Lefatše Leo e Tla ba la Habo Motho e Mong le e Mong
“Kaha bothata ba baphaphathehi ke ba lefatše lohle, ho batla tharollo ea bona e lokela ho ba ha lefatše lohle.”—Gil Loescher, moprofesa oa likamano tsa machaba.
BANYALANI ba banyenyane ba ile ba baleha bosiu. Ba amehile ka tšireletseho ea bona, monna ha aa ka a senya nako, le hoja ba ne ba e-na le lesea. O ne a utloile hore ’musi oa mohatelli ea sehlōhō oa naha eo o ne a rera tlhaselo ea polao motseng oo. Ka mor’a leeto le boima la lik’hilomithara tse fetang 160, qetellong lelapa leo le ile la tšela moeli ’me la fihla moo ho sireletsehileng.
Lelapa lena le neng le le boemong bo tlaase le ile la tsebahala lefatšeng lohle hamorao. Lebitso la ngoana oa lona e ne e le Jesu, ’me batsoali ba hae e ne e le Maria le Josefa. Baphaphathehi bana ha baa ka ba tlohela naha ea habo bona ho ea batla leruo. Ho e-na le hoo, bophelo ba bona bo ne bo le kotsing. Ngoana oa bona ke eena ea neng a hlile a batloa tlhaselong ena!
Joaloka baphaphathehi ba bang ba bangata, Josefa le lelapa la hae qetellong ba ile ba khutlela naheng ea habo bona ha boemo ba lipolotiki bo se bo ntlafetse. Empa ha ho pelaelo hore ho baleha ha bona ka nako ho ile ha pholosa bophelo ba ngoana oa bona. (Matheu 2:13-16) Naha eo ba neng ba balehetse ho eona, e leng ea Egepeta, e ne e e-na le histori ea ho amohela baphaphathehi ba lipolotiki le ba moruo. Makholo a mangata a lilemo a fetileng, baholo-holo ba Jesu ba ne ba ile ba fumana setšabelo Egepeta ha tlala e ne e oela lefatše la Kanana.—Genese 45:9-11.
Ho Sireletseha Empa ho se Khotsofalo
Mehlala ea Mangolo le ea mehleng ea kajeno e tiisa taba ea hore ho balehela naheng e ’ngoe ho ka pholosa bophelo. Leha ho le joalo, e ntse e le phihlelo e sithabetsang ho lelapa leha e le lefe ho tlohela lehae la lona. Ho sa tsotellehe hore na le boemong bo tlaase hakae, ho ka etsahala hore ebe ka lilemo ho ile ha sebelisoa nako e ngata le chelete ho finyella boemo boo le leng ho bona. Hape e ka ’na ea e-ba lefa la lelapa le ba amahanyang le setso sa bona le naha ea habo bona. Ho feta moo, baphaphathehi ba ka nka lintho tse fokolang feela, haeba ba ka khona. Ka hona, baphaphathehi ba lula ba futsanehile, ho sa tsotellehe hore na pele ba ne ba le boemong bofe.
Haeba ho bonahala bokamoso e tla ba ho phela kampong ea baphaphathehi feela, boikutlo ba ho imoloha boo pele baphaphathehi ba neng ba e-na le bona ha ba fihla sebakeng sena se sireletsehileng bo ka fela ka potlako. ’Me ha motho a nka nako e telele e le mophaphathehi, boemo e ba bo hatellang le ho feta, haholo haeba ba sa kopane le batho ba sebaka seo. Joaloka motho e mong le e mong, baphaphathehi le bona ba batla ho ba le sebaka seo ba ka ipitsang ka sona. Kampo ea baphaphathehi hase sebaka se loketseng ho hōlisetsa lelapa ho sona. Na ho tla ke ho fihle nako eo ka eona e mong le e mong a tla ba le sebaka seo a tla re ke lehae la hae?
Na ho Khutlela Hae ke Pheko?
Lilemong tsa bo-1990, batho ba ka bang limilione tse robong ba neng ba tlohile mahaeng a bona ba ile ba khutlela ho ’ona. Ho ba bang ba batho bana, ena e ne e le nako e thabisang, ’me ba ile ba qala ho tsosolosa bophelo ba bona ka cheseho. Empa ho ba bang, ho ne ho tšoana le ha eka ba lokolloa mosebetsing. Ba ile ba khutla feela hobane boemo bo ne bo se bo sa mamellehe naheng eo ba neng ba fumane setšabelo ho eona. Mathata ao ba neng ba thulane le ’ona ha ba le naheng esele a ne a le bohloko hoo ba ileng ba etsa qeto ea hore ho molemo ho khutlela hae, ho sa tsotellehe ho se sireletsehe hoo ba neng ba tla tobana le hona.
Esita le maemong a matle, ho khutlela hae ho tsamaea le mathata kaha ho bolela ho thotha ntho e ’ngoe le e ’ngoe lekhetlo la bobeli. The State of the World’s Refugees 1997-98 ea hlalosa: “Ho ea sebakeng se seng ho tsamaea le ho lahleheloa ke mokhoa oa ho iphelisa, o kang masimo, mosebetsi, lehae le mehlape. ’Me lekhetlo ka leng leo ho uoang sebakeng se seng ka lona, ho bolela ho qala bocha ka thata.” Phuputso e ’ngoe ea baphaphathehi ba khutletseng Afrika bohareng e tlalehile hore “ho baphaphathehi ba ileng ba fumana thuso ha ba le naheng eo ba neng ba balehetse ho eona, ho khutlela hae ho ka ba boima ho feta phihlelo ea ho ba mophaphathehi ka boeona.”
Leha ho le joalo, ho sithabetsang le ho feta ke boemo ba baphaphathehi ba limilione ba qobelloang ho khutlela naheng ea habo bona ba sa batle. Ba letetsoe ke maemo afe? Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e re: “Batho ba khutlang ba ka ’na ba tlameha ho phela boemong boo ho se nang molao o tsamaisang, moo ho renang bokebekoa le tlōlo ea molao e mabifi, moo masole a seng a sa sebetse a hlaselang baahi le moo libetsa tsa matsoho li bapalang bana.” Ka ho hlakileng, tikoloho e hlaha joalo ha e khotsofatse le tsona litlhoko tsa motheo tsa ho sireletseha ha batho bana ba tlohileng mahaeng a bona.
Ho Theha Lefatše Leo ho Lona e Mong le e Mong a Tla Sireletseha
Ho qobella batho ho khutlela hae kapa ho khutlela ha bona ka lekhonono le ka mohla ho ke ke ha rarolla mathata a baphaphathehi haeba ho sa rarolloe lisosa tse bakileng hore e be baphaphathehi. Mofumahali Sadako Ogata eo e kileng ea e-ba Lenģosa le Phahameng la Machaba a Kopaneng Bakeng sa Baphaphathehi o ile a re ka 1999: “Liketsahalo tsa lilemo tsena tse leshome—esita le tsona tsa selemong se fetileng—li bontša ka ho hlaka hore bothata ba baphaphathehi bo ke ke ba tšohloa ho sa buuoe ka tšireletseho.”
’Me ho haella ha tšireletseho ho ama batho ba limilione lefatšeng ka bophara. Kofi Annan eo e leng mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng oa hlalosa: “Likarolong tse ling tsa lefatše, linaha li ile tsa putlama ka lebaka la lintoa tse ka har’a tsona, tsa hlotha baahi tšireletseho leha e le efe. Libakeng tse ling, tšireletseho ea motho e ’nile ea senngoa ke mebuso e hanang ho tsoela sechaba molemo, e hlorisang bahanyetsi ba eona le ho otla litho tse se nang molato tsa lihlopha tsa batho ba khesehang.”
Lintoa, mahloriso le pefo ea merabe—lisosa tse ka sehloohong tsa ho hlokahala ha tšireletseho hoo Kofi Annan a ho hlalositseng—hangata li bakoa ke lehloeo, leeme le ho hloka toka. Lintho tsena tse khopo li ke ke tsa felisoa habonolo. Na seo se bolela hore joang kapa joang mathata a baphaphathehi a tla mpefala?
Haeba litaba li ne li ka tlohelloa matsohong a batho, ha ho potang hore ho ne ho tla ba joalo. Empa, ka Bibeleng Molimo o tšepisa hore “o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9) Ka moprofeta oa hae Esaia, o ile a boela a hlalosa nako eo ka eona batho “ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. . . . Ba ke ke ba sehlela lefeela, kapa ba tsoalla pherekano, kahobane ke bana ba entsoeng ka ba hlohonolofalitsoeng ba Jehova, hammoho le litloholo tsa bona.” (Esaia 65:21-23) Maemo a joalo ka sebele a tla felisa bothata ba baphaphathehi. Na maemo ao a ka finyelloa?
Selelekela sa molao oa motheo oa United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization se re: “Kaha lintoa li qala ka likelellong tsa batho, likelello tsa batho ke tsona tse lokelang ho haheloa lekhoakhoa la khotso.” ’Mōpi oa rōna o tseba hantle hore ho hlokahala hore ho fetohe tsela eo batho ba nahanang ka eona. Eena moprofeta eo o hlalosa hore na ke hobane’ng ha ka letsatsi le leng, e mong le e mong ea lefatšeng a tla sireletseha: “Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9.
Lipaki tsa Jehova li se li sibolotse hore tsebo ea Jehova e ka hlōla leeme le lehloeo. Mosebetsing oa tsona oa machaba oa ho bolela, li buella litekanyetso tsa Bokreste tse rutang lerato ho e-na le lehloeo, esita le linaheng tse tsekolotsoeng ke ntoa. Li boetse li fana ka thuso leha e le efe e ka sebetsang ho baphaphathehi.
Ka lehlakoreng le leng, li hlokomela hore tharollo e feletseng ea bothata ba baphaphathehi e itšetlehile ka Jesu Kreste, Morena ea khethiloeng ke Molimo. Ka sebele o utloisisa hore na lehloeo le pefo li ka senya bophelo ba batho habonolo hakae. Bibele e re tiisetsa hore o tla ahlola ba tlaase ka ho loka. (Esaia 11:1-5) Tlas’a puso ea leholimo, thato ea Molimo e tla etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. (Matheu 6:9, 10) Ha letsatsi leo le fihla, ha ho sa tla ba le ea tla tlameha ho ba mophaphathehi. ’Me e mong le e mong o tla ba le lehae leo a le bitsang la hae.
[Lebokose le leqepheng la 12]
Ho Hlokahala Eng ho Rarolla Bothata ba Baphaphathehi?
“Ho khotsofatsa litlhoko tsa batho ba balehileng mahaeng a bona lefatšeng ka bophara—baphaphathehi le ba balehetseng sebakeng se seng hona ka har’a naha ea habo bona—ho rarahane ho feta ho fana ka tšireletseho le thuso tsa nakoana. Ho bolela ho lebisa tlhokomelo mahlorisong, pefong le ntoeng tseo e leng tsona tse etsang hore batho ba balehe mahaeng a bona. Ho bolela ho lemoha litokelo tsa banna bohle, basali le bana tsa hore ba be le khotso, tšireletseho le seriti ntle le hore ba balehe mahaeng a bona.”—The State of the World’s Refugees 2000.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 13]
’Muso oa Molimo o Fana ka Tharollo Efe?
“Ho tla ba le ho loka le toka hohle lefatšeng. Kaha e mong le e mong o tla etsa se lokileng, ho tla ba le khotso le tšireletseho ka ho sa feleng. Batho ba Molimo ba tla lokoloha matšoenyehong, ’me mahae a bona a tla rena khotso le ho sireletseha.”—Esaia 32:16-18, Today’s English Version.