Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 6/8 leq. 3
  • Maikutlo a Fetohang a Hlahisa Lipotso Tse Ncha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Fetohang a Hlahisa Lipotso Tse Ncha?
  • Tsoha!—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikutlo ba Hao bo Susumetsoa ke Eng?
    Tsoha!—1997
  • Ho Tobana le Phephetso
    Tsoha!—1997
  • Fanang ka Tataiso eo ba e Hlokang
    Tsoha!—1992
  • Na ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 6/8 leq. 3

Maikutlo a Fetohang a Hlahisa Lipotso Tse Ncha?

“SEOA SA LIKAMANO TSA BOTONA LE BOTŠEHALI,” “koluoa ea likamano tsa botona le botšehali,” “phetoho ea boitšoaro.” Mantsoe a kang ana a bontša ho fetoha ha maikutlo mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali, haholo-holo ho tloha bohareng ba lilemo tsa bo-1960 ho ea pele. Ba bangata ba amohetse lepetjo le reng “bocheliete,” e leng le khethollang mokhoa oa bophelo oo ho oona batho ba qhelelang thōko taba ea lenyalo le ho lula e le baroetsana kapa bahlankana.

Phatlalatso ea mongoli Ernest Hemingway ea hore, “Seo u se nkang e le boitšoaro bo botle ke se etsang hore u ikutloe u thabile hamorao, ’me seo u se nkang e le boitšoaro bo bobe ke se etsang hore u ikutloe u soabile hamorao,” e ka ’na ea akaretsa hantle boikutlo ba ba tšoasitsoeng ke litšepiso tsa likamano tsa botona le botšehali tse lokolohileng le tse khotsofatsang. Ho amohela filosofi ena ho lokafatsa ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le bachesi ba bangata ka nakoana, e leng likamano tseo ka tsona batho ka bomong, ba batona le ba batšehali, ba kalang litakatso tsa bona tsa likamano tsa botona le botšehali. “Ho khotsofatsa” likamano tsa botona le botšehali ha ho na meeli. Lipilisi tse thibelang kemolo, tse ileng tsa qala ho sebelisoa leshomeng lona leo la lilemo, li tlatselitse tšebelisong e mpe le ho feta ea likamano tsa botona le botšehali.

Leha ho le joalo, AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali e bile lefa la mokhoa ona o hlephileng oa bophelo. Mofuta ona o hlephileng oa boitšoaro ba botona le botšehali ha oa tsitsa. Lilemong tse seng kae tse fetileng, makasine ea Time e ile ea e-ba le sehlooho se reng “Likamano Tsa Botona le Botšehali Lilemong Tsa bo-1980—Seoa se Fetile.” Phatlalatso ena e ne e thehiloe haholo mafung a atileng a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a tšoereng Maamerika a mangata. Ho fihlela joale, ka kakaretso palo ea batho ba nang le AIDS lefatšeng ho pota e se e fihlile boemong bo qakang ba ba ka bang limilione tse 30!

Ho tšaba mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ho susumelitse ba bangata ho fetola boikutlo ba bona ka ho bōka. Tokollo ea 1992 ea US, e leng makasine ea boithabiso, ha e tlaleha ka phuputso ea ’muso, e ile ea tlaleha: “Basetsana ba ka bang limilione tse 6,8 ba entse liphetoho boikutlong ba bona ba botona le botšehali ka lebaka la ho tšaba AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali.” Ho ea ka sehlooho seo, molaetsa o hlakile: “Likamano tsa botona le botšehali ke taba e tebileng. Ho kopanela ho tsona ho beha bophelo ba hao kotsing.”

Mashome aa a lilemo tsa pherekano a amme boikutlo ba hao joang mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali? Na ho na le thuto leha e le efe e ithutoang tabeng ee ea ho se tsotelle likamano tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo lilemong tsa morao tjee le boteng bo nyarosang ba mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a khethollang lilemo tsa bo-1980? Na ho kenyelletsoa ha thuto ea boitšoaro ba botona le botšehali likolong tsa sechaba ho thusitse bahlankana le baroetsana ho sebetsana ka katleho le litakatso tsa bona tsa botona le botšehali? Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tobana le phephetso ea ho fetoha ha maikutlo mabapi le likamano tsa botona le botšehali kajeno ke efe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela