho ea ho bua e matla ho feta kamoo Sehlomathiso sa Pele se etsang kateng. Ka sebele, e ka ’na eaba ho hang e se e le ‘ntho e ke keng ea khoneha hore ’muso o thōlise batho.’”
Canada likhang li ntse li e-ba matla mabapi le se ka tlōlang litemana tsa tokoloho ea ho itlhalosa ho Charter of Rights and Freedoms. Ho ’nile ha tšoaroa batšoantši bao lintho tsa bona tse takiloeng li neng li tsosa khalefo ea bahlahlobisisi le tseo mapolesa a neng a li lihela sehlopheng sa lintho tse “litšila.” Batšoantši le batho ba buellang ho bua ka bolokolohi ba kopane ’moho ho ipelaetsa le ho bolela phatlalatsa hore ho tšoaroa ho joalo ke ho hatikela tokoloho ea bona ea ho bua. Ho fihlela lilemong tse ka bang ’ne tse fetileng, hangata litheipi tsa video tsa litšoantšo tsa bootsoa li ne li nkoa ka mahahapa ke sepolesa ka lebaka la molao oa Canada oa lintho tse litšila, ’me linyeoe tseo li ile tsa isoa khotla ’me barekisi ba tsona ba fumanoa ba le molato.
Leha ho le joalo, seo sohle se ile sa fetoha ka 1992, nyeoeng e ileng ea tlisa phetoho, ha Lekhotla le ka Holimo-limo la Canada le laela hore ho ke ke ha etsoa qoso khahlanong le lihlahisoa tse joalo ka lebaka la tiisetso ea tokoloho ea ho itlhalosa e leng ho Charter of Rights and Freedoms. Makasine ea Maclean’s e ile ea ngola hore taelo ea lekhotla “e tlisitse liphetoho tse hlokomelehang sechabeng sa Canada.” Makasine eo e ile ea hlokomela: “Hona joale, metseng e mengata ho tloaelehile ho fumana limakasine tse mpe ka ho fetisisa tsa litšoantšo tsa bootsoa le livideo mabenkeleng a likhutlong tsa literata.” Esita le tseo lekhotla le laetseng hore li ka thibeloa li ntse li fumaneha ho bareki.
Mookameli e mong oa mapolesa o ile a re: “Kea tseba hore haeba u ka kena ka moo u tla fumana lintho tse thibetsoeng ka molao. Mohlomong ke basebetsi ba rekisang lintho tseo bao re ka ba qosang. Empa . . . ha re na nako.” Hape ha a na tiisetso ea hore liqoso li tla talingoa e le tse kholisang le tse loketseng. Mehleng ena e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho lebisoa tlhokomelo tokolohong ea botho e se nang meeli, ’me hangata makhotla a susumetsoa ke maikutlo a sechaba. Empa ho sa tsotellehe hore na lebaka la motheo ke lefe, phehisano e tla tsoela pele ho tsosa maikutlo a tebileng le a bakang karohano mahlakoreng ka bobeli—a tšehetsang khopolo eo le a khahlanong le eona.
Ka nako e ’ngoe, Japane e kile ea iphumana e le tlas’a lithibelo tse matla mabapi le tokoloho ea ho bua le ho hatisa lingoliloeng. Ka mohlala, tšisinyeho ea lefatše, e ileng ea lekanyetsoa ho 7,9 sekaleng sa Richter ’me ea bolaea ba fetang sekete, e ne e sa tlalehoe ka bolokolohi. Liketsahalo tsa bobolu le baratani ba bolaeanang litumellanong tsa ho ipolaea li ne li sa tlalehoe. Bahlophisi ba likoranta ba ile ba inehela litšosong tsa ’muso ha taolo e ne e eketseha ka matla esita le linthong tse neng li talingoa e se tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, lithibelo li ile tsa tlosoa ’me Japane ea thabela tokoloho e eketsehileng ea ho bua le ho hatisa lingoliloeng.
