Lefu la Seoa la Europe le Asia e ne e se Bofelo
KHOELING ea October 1347, likepe tsa khoebo tse tsoang Bochabela li ile tsa fihla koung ea likepe ea Messina, Sicily. Li ne li sokoa ke banna ba kulang ’me ba le makhatheng a lefu. ’Meleng ba ne ba tsoile maqhutsu a matšo, a boholo ba lehe a neng a qhitsa mali le bolalu. Basesisi bana ba likepe ba ne ba opeloa haholo ’me ba ile ba shoa matsatsinyana a ’maloa ka mor’a hore matšoao ao a qale ho hlaha.
Likhoto tse tsoang likepeng li ile tsa kopana le likhoto tsa moo ka potlako. Likhoto tseo li ne li e-na le matsetse a kulisang a nang le kokoana-hloko e bolaeang bathong. Kahoo li ile tsa hasa lefu leo le akaretsang le ileng la tsejoa e le boloetse bo bolaeang, Lefu la Seoa la Europe le Asia, e leng lefu la seoa le neng le le kotsi ka ho fetisisa paleng ea Europe ho fihlela nakong eo.
Boloetse bona bo ile ba nka libōpeho tse peli. Sebōpehong sa pele, bo ne bo kena ka ho longoa ke matsetse a kulang, a bo kenya phallong ea mali ’me bo baka maqhutsu le ho qhitsetsa mali ka hare. Ho se seng, bo ne bo fetisetsoa ho ba bang ka ho khohlela kapa ho thimola, bo ama matšoafo. Kaha libōpeho tseo li ne li le teng ka bobeli, lefu leo le ile la nama ka potlako le ka matla a tšosang. Ka lilemo tse tharo feela, le ile la bolaea karolo ea bone ea sechaba sa Europe; mohlomong batho ba limilione tse 25 ba ile ba shoa.
Ka nako eo ho ne ho se na motho ea tsebang hore na lefu leo le tšoaetsanoa joang. Ba bang ba ne ba lumela hore moea o na le chefo, mohlomong ka lebaka la ho sisinyeha ha lefatše kapa ho se lule hantle ha lipolanete. Ba bang ba ile ba nahana hore batho ba kulisoa le ke ho sheba motho ea kulang feela. Le hoja maikutlo a fapana, ka ho hlakileng lefu leo e ne e le le tšoaetsehang habonolo. Ngaka e ’ngoe ea Lefora e ile ea hlokomela hore ho ne ho bonahala eka motho a le mong ea kulang “a ka tšoaetsa lefatše lohle.”
Batho ba ne ba sa tsebe tsela ea ho le thibela ’me ba se na pheko. Ba bangata ba ile ba hopola boprofeta ba Bibele bo kang bo tlalehiloeng ho Luka 21:11, bo bolelang esale pele ka mafu a seoa nakong ea bofelo. Le hoja chelete ea koleke e ile ea kena ka bongata ka likerekeng, boloetse boo bo ile ba tsoela pele. Motho e mong oa Italy o ile a ngola nakong eo: “Ho ne ho se litšepe tse letsoang ’me ho ne ho se ea llang ho sa tsotellehe seo a lahlehetsoeng ke sona kaha hoo e ka bang e mong le e mong o ne a lebeletse ho shoa . . . batho ba ne ba lumela ebile ba re ‘Hona ke bofelo ba lefatše.’”
Leha ho le joalo, e ne e se bofelo. Qetellong ea lekholo la bo14 la lilemo, boloetse boo bo ile ba fela. Lefatše le ile la tsoela pele.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Archive Photos