Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 9/8 maq. 30-31
  • Tharollo ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tharollo ke Efe?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la ho ba le Tšepo
  • Seo Molimo a Tlang ho se Etsa
  • Bibele e Re’ng ka Bothata ba ho Haelloa ke Metsi a Hloekileng Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Ho Batla Metsi a Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 9/8 maq. 30-31

Tharollo ke Efe?

LITSEBI lia ngangisana ka litharollo tsa mathata a batho mabapi le metsi. Banka ea Lefatše e batla hore ho etsoe letsete la liranta tse libilione tse 2,66 mererong ea matloana le metsi lilemong tse leshome tse tlang. Litšenyehelo tsa ho se etse letsete lena li ka ’na tsa e-ba holimo ho feta. Ka mohlala, haufinyane tjena Peru, seoa sa libeke tse leshome sa k’holera, e neng e bakiloe ke metsi a litšila, se ile sa bitsa chelete e ka bang liranta tse limilione tse 4430—e leng chelete e menang ka makhetlo a mararo ea letsete leo naha e le entseng phepelong ea metsi nakong eohle ea lilemo tsa bo-1980.

Empa, ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle ba ba khothalletsang merero ea phepelo ea metsi, hangata e etsa ho fokolang ho thusa bafutsana. Ho hōla ha metse e meholo linaheng tse tsoelang pele moruong ke ho sa laoleheng le ho ferekaneng. Bafutsana ba lula mek’huk’hung e tletseng batho ba bangata, e boemong bo tlaase e se nang metsi a lipompo leha e le matloana. Ka ho hloka monyetla oa ho fumana litšebeletso tsa metsi tse tšehelitsoeng ka lichelete ke ’muso, ba tlameha ho lefa barekisi chelete e ngata bakeng sa metsi ao hangata e leng a litšila.

Ka ho hlakileng, maqakabetsi a metsi lefatšeng a rarahane ’me a akarelletsa lisosa tse amanang: ho haella ha metsi, ho silafala, bofutsana, mafu, le ho eketseha ha litlhoko tsa palo e eketsehang ea baahi. Ka ho tšoanang ho hlakile hore batho ba ke ke ba rarolla mathata ana.

Lebaka la ho ba le Tšepo

Leha ho le joalo, bokamoso ha bo lerootho joalokaha ba bangata ba bolela. Hobane’ng? Hobane tharollo ea qaka ea metsi lefatšeng ha ea itšetleha ka batho; e itšetlehile ka Molimo. Ke eena feela ea nang le matla le takatso ea ho rarolla mathata ’ohle a metsi.

Ha ho pelaelo hore Jehova Molimo a ka rarolla mathata ana. Ke eena Moqapi le ’Mōpi eseng feela oa lefatše empa hape le oa metsi a ho lona. Ke eena ea ileng a qalisa potoloho e babatsehang ea metsi hammoho le lipotoloho tse ling tsohle tsa tlhaho tse etsang hore bophelo bo khone ho ba teng lefatšeng. Tšenolo 14:7 e re Jehova ke “Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.”

Jehova o na le matla a ho laola metsi lefatšeng. Ke eena ea ‘tšollelang pula lefatšeng, ea mathisang metsi a eona masimong.’ (Jobo 5:10) Ka eena Bibele e re: “[O] fetola lefeella naha ea metsi, le naha e tšehla liliba tsa metsi.”—Pesaleme ea 107:35.

O pakile bokhoni ba hae ba ho fana ka metsi ka makhetlo a mangata. Ka mohlala, o ile a fa Baiseraele metsi nakong ea lilemo tse 40 ba le lefeelleng, ka linako tse ling e le ka mohlolo. Bibele e re: “Oa ntša linokana lefikeng, oa phallisa metsi ka liphororo. O felile oa otla lefika, ’me metsi a phorosetsa, linōka tsa phalla.”—Pesaleme ea 78:16, 20.

Seo Molimo a Tlang ho se Etsa

Molimo a ke ke a lumella hore qaka ea metsi e tsoele pele ka ho sa feleng. Bibele e bolela esale pele hore nako ea tla eo a tlang ho nka khato ka eona molemong oa bohle ba lefatšeng ba lakatsang ho phela tlas’a puso e lerato ea ’muso oa hae oa leholimo, o haufi le ho busa lefatšeng.—Matheu 6:10.

Puso, kapa ’Muso oo, e tla felisa mafu a bakoang ke metsi, hammoho le maloetse a mang kaofela. Bibele e tiisetsa ba tšepahalang ba Molimo: “[Molimo] o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, ’me lefu [o] tla le khelosa ho uena.” (Exoda 23:25) Ho feta moo, ba silafatsang metsi a lefatše ba tla felisoa ha a “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

Lefatše lohle le tla atleha tlas’a tlhokomelo e lerato ea Molimo. Le ka mohla batho ba ke ke ba boela ba sokola ho ea ho ile bakeng sa ho fumana metsi a hloekileng, a se nang litšila. Molimo ea Matla ’Ohle, ea lulang a bua ’nete, o ile a susumetsa moprofeta oa hae ho ngola mabapi le bokamoso: “Hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng. Mahoatata a mahlabathe a tla fetoha matša a metsi, naha e omeletseng e be le liliba tsa metsi.”—Esaia 35:6, 7; Baheberu 6:18.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Molimo oa tšepisa: “Metsi a tla kolla naheng e tšehla, . . . naha e omeletseng e [tla ba] le liliba tsa metsi.”—Esaia 35:6, 7

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela