Lefu la Seoa—Tlokotsi e Khōlō ea Europe Mehleng e Bohareng
Ka mongolli oa Tsoha! Fora
Selemo e ne e le 1347. Seoa seo se ne se se se harasoantse Bochabela bo Hōle. Joale se ne se se se fihlile mathōkong a Europe e ka bochabela.
MAMONGOLIA a ne a likalikelitse sebaka se sirelelitsoeng sa khoebo sa Genoa, Kaffa, seo hona joale se bitsoang Feodosiya, se Crimea. A bolailoe ka bongata ke lefu lena la mohlolo, Mamongolia ka booona a ile a emisa tlhaselo ea ’ona. Empa pele a khutlela morao, a ile a hlasela la ho qetela ka mokhoa o kotsi. A sebelisa mechine ea ’ona e meholo e tsoibilang libetsa, a ile a betsetsa litopo tse ntseng li futhumetse tsa ba hlasetsoeng ke seoa seo ka holim’a marako a motse. Ha basireletsi ba seng bakae ba Genoa hamorao ba kena likepeng tsa bona ba baleha toropong eo e neng e se e hlasetsoe ke seoa, ba ile ba hasanya lefu lena likoung tsohle tseo ba neng ba fapohela ho tsona.
Ka mor’a likhoeli tse seng kae Europe eohle e ne e se e aparetsoe ke lefu lena. Ka potlako le ile la namela Afrika Leboea, Italy, Spain, Engelane, Fora, Austria, Hungary, Switzerland, Jeremane, Scandinavia le Linaheng tsa Baltic. Ka lilemo tse ka holimonyana ho tse peli feela, ba fetang kotara ea baahi ba Europe, e leng batho ba ka bang limilione tse 25, ba ile ba hlaseloa ke se ileng sa bitsoa “tlokotsi e sehlōhō ka ho fetisisa ea moloko oa batho e kileng ea tsejoa”—e leng Lefu la Seoa la Europe le Asia.a
Ho Qala ha Tlokotsi
Tlokotsi ea Lefu la Seoa ha ea ka ea akarelletsa lefu leo ka bolona feela. Lisosa tse ’maloa li ile tsa tlatsetsa ho mpefatseng koluoa ena, tseo se seng sa tsona e bileng cheseho ea bolumeli. Thuto ea pelekatori ke mohlala o mong. Rahistori oa Lefora Jacques le Goff, o re: “Qetellong ea lekholo la bo13 la lilemo, [tumelo ea] pelekatori e ne e tletse hohle.” Mathoasong a lekholo la bo14 la lilemo, Dante o ile a hlahisa buka ea hae