Ka sebele, phetoho ena e ile ea fetella ha limakasine le libuka tse ling tsa bana tse qabolang li ne li tlala ka litšoantšo tse tsosang takatso ea botona kapa botšehali le tse litšila. Koranta ea Tokyo e hlaheletseng, The Daily Yomiuri, e kile ea hlokomela: “Mohlomong e ’ngoe ea lintho tse tšosang ka ho fetisisa tseo motho ea tsoang naheng esele ea sa tsoa fihla Japane a ka li bonang ke rakhoebo ea balang libuka tse qabolang tse bontšang likamano tsa botona le botšehali ka mokhoa o feteletseng a le litseleng tse tsamaeang ka tlas’a lefatše, Tokyo. Hona joale ho bonahala mokhoa ona o ama halofo e ’ngoe ea baahi, ha libuka tsa basali tse qabolang ‘tse litšila ka ho fetisisa’ li hlaha lishelefong tsa libuka mabenkeleng le lisuphamaketeng.”
Ka 1995, koranta e tummeng ea Asahi Shimbun e ile ea bitsa Japane “Paradeise ea Litšoantšo tsa Bootsoa.” Ha bahlophisi le bahatisi ba ne ba batla tharollo ea boithaopo likhanyetsong tsa batsoali ho e-na le litaelo tsa ’muso, babali ba bacha ba ile ba ipelaetsa. Motho oa ipotsa, ‘Ke maikutlo a bo-mang a tlang ho hlōla qetellong?’
Tokoloho ea ho bua ke taba eo ho tsekisanoang ka eona haholo hona joale Fora. Bukeng ea hae e buang ka tokoloho ea ho bua, mongoli oa Mofora Jean Morange, o ngotse: “Ntle ho pelaelo, histori ea tokoloho ea ho bua ha e e-s’o fele, ’me e tla tsoela pele ho hlahisa likarohano. . . . Ho hang selemo ha se fete ho sa lokolloa filimi kapa letoto la mananeo a thelevishene kapa letšolo la phatlalatso le hlahisang karabelo e bohale, le le boetseng le tsosa phehisano ea khale, e sa feleng mabapi le ho thibela lintho tse nyatsehang.”
Sehlooho se hlahang koranteng ea Paris, Le Figaro, se ile sa tlaleha hore sehlopha sa ’mino oa rap se bitsoang Ministère amer (Tšebeletso e Bohloko) se khothalletsa balateli ba sona ho bolaea mapolesa. Mantsoe a mang a bona a re: “Ho ke ke ha e-ba le khotso ntle le hore [mapolesa] a robale ka khotso.” ’Muelli oa sehlopha seo o ile a re: “Rekotong ea rōna, re ba bolella hore ba chese liteishene tsa mapolesa le ho etsa sehlabelo ka [mapolesa]. Ke eng se neng se ka ba sebe ho feta moo?” Ha ho bohato bo nkiloeng khahlanong le sehlopha seo sa rap.
Lihlopha tsa rap tsa Amerika le tsona li buella ho bolaea mapolesa ’me li phatlalatsa tokelo ea ho bua lipolelo tse joalo tlas’a tšireletso ea tokoloho ea ho bua. Fora, Italy, Engelane le lichabeng tse ling tsa Europe le lefatšeng lohle, ho utloahala sello se tsoang lihlopheng tsohle tsa batho sa hore ha hoa lokela hore ho behoe meeli tokolohong ea ho bua phatlalatsa esita le haeba ho bua e le ha “sebōpeho se tlang ho baka kotsi e hlakileng le hona joale.” Tsekisano ee e tla fela neng, ’me ke lehlakore lefe le tlang ho hlōla?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Litšoantšo tsa bootsoa k’homputheng, ke “mokotla oa ho hula lintho o tšetseng lintho tse ‘tsoileng tseleng’”