Ke Hobane’ng ha Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro li Atile Hakaale?
BOITSEBISO bo silafetseng bo reretsoeng ho tsosa litakatso tsa ho kopanela liphate ke ntho e qalileng khale lilemong tse likete tse fetileng. Empa mehleng eo, ho ne ho se bonolo ho hlahisa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ka hona, li ne li fumaneha feela bathong ba ruileng le ba busang. Ho hatisa lingoliloeng ka bongata le ho qaptjoa ha lifoto le libaesekopo ho ile ha fetola seo sohle. Batho ba maemong a tlaasana ba ile ba qala ho fumana litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ka chelete e tlaase ba bile ba li fumana habobebe.
Ho qaptjoa ha mochine o bapalang lik’hasete tsa video ho ile ha etsa hore mokhoa oa ho sheba litšoantšo tsena o ate le ho feta. Ho fapana le mabanta a hatisitseng filimi le lifoto tsa khale, ho ne ho le bonolo ho boloka lik’hasete tsa video, ho li kopitsa le ho li aba. Hape li ne li fana ka monyetla oa ho li shebella malapeng. Haufinyane tjena, ho ata ha liteishene tsa thelevishene tseo motho a li lefellang ka ho khetheha hore a li shebelle ha hae le Internet li entse hore litšoantšo tsena tse manyala tse hlephisang boitšoaro li fumanehe habonolo le ho feta. Dennis McAlpine eo e leng mohlahlobi oa phatlalatso ea litaba o bontša hore moshebelli oa tsona ea sa batleng bo bonoa ke moahelani oa hae a le karolong ea livideo tsa batho ba baholo lebenkeleng, hona joale a ka “itulela ha hae ’me a reka video e joalo ka ho bulela seteishene seo a se lefellang ka ho khetheha.” Ho latela McAlpine, theknoloji ena ea morao e fumanehang habonolo e entse hore litšoantšo tsena tse manyala tse hlephisang boitšoaro “li amoheloe ke batho ba bangata.”
Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro Lia Ata
Batho ba bangata ha ba tsebe moo ba emeng teng ka taba ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro kaha e se e le kobo-anela. Sengoli Germaine Greer, se re: “Li se li e-na le tšusumetso e matla sechabeng ho feta ’mino oa opera, motantšo oa ballet, theater, ’mino le bonono li kopantsoe hammoho.” Boikutlo ba kajeno tabeng ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro bo bonahatsoa ke lifeshene tsa kajeno ‘tsa botekatse,’ tseo batho ba bangata ba tummeng ba li aparang, livideo tsa ’mino tse tsoelang pele ho pepesa litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe, le tsa papatso tse bonahalang “li rata ho sebelisa litšoantšo tsena ha li bapatsa.” McAlpine o phetha ka ho re: “Sechaba se amohela seo se se foqoang. . . . Sena se tlatsetsa khopolong ea hore litšoantšo tsena lia amoheleha.” Ka lebaka leo, Andrea Dworkin o re: “Ha ho bonahale batho ba tšosoa ke tsona. Ho bonahala ba sa tsotelle.”
Mabaka a Tlatsetsang ho Etsoeng ha Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro
Ha a tlatsa mantsoe a sengoli Dworkin, Roger Young ea neng ea sebeletsa FBI empa a se a tlohetse mosebetsi o bontša hore batho ba bangata “ba mpa ba siretsoe ke ho teba ha litšoantšo tseo tse nyonyehang le mathata ao li a bakang.” Ba bang ba thetsoa ke ba buellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ba bontšang hore ha ho na bopaki ba hore litšoantšo tsena li ama batho hampe. Sengoli F. M. Christensen, se re: “Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ha e le hantle ke lintho tse inahaneloang feela, e leng ntho eo ho bonahalang ba khahlanong le tsona ba thatafalloa ke ho e lumela.” Empa haeba lintho tse inahanetsoeng feela ha li na matla, joale indasteri ea papatso e itšetlehile ka eng? Ke hobane’ng ha likhoebo li ka senya limilione tsa lidolara li bapatsa, li etsa livideo le ho hatisa tsa papatso haeba lintho tseo li sa tl’o ama batho ho le hokaalo?
Ho tšoana feela le papatso e atlehang, morero o moholo oa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke ho leotsa takatso bathong ba neng ba ntse ba se na eona. Steven Hill le Nina Silver bao e leng bafuputsi, baa ngola: “Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke khoebo, ke phetho ke tu! ’Me ’marakeng oa kajeno o hlanyang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nkoa e le e ka sebelisoang ho kenya chelete, haholo-holo ’mele ea basali le liketso tsa ho kopanela liphate.” Greer o tšoantša ho rata litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le ho lemalla lijo tse sa phehoang hae, tse se nang limatlafatsi ’me li tsoakiloe ka lintho tse etsang hore li latsoehe le ka lik’hemik’hale tse ling. O re: “Papatso e fumanehang habonolo ea liketso tsa ho kopanela liphate hase liketso tsa sebele . . . Papatso ea lijo e khothalletsa hore le lijo tse sa haheng ’mele li rekoe, empa papatso ea liketso tsa ho kopanela liphate eona e khothalletsa liketso tsa ho kopanela liphate tseo e seng tsa sebele.”
Lingaka tse ling li bolela hore litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li ka etsa hore motho a be bokhobeng boo ho leng thata haholo ho bo tlohela ho feta ho tlohela ho ba lekhoba la lithethefatsi. Hangata ba thusoang ho tsoa bokhobeng ba lithethefatsi ba qala ka ho fuoa kalafo e ntšang chefo ea lithethefatsi ’meleng. Empa Dr. Mary Anne Layden oa Univesithi ea Pennsylvania o hlalosa hore ho ba lekhoba la litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro “ho hatisa litšoantšo tse inahaneloang ka kelellong, ’me litšoantšo tseo li qetella li fetohile karolo ea monahano oa motho ea li shebellang.” Ke lona lebaka le etsang hore batho ba lule ba hopola litšoantšo tse joalo tse manyala tse hlephisang boitšoaro leha ho se ho fetile lilemo tse ngata ba li shebeletse. O phetha ka ho re: “Ena ke chefo e kotsi eo ho seng tšepo ea hore e ka ntšoa ho motho.” Empa na seo se bolela hore ho ke ke ha khoneha hore motho a itokolle tšusumetsong ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro? Hona ke likotsi life tseo litšoantšo tsee tse manyala tse hlephisang boitšoaro li li bakang?
[Lebokose le leqepheng la 21]
Linnete ka Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro Tsa Internet
◼ Hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tsa Internet li simoloha United States. Tse ka etsang karolo ea 15 lekholong li simoloha Europe.
◼ Ho hakanyetsoa hore ka beke, batho ba ka bang limilione tse 70 ba sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Mecheng ea Internet. Ba ka bang limilione tse 20 ba bashebelli bana ke batho ba Canada le United States.
◼ Phuputso e entsoeng e sibolotse hore khoeling e ’ngoe haufinyane tjena, Jeremane ke eona e bileng le bashebelli ba bangata ba litšoantšo tsena tse manyala tse hlephisang boitšoaro Europe, e lateloe ke Great Britain, Fora, Italy le Spain.
◼ Jeremane, ba shebellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Interneteng ka karolelano ba qeta metsotso e 70 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe mecheng ena.
◼ Ho ba shebellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Interneteng Europe, ba ka holimo ho lilemo tse 50 ba qeta boholo ba nako ba tšoasehile Mecheng eo ea batho ba baholo.
◼ Ho latela mohloli o mong, karolo ea 70 lekholong ea khoebo ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Interneteng e etsoa motšehare.
◼ Ho hakanngoa hore mecha e ka bang 100 000 Interneteng e bontša litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho sebelisoa bana.
◼ Karolo e ka etsang 80 lekholong ea khoebo ea Internet ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho sebelisoa bana, e hlaha Japane.
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li se li fumaneha habonolo haholo