Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 maq. 4-8
  • Palo e Hōlang ea Baphaphathehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Palo e Hōlang ea Baphaphathehi
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Bothata bo Ntse bo Mpefala?
  • Limilione Tse sa Batleheng
  • Ke’ng se Thatafatsang Litaba?
  • Lehloeo le Tšabo
  • Thusang Baphaphathehi ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Tharollo ke Efe?
    Tsoha!—1996
  • Lefatše Leo e Tla ba la Habo Motho e Mong le e Mong
    Tsoha!—2002
  • Batho ba Batlang Tšireletseho
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 9/8 maq. 4-8

Palo e Hōlang ea Baphaphathehi

BOHOLO ba histori ea batho bo ’nile ba silafatsoa ke lintoa, litlala le mahloriso. Ka lebaka leo, ka linako tsohle ho ’nile ha e-ba le batho ba hlokang setšabelo. Nakong e fetileng, lichaba le batho ba ne ba fana ka setšabelo ho ba se hlokang.

Melao e fanang ka setšabelo e ne e hlomphuoa ke Maaztec, Baassyria, Magerike, Baheberu, Mamosleme le ba bang ba boholo-holo. Plato, rafilosofi oa Mogerike, o ile a ngola lilemong tse fetang makholo a 23 tse fetileng: “Molata o arohaneng le batho ba naha ea habo oona le lelapa la oona, o lokela ho bontšoa lerato le leholo ke batho le melimo. Kahoo ho lokela hore ho nkoe mehato eohle e sireletsehileng bakeng sa ho se etse letho le phoso ho melata.”

Palo ea baphaphathehi e ile ea nyoloha ka mokhoa o makatsang lekholong lena la bo20 la lilemo. E le boiteko ba ho hlokomela baphaphathehi ba limilione tse 1,5 ba setseng Ntoeng ea II ea Lefatše, ho ile ha thehoa United Nations High Commissioner for Refugees (UNHCR) ka 1951. E ne e hakanyelitsoe ho sebetsa ka lilemo tse tharo, ho itšetlehiloe ka khopolo ea hore baphaphathehi ba teng haufinyane ba ne ba tla fetoha karolo ea lichaba tseo ba fumaneng setšabelo ho tsona. Ka mor’a moo, ho ne ho nahanoa hore mokhatlo o tla qhaloa.

Leha ho le joalo, lilemong tse mashome tse fetileng, palo ea baphaphathehi e ile ea eketseha e sa khaotse. Ka 1975 palo ea bona e ne e se e fihlile ho limilione tse 2,4. Ka 1985 palo e ne e se e le limilione tse 10,5. Ka 1995 palo ea batho ba amohelang tšireletso le thuso ho UNHCR e ne e se e nyolohetse ho limilione tse 27,4!

Ba bangata ba ne ba tšepile hore ka mor’a Ntoa ea Mantsoe tsela e tla buleha bakeng sa tharollo ea bothata bo akaretsang ba bophaphathehi; ha hoa ba joalo. Ho e-na le hoo, lichaba li ile tsa arohanngoa ke histori le merabe, ho ileng ha fella ka ntoa. Ha lintoa li kupa, batho ba ile ba baleha, ba tseba hore mebuso ea bona e ke ke ea ba sireletsa kapa e ne e se na ho ba sireletsa. Ka mohlala, ka 1991, Mairaq a ka bang limilione tse peli a ile a balehela linaheng tse ling tsa boahisani ka bongata. Ho tloha nakong eo, baphaphathehi ba hakanyetsoang ho 735 000 ba ile ba baleha moo e neng e le Yugoslavia. Joale, ka 1994, ntoa ea lehae Rwanda e ile ea qobella ba ka holimo ho halofo ea baahi ba naha eo ba limilione tse 7,3 ho baleha mahaeng a bona. Marwanda a ka bang limilione tse 2,1 a ile a batla setšabelo linaheng tse ling tsa boahisani Afrika.

Ke Hobane’ng ha Bothata bo Ntse bo Mpefala?

Ho na le lisosa tse ngata tse tlatsetsang ho hōleng ha palo ea baphaphathehi. Libakeng tse ling, tse kang Afghanistan le Somalia, mebuso ea sechaba e soahlamane. Sena se ile sa siea litaba matsohong a mabotho a hlometseng a tlatlapang baahi ba naha a sa thibeloe ke letho, a bakang tšabo le paleho.

Libakeng tse ling, ntoa e thehiloe holim’a liphapang tse rarahaneng tsa merabe kapa bolumeli, moo sepheo se ka sehloohong lihlopheng tse loantšanang e leng ho leleka baahi ba sa kenang ntoeng. Mabapi le ntoa moo e neng e le Yugoslavia, moemeli oa Machaba a Kopaneng o ile a tletleba bohareng ba 1995: “Ho batho ba bangata ho thata haholo ho utloisisa lisosa tsa ntoa ena: ke bo-mang ba loanang, mabaka a ho loana. Ho na le letšoele le tlohang ka lehlakoreng le leng ’me libeke tse tharo hamorao ho na le letšoele le tlohang ka lehlakoreng le leng hape. Ho thata haholo ho e utloisisa esita le ho batho ba lokelang ho e utloisisa.”

Libetsa tsa kajeno tse bolaeang ka ho fetisisa—merathatha ea lirokete, limisaele, liqhomane tse kotsi le tse tšoanang le tsona—li eketsa tšollo ea mali ’me li atolosa lebala la ntoa. Phello: baphaphathehi ba eketseha ho feta. Linakong tsa morao tjena hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea baphaphathehi lefatšeng e balehile linaheng tse tsoelang pele moruong ho ea linaheng tsa boahisani tseo le tsona li ntseng li tsoela pele moruong ’me li sa khone ho hlokomela bao ba batlang setšabelo ho tsona.

Lintoeng tse ngata khaello ea lijo e tlatsetsa bothateng. Ha batho ba bolaoa ke tlala, mohlomong ka lebaka la ho thibeloa ha likoloi tsa liphallelo ho kena, ba qobelleha ho falla. The New York Times ea hlokomela: “Libakeng tse kang Horn of Africa, komello hammoho le ntoa li haketse hoo sebaka seo se seng se ke ke sa hlola se fana ka lijo. Taba ea hore na ba likete tse makholo ba tlohang ba baleha tlala kapa ntoa hase ea bohlokoa hakaalo.”

Limilione Tse sa Batleheng

Le hoja khopolo ea ho fana ka setšabelo e le molao-motheo o hlomphuoang ka molomo, palo e khōlōhali ea baphaphathehi e nyahamisa lichaba. Boemo bo tšoana le Egepeta ea boholo-holo. Ha Jakobo le lelapa la hae ba ne ba batla setšabelo Egepeta ho qoba ho bolaoa ke tlala ea lilemo tse supileng, ba ile ba amoheloa ka mofuthu. Faro o ile a ba fa ‘naha e fetisang ka botle’ hore ba ahe ho eona.—Genese 47:1-6.

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, Baiseraele ba ile ba ba bangata haholo, “’me naha ea Egepeta ea tlala bona.” Joale Baegepeta ba ile ba arabela ka ho hloka kutloelo-bohloko, empa ha “[Baegepeta] ba ba tuba, ea e-ba hona moo [Baiseraele] ba atang, ba ngatafalang; ’me ba teneha ke bana ba Iseraele.”—Exoda 1:7, 12.

Ka ho tšoanang, kajeno lichaba lia “teneha” ha palo ea baphaphathehi e ntse e tsoela pele ho eketseha. Lebaka le ka sehloohong le li tšoenyang ke moruo. Ho hloka chelete e ngata ho fepa, ho apesa, ho fana ka bolulo le ho sireletsa baphaphathehi ba limilione. Pakeng tsa 1984 le 1993, chelete eo UNHCR e ileng ea e sebelisa e ile ea nyoloha ho tloha ho liranta tse limilione tse 1714 ho ea ho liranta tse limilione tse 5018 ka selemo. Boholo ba chelete ena bo fanoe ke lichaba tse batlang li ruile, tseo tse ling tsa tsona li ntseng li loantšana le mathata a tsona a moruo. Ka linako tse ling lichaba tsa bafani lia tletleba: ‘Re tlas’a khatello ea ho thusa ba se nang matlo tikolohong ea rōna ka borōna. Ke joang re ka jarang boikarabelo ba lefatše lohle ba ba se nang matlo, haholo-holo ha ho bonahala eka bothata bo tla hōla ho e-na le ho fokotseha?’

Ke’ng se Thatafatsang Litaba?

Baphaphathehi ba fihlang sechabeng se ruileng hangata ba fumana hore boemo ba bona bo se bo thatafalitsoe ke batho ba likete-kete ba falletseng naheng eo ka mabaka a moruo. Bajaki bana ba tlileng ka mabaka a moruo hase baphaphathehi ba balehelang ntoa kapa ho hlorisoa kapa tlala. Ho e-na le hoo, ba tletse ho batla bophelo bo molemo—bophelo boo e seng ba bofutsana. Kaha hangata ba iketsa eka ke baphaphathehi, ba tena mekhatlo e fanang ka setšabelo ka lipolelo tsa bona tsa bohata, ba thatafaletsa le baphaphathehi ba sebele ho fumana monyetla o lekaneng oa ho ipuella.a

Ka nako e telele tšubuhlellano ea baphaphathehi le bajaki e ’nile ea tšoantšoa le linōka tse peli tse phallang li bapile ho ea linaheng tse ruileng. Leha ho le joalo, melao e ntseng e tiea ea bojaki e sitisa ho kena ha nōka ena ea bajaki ba tlang ka mabaka a moruo. Kahoo, ba fetoha karolo ea nōka ea baphaphathehi, ’me nōka ena e ja litlhokoa hoo e bakang moroallo.

Bajaki ba tlang ka mabaka a moruo ba nahana hore ba tla fumana bophelo bo molemo, kaha baa tseba hore mohlomong ho tla nka lilemo tse ’maloa ho hlahloba likōpo tsa bona tsa ho batla setšabelo. Haeba kōpo ea bona ea setšabelo e amoheloa, ba hlōtse, kaha ba ka lula tikolohong e molemonyana moruong. Haeba kōpo ea bona e hanoa, le teng ba hlōtse, kaha ba tla be ba kile ba fumana chelete e itseng ’me ba ithutile tsebo ea mesebetsi e itseng eo ba ka khutlelang ka eona hae.

Ha palo e eketsehang ea baphaphathehi hammoho le baikhakanyi, e ntse e phallela linaheng tse ling, linaha tsena boholo li khahlela mamati ’me li hana ho ba amohela. Tse ling li koetse meeli ea tsona bakeng sa ba balehang. Linaha tse ling li kentse tšebetsong melao le mekhoa ea tsamaiso e sebetsang ka katleho ka ho tšoanang ho thibeleng baphaphathehi ho kena. Ho ntse ho le joalo linaha tse ling li ile tsa qobella baphaphathehi ho khutlela libakeng tseo ba balehileng ho tsona. Khatiso e ’ngoe ea UNHCR ea hlokomela: “Keketseho e sa khaotseng ea lipalo—tsa baphaphathehi ba sebele hammoho le bajaki ba tlang ka mabaka a moruo—e behile tloaelo ea lilemo tse 3500 ea ho fana ka setšabelo tlas’a khatello e khōlō, hoo e seng e le haufi le ho putlama.”

Lehloeo le Tšabo

Ho hong ho phaellang mathateng a baphaphathehi ke maikutlo a ho tšaba balichaba—tšabo le lehloeo la melata. Linaheng tse ngata batho ba lumela hore batho ba tsoang kantle ho naha ba beha bochaba, meetlo le mesebetsi ea bona kotsing. Ka linako tse ling tšabo e joalo e iponahatsa ka mabifi. Makasine ea Refugees e re: “K’honthinente ea Europe e ba le tlhaselo e le ’ngoe ea khethollano ea merabe ka metsotso e meng le e meng e meraro—’me hangata litsi tse bolokang ba batlang setšabelo ka nakoana ke tsona tse hlaseloang ka ho khetheha.”

Setšoantšo se seng se seholo Europe bohareng se bontša lehloeo le tebileng, lehloeo le bontšoang ke mehoo e ntseng e eketseha libakeng tse ngata tsa lefatše. Mantsoe a sona a hlaselang melata a re: “Ke lethopa le tenang le le bohloko ’meleng oa sechaba sa rōna. Ke morabe o se nang moetlo leha e le ofe, litekanyetso tsa boitšoaro kapa tsa bolumeli, mahoo-hoo a bo-hloma-u-hlomole a tlatlapang le a utsoang feela. A litšila, a tletse linta, a lula literateng le liteisheneng tsa literene. A tloheleng a phuthe likatana tsa ’ona tse litšila ’me a tsamaele ruri!”

Ka ho hlakileng baphaphathehi ba bangata, ba ka rata ho ‘tsamaela ruri.’ Ba laba-labela ho ea hae. Lipelo tsa bona li laba-labela ho phela bophelo ba khotso le bo tloaelehileng le malapa le metsoalle ea bona. Empa ha ba na lehae leo ba ka eang ho lona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. Navy photo

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mahlomola A Baphaphathehi

“Na u ne u tseba hore bana ba makholo a likete ba baphaphathehi ba robala ka tlala bosiu bo bong le bo bong? Kapa hore ke ngoana a le mong feela oa mophaphathehi ho bana ba robeli ea kileng a ea sekolong? Bongata ba bana bana ha ba e-s’o ka ba e-ea lifiliming kapa lirapeng tsa boikhathollo re sa re letho ka musiamo. Ba bangata ba hōletse ka har’a lekhoakhoa la terata e metsu kapa ka har’a likampo tse thōko. Le ka mohla ha ba e-s’o bone khomo leha e le ntja. Bana ba bangata ba baphaphathehi ba nahana hore mohloa o motala ke ntho e jeoang, e seng ntho eo ba ka bapallang kapa ba matha ho eona. Karolo e bohloko ka ho fetisisa ea mosebetsi oa ka ke bana ba baphaphathehi.”—Sadako Ogata, United Nations High Commissioner for Refugees.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

Jesu E Ne E Le Mophaphathehi

Josefa le Maria ba ile ba lula Bethlehema le mor’a bona, Jesu. Balepi ba linaleli ba tsoang Bochabela ba ile ba tla le limpho tsa khauta, libano tse tšoeu le myra. Ka mor’a hore ba tlohe lengeloi le ile la bonahala ho Josefa, la re: “Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’mè oa hae ’me u balehele Egepeta, ’me u lule moo ho fihlela ke u laela; etsoe Heroda o mothating oa ho batla ngoana e monyenyane hore a mo timetse.”—Matheu 2:13.

Kapele-pele, boraro ba bona ba ile ba batla setšabelo naheng e ’ngoe—e ile ea e-ba baphaphathehi. Heroda o ile a tuka ke bohale ha balepi ba linaleli ba sa mo tlalehele ka sebaka seo Eo ho boletsoeng esale pele hore e tla ba morena oa Bajuda a leng ho sona. E le boiteko bo se nang thuso ba ho bolaea Jesu, o ile a laela banna ba hae ho bolaea bashemane bohle ba banyenyane Bethlehema le mathōkong a eona.

Josefa le lelapa la hae ba ile ba lula Egepeta ho fihlela ha lengeloi la Molimo le boetse le bonahala ho Josefa torong. Lengeloi le ile la re: “Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’mè oa hae ’me u tsamaee u kene naheng ea Iseraele, kaha ba neng ba batla soule ea ngoana e monyenyane ba shoele.”—Matheu 2:20.

Ho hlakile hore Josefa o ne a ikemiselitse ho lula Judea, moo ba neng ba phela teng pele ba balehela Egepeta. Empa o ile a lemosoa torong hore ho ne ho tla ba kotsi ho etsa joalo. Kahoo tšokelo ea pefo e ile ea boela ea e-ba le tšusumetso bophelong ba bona. Josefa, Maria le Jesu ba ile ba leba ka leboea ho Galilea ’me ba lula motseng oa Nazaretha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka 1993, mebuso ea Europe Bophirimela feela e ile ea sebelisa chelete e etsang liranta tse limilione tse 44 800 bakeng sa ho lokisetsa le ho amohela ba batlang setšabelo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Lilemong tsa morao tjena baphaphathehi ba limilione ba balehetse linaheng tse ling ho pholosa bophelo ba bona

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Top left: Albert Facelly/Sipa Press

Top right: Charlie Brown/Sipa Press

Bottom: Farnood/Sipa Press

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Boy on left: UN PHOTO 159243/J. Isaac

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela