Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 8/8 maq. 25-26
  • Mefuta e Kotsing Kamoo U Amehang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mefuta e Kotsing Kamoo U Amehang Kateng
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Areka ea ho Pholoha
  • Liphoofolo Lefatšeng le Lecha
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
    Tsoha!—1996
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Noe o Haha Areka
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 8/8 maq. 25-26

Mefuta e Kotsing Kamoo U Amehang Kateng

LINKOE, likolopata, litšukulu, lirurubele—lethathamo la mefuta e kotsing le bonahala le sa fele! Ntle ho pelaelo u tla lumela hore motho o tlameha ho jara molato o moholo. Empa taba ee e u ama joang?

Ka lebaka la tlokotsi ea lefatše ea moruo, na ke ntho e utloahalang ho lebella hore batho ba amehileng ka boiketlo ba bona ba tšehetse merero ea paballo ea lintho tsa tlhaho, ho sa tsotellehe hore na e ka ba bohlokoa hakae? Time ea hlalosa: “Ka sebele ha ho bonolo ho sireletsa tikoloho likarolong tse ngata tsa Afrika tse ka boroa ho Sahara, moo batho ba limilione ba talimaneng le mefere-fere ea lipolotiki, ntoa ea merabe, tlala ea sekoboto le mafu a seoa.” Boemo boa tšoana le libakeng tse ling.

Ho hlokahala liphetoho tse khōlō haeba bothata ba mefuta e kotsing bo tla rarolloa. Ho ea ka The Atlas of Endangered Species, liphetoho tsena li “khōlō haholo hoo li ka etsoang feela ke mebuso.” Joale ea khothalletsa: “Moo ho khethoang mebuso, ke boikarabelo ba motho ka mong ho etsa bonnete ba hore ka selemo sa 2000 ho khethoa feela bo-ralipolotiki ba amehileng ka tikoloho.”

Na ee ke tebello ea sebele? Ha ho shejoa bopaki ba histori, re tlameha ho etsa qeto ea hore ‘batho ba ’nile ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe’—le holim’a liphoofolo tse hlaha ka ho tšoanang. (Moeklesia 8:9) Ka sebele, batho ba bangata ba paballo ea lintho tsa tlhaho ba lumela hore limela le liphoofolo tsa lefatše li sebeletsa e le matšoao a tikoloho. Ha li behoa kotsing, le rōna batho re ba kotsing. Empa lena hase lekhetlo la pele historing ea batho bophelo bohle ba lefatše bo sokeloa ke ho fela.

Buka ea histori ea khale ka ho fetisisa e tlaleha mantsoe ana: “’Na ke ea tlisa moroallo oa metsi lefatšeng, ho felisa nama eohle e nang le phefumoloho ea ho phela tlas’a leholimo, ’me hohle ho lefatšeng ho tla shoa.” (Genese 6:17) Leha ho le joalo, hase hore motho e mong le e mong o ile a shoa leha e le hore mofuta o mong le o mong oa bophelo o ile oa shoa, hobane Molimo o ne a lokiselitse mokhoa oa ho pholoha.

Areka ea ho Pholoha

Litsebi tsa saense li lumela hore tharollo e molemo ka ho fetisisa bothateng ba mefuta ea kajeno e kotsing e akarelletsa ho sireletsa litikoloho tseo e phelang ho tsona. Ka ho thahasellisang, New Scientist e tlaleha ka sena ’me e bua ka ba paballo ea lintho tsa tlhaho ba sebelisa “mokhabo-puo oa thehello ka Areka ea Noe.” Areka ea Noe e ne e hlile e le mokhoa oo ka oona batho le liphoofolo ba ileng ba pholoha Moroallo oa mehleng ea Noe.

Molimo o ile a neha Noe polane ea areka, lebokose le leholo le entsoeng ka lehong, le neng le lokela ho phaphamala ka holim’a metsi a moroallo. Sena se ile sa sireletsa bophelo ba Noe, mosali oa hae, bara ba hae ba bararo le basali ba bara, hammoho le liphoofolo tse neng li emetse mefuta e fapaneng ea liphoofolo, tse hlaha le tse bonolo—ka sebele, “nama eohle e nang le phefumoloho ea ho phela.” (Genese 7:15) Bongata-ngata ba mefuta ea bophelo e teng kajeno bo paka kamoo areka eo e ileng ea phetha morero oa eona hantle kateng.

Leha ho le joalo, hlokomela hore ho pholoha ho ne ho sa itšetleha feela ka boiteko ba batho. Noe le lelapa la hae ba ne ba tlameha ho utloa Molimo, ea neng a e-na le matla a ho sireletsa bophelo ba bona. Ke Molimo ea ileng a felisa liqabang tseo lefatše leo la pele ho Moroallo le neng le tsebahala ka tsona, pefo le meharo.—2 Petrose 3:5, 6.

Liphoofolo Lefatšeng le Lecha

Jehova Molimo o tšepisitse hore ho utloa melao ea hae ho ka fetola batho ba tšoanang le libatana tse hlaha, tse meharo hore ba tšoane le liphoofolo tse ikokobelitseng, tse bonolo. (Esaia 11:6-9; 65:25) Esita le hona joale, bopaki ba katleho ena bo ntse bo eketseha. E-ba teng libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e haufi le uena, ’me u bone ka bouena. Haeba Jehova a khona ho finyella liphetoho tse feletseng joalo har’a batho, na a ke ke a boela a lokisetsa hore mefuta ea liphoofolo e phele hammoho ka khotso le tšireletseho, esita le haeba see se bolela ho fetola litšobotsi tseo li nang le tsona hona joale? Ha e le hantle, oa tšepisa: “Ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le liphoofolo tsa naha, le linonyana tsa leholimo, le tse hahabang lefatšeng; . . . ’me ke tla ba ahisa ka khotso.”—Hosea 2:18.

Moapostola Petrose o ile a ngola ka ‘letsatsi la ka moso la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.’ (2 Petrose 3:7) Ho kenella ha Molimo ho nang le taolo ho tla timetsa feela batho ba se nang bomolimo. Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

Nahana hore na e tla ba thabo e kaakang ho phela lefatšeng leo ho lona libōpuoa li ke keng tsa hlola li sokeloa. Ho tla ba le ho hongata hakaakang ho ka ithutoang liphoofolong tse hlaha tse tla beng li re potolohile nakong eo! E, linkoe, litau, litlou, li tla solla ntle le ho ferekanngoa. Liphoofolo tsa metsing li tla eketseha, hammoho le lihahabi, likokoanyana le mefuta e sa tšoaneng ea linonyana, ho akarelletsa le lipapakhaie—kaofela e le ka bongata bo lekaneng. Hammoho le moloko oa batho o utloang o khutliselitsoeng phethehong ea botho tlas’a ’Muso oa Bomesia, ho tla rena phelisano e phethahetseng mahareng a lintho tse phelang tikolohong ea tsona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela