Lefatše le se Nang Meharo
“KANTLE ho phetoho e khōlō lefatšeng tabeng ea boikutlo ba batho, ha ho letho le tla ntlafala ho rōna re le batho, ’me tlokotsi eo lefatše la rōna le e lebileng . . . e tla ba e ke keng ea qojoa.”—Václav Havel, mopresidente oa Czech Republic.
Batho ba bangata baa hlokomela hore tsamaiso ea lefatše e teng hona joale e ke ke ea pholoha. Ba bang, ho tšoana le Václav Havel, ba bona hore phetoho monahanong le liketsong tsa batho ke eona tharollo feela. Ka mohlala, moshebelli e mong oa liketsahalo tsa kajeno tsa lefatše o re: “Ho bafutsana ba se nang tšepo ba limilione tse makholo, tebello bakeng sa lijo le litlhoko tse ling tsa bophelo ha e na ho ntlafala . . . ntle leha lichaba tsa lefatše li ka nka bohato bo tiileng bakeng sa ho fetola litšekamelo tse teng hona joale.”—Food Poverty & Power.
Leha ho le joalo, na ke ho utloahalang ho theha tšepo ea pholoho ea rōna mofuteng o itseng oa phetoho e feletseng ea litšekamelo tsa batho? Na ka kholiseho re ka tšepa mebuso ho “nka bohato bo tiileng bakeng sa ho fetola litšekamelo tse teng hona joale”? Ba bang ba nahana joalo. Ba re: ‘Molimo o re file bolokolohi ba ho ikhethela, ’me ho ho rōna ho fetola lintho.’ Empa linnete tse sa thabiseng tsa histori li phahamisa lipotso tse tebileng mabapi le takatso le bokhoni ba batho ba ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Maikutlo ana hase a ho felloa ke tšepo, empa ho e-na le hoo, ke a sebele. Na u ne u tla beha bophelo ba hao matsohong a ngaka e buoang haeba u ne u tseba hore bakuli ba bang bohle ba eona ba ile ba shoa?
Na ke Bothata ba Thuto?
Ted Trainer, ho Developed to Death—Rethinking Third World Development, o re: “Bothata bona bo amana le thuto.” O bolela hore ntle leha batho ba ka rutoa hore ba bone tlhokahalo ea phetoho e feletseng, “re ke ke ra tšepa ho finyella phetoho e isang tsamaisong ea lefatše e sebetsang hantle.” Ntle ho pelaelo ho hlokahala hore batho ba rutoe ka bohlokoa ba ho fetola boikutlo le liketso tsa bona haeba lefatše lena le tla pholoha. Ha e le hantle, ke habohlokoa, ’me Bibele e bua ka lenaneo le joalo la thuto. E re lefatše le tla “tlala tsebo ea Jehova.” Nakong eo, “ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa” kae kapa kae lefatšeng.—Esaia 11:9.
Empa ha ho lenaneo la thuto leha e le lefe, haesita le lenaneo la thuto la Molimo, leo ka bolona le tla namolela lefatše ho batho ba meharo ba ripitlang le ba bakang tšenyo ka ho pharaletseng. Thuto e tla tlisa phetoho feela ho batho ba batlang ho fetoha, batho ba batlang ho iphaphatha ka litekanyetso tsa Molimo. Ho ea ka Jesu Kreste, baa fokola ka palo. (Matheu 7:13, 14) Kahoo Bibele ha e thehe tšepiso ea eona ea phetoho tšepong e itseng eo e seng ea sebele ea hore ka letsatsi le leng moloko oohle oa batho o tla hlokomela ho teba ha bothata ’me o fetole litsela tsa oona. E re Molimo o tla nka khato e tobileng bakeng sa ho namolela lefatše ho batho ba meharo.
Ho Kenella ha Molimo Tabeng
Ba bangata ba nka khopolo ena ea ho kenella ho tobileng ha Molimo tabeng e le toro kapa ntho e ke keng ea etsahala. World Hunger: Twelve Myths e re: “Se finyeletsoeng ke bo-ramahlale ba tsoetseng pele ba lekholong la bo18 la lilemo se ile sa re qobella ho nyahlatsa khopolo e tšelisang ea hore Molimo ea kenellang litabeng o tla beha lehae la motho boemong bo nepahetseng.” Empa na re lokela ho beha tumelo ea rōna holim’a likhang tsa bo-ramahlale le lifilosofing tsa ba feletsoeng ke tumelo ho “Molimo ea kenellang litabeng”? Na tharollo ea bona ke ntho e ka etsahala’ng?
Ho bohlale haholoanyane ho theha tšepo ea rōna ea pholoho boprofeteng bo sa foseng bo fumanoang ka Bibeleng bo lebisang tlhokomelo ho kenelleng ha Molimo tabeng. Hase feela “khopolo e tšelisang” ho lumela litšepiso tsa Molimo—ke eona tšepo feela ea sebele ea pholoho eo re nang le eona!
“Ho Senya ba Senyang Lefatše”
Hantle-ntle ke’ng seo Molimo a se tšepisang? Ha e le hantle, har’a tse ling, o tšepisa ho namolela lefatše ho ba le silafatsang le ba senyang tikoloho. Tšenolo 11:18 e phatlalatsa hore o na le “nako e behiloeng” bakeng sa “ho senya ba senyang lefatše.” Seo se tla bolela’ng? Se tla bolela ho felisoa ha bohle bao hona joale ba tubang bafutsana hammoho le ba hlaselehang habonolo. Molimo o tla ‘ahlōlela bahlōphehi har’a sechaba, a pholose bana ba mafutsana, a hatakele mohatelli.’ O tla felisa ba meharo ’me a lumelle bahlaseluoa ba bona ba hlokang molato ho atleha. “O tla lopolla mohloki ea llang ho eena . . . a ba lopolle ho ba mamènèmènè, a ba lopolle le ho ba sehlōhō.”—Pesaleme ea 72:4, 12-14, BPN.
Seo se tla tlisa phetoho e kaakang! Ho ea ka moapostola Petrose, phetoho ena e tla ba e akaretsang hoo e tla hlahisa “maholimo a macha le lefatše le lecha.” (2 Petrose 3:13) ‘Lefatšeng lena le lecha,’ e mong le e mong o tla thabela karolo e lekaneng ea lihlahisoa tsa lefatše. (Mikea 4:4) Esita le hona joale, ho na le nala ea lijo bakeng sa e mong le e mong. Bothata ke kabo e leeme. Anne Buchanan, bukeng ea hae, Food Poverty & Power, o re: “Ho ’nile ha hakanngoa hore tikolohong e ka lengoang ea lefatše re ka hlahisa [ho] lekaneng bakeng sa ho phelisa batho ba limilione tse likete tse 38-48.”
Lefatše lena le tla pholoha. ’Mōpi oa lona ha ‘aa le bōpela lefeela, empa o le bōpetse hore le ahuoe.’ (Esaia 45:18) Ho nka ha Molimo khato khahlanong le batho ba meharo ho tla bolela nako e khutšoanyane ea “matšoenyeho a maholo.” (Matheu 24:21) Baphonyohi ba matšoenyeho ao joale ba tla thabela lefatše la paradeise, le ahiloeng ke batho ba lokolohileng ka ho feletseng meharong. (Pesaleme ea 37:10, 11; 104:5) Ho tla ba joalokaha Bibele e tšepisa: “Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.
U ka ba e mong oa ba thabileng ba amohelang molemo ha Molimo a nka khato ea ho hloekisa lefatše hore le hloke meharo. Haeba u hlile u batla ho etsa thato ea Molimo, iphumanele thuso eohle e fanoang ho u thusa ho pholoha hona joale lefatšeng lena le meharo. Nka khato ho pholoha “matšoenyeho a maholo.” Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho u thusa ho ithuta seo ho hlokahalang hore u se tsebe. Ikutloe u lokolohile ho kopana le tsona Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.