Boikutlo ba Hao bo Susumetsoa ke Eng?
HOO e ka bang lilemong tse 2700 tse fetileng, mongoli ea bululetsoeng o ile a ngola maele a susumetsang mohopolo: “Ho leoatla ke monyaka ho etsa hampe.” (Liproverbia 10:23) ’Nete ea sena e ’nile ea totobala ka ho khetheha ho tloha ha seoa sa likamano tsa botona le botšehali se qala. Pele tšabo ea AIDS e aparela, boikutlo bo neng bo hlaheletse e ne e le ba hore likamano tsa botona le botšehali ke ‘papali ea ba ithabisang’ le hore tšusumetso ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali e tlameha ho khotsofatsoa ‘ho sa tsotellehe liphello.’ Na boikutlo boo bo fetohile? Eseng hakaalo.
Le kajeno temallo ea likamano tsa botona le botšehali e ntse e hlahisa “batho ba lemallang khoheli,” ‘ba nyalang hoseng, motšehare le mantsiboea’ le “ba hlekefetsang ka likamano tsa botona le botšehali,” ba phehang khang ea hore boitšoaro ke taba ea botho le hore ho ba le likamano tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo le bachesi ba bangata ho tloaelehile. (Bona lebokose le reng “Bophelo ba Boitšoaro ba Botona le Botšehali,” leqepheng la 6.) Ba bolela hore ‘ha ho ea tsoang kotsi’ ka ho bōka, hafeela e le pakeng tsa batho ba baholo ba lumellanang. Ka 1964, seithuti sa kahisano Ira Reiss, Univesithing ea Naha ea Iowa, se ile sa bo bitsa “ho lumella boikutlo bo bong le bo bong ba lerato.”
Mobishopo e mong oa Chache, Edinburgh, Scotland, ho bonahala a ikutloa ka tsela e tšoanang, kaha o boletse hore batho ba tsoaletsoe ho ba le mechaufa e mengata. Ha a bua ka boitšoaro ba botona le botšehali le Bokreste, o ile a re: “Molimo oa tseba hore o re bōpelletse le matla a botona le botšehali e le hore re a sebelisetse ho khotsofatsa litakatso tsa rōna. O re file liphatsa tsa lefutso tsa boitšoaro bo hlephileng. Ke nahana hore ho tla be ho fosahetse hore kereke e nyatse batho ba latetseng tšekamelo ea bona ea tlhaho.”
Na pono e joalo e nepahetse? Ho ba le likamano tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo ho tlisa liphello life? Na bochesi ba mechaufa e mengata bo tlisa khotsofalo le thabo?
Seoa se akaretsang sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali le ho ima kantle ho lenyalo ha ba limilione, haholo-holo bacheng ba ka tlaase ho lilemo tse 20, ho tiisa ho hlōleha ha filosofi e joalo. Ho ea ka makasine ea Newsweek, United States feela, mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a tšoara bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba hakanyetsoang ho limilione tse tharo selemo le selemo. Ho feta moo, ho bonahala ba bangata ba ‘batho bana ba baholo ba lumellanang’ “ba se [na] boikutlo bo mofuthu ba tlhaho” leha e le boikutlo ba boikarabello ka ngoana ea e-song ho tsoaloe eo hangata a emoloang, ’me ba potlakela ho ntša mpa. (2 Timothea 3:3) Sena se bolela hore ngoana ea e-song ho tsoaloe o lahleheloa ke bophelo ba hae, ha ka sehlōhō a ntšoa ka ho ’m’ae e le litsekana. Phello ho ’mè ea mocha e ka ’na ea e-ba ho tepella ho tebileng ha maikutlo le boikutlo ba ho ba molato ho ka ’nang ha mo khathatsa bophelo bohle ba hae.
Dr. Patrick Dixon o hakantse hore bohareng ba lilemo tsa bo-1990, ho sebelisitsoe chelete e ngata haholo e ka bang liranta tse limilione tse 93 400 liphellong tsa seoa sa likamano tsa botona le botšehali, Brithani feela. Bukeng ea hae e bitsoang The Rising Price of Love, Dr. Dixon o ile a fihlela palong ena ka ho tlaleha litšenyehelo tsa ho phekola mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa AIDS; litšenyehelo tsa tlhalo; litšenyehelo sechabeng tsa bana ba hōlisoang ke motsoali a le mong; le litšenyehelo tsa ho phekola lelapa le ngoana. Joalokaha ho tlalehiloe koranteng ea letsatsi le letsatsi ea Canada, The Globe and Mail, Dr. Dixon oa phetha: “Ho fetoha ha boitšoaro ba botona le botšehali ho neng ho re tšepisa tokoloho ho siile ba bangata litlamong, lefatšeng le sentsoeng ke pherekano ea botona le botšehali, koluoa, bolutu, maikutlo a bohloko, pefo le tšebeliso e mpe ea pōko.”
Empa ke hobane’ng ha temallo ea likamano tsa botona le botšehali, ho khetha manyalo a hloma-u-hlomole le ho phehella ho ba le mecheliete ho sa khaotse? Ka litholoana tse mpe joalo tse totobetseng lilemong tse mashome a mararo tse fetileng, ke eng e susumetsang temallo ee e senyang?
Boitsebiso ba Bootsoa bo Sotha Pono ka Botona le Botšehali
Boitsebiso ba bootsoa bo ’nile ba boleloa e le ntlha e ’ngoe ea tse susumelletsang ho lemalla likamano tsa botona le botšehali. Motho e mong ea ipoletseng a lemaletse likamano tsa botona le botšehali o ile a ngola koranteng ea The Toronto Star: “Ke ile ka khaotsa ho tsuba sakerete lilemong tse hlano tse fetileng, ho noa lilemong tse peli tse fetileng, empa ha ho ntho eo ho bileng thata bophelong ba ka ho e khaotsa joaloka ho lemalla likamano tsa botona le botšehali le boitsebiso ba bootsoa.”
Le eena o kholisehile hore bacha ba lulang ba bona boitsebiso ba bootsoa ba ba le pono e sothehileng ka boitšoaro ba botona le botšehali. Ba phela ho latela lintho tse inahaneloang ka likamano tsa botona le botšehali ’me ba fumana boemo ba sebele bo rarahane ’me bo le boima. Sena se lebisa karohanong le mathateng a mang, ao bo bong bo boholo ba ’ona e leng ho thatafalloa ho theha tlamo e tšoarellang ea lerato.
Lefatše la Boithabiso le Sebelisa Botona le Botšehali Hampe
Bophelo ba boitšoaro bo hlephileng ba bachesi ba bangata, ebang ba nyalane ka molao kapa che, bo ’nile ba pheloa ke ba bangata ’me ba tlotloa ke lefatše la boithabiso. Ho bontša boitšoaro ba ho bōka baesekopong kapa thelevisheneng ho khothalletsa ho lemalla likamano tsa botona le botšehali, e leng ho fang moloko ona pono e sothehileng ea matla a batho a botona le botšehali. Hangata mecha e phatlalatsang boithabiso e etsa phoso ea ho matahanya likamano tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo le kamano e haufi ea lerato. Bathoholetsi ba entseng likhalala tsa boithabiso melimo ea bona ba bonahala ba hlōleha ho khetholla pakeng tsa takatso e mpe le lerato, pakeng tsa ho chesoa ke litakatso tsa botona le botšehali le boitlamo ba nako e telele, kapa pakeng tsa ntho e inahaneloang le ntho ea sebele.
Ka mokhoa o tšoanang, nako le nako lefatše la phatlalatso le sebelisa likamano tsa botona le botšehali e le tsela ea ho buella thepa ea khoebo. Setsebi sa mathata a likamano tsa botona le botšehali se boletse hore li fetohile “sesebelisoa se hlokang botho seo morero oa sona e leng ho lebisa tlhokomelo thepeng.” Joalokaha koranta ea Family Relations e bolela, baphatlalatsi ba sebelisitse boitšoaro ba botona le botšehali hampe ’me ba matahantse lipontšo tsa lerato le bophelo bo monate, leha ho le joalo ena ke e ’ngoe ea “lipono tse sothehileng ka likamano tsa botona le botšehali” lekholong lena la bo20 la lilemo.
Ho Fetoha ha Likarolo Tse Phethoang ho Sotha Boikutlo
Ho fetoha ha maemo sechabeng le ho hlahisoa ha lipilisi tse thibelang kemolo bakeng sa thekiso ka 1960 ho ile ha fetola boikutlo ba basali ba limilione mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali. Lipilisi tseo li ile tsa fa basali maikutlo a hore ba lekana le banna tabeng ea likamano tsa botona le botšehali, tsa ba fa tokoloho kapa boipuso likamanong tsa botona le botšehali tseo haesale li e-song ho ka li bonoa. Ho tšoana le banna, le bona ba ne ba ka itekela ka bochesi, ba sa sitisoe ke tšabo ea ho ima ho sa batleheng. Ka bolokolohi ba bona boithabisong ba likamano tsa botona le botšehali, ba batona le ba batšehali ka ho tšoanang ba entse hore tloaelo ea lelapa le karolo eo likamano tsa botona le botšehali li e reretsoeng e be mothating oa ho fela.
Mongoli e mong oa Bibele lekholong la pele la lilemo o ile a re ka batho ba joalo: “Ba na le mahlo a tletseng bofebe le a sa khoneng ho khaotsa sebe . . . Ba na le lipelo tse koetliselitsoeng ho chacheha ka mohono. . . . Ha ba tlohela tsela e otlolohileng, ba khelositsoe.”—2 Petrose 2:14, 15.
Thuto ea Botona le Botšehali Likolong
Phuputso e ’ngoe e entsoeng ho basetsana ba ka bang 10 000 ba e-song ho nyaloe ba lilemong tsa ho ba sekolong se phahameng, United States, e senotse hore “tsebo, joalokaha e bontšoa ke mananeo a thuto ea boitšoaro ba botona le botšehali le tsebo eo ba nang le eona ka thibelo ea kemolo,” ha e thuse ka letho ha e bapisoa le lipalo tsa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba imang ba sa nyaloa. Leha ho le joalo, likolo tse ling tsa sechaba li sebetsana le seoa sena ka ho fa liithuti tsa tsona lik’hondomo tse sa lefelloeng, le hoja ho e-na le ho se lumellane ho matla ka sena.
Koranta ea Calgary Herald e ile ea buisana le seithuti se seng sa sekolo se phahameng se lilemo li 17 se ileng sa re: “Ke ’nete hore bacha ba bangata ba sekolong se phahameng ba kopanela likamanong tsa botona le botšehali . . . , esita le ba lilemo li 12.”
Lerato le Tlamo ke Eng?
Lerato, ho tšepana le ho baballa bonngoe hase lintho tse itlelang feela ka mor’a ho ba le khoheli e itlisang kapa ka mor’a ho khotsofatsa takatso ea botona le botšehali. Ho kopanela likobo ka bohona ho ke ke ha bōpa lerato la sebele. Lerato le katamelano e mofuthu li hōlisoa ke lipelo tsa batho ba babeli ba tsotellanang ba ikemiselitseng ho haha kamano e tšoarellang.
Qetellong bochesi bo siea e mong a tšoenyehile, a jeoa ke bolutu ’me mohlomong a bile a tšoeroe ke lefu le tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali joaloka AIDS. Ba buellang bocheliete ba ka ’na ba hlalosoa hantle ke mantsoe a fumanoang ho 2 Petrose 2:19: “Ha ba ntse ba ba tšepisa tokoloho, bona ka bobona ba phela e le makhoba a ho bola. Etsoe mang kapa mang ea hlōloang ke e mong o etsoa lekhoba ke enoa.”
Lekhotla le ikarabellang sechabeng la Kereke ea Chache le ile la lokolla tlaleho ea lona ka June 1995, tlas’a sehlooho se reng “Ntho e Lokelang ho Ketekeloa.” Ho ea ka The Toronto Star, lekhotla le ile la phehella kereke ho “hlakola polelo e reng ‘ho phela sebeng’ le ho nyahlatsa mokhoa oa eona oa ho ahlola ba phelang ’moho ba sa nyalana,” khahlanong le keletso ea Bibele. Tlaleho e ile ea buella hore “liphutheho li lokela ho amohela ba phelang ’moho ba sa nyalana, li ba mamele, li ithute ho bona, . . . e le hore bohle ba ka hlokomela boteng ba Molimo bophelong ba bona.”
Jesu o ne a tla bitsa baeta-pele ba joalo ba bolumeli eng? Ntle ho pelaelo, “batataisi ba foufetseng.” ’Me o ne a tla re’ng ka ba latelang tataiso ea bona? O ile a hlokomelisa: “Joale, haeba monna ea foufetseng a tataisa monna ea foufetseng, ka bobeli ba tla oela ka sekoting.” U ka kholiseha ka sena, kaha Jesu o ile a bolela ka ho hlaka hore “bofebe” le “bohlola” li har’a “lintho tse silafatsang motho.”—Matheu 15:14, 18-20.
Ha e le mona ho e-na le litšobotsi tsena tse fapaneng tse sothang le ho sebelisa botona le botšehali hampe, ke joang motho, ka ho khetheha bacha, ba ka itokollang temallong ee ea likamano tsa botona le botšehali? Lekunutu la lenyalo le thabileng le tšoarellang ke lefe? Sehlooho se latelang se tla lebisa tlhokomelo ho seo batsoali ba ka se etsang ho thusa bacha ba bona ho itokisetsa bokamoso.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
United States Feela, Mafu A Tšoaetsanoang Ka Likamano Tsa Botona Le Botšehali A Tšoara Bacha Ba Ka Tlaase Ho Lilemo Tse 20 Ba Hakanyetsoang Ho Limilione Tse Tharo, Selemo Le Selemo
[Lebokose le leqepheng la 6]
Bophelo Ba Boitšoaro Ba Botona Le Botšehali
Batho ba lemaletseng khoheli: Ba rata ho ratoa, ’me kahoo ba nka enoa le eane hang feela ha ba felloa ke monyaka oa ho nkeha maikutlo. Polelo eo e ile ea qaptjoa ke Dr. Michael Liebowitz, oa New York State Psychiatric Institute.
Ba nyalanang hoseng, motšehare le mantsiboea: Batho ba kenang mokolokong oa litaba tsa lerato tse akarelletsang ho nka mehato ea molao ea ho nyala, ho hlala le ho nyalana bocha ba khetholloa ka tsela ena ke litsebi tsa kahisano.
Ba hlekefetsang ka likamano tsa botona le botšehali: Moprofesa oa mathata a lelapa le ngaka ea mathata a likamano tsa botona le botšehali, Luther Baker, oa hlokomela hore ba batla ho bontša bonatla ba bona ba botona le botšehali ka ho ba le mechaufa e mengata. Hona joale polelo eo e boetse e sebelisoa ho ba hlekahlekang bana ka likamano tsa botona le botšehali.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Boitsebiso ba bootsoa boa lemalloa ’me bo lebisa ponong e sothehileng ka boitšoaro ba botona le botšehali