Phihlelo e Bohloko ea Maggy le Tlhohonolofatso ea ka
Labobeli la la 2 May, 1995, ke letsatsi leo morali oa ka a hlahileng ka lona le leo mosali oa ka a hlokahetseng ka lona. Ka masoabi, ha ho mohla Maggy a ileng a bona morali oa hae. Joale, tšepo ea ka ke hore ke tsebise Tamara ’mè oa hae ha a tsosoa.
KA MOR’A lilemo tse 16 re nyalane, mosali oa ka, Maggy, o ile a bolelloa ke ngaka ea hae hore o na le kankere ea letsoele ’me o ne a tla phela likhoeli tse seng kae feela. Seo se etsahetse lilemong tse hlano tse fetileng. Ka thabo, Maggy o ile a khona ho phela bophelo bo tloaelehileng lilemong tseo tsa ho qetela tsa bophelo ba hae. Ke feela ho elella qetellong moo bohloko e ileng ea e-ba bo otlang pelo.
Kaha kankere ea hae e ne e se e namme, lingaka li ile tsa re ho na le monyetla o fokolang oa hore a ka ima. Ka hona u ka inahanela hore na re ile ra tšoha hakaakang ha li bona ngoana ka pōpelong ea hae nakong ea tlhahlobo ea kamehla ea ho bona hore na lihlahala tsa hae tse nang le kankere li ntse li nka bohato bofe! E ne e le ngoanana. Maggy e ne e le moimana oa likhoeli tse ’nè le halofo. O ne a phophoma ke thabo ke tebello ea ho ba ’mè ka lekhetlo la pele.
Maggy o ne a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho tiisa hore ngoana o ne a tla tsoaloa a phela hantle. O ne a hlokometse hore na o ja lijo tsa mofuta ofe, esita le libekeng tse peli tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, ha bohloko bo ne bo le matla haholo, o ne a e-noa lipilisi tse bolaeang bohloko feela ha a se a sitoa ho mamella bohloko.
Ho Hlohonolofatsoa ka Lesea le Phelang Hantle
Ka Moqebelo, oa la 29 April, pelo ea Maggy e ile ea otla ka matla ’me a re: “Ke nahana hore ke tla shoa.” Ke ile ka lula le eena mafelo-beke kaofela. Ka mor’a ho letsetsa ngaka ka Mantaha, ke ile ka mo potlakisetsa sepetlele Montreal, Canada, haufi le lehae la rōna, St. Jérôme.
Hoo e ka bang ka 5:30 hoseng ha letsatsi le hlahlamang, mooki e mong o ile a feta monyako oa kamore ea Maggy ’me a lemoha hore o tsietsing. Ho totobetse hore pelo ea hae e ne e tsietsane. Ngaka e ile ea bitsoa ka potlako ka kamoreng e pel’a ea hae. Le hoja Maggy a ile a shoa, sehlopha sa lingaka se ile sa khona ho pholosa ngoana oa rōna. Tamara o ile a hlaha likhoeli tse peli le halofo pele ho nako ’me boima ba ’mele oa hae e le lik’hilograma tse 1,1 feela.
Kaha lisele tsa mali a Tamara li ne li fokola ka palo, lingaka li ne li batla ho mo tšela mali. Leha ho le joalo, li ile tsa khothalletsoa ho sebelisa hormone ea maiketsetso e bitsoang erythropoietin. Li ile tsa etsa joalo, ’me ha tšebetso ea sehlahisoa sena e atleha ho eketsa palo ea lisele tsa mali a hae, mooki e mong o ile a re: “Ke hobane’ng ha ba sa e sebelise maseeng kaofela?”
Tamara o bile le mathata a mang a amanang le ho hlaha pele ho nako, empa a ile a rarolloa kaofela. Ha e le hantle, ha Dr. Watters, ngaka ea mafu a methapo, a mo hlahloba hamorao, o ile a re ho mooki: “Ke nahana hore u mphile lesea lesele hore ke le hlahlobe; lena ke bona le phela hantle ka ho phethahetseng.”
Ho Tobana le Lefu le ho Loana ka Katleho ka Mor’a Moo
Ho shebella Maggy ha a e-shoa ho ne ho le boima ho ’na. Ke ne ke ikutloa ke tsielehile. Ho ne ho le boima ho bua ka lefu la Maggy. Leha ho le joalo, ke ne ke bua ka lona ha bara le barali beso ba Bakreste ba tlile sepetlele. Bohloko bo ne bo kokobela butle-butle ha ke ntse ke bua ka lona haholoanyane. Neng le neng ha ke bala sehlooho sa Molula-Qhooa kapa sa Tsoha! se nkamang ka ho toba, ke se behella ka thōko karoloaneng ea lintho tseo ke li thahasellang ea laebrari ea ka ebe kea se ntša le ho se bala ha ke utloa ho hlokahala.
Phephetso e ’ngoe e bile ho tla lapeng ntlong e se nang motho. Ho thata haholo ho loantša bolutu. Boikutlo bona bo sa ntse bo hlahella, le hoja ke rua molemo botsoalleng bo hahang ba Bokreste. ’Na le Maggy re ne re tloaetse ho etsa lintho hammoho, ’me re ile ra buisana ka bothata boo ke neng ke tla ba le bona ka bolutu. O ne a batla hore ke nyale hape. Leha ho le joalo, ha ho bonolo hakaalo.
Tšehetso e Tsoang ho Bakreste-’moho le ’Na
Ha ke tsebe hore na nka be ke ile ka etsa joang ntle ho tšehetso ea Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (Hospital Liaison Committee [HLC]) ea Lipaki tsa Jehova. Hoseng ha letsatsi leo Maggy a shoeleng ka lona, Paki e nang le tsebo e hlahang ho HLC e ne e le teng sepetlele ’me e ile ea mpha thuso eo ke neng ke e hloka.
Basebetsi ba sepetlele ba ile ba khahloa ke thuso eo ke neng ke e fumana phuthehong ea Bokreste ea St. Jérôme haesita le liphuthehong tse ling tsa sebaka seo. Bosiung ba pehi ea lefu la Maggy sebokeng sa rōna sa Bokreste, metsoalle e ka holimo ho 20 e ile ea arabela ka ho fana ka thuso. Tšehetso e ne e le khōlō ka sebele.
Metsoalle e ne e mphehela; karolo e leqhoa ea sehatsetsi sa ka e ile ea tlala ka likhoeli tse ngata. Lelapa leso le bara le barali beso ba Bakreste ba bile ba ipha le mosebetsi oa ho rekela morali oa ka liaparo. Ba ile ba ntlisetsa lintho tse ngata hoo ke neng ke se na sebaka se lekaneng sa ho li boloka kaofela.
Nyakallo Hona Joale le Litebello Tsa ka Moso
Tamara o nthusa hore ke lebale se ntahlehetseng. O nkhapile pelo ka ho feletseng. Hoseng ho hong le ho hong ha “ke mo lumelisa” ka thabo, o arabela ka ho bososela haholo, ’me o qala “ho bua,” a bapalisa matsoho le ho raha-raha maoto, a thabile haholo.
Kaha ke morati oa linaleli, ke lebeletse nako ea ha ke tla beha Tamara seropeng ebe, ka sebonela-hōle sa ka, ke mo shebisa meeka ea leholimo ea Moetsi oa rōna e Moholo, Jehova. Ho nahana ka bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng ke mohloli oa sebele oa matšeliso. ’Me ho ’na ke nyakallo e eketsehileng ho tseba hore ena ke tebello e larileng ka pel’a Tamara.—Pesaleme ea 37:9-11, 29.
Ha ke nahana ka liketsahalo tsa lilemong tse fetileng tse hlano, nka li hlalosa hamolemo ka hore e bile tse sithabetsang le tse thabisang. Ke ithutile ho hongata ka ’na le ka bophelo ka bobona. Ke emetse bokamoso ka cheseho ha, joalokaha Bibele e hlalosa, ‘lefu le sa tl’o hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko.’—Tšenolo 21:3 4.
Joale, tsohong, Maggy o tla tseba ho phefumoloha ka matla a sa utloe bohloko. Ka holimo ho tsohle, tšepo e tiileng le takatso tsa ka ke ho ba teng moo hore ke tsebise Tamara Maggy, e le hore a ka bona ngoananyana eo a ileng a mo etsetsa ho hongata haholo.—Joalokaha ho boletse Lorne Wilkins.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
’Na le mosali oa ka
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Morali oa rōna, Tamara