Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 5/8 maq. 22-25
  • Hona Joale ke Thabile Hore Ebe Kea Phela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hona Joale ke Thabile Hore Ebe Kea Phela!
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Takatso ea ho Hong ho Molemonyana
  • Takatso ea ho Shoa Hape
  • Ho Tobana le Maqakabetsi
  • Khatello ea ho Amohela Mali
  • Ho Buuoa ho Atlehileng
  • Thuso e Tsoang ho Barab’abo Rōna
  • Ho Tšehetsoa ke Tšepo e Tiileng
  • Hase Linohe Kapa Melimo
    Tsoha!—1994
  • Ho Tobana le Boemo ba Tšohanyetso ba Phekolo ea Meriana
    Tsoha!—1996
  • Kulo e Ile ea Fetola Bophelo ba Ka
    Tsoha!—1995
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 5/8 maq. 22-25

Hona Joale ke Thabile Hore Ebe Kea Phela!

Ngaka e ile ea botsa: “Akere ua hlokomela hore u tla shoa?” Ka ho makatsang, ka makhetlo a mabeli pele ho moo, lefu e ne e tla be e le topollo e amoheloang ka thabo. Empa eseng lekhetlong lena. E-re ke hlalose.

KE ILE ka hōlela Long Island, New York, torotsoaneng, eo ho eona Ntate e neng e le mokhanni ea tummeng oa likoloi tsa mabelo. E ne e le motho ea lebellang phetheho tlhōlisanong. E ne e boetse e le motho ea feto-fetohang maikutlong le eo ho leng thata mo khahlisa. Ka lehlakoreng le leng, ’Mè e ne e le motho ea ratang khotso, ea thōtseng, a tšaba mabelo a Ntate hoo a neng a ke ke a ba le sebete sa ho mo shebella ha a beisa.

’Na le khaitseli ea ka re ile ra ithuta re sa le lilemong tse tlaase ho qoba ho etsa lintho tse khopisang, e leng ntho eo ’Mè a neng a se a ntse a tloaetse ho e etsa. Empa ho ne ho se bonolo. Kaofela re ne re phela ka ho tšaba Ntate. Ho ile ha nkama ho isa bohōleng boo ke neng ke nahana hore ha ho mohla nka etsang ntho leha e le efe e nepahetseng. Ke ile ka ikhella tlaase le ho feta ha ke le lilemong tse qalang tsa bocha, ha “motsoalle” e mong oa lelapa a ntlhekatlheka ka likamano tsa botona le botšehali. Ke sitoa ho sebetsana ka katleho le maikutlo a ka, ke ile ka leka ho ipolaea. Leo e bile lekhetlo la pele leo ka lona ke ileng ka nahana hore lefu e ne e tla ba topollo e amoheloang ka thabo.

Ke ile ka ikutloa ke le ea se nang thuso le ea sa ratoeng ’me ke ile ka ba le bothata ba ho ja bo atileng ho basali ba bacha ba ikhellang tlaase. Ke ile ka qala ho phela bophelo ba ho batla menyaka, ba tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ba bohlola le ba ho ntša limpa—joalokaha mantsoe a pina e ’ngoe a bolela, “ho batla lerato libakeng tse fosahetseng.” Ke ne ke khanna lithuthuthu, likoloi tsa mabelo, ke sesa ka tlas’a metsi, ’me nako le nako ke nka maeto a ho ea Las Vegas papaling ea chelete. Ke ile ka boela ka batla keletso ho senohe ’me ka sebelisa boto ea Ouija bakeng sa papali, ke sa hlokomele kotsi ea ho sebelisana le meea.—Deuteronoma 18:10-12.

Ho feta moo, bophelo ba ho batla menyaka bo ile ba lebisa ho kenelleng mesebetsing e khahlanong le molao e kang ea ho rekisa lithethefatsi le ho utsoa mabenkeleng. Ho batla ha ka lerato le kamohelo ho ile ha boela ha fella ka mokoloko oa bahlankana le balebeletsi ba lenyalo. Maemo ana kaofela a ile a kopana ho bōpa tsela ea bophelo e neng e le kotsi ho feta kamoo ke neng ke nahana kateng.

Bosiung bo bong, ka mor’a ho noa joala bo kopaneng le lithethefatsi ha ke le lebaleng la peiso ea likoloi, ka booatla ke ile ka lumella mohlankana oa ka ho nkisa hae. Ka mor’a hore ke ilibane setulong se ka pele, ho bonahala le eena a ile a latela. Ke ile ka tsosoa ke ho nyarosoa ke molumo o matla oa ho thula. Ke ile ka kenngoa sepetlele ke tsoile likotsi tse ngata, empa qetellong ka hlaphoheloa ke lemetse lengole le letona feela.

Takatso ea ho Hong ho Molemonyana

Le hoja ke ne ke se na kananelo ka bophelo ba ka, ke ne ke amehile haholo ka polokeho le litokelo tsa bana le liphoofolo le ka ho sireletsa tikoloho. Ke ne ke labalabela ho bona lefatše le molemonyana ’me, e le boiteko ba ho thusa ho le hlahisa, ka ba mafolofolo mekhatlong e mengata. Takatso ena ea lefatše le molemonyana ke eona eo qalong e ileng ea nkhohella linthong tse neng li buuoa ke mosebetsi-’moho le ’na eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ne a lula a bua ka “tsamaiso ena” ka tsela ea ho teneha neng le neng ha lintho li ne li tsamaea hampe mosebetsing. Ha ke mo botsa hore na o bolela’ng, o ile a ntlhalosetsa hore ka letsatsi le leng le haufinyane bophelo bo tla lokoloha matšoenyehong ’ohle. Kaha ke ne ke mo hlompha haholo, ke ile ka mamela ka thahasello.

Ka bomalimabe, re ile ra arohana, empa ha kea ka ka lebala lintho tseo a li buileng. Ke ile ka hlokomela hore ka letsatsi le leng ke tla tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō mokhoeng oa bophelo e le hore ke khahlise Molimo. Empa ke ne ke e-s’o lokele seo. Ho ntse ho le joalo, ke ne ke ee ke bolelle bao e ka ’nang ea e-ba balekane ba ka ba lenyalo ba ka moso hore ka letsatsi le leng ke tla ba Paki ’me haeba ba ne ba sa rate seo, joale e ne e le nako ea ho arohana.

Ka lebaka leo, mohlankana oa ka oa ho qetela o ile a batla ho tseba ka ho eketsehileng ka lintho tseo ke ithutang tsona, a bolela hore haeba ke ne ke thahasella, mohlomong le eena o ne a ka ’na a thahasella. Kahoo re ile ra qala ho batla Lipaki. Ho e-na le hoo, li ile tsa re fumana ha li kena lehaeng la ka. Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa, empa qetellong, mohlankana oa ka o ile a ikhethela ho khaotsa ho ithuta ’me a khutlela ho mosali oa hae.

Hangata thuto ea ka ea Bibele e ne e sa tšoaroe kamehla. Ho ile ha nkuka nako hore ke utloisise pono ea Jehova ka khalalelo ea bophelo. Leha ho le joalo, hang ha ke se ke fetotse monahano oa ka, ke ile ka bona ho hlokahala hore ke khaotse tloaelo ea ho tsubella ke le sefofaneng le ho khaotsa ho tsuba. Kaha bophelo e ne e se e le ba bohlokoa ho ’na, ke ne ke se ke ikemiselitse ho lula sebakeng se le seng le ho se hlole ke beha bophelo ba ka kotsing. Ka la 18 October, 1985, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Ke ne ke sa tsebe hore ka mor’a nakoana bophelo ba ka bo ne bo tla be bo leketla selomong.

Takatso ea ho Shoa Hape

Likhoeli tse seng kae hamorao—bosiung ba la 22 March, 1986—ke ne ke le ka pel’a ntlo ea ka, ke laolla liaparo tse tsoa hlatsuoa koloing ea ka, ha koloi e lebelong e nthula ebile e nkhulanya sebaka se fetang limithara tse 30! Ke ne ke thutsoe ke mokhanni ea bileng a ja fatše. Le hoja ke ne ke tsoile likotsi hloohong, ke ne ke ntse ke ikutloa nakong eo kaofela.

Ke oetse ka phatla bohareng ba ’mila o se nang mabone, ke ne ke nahana feela ka tlokotsi ea ho thuloa ke e ’ngoe hape. Bohloko e ne e le bo otlang pelo, ho feta kamoo nka bo mamellang. Kahoo ke ile ka lula ke rapela Jehova hore a ntumelle ke shoe. (Jobo 14:13) Ho ile ha hlaha mosali e mong eo e neng e le mooki. Ke ile ka mo kōpa hore a lokise tsela eo maoto a ka a lutseng ka eona, kaha a ne a lemetse. O ile a a lokisa, ’me a boela a seha sekhechana moseng oa hae, ho emisa mali a tsoang leotong le leng le robehileng hampe. Lieta tsa ka li ile tsa fumanoa mohahong o latelang, li le mali hohle!

Batho ba fetang ka tsela, ba sa hlokomele hore ke ne ke tsamaea ka maoto, ba ile ba ’na ba botsa hore na koloi ea ka e hokae. Ka ho se tsebe hore na ke hulantsoe sebaka se sekae, ke ne ke nahana hore ke ntse ke le pel’a eona! Ha basebetsi ba thuso ea tšohanyetso ba fihla, ba ile ba nahana hore ke tla shoa. Kahoo ba ile ba bitsa mafokisi, kaha ho bolaea motho ka koloi e ka ba tlōlo ea molao e tšoaneloang ke kotlo ea lefu. Qetellong mokhanni eo o ile a tšoaroa. Mapolesa a ile a thibeletsa sebaka seo tlōlo ea molao e etsahaletseng ho sona ’me a nka koloi ea ka e le pontšo. Mamati a ka lehlakoreng le le leng ka bobeli a ne a ranthantsoe.

Ho Tobana le Maqakabetsi

Ho sa le joalo, ha ke fihla setsing sa tlhokomelo ea batho ba tsoileng likotsi, ke ile ka ’na ka pheta-pheta, le hoja ke ne ke kentse maske ea oksijene: “Ha ke batle mali, ha ke batle mali. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova!” Ntho ea ho qetela eo ke e hopolang ke molumo oa ho hahoha ha liaparo tsa ka ka mokokotlong le ho utloa sehlopha sa ba hlokomelang ba tsoileng likotsi se fana ka litaelo ka lehlaphahlapha.

Ha ke phaphama, ke ile ka hlolloa ke hore ebe ke ntse ke phela. Ke ne ke tsamaea ke akheha neng-neng ke hlaphoheloa. Nako le nako ha ke ne ke phaphama, ke ne ke kōpa ba lelapa leso ho mphumanela banyalani bao ke neng ke ithuta Bibele le bona. Lelapa leso le ne le koatisitsoe ke hore ke se ke le Paki, kahoo habonolo feela le ne le “lebala” ho ba tsebisa. Empa ke ile ka phehella—e ne e e-ba ntho ea pele eo ke neng ke e botsa nako le nako ha ke bula mahlo. Qetellong, ho phehella ha ka ho ile ha putsoa, ’me ka letsatsi le leng ha ke phaphama, ba ne ba le teng. E bile thuso e kaakang! Batho ba Jehova ba ile ba tseba moo ke leng teng.

Leha ho le joalo, thabo ea ka e bile ea motsotsoana, kaha tekanyo ea lisele tsa mali a ka e ne e qala ho theoha ’me ka ba le ho phahama ha mocheso. Masapo ao ho neng ho belaelloa hore ke ’ona a bakang tšoaetso a ile a tlosoa, ’me litšepe tse ’nè tsa kenngoa leotong la ka. Empa ka mor’a nakoana, mocheso o ile oa boela oa phahama, ’me leoto la ka la e-ba letšo. Mofetše o ne o se o qalile, ’me pheko e ne e le feela hore ho khaoloe leoto.

Khatello ea ho Amohela Mali

Kaha tekanyo ea ka ea lisele tsa mali e ne e theohile ka potlako, ho ne ho nahanoa hore ho buuoa ho ke ke ha khoneha kantle ho tšelo ea mali. Lingaka, baoki, litho tsa lelapa le metsoalle ea nakong e fetileng ba ile ba bitsoa ho tla nkhatella. Joale, ba ile ba qala ho seba ba le monyako. Ke ile ka utloa hore lingaka li rera ho etsa ho hong ho itseng, empa ke sa utloe hantle hore na ke eng. Ka lehlohonolo, Paki e ’ngoe e neng e etile nakong eo e ile ea utloa hore li rera ho nqobella ho tšeloa mali. Hang-hang e ile ea kopana le baholo ba Bakreste sebakeng seo, ba ileng ba nthusa.

Ngaka ea mafu a kelello e ile ea hireloa ho tla hlahloba boemo ba ka ba kelello. Ho ne ho nahannoe hore e tla mpolela ke se boemong bo botle ’me kahoo litakatso tsa ka li hatakeloe. Morero ona o ile oa hlōleha. Joale, moruti e mong, eo ka boeena a neng a amohetse tšelo ea mali, o ile a tlisoa hore a tl’o nkholisa hore ho amohela mali ho lokile. Qetellong, lelapa leso le ile la batla taelo ea lekhotla e le hore ke qobelloe mali.

Hoo e ka bang ka hora ea bobeli hoseng, sehlopha sa lingaka, mongoli oa lekhotla, ofisiri ea molao, babuelli ba molao ba sepetlele le moahloli ba ile ba kena kamoreng ea ka ea sepetlele. Lekhotla le ile la lula. Ke ne ke sa tsebisoa esale pele, ke se na Bibele, ke se na moemeli, ’me ke ne ke filoe meriana e matla e kokobetsang bohloko. Phello e bile efe nyeoeng eo? Moahloli o ile a hana ho ntša taelo ea lekhotla, a bolela hore o bile o khahliloe le ho feta ke botšepehi ba Lipaki tsa Jehova ho feta leha e le neng pele.

Sepetlele sa Camden, New Jersey, se ile sa lumela ho sebetsana le boemo ba ka. Kaha batsamaisi ba sepetlele sa New York ba ne ba halefile, ba ile ba nkhanela ka phekolo e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa lipilisi tse kokobetsang bohloko. Hape ba ile ba hana ha helikopthara e neng e tla nkisa sepetleleng sa New Jersey e lula. Ka lehlohonolo, ke ile ka atleha ho palama ambulense ho ea moo. Ho fihleng ha ka moo, ke ile ka utloa mantsoe ane a boletsoeng sethathong sa pale ena: “Akere ua hlokomela hore u tla shoa?”

Ho Buuoa ho Atlehileng

Ke ne ke fokola hoo mooki a neng a tlameha ho nthusa ho ngola X foromong ea kamohelo e le hore ke fane ka tumello ea ho buuoa. Leoto la ka le letšehali le ne le lokela ho khaoloa ka holim’a lengole. Ka mor’a moo, tekanyo ea ka ea hemoglobin e ile ea theohela ka tlaase ho 2, ’me lingaka li ile tsa belaella hore boko bo senyehile hampe. Lebaka la sena e ne e le hore li ile tsa hlōleha ho fumana karabelo ha li ne li nkhoeletsa, “Virginia, Virginia”—e leng lebitso le lipampiring tsa ka tsa ho amoheloa sepetlele. Empa nakoana hamorao ha ke utloa lentsoe le bonolo le hoeshetsa, “Ginger, Ginger,” ke ile ka bula mahlo ’me ka bona monna e mong eo ke neng ke qala ho mo bona.

Bill Turpin o ne a tsoa ho e ’ngoe ea liphutheho tse sebakeng seo ea Lipaki tsa Jehova, New Jersey. O ne a ile a tseba lebitso la ka la bosoasoi, Ginger—leo ke ’nileng ka tsejoa ka lona bophelo bohle ba ka—ho Lipaki tse New York. O ile a botsa lipotso tseo ke neng nka li araba ka hore ke panye, kaha ke ne ke le mochineng o nthusang ho hema ’me ke ne ke sitoa ho bua ka ho feletseng. O ile a botsa: “Na u batla hore ke ’ne ke tsoele pele ho u etela le hore ke bolelle Lipaki tse ling tsa New York ka uena? Ke ile ka panya khafetsa! Mor’abo rōna Turpin o ne a ipehile kotsing ka ho nyenyelepela ka kamoreng ea ka, kaha lelapa leso le ne le laetse hore ha kea lokela ho fumana baeti ba letho ba Lipaki.

Ka mor’a ho qeta likhoeli tse tšeletseng ke le sepetlele, e ne e le hona ke ntseng ke khona ho etsa mesebetsi ea motheo feela ea letsatsi le letsatsi, e kang ho iphepa le ho itsukunya. Qetellong, ke ile ka kenya leoto la maiketsetso ’me ka khona ho qheqhebisa ka lona hammoho le seikokotlelo. Ha ke tsoa sepetlele ka September 1986 ’me ke khutlela foleteng ea ka, ke ile ka lula le mothusi oa bophelo lapeng ka likhoeli tse ka bang tse tšeletseng kapa ho feta-feta moo a nthusa.

Thuso e Tsoang ho Barab’abo Rōna

Esita le pele ke khutlela hae, ke ile ka qala ho ananela ka tieo se boleloang ke ho ba karolo ea mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho. (Mareka 10:29, 30) Ka lerato bara le barali beso ba ile ba ntlhokomela eseng feela litlhokong tsa nama empa esita le ho tsa moea. Ka thuso ea bona e lerato, ke ile ka boela ka qalisa ho kopanela libokeng tsa Bokreste ’me, ka mor’a nakoana, esita le ho kopanela ho se bitsoang tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang.

Qoso ea ’muso khahlanong le mokhanni oa koloi, eo hangata e qetang bonyane lilemo tse hlano le pele e ka hlahella lethathamong la linyeoe tse tla mameloa ke lekhotla, e ile ea sebetsoa ka mor’a likhoeli tse seng kae—ho makaleng ha ’muelli oa ka oa molao. Ka chelete ea matšeliso nyeoeng eo, ke ile ka fallela ntlong eo ho leng bonolo ho kena ho eona. Ho feta moo, ke ile ka reka koloi e reretsoeng ho hloesa setulo sa likooa le ho tsamaisoa ka letsoho. Kahoo, ka 1988, ke ile ka ngolisa lenaneng la bo-pula-maliboho ba kamehla, ke nehelana bonyane ka lihora tse 1000 mosebetsing oa boboleli selemo le selemo. Ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka thabela ho sebetsa masimo libakeng tsa Dakota Leboea, Alabama le Kentucky. Koloi ea ka e se e tsamaile lik’hilomithara tse fetang 150 000, boholo ba tsona e le tšebeletsong ea Bokreste.

Ke se ke bile le liphihlelo tse ngata tse qabolang ha ke ntse ke sebelisa sethuthuthu sa ka sa motlakase se maoto a mararo. Ka makhetlo a mabeli ke ile ka se phethola ke ntse ke sebetsa le basali ba balebeli ba tsamaeang. Ka le leng, Alabama, ka phoso ke ile ka nahana hore nka tlōla molatsoana o monyenyane ka sona ’me ka qetella ke le fatše, ke koahetsoe ke seretse. Leha ho le joalo, ho lula ke soasoa le ho se ikhohomose ho nthusitse ho boloka boikutlo bo nepahetseng.

Ho Tšehetsoa ke Tšepo e Tiileng

Ka linako tse ling mathata a bophelo e ba a sithabetsang haholo. Ke ile ka tlameha ho khaotsa ho bula maliboho ka makhetlo a mabeli lilemong tse seng kae tse fetileng ka lebaka la hore ho ne ho bonahala eka ho ka ’na ha hlokahala hore leoto la ka le leng le khaoloe. Hona joale ke lutse ke le tsietsing ea ho lahleheloa ke leoto le leng, ’me lilemong tse hlano tse fetileng, ke ile ka tlameha ho sebelisa setulo sa likooa ka ho feletseng. Ka 1994, ke ile ka robeha letsoho. Ke ne ke hloka ho thusoa ho hlapa, ho apara, ho pheha le ho hloekisa ’me ke tlameha ho isoa libakeng tsohle ka sepalangoang. Leha ho le joalo, ka lebaka la thuso ea barab’abo rōna, ke ile ka khona ho tsoela pele ka bopula-maliboho le har’a litšitiso tsena.

Bophelong bohle ba ka ke ’nile ka batla se neng se bonahala eka ke menyaka, empa hona joale kea hlokomela hore linako tsa monyaka o moholo ka ho fetisisa li larile ka pele. Kholiseho ea ka ea hore Molimo o tla phekola maloetse ’ohle a teng hona joale lefatšeng la hae le lecha le atamelang ka potlako ke eona e etsang hore ebe hona joale ke thabela hore ebe kea phela. (Esaia 35:4-6) Lefatšeng leo le lecha, ke lebeletse ho ea sesa le marua-rua le li-dolphin, ho hahlaula lithaba le tau le malinyane a eona le ho etsa ntho e bonolo joaloka ho tsamaea lebōpong la leoatle. Hoa nthabisa ho bona ka mahlo a kelello ke etsa lintho tsohle tseo Molimo a re bōpetseng hore re li thabele Paradeiseng eo ea lefatšeng.—Joalokaha ho boletse Ginger Klauss.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Nakong eo papali ea chelete e neng e le karolo ea bophelo ba ka

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Litšepiso tsa Molimo li ntšehelitse

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela