Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 maq. 10-11
  • Tharollo ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tharollo ke Efe?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le se Nang Baphaphathehi
  • Thusang Baphaphathehi ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lefatše Leo e Tla ba la Habo Motho e Mong le e Mong
    Tsoha!—2002
  • Palo e Hōlang ea Baphaphathehi
    Tsoha!—1996
  • Baphaphathehi ba Bangata Baa Baleha Ukraine
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 9/8 maq. 10-11

Tharollo ke Efe?

BOEMO ba baphaphathehi hase bo se nang tšepo ea bokamoso ka ho feletseng. Ho pholletsa le lefatše, mekhatlo ea liphallelo e ikitlaelletsa ho thusa ba balehileng lintoa le mathata a mang mahaeng a bona. Tsela e ka sehloohong eo e thusang ka eona ke ho thusa baphaphathehi ho khutlela linaheng tsa habo bona tsa tsoalo.

Baphaphathehi ba siea mahae, lichaba le linaha tsa habo bona ka lebaka la ho tšaba hore ba tla bolaoa, ba hlokofatsoe, ba betoe, ba koalloe teronkong, ba etsoe makhoba, ba utsoetsoe ka likhoka kapa ba bolaoe ke tlala. Kahoo pele baphaphathehi ba ka khutlela hae ba sireletsehile, mathata a entseng hore ba balehe a tlameha ho rarolloa. Esita leha qetellong ntoa ea lihlomo e lala, bosieo ba molao le taolo hangata bo nyahamisa batho ho boela mahaeng a bona. Agnes eo e leng mophaphathehi oa Morwanda le ’mè oa bana ba tšeletseng o re: “Ho re khutlisetsa [morao] Rwanda ho tšoana le ho re isa mabitleng a rōna.”

Leha ho le joalo, ho tloha ka 1989, baphaphathehi ba ka holimo ho limilione tse robong ba ile ba khutlela mahaeng a bona. Ba ka bang limilione tse 3,6 ho bona ba khutletse Afghanistan ba e-tsoa Iran le Pakistan. Baphaphathehi ba bang ba limilione tse 1,6 linaheng tse tšeletseng ba ile ba khutlela Mozambique, sechabeng se ileng sa tsekolloa ke ntoa ea lehae ka lilemo tse 16.

Ho khutlela morao ha ho bonolo. Hangata linaha tseo baphaphathehi ba khutlelang ho tsona ke masupi—metse e se e le lithako, marokho a senyehile ’me ho tsetetsoe libomo litseleng le masimong. Kahoo, baphaphathehi ba khutlang ba tlameha ho qala qalong, ba tsosolose, e seng bophelo ba bona feela, empa le mahae, likolo, litleliniki tsa bophelo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bona.

Leha ho le joalo, ha malakabe a ntoa a tima sebakeng se seng, a lumella baphaphathehi ho khutla, aa hotela sebakeng se seng sesele, a bōpa letšoele le leng le lecha la baphaphathehi. Kahoo ho rarolla maqakabetsi a baphaphathehi ho bolela ho rarolla mathata a amanang le ’ona e leng ntoa, khatello, lehloeo, tlhoriso le lisosa tse ling tse etsang hore batho ba balehe ho pholosa bophelo ba bona.

The State of the World’s Refugees 1995 ea lumela: “’Nete e ke keng ea qojoa . . . ke hore tharollo [ea maqakabetsi a baphaphathehi] e itšetlehile ka ho feletseng ka maemo a lipolotiki, sesole le moruo a ka ’nģane ho matla a mokhatlo leha e le ofe oa liphallelo.” Ka ho tšoanang, ho latela Bibele, tharollo e ka ’nģane ho se ka finyelloang ke mokhatlo leha e le ofe oa lefatše, ebang ke oa liphallelo kapa o mong.

Lefatše le se Nang Baphaphathehi

Leha ho le joalo, ho na le tharollo. Bibele e bontša hore Jehova Molimo o tsotella batho ba ’nileng ba arohanngoa le mahae le malapa a bona. Ho fapana le mebuso ea lefatše, o na le matla le bohlale bakeng sa ho rarolla mathata ’ohle a rarahaneng a tobaneng le moloko oa batho. O tla etsa joalo ka ’Muso oa hae—puso ea leholimo eo haufinyane e tlang ho laola litaba tsa lefatše.

’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka. Ho e-na le ho ba le mebuso e mengata lefatšeng, joaloka hona joale, ho tla ba le puso e le ’ngoe feela, e tla busa holim’a lefatše lohle. Bibele e bolela esale pele: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

Mohlomong u tloaelane le thapelo ea mohlala e fumanoang ka Bibeleng ho Matheu 6:9-13. Karolo ea thapelo eo e re: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” Tumellanong le thapelo eo, ’Muso oa Molimo o haufi le ho ‘tla’ bakeng sa ho phethahatsa morero oa Molimo ka lefatše.

Tlas’a bobusi bo lerato ba ’Muso oa Molimo, ho tla ba le khotso le tšireletseho tse akaretsang. Ha ho sa tla hlola ho e-ba le lehloeo le ntoa pakeng tsa batho le lichaba tsa lefatše. (Pesaleme ea 46:9) Le ka mohla ho ke ke ha boela ha e-ba le baphaphathehi ba limilione ba balehang ho pholosa bophelo ba bona kapa ba boemong bo sithabetsang likampong.

Lentsoe la Molimo le tšepisa hore Morena oa ’Muso oa Molimo, Kreste Jesu, “o tla lopolla mohloki ea llang ho eena, le mohlōphehi ea hlokang mothusi. Ea fokolang le ea hlokang o tla ba utloela bohlōkō, a pholose bophelo ba mafutsana. O tla ba lopolla, a ba lopolle ho ba mamènèmènè, a ba lopolle le ho ba sehlōhō, mali a bona e tla ba a bohlokoa, e be a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14, BPN.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Haufinyane bohle ba tla tšoarana joaloka bara le barali ba motho ba sebele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela