Ho Fumana Sebaka Seo ba ka Reng ke Lehae la Bona
“Ho sa tsotellehe hore na se boemong bo fatše hakae, ha ho sebaka se tšoanang le lapeng.”—John Howard Payne.
HO QALILE ka ntoa, ntoa e neng e ke ke ea hlola e fela. Joale ha latela komello, komello e sa kang ea ea moriting. Ho sa thoe ke komello, ha oa tlala ea sekoboto. Joale batho ba etsa ntho feela eo ba neng ba ka khona ho e etsa—ba tlohela mahae a bona ho ea tsoma metsi, lijo le mosebetsi.
Ba ile ba fihla ka likete lelibohong. Empa lilemong tsa morao tjena ho se ho amohetsoe baphaphathehi ba milione ’me naha eo ea boahelani ha e sa amohela ba bang. Mapolesa a leliboho a nkileng melangoana a etsa bonnete ba hore ha ho motho ea tšelang.
A sa hlathe koana le koana, ea boholong lekaleng la tsa ho falla o ile a hlalosa mabaka a entseng hore ho emisoe baphaphathehi ba bangata ba neng ba kena. “Ha ba lefe lekhetho. Ba senya litsela. Ba rema lifate. Ba sebelisa metsi. Re utloile ho lekane.”a
Maemo a bohloko joalo a tloaelehile haholo. Batho ba tlohileng mahaeng a bona ba fumana hore ho thata le ho feta ho fumana sebaka seo ba ka reng ke lehae la bona. Tlaleho ea haufinyane tjena ea Tšoarelo ea Machaba e hlalositse hore “ha palo ea batho ba batlang tšireletseho e eketseha, mebuso le eona e ba leqe le ho feta ho fana ka tšireletseho e joalo.”
Le ba bang le lehlohonolo la ho fihla kampong ea baphaphathehi ba ka ’na ba fumana tšireletso e itseng, empa ke seoelo boemo e bang bo kang ba lapeng. ’Me maemo a kampong moo a ka ’na a se ke a e-ba matle ho hang.
Bophelo Likampong Tsa Baphaphathehi
Mophaphathehi e mong oa Moafrika o ile a tletleba: “U ka ’na ua bolaoa ke kulo [ha u le haeno], empa mona [kampong ea baphaphathehi] bana ba hao ba tla bolaoa ke tlala.” Joalokaha ntate enoa ea tsielehileng a bolela, likampo tse ngata li bothateng bo tsoelang pele ba khaello ea lijo le metsi, hammoho le maemo a seng matle bakeng sa bohloeki ba ’mele le sebaka se mpefetseng sa bolulo. Mabaka a hlakile. Linaha tse tsoelang pele, tseo ka tšohanyetso li iphumanang li imeloa ke baphaphathehi ba likete-kete, e ka ’na eaba tsona ka botsona li ne li se li ntse li hula ka thata ho fepa baahi ba tsona. Li sitoa ho fana ka thuso e kaalo ho matšoele a kenang ka tšohanyetso. ’Me lichaba tse ruileng li na le mathata a tsona ’me li ka ’na tsa e-ba monyebe ho thusa baphaphathehi ba bangata ba linaheng tse ling.
Ha batho ba fetang limilione tse peli ba ne ba baleha naheng e ’ngoe ea Afrika ka 1994, likampo tsa baphaphathehi tse ileng tsa hlongoa ka lepotlapotla li ne li se na metsi le tsamaiso e ntle ea likhoerekhoere. Ka lebaka leo, seoa sa k’holera se ile sa bolaea ba likete pele se ka laoloa. Ho hobe le ho feta, masole a hlometseng a ile a itsoakanya le baphaphathehi ba sa ameheng sesoleng ’me ka potlako a laola kabo ea liphallelo. Bothata bona bo ne bo sa ikhetha. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e re: “Boteng ba masole a hlometseng ka har’a baphaphathehi bo pepeselitse batho ba sa ameheng sesoleng likotsi tse eketsehileng. Bo ba pepeselitse litšoso, tlhoriso le ho kenngoa bosoleng ka sheshe.”
Baahi ba naha eo le bona ba ka hula ka thata ka lebaka la ho kena ha baphaphathehi ba lapileng ka bongata. Sebakeng sa Great Lakes se Afrika, batho ba bang ba boholong ba ile ba tletleba: “[Baphaphathehi] ba sentse libaka tsa rōna tsa polokelo ea lijo, ba sentse masimo a rōna, likhomo tsa rōna le libaka tsa rōna tse bolokileng liphoofolo le limela tsa naha, ba etsa hore ho be le tlala ea sekoboto le ho jala mafu a seoa . . . [Ba] rua molemo liphallelong tsa lijo ha rōna re sa fumane le letho.”
Leha ho le joalo, bothata bo boholoanyane e ka ’na ea e-ba ba hore bongata ba likampo tsa nakoana tsa baphaphathehi bo qetella e le libaka tseo batho ba lulang ho tsona ho-ea-ho-ile. Ka mohlala, naheng e ’ngoe Bochabela bo Hare, baphaphathehi ba ka bang 200 000 ba petetsane kampong eo pele e neng e hahetsoe ho nka kotara feela ea palo eo. E mong oa bona o ile a hlalosa ka pelo e bohloko: “Ha ho na moo re ka eang teng.” Baphaphathehi bana ba mamelletseng nako e telele ba tlas’a lithibelo tse bohloko bakeng sa ho hiroa naheng eo ba balehetseng ho eona, ’me karolo e ka etsang 95 lekholong ea bona ha ea hiroa kapa ke ba sebetsang mesebetsi e sa tsitsang. Ea boholong litabeng tsa baphaphathehi o lumetse: “Ka ’nete, ha ke tsebe hore na [ba] iphelisa joang.”
Empa haeba maemo a utloahala a le mabe hakaalo likampong tsa baphaphathehi, a tlameha a le mabe le ho feta ho batho ba tlohileng mahaeng a bona empa e le ba sitoang ho ea naheng e ’ngoe.
Bohloko ba ho Baleha Hae
Ho latela Lenģosa le Phahameng la Machaba a Kopaneng Bakeng sa Baphaphathehi, “boholo le botebo ba bothata bona, bo bakoang ke ho hlopheha ha batho, hammoho le tsela eo bo amang khotso le tšireletseho ea machaba ka eona, ka nepo bo entse hore ho baleha ha batho mahaeng a bona e be taba e khōlō eo machaba a amehileng ka eona.” Ka mabaka a ’maloa, batho bana ba se nang mahae hangata ba hlaseleha habonolo ho feta baphaphathehi.
Ha ho mokhatlo oa machaba o hlokomelang boiketlo ba batho ba balehileng mahaeng a bona, ’me boemo ba bona bo hlomolang hangata bo hula tlhokomelo ea mecha ea litaba. Mebuso ea bona e keneng ntoeng ea sesole ea mofuta o itseng, e ka ’na ea se ke ea rata kapa ea hlōleha ho ba sireletsa. Hangata malapa aa arohana nakong eo ho balehuoang sebakeng se kotsi. Kaha khafetsa ho tsamauoa ka maoto, batho ba bang ba balehang mahaeng a bona ha ba khone ho ea fihla sebakeng se nang le tšireletseho e khōloanyane.
Bongata ba batho bana ba balehileng mahae ba batla setšabelo metseng e meholo, moo ba phelang ka thata mek’huk’hung kapa mehahong e lahliloeng kherehloa. Ba bang ba bokellana likampong tsa nakoana moo ka linako tse ling ba hlaseloang ke batho ba hlometseng. Hangata ba shoa ka bongata ho feta batho leha e le bafe ba bang naheng eo ba leng ho eona.
Esita le boiteko bo botle bo etselitsoeng ho phallela batho bana ba balehileng mahaeng a bona e le ho fokotsa ho hlopheha ha bona bo ka phekhoha, ba hlahisa mathata a neng a sa lebelloa. The State of the World’s Refugees 2000 ea hlalosa: “Lilemong tse leshome tsa ho qetela lekholong la bo20 la lilemo, mekhatlo ea liphallelo e sebetsang linaheng tse tsekolotsoeng ke ntoa e ile ea pholosa bophelo ba batho ba likete ’me ea etsa ho hongata ho fokotsa ho hlopheha ha batho. Leha ho le joalo, thuto ea bohlokoa e fumanoeng lilemong tseo tse leshome ke ea hore maemong a ntoa, khato e nkoang ke ba liphallelo e ka sebelisoa hampe ke mekha e loanang, ’me e ka ba le liphello tse neng li sa reroa tsa ho matlafatsa boemo ba ba boholong ba ikarabellang bakeng sa ho hatakeloa ha litokelo tsa botho. Hape, liphallelo tse fanoang ke mekhatlo ena li ka tšehetsa ntoa licheleteng, tsa etsa hore e nke nako e telele.”
Ho Batla Mokhoa o Molemo oa ho Phela
Ntle ho baphaphathehi le batho ba balehileng mahaeng a bona empa ba ntse ba le ka har’a naha ea habo bona, ho eketseha palo ea batho bao e bang baphaphathehi ka lebaka la moruo o tlaase. Ho na le mabaka a ’maloa a sena. Lekhalo le leholo pakeng tsa linaha tse ruileng le tse futsanehileng tsa lefatše le ntse le eketseha, ’me mananeo a thelevishene letsatsi le letsatsi a bontša ba bang ba baahi ba futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng bophelo bo mabothobotho ba linaha tse ling. Ho tsamaea lefatšeng ka bophara ho se ho le bonolo, ’me maliboho a ntse a keneha habonolo le ho feta. Lintoa tsa lehae hammoho le khethollo ea morabe le ea bolumeli le tsona li susumelletsa batho le ho feta hore ba ee linaheng tse atlehileng haholoanyane.
Empa ha batho ba fallang—haholo-holo ba nang le beng ka bona linaheng tsa liindasteri—ba atleha ho falla, ba bang ba qetella ba sentse bophelo ba bona. Ba oelang matsohong a limokolara ba thulana le likotsi tse khethehileng. (Bona mabokose a tsamaeang le sehlooho sena.) Lelapa le tšoanela ho nahana ka hloko ka likotsi tsena pele le falla ka lebaka la boemo bo sa thabiseng ba moruo.
Ka 1996, sekepe sa khale se ile sa phethoha Leoatleng la Mediterranean ’me batho ba 280 ba khangoa ke metsi. Batho bao ba shoeleng ba ne ba falla ba e-tsoa India, Pakistan le Sri Lanka, ’me ba ne ba lefile chelete e pakeng tsa R50 000 ho ea ho R70 000 hore ba fetele Europe. Pele sekepe se soahlamana, ba ne ba se ba ntse ba mameletse libeke-beke tsa tlala, lenyora le ho hlekefetsoa. “Leeto la bona ho ea naleng” le ile la fetoha boemo bo bohloko bo ileng ba fella ka koluoa.
Hoo e batlang e le mophaphathehi e mong le e mong, motho ea balehileng ha habo kapa mofalli ea seng molaong, kaofela ha bona ho na le boemo bo bohloko boo ba ka bo phetang. Ho sa tsotellehe hore na batho bana ba tlositsoe mahaeng a bona ke eng—ebang ke ntoa, mahloriso kapa bofutsana—tlhopheho ea bona e phahamisa lipotso: Na bothata boo bo tla ke bo rarollehe? Kapa baphaphathehi ba tla ’ne ba eketsehe ho ea pele?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boemo bo hlalositsoeng ka holimo bo etsahetse ka March 2001 naheng e ’ngoe ea Asia. Empa mathata a tšoanang a ntse a le teng le linaheng tsa Afrika.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
Mahlomola a Bafalli ba Seng Molaong
Ntle ho baphaphathehi le batho ba balehileng mahaeng a bona, ho na le “bafalli ba seng molaong” ba ka bang pakeng tsa limilione tse 15 le tse 30 ho pholletsa le lefatše. Boholo ba batho bana ke ba tšepileng ho baleha bofutsana—mohlomong le leeme hammoho le mahloriso—ho ea linaheng tse ruileng haholoanyane.
Kaha lilemong tsa morao tjena monyetla oa ho fumana tokelo ea molao ea ho ba mophaphathehi o fokotsehile, ho runtse khoebo e ncha ea ho fallisa batho ntle ho molao. Ha e le hantle, ho fallisa batho ka matšoephelele hona joale ho fetohile khoebo e fanang ka chelete e ngata ho limokolara lefatšeng ka bophara. Babatlisisi ba bang ba lekanya hore e hlahisa phaello ea liranta tse limilione tse likete tse 104 ka selemo, ’me limokolara tsona li se kotsing ho hang. Pino Arlacchi, letsoho la mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, o ile a bitsa sena “’maraka oa tlōlo ea molao o hōlang ka potlako ka ho fetisisa lefatšeng.”
Bafalli ba seng molaong ho hang ha ba na tšireletso ea molao, ’me liphasepoto tsa bona li lula li nkoa ka mahahapa ke limokolara. Bafalli bao ba ka ’na ba sebetsa lifemeng tseo ho sebetsoang lihora tse ngata ho tsona ’me ho lefuoa chelete e nyenyane ebile maemo a teng a sa thabise, ba sebetsa malapeng, indastering ea ho tšoasa litlhapi, kapa temong. Ba bang ba qetella e le matekatse. Haeba ba boholong ba ba tšoara, ho ka etsahala hore ba khutlisetsoe naheng ea habo bona ba se na le sente. Haeba ba hana maemo a sa thabiseng ao ba sebetsang tlas’a ’ona, ba ka ’na ba shapuoa kapa ba hlekefetsoa ka thobalano kapa hona hore malapa abo bona a hae a sokeloe ka pefo.
Hangata likenke tsa litlokotsebe li hohela bafalli bana ka ho ba tšepisa meputso e phahameng. Ka lebaka leo, lelapa le futsanehileng le ka ’na la beha paneng lintho tsohle tseo le nang le tsona hore feela setho se le seng sa lelapa se ee Europe kapa United States. Haeba mofalli a sitoa ho lefella litšenyehelo tsa hae, o tla tlameha ho lefa ka ho sebetsa, ho fihlela cheleteng e ka etsang R346 000. ‘Bophelo bo bocha’ boo a neng a bo tšepisitsoe bo fetoha tšebeletso ea bokhoba.
[Setšoantšo]
Baphaphathehi ba seng molaong Spain
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho se Tsebe ke Lebote
Lelapa labo Siri le ne le ahile maralleng a Asia Boroa-bochabela, moo batsoali ba hae ba neng ba hlokometse masimo a raese. Ka letsatsi le leng, mosali e mong o ile a bolella batsoali ba Siri hore a ka mo fumanela mosebetsi o lefang hantle motseng o moholo. Ho ne ho le thata ho tlohela chelete eo a neng a tšepisoa hore o tla e lefuoa—chelete e ka bang R17 000—e leng chelete e ngata ho lihoai tseo tsa maralleng. Leha ho le joalo, kapele Siri o ile a iphumana a le botlamuoeng ntlong ea botekatse. Benghali ba hae ba ile ba mo bolella hore o tla tlameha ho ba lefa chelete e kaalo ka R70 000 haeba a batla ho lokoloha. Ka nako eo, Siri o ne a le lilemo li 15.
Ho ne ho ke ke ha khoneha hore Siri a lefe sekoloto sena. O ile a qobelloa hore a sebelisane le bona ka ho otloa le ho hlekefetsoa ka thobalano. Hafeela a ntse a ba tsoela molemo, o ne a ke ke a hlola a lokoloha. ’Nete e bohloko ke ea hore matekatse a mangata a mofuta oo a qetella a lokolotsoe—empa a khutlela mahae ho ea shoela teng ke AIDS.
Khoebo e tšoanang le ena e atleha haholo likarolong tse ling tsa lefatše. Tlaleho ea 1999 e neng e e-na le sehlooho se reng Khoebo ea Machaba ea Mokunyata e Sebelisang Basali United States e ile ea hakanya hore basali le bana ba pakeng tsa 700 000 le 2 000 000 baa mokoloa selemo le selemo, bongata ba bona bakeng sa ho ea fetoloa matekatse. Ba bang ba ka ’na ba qhekelloa, ha ba bang bona ba koeteloa; empa ha e le hantle kaofela ha bona ba qobelloa ho etsa mosebetsi oo ba sa o batleng. Mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 oa Europe Bochabela, ea ileng a pholosoa kenkeng ea botekatse o itse mabapi le batho ba neng ba mo hapile: “Ke ne ke sa nahane le ka mohla hore ho ka etsahala ntho e tjena. Batho bana ke liphoofolo.”
Bahlaseluoa ba bang ka bomalimabe ba ’nile ba nkoa likampong tsa baphaphathehi, moo batho ba teng ba ke keng ba hana tšepiso ea mosebetsi le ho lefuoa chelete e ngata Europe kapa United States. Basali ba bangata ba neng ba batla bophelo bo molemonyana ba qeteletse ba fetohile makhoba a thobalano.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Bala Litšenyehelo Pele U Falla ka Mabaka a Moruo
Ka lebaka la likenke tse ngata tsa linokoane tse amehang ho mokoleng batho hammoho le mathata a ho falla ka molao ho ea linaheng tse tsoetseng pele lefatšeng, banna le bo-ntate ba lokela ho nahana ka botebo ka lipotso tse latelang pele ba ka etsa qeto.
1. Na boemo ba rōna ba lichelete bo bobe hoo se seng sa litho tsa lelapa la rōna kapa lelapa kaofela le ka fallelang naheng e ’ngoe moo meputso e leng holimonyana?
2. Re tla kena sekolotong sa bokae hore re tsebe ho nka leeto, ’me sekoloto see se tla lefelloa joang?
3. Na ke habohlokoa hoo ho ka aroloang lelapa ka lebaka la chelete eo e ka ’nang eaba hase le ea ’nete? Bafalli ba bangata ba seng molaong ba fumana hore ha ho khonehe ho fumana mosebetsi oa kamehla linaheng tse tsoetseng pele.
4. Na ke lokela ho kholoa lipuo tsa hore ho lefuoa chelete e ngata le hore ho na le maemo a bophelo a molemonyana? Bibele e re “mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.
5. Ke na le bonnete bofe ba hore re tla be re sa ikenye liatleng tsa mokhatlo oa linokoane?
6. Haeba sehlopha se joalo sa linokoane e le sona se hlophisang leeto, na kea utloisisa hore mosali oa ka—kapa morali oa ka—ba ka ’na ba iphumana ba qobelloa ho sebetsa e le matekatse?
7. Na kea elelloa hore haeba ke kena naheng e ’ngoe ntle ho tumello ea molao hoo ho ka ’na ha etsa hore ke sitoe ho fumana mosebetsi o tsitsitseng le hore nka ’na ka khutlisetsoa naheng ea heso, ka lahleheloa ke chelete eohle eo ke neng ke entse letsete ka eona bakeng sa leeto lee?
8. Na ke batla ho nkoa joaloka mojaki ea seng molaong kapa hona ho sebelisa mekhoa ea bolotsana e le hore ke fumane tumello ea ho kena naheng e ruileng haholoanyane?—Matheu 22:21; Baheberu 13:18.
[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 8, 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mokhatlo oa Baphaphathehi le Basebetsi ba Bafalli
Libaka tse nang le baahi ba bangata ba baphaphathehi le ba balehileng mahae
→ Mekhatlo e ka sehloohong ea basebetsi ba seng naheng ea habo bona
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Mohloli: Boemo ba Baphaphathehi Lefatšeng; Bothata ba Lefatše Lohle ba Batho ba Fallang; le Tlhahlobo ea Baphaphathehi Lefatšeng ka 1999.
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mophaphathehi o emetse ho fuoa moo a ka lulang teng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UN PHOTO 186226/M. Grafman