Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 2/8 maq. 3-5
  • Batho ba Batlang Tšireletseho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Batlang Tšireletseho
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba Mehla ea Rōna
  • Palo e Eketsehang ea Baphaphathehi e Bakoang ke Maemo a sa Thabiseng a Moruo
  • Ho Fumana Sebaka Seo ba ka Reng ke Lehae la Bona
    Tsoha!—2002
  • Palo e Hōlang ea Baphaphathehi
    Tsoha!—1996
  • Lefatše Leo e Tla ba la Habo Motho e Mong le e Mong
    Tsoha!—2002
  • Thusang Baphaphathehi ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 2/8 maq. 3-5

Batho ba Batlang Tšireletseho

“Ho fela ha Lekholo la Bo20 la Lilemo ha hoa felisa tšollo ea mali le mahloriso a qobellang batho ba bangata hore ba balehe e le ho pholosa bophelo ba bona. Batho ba limilione tse mashome-shome ba kene lilemong tsena tsa sekete se secha ba le likampong tsa baphaphathehi le maphepheng a mang a nakoana, ba tšaba hore ba tla bolaoa haeba ba ka leka ho khutlela mahaeng a bona.”—Bill Frelick, U.S. Committee for Refugees.

JACOB o ne a e-na le takatso e matla. Takatso ea hae e ne e le ho ba sebakeng seo batho ba ka phelang ho sona ka khotso, moo libomo li neng li ke ke tsa bolaea lipōli tsa habo, le moo a neng a ka khona ho ea sekolong.

Batho ba motseng oa habo ba ile ba mo bolella hore sebaka se joalo se teng, le hoja se ne se le hōle haholo. Ntate oa hae o ile a re leeto leo le ne le le kotsi haholo kaha batho ba bang ba ne ba ile ba bolaoa ke lenyora le tlala ha ba le tseleng. Empa ha moahelani eo monna oa hae a neng a bolailoe a nka leeto leo le bana ba hae ba babeli, Jacob o ile a etsa qeto ea ho tsamaea a le mong.

Jacob o ne a sa nka lijo kapa liaparo, ’me letsatsing la pele o ile a matha letsatsi lohle. Tsela eo e mo isang moo ho sireletsehileng e ne e tletse litopo hohle. Letsatsing le hlahlamang, o ile a kopana le mosali e mong oa motseng oa habo ’me a re a ka tsamaea le eena le batho bao a neng a tsamaea le bona. Ba ile ba tsamaea matsatsi-tsatsi, ba feta metse e siiloeng feela. Ka lekhetlo le leng ba ile ba tlameha ho feta sebakeng seo ho chehiloeng libomo tsa fatše ho sona, ’me a le mong sehlopheng seo sa bona o ile a bolaoa ke tsona. Lijo tsa bona e ne e le makhasi.

Matsatsi a leshome hamorao, batho ba ile ba qala ho bolaoa ke tlala le mokhathala. Kapele ka mor’a moo, lifofane tse lihang libomo li ile tsa ba hlasela. Qetellong, Jacob o ile a tšela moeli ’me a fihla kampong ea baphaphathehi. Hona joale o kena sekolo, ’me molumo oa lifofane ha o sa mo tšosa. Lifofane tsohle tseo a li bonang hona joale ke tse nkileng lijo eseng libomo. Empa o hlolohetsoe lelapa labo, ’me o ne a ka rata ho khutlela hae.

Ho na le batho ba limilione ba boemong bo tšoanang le ba Jacob lefatšeng ka bophara. Bongata ba bona ba sithabelitsoe ke ntoa le ho hlokofatsoa ke tlala le lenyora. Ke ba ’maloa ba kileng ba phela bophelo ba lelapa bo tloaelehileng, ’me ba bangata ba ke ke ba hlola ba khutlela malapeng a bona. Ke batho ba futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng.

Lenģosa le Phahameng la Machaba a Kopaneng Bakeng sa Baphaphathehi le arola baleleri bana ba futsanehileng likoto tse peli. Mophaphathehi o hlalosoa e le motho ea balehang naheng ea habo ka lebaka la tšabo e utloahalang e bakoang ke mahloriso kapa pefo. Motho ea balehileng lehaeng la hae ke eo ka ho tšoanang a qobeletsoeng ho tloha lehaeng la hae ka lebaka la ntoa kapa likotsi tse ling tse tebileng, empa o ntse a lula naheng ea habo.a

Ha ho ea tsebang hantle hore na baphaphathehi ba bangata le ba balehileng mahae ba phela joang likampong tsa nakoana kapa hona hore na ke ba bakae ba lelerang libakeng tse fapaneng ho batla tšireletseho. Ho latela mehloli e meng, ho ka etsahala hore palo-kakaretso lefatšeng lohle e be limilione tse ka bang 40, tseo halofo ea tsona e leng bana. Ba tsoa hokae?

Bothata ba Mehla ea Rōna

Bofelong ba ntoa ea pele ea lefatše, bothata ba baphaphathehi bo ile ba nka sebōpeho se secha. Ka mor’a ntoa eo, ho ile ha lihuoa mebuso ’me ha hlorisoa merabe e menyenyane. Ka lebaka leo, batho ba limilione ba Europe ba ile ba batla setšabelo linaheng tseo e seng tsa habo bona. Ntoa ea bobeli ea lefatše—e neng e ripitla ho feta ea pele—e ile ea etsa hore batho ba limilione tse eketsehileng ba balehe mahaeng a bona. Ho tloha ka 1945, lintoa e se e e-ba tsa libaka ka ling haholoanyane, empa li ntse li sithabetsa baahi ba angoang ke tsona.

Gil Loescher bukeng ea hae ea 1993 ea Beyond Charity—International Cooperation and the Global Refugee Crisis oa hlalosa: “Le hoja ntoa kamehla e ’nile ea etsa hore batho e be baphaphathehi, ke lekholong la mashome a mabeli la lilemo feela moo lintoa tsa machaba li ileng tsa ama baahi bohle. Ho felisoa ha khethollo e neng e le teng pakeng tsa masole le bao e seng masole ho ile ha etsa hore baphaphathehi ba bangata ba neng ba tsielehile ba khone ho pholoha thipitlo e mabifi e sa khetholleng.”

Ho feta moo, lintoa tsa kajeno ke tsa mahae ’me ha li bolaee banna ba lilemong tsa ho ba sesoleng feela, empa le basali ba bangata hammoho le bana. Li rotetsoa ke ho se utloane ho tebileng ho bakoang ke morabe kapa bolumeli, tse ling tsa lintoa tsena li bonahala li ke ke tsa fela. Naheng e ’ngoe ea Afrika, moo ntoa ea lehae ea mehla ena e seng e hutse lilemo tse 18 kaofela, ho na le batho ba balehileng mahae ba limilione tse ’nè ka har’a naha eo, ’me ba likete tse makholo ba balehetse ka ntle ho eona.

Ka linako tsohle, tsela feela eo batho ba khathetseng ke ntoa ba ka pholohang pefo ka eona ke ho tloha mahaeng a bona. Buka ea The State of the World’s Refugees 1997-98 ea hlalosa: “Baphaphathehi ba siea naha ea habo bona le ho batla tumello ea ho lula naheng e ’ngoe, eseng hobane ba rata kapa hobane ba khetha joalo, empa hobane ba tlameha ho etsa joalo.” Leha ho le joalo, mehleng ena ho fumana tumello ea ho lula naheng e ’ngoe ho ka ’na ha e-ba thata.

Lilemong tsa bo-1990, palo e akaretsang ea baphaphathehi lefatšeng ka bophara e ile ea theoha ho tloha ho limilione tse 17 ho ea ho tse 14. Leha ho le joalo, sena se bonahalang eka ke ntlafatso sea thetsa. Ho hakanngoa hore lilemong tseo tse leshome, palo ea ba balehileng mahae hona ka har’a linaha tsa habo bona e ile ea e-ba pakeng tsa limilione tse 25 le tse 30. Ho etsahala’ng?

Ho fumana tumello ea molao ea ho ba mophaphathehi e se e le ntho e thata tlas’a mabaka a sa tšoaneng. Linaha li ka ’na tsa e-ba leqe ho amohela baphaphathehi, mohlomong hobane li imeloa ke palo e khōlō ea ba kenang kapa hobane li amehile ka sebele hore baphaphathehi ba bangata ba tla tlisa mathata a moruo le ho se tsitse lipolotiking. Leha ho le joalo, ka linako tse ling baahi ba tšohileng ba hloka le ’ona matla, lijo kapa chelete ea ho nka leeto le lelelele ho ea tšela moeli. Khetho feela eo ba nang le eona ke ho ea sebakeng se sireletsehileng haholoanyane hona ka har’a naha ea habo bona.

Palo e Eketsehang ea Baphaphathehi e Bakoang ke Maemo a sa Thabiseng a Moruo

Ho phaella ho baphaphathehi ba sebele ba limilione, ho na le batho ba bang ba limilione ba futsanehileng ba batlang ho ntlafatsa bophelo ba bona ka tsela e le ’ngoe feela eo ba e tsebang—e leng ho ea naheng eo ho eona maemo a bophelo a leng matle.

Ka la 17 February, 2001, sekepe sa khale se mafome se ile sa qahoa lebopong la Fora. Se ne se palamisitse banna, basali le bana ba ka bang sekete, ba neng ba palame sekepe seo nako e ka etsang beke ba se na lijo. Motho ka mong o ne a lefile chelete e ka etsang R17 000 bakeng sa leeto lena le kotsi, ba bile ba sa tsebe le hore na ba ea naheng efe. Motsamaisi oa sekepe le basebetsi ba sona ba ile ba nyamela hang ha sekepe se ea se lebile lebōpong. Empa ka lehlohonolo, bapalami bao ba neng ba tšohile ba ile ba pholosoa, ’me ’muso oa Fora o ile oa tšepisa hore o tla nahana ka kōpo ea bona ea ho fuoa setšabelo. Batho ba limilione ba leka maeto a tšoanang le lena selemo se seng le se seng.

Ka boithatelo, boholo ba batho bana ba fallang ka lebaka la maemo a sa thabiseng a moruo ba thulana le maima a tšabehang le maemo a sa tsitsang. Ka tsela e itseng, ba khona ho bokella chelete ea ho tsamaea hobane moo ba lulang teng, bofutsana, pefo, khethollo kapa mebuso ea khatello—kapa ka linako tse ling li kopane bone ba tsona—li etsa hore bophelo bo bonahale bo se na tharollo.

Ba bangata baa shoa nakong eo ba ntseng ba leka ho fumana bophelo bo molemonyana. Lilemong tse leshome tse sa tsoa feta, batho ba ka bang 3 500 ba neng ba falla ba ile ba khangoa ke metsi kapa ba nyamela nakong eo ba neng ba leka ho tšela Strait of Gibraltar, ba tloha Afrika ba e-ea Spain. Ka selemo sa 2000, Machaena a 58 a neng a falla a ile a bipetsana ha a ne a patiloe ka terakeng e neng e a tlosa Belgium ho a isa Engelane. Batho ba bang ba bangata-ngata ba fallang ba bolaoa ke lenyora lehoatateng la Sahara ha literaka tsa bona tsa mekeretla, tse pepetehang batho, li robeha bohareng ba lehoatata.

Ho sa tsotellehe likotsi, baphaphathehi ba balehisoang ke maemo a sa thabiseng a moruo ba eketseha ka ho sa khaotseng lefatšeng. Batho ba ka etsang halofo ea milione ba kenngoa ka bolotsana Europe selemo se seng le se seng; ’me ba bang ba ka bang 300 000 ba kenngoa United States. Morao koana ka 1993, Letlōle la Baahi la Machaba a Kopaneng le ile la hakanya hore lefatšeng ka bophara, palo ea batho ba fallang e ka ba limilione tse 100, ’me batho ba etsang karolo ea boraro ea palo eo ba ile Europe kapa United States. Ho tloha ka nako eo, ha ho potang hore palo eo e eketsehile haholo.

Bongata ba batho bana ba fallang ha ho mohla ba fumanang tšireletseho eo ba e batlang. Ke baphaphathehi ba ’maloa ba fumanang setšabelo se sireletsehileng ’me e le se tsitsitseng. Hangata, baleleri bana ba kopana le mathata ka mefuta ea ’ona. Sehlooho se latelang se tla hlahloba a mang a mathata ana le hore na a bakoa ke eng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lihloohong tsena tse latellanang, ha re bua ka batho ba balehileng mahae, ha re akarelletse batho ba limilione tse 90 ho ea ho tse 100 ba qobeletsoeng ho tloha mahaeng a bona hobane ho etsoa lintlafatso tse itseng sebakeng seo ba neng ba lula ho sona, tse kang matamo, morafo, ho lema meru kapa mananeo a temo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela