Lebaka Leo ka Lona ba Bangata ba Leng Sekolotong
MICHAEL le Reena ba ile ba ketekela boikhopotso ba pele ba letsatsi la bona la lechato ka ho khutlela sebakeng seo ba ileng ba phomola ho sona ka mor’a lechato la bona. Empa ha ba qala selemo sa bobeli sa lenyalo la bona, ba ile ba tobana le ’nete e sa thabiseng. Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba leka ho baballa lintho hakae, ba ne ba sitoa ho lefella likoloto tsohle tsa bona.
Nahana ka banyalani ba bang. Robert o ne a e-na le mokitlane o monyenyane oa litlhapiso oo a neng a lokela ho o lefella ha a ne a nyala Rhonda, ’me Rhonda o ne a lefella koloi feela. Robert o re: “Ka bobeli re ne re sebetsa mosebetsi oa nako e tletseng, ’me hammoho re etsa $2950 [R12830] ka khoeli. Empa ho ne ho se moo re eang teng.” Rhonda oa hlalosa: “Re ne re e-s’o ka re reka thepa leha e le efe e theko e boima leha e le ho etsa ntho e sa tloaelehang. Ka sebele ke ne ke sitoa ho utloisisa hore na chelete ea rōna e fella kae.”
Robert le Rhonda ba ne ba se botsoa. Leha e le hore Michael le Reena ba ne ba le botsoa. Bothata ba bona e ne e le eng? Likoloto tsa likarete tsa ho reka ka mokitlane. Selemong sa bona sa pele ba nyalane, Michael le Reena ba ne ba e-na le sekoloto sa $14 000 (R60 900) sa likarete tsa bona tsa ho reka ka mokitlane. Ka mor’a lilemo tse peli ba nyalane, mokitlane oa Robert le Rhonda likareteng tsa bona o ne o etsa kakaretso ea $6000 (R26 100).
Anthony, monna ea lilemong tse bohareng ea nang le lelapa, le eena o ile a ba maqakabetsing a lichelete bophelong. Leha ho le joalo, mathata a hae a ne a sa amane le likarete tsa ho reka ka mokitlane. Ka 1993 k’hamphani eo a neng a e sebeletsa e ile ea fokotsa basebetsi, ’me Anthony o ile a lahleheloa ke boemo ba hae ba botsamaisi bo neng bo lefa $48 000 (R209 000) ka selemo. Ka mor’a moo, ho hlokomela lelapa la hae la batho ba bane ho ile ha fetoha phephetso e khōlō ho eena. Ka ho tšoanang, Janet, motsoali ea se nang molekane, ea phelang New York City, o ne a thatafalloa ke ho fumana litlhoko tsa bophelo ka chelete e kenang ka selemo e ka bang $11 000 (R47 800).
Le hoja e le ’nete hore mathata a mangata a lichelete a ne a ka rarolloa ke taolo e loketseng, ’nete ke hore re phela nakong eo ba bangata ba thethebaneng likelello ke ho tsamaea ka ‘ho se ruise molemo ha likelello tsa bona.’ (Baefese 4:17) Grace W. Weinstein, bukeng ea hae The Lifetime Book of Money Management, oa hlokomela: “Melao e mengata ea taolo ea lichelete e fetohile, e hlabisitsoe hlohlolingoane ke moruo o sa tsitsang, maikutlo a macha mabapi le tšebeliso le poloko ea chelete le mekhoa ea bophelo e feto-fetohang.” Lefatšeng lena le ferekaneng leo re phelang ho lona, batho ba ntseng ba eketseha ba fumana ho ntse ho thatafala ho ea pele ho laola lichelete tsa bona le tsa malapa a bona.
Ka thabo, Michael le Reena, Robert le Rhonda, Anthony le Janet ba ile ba khona ho laola lichelete tsa bona ka katleho. Pele re hlahloba se ileng sa ba thusa, a re ke re hlahlobisiseng mofuta o mong o bonolo oa ho lefella thepa o ekelelitseng tlokotsing ea lichelete ho ba bangata—e, likarete tsa ho reka ka mokitlane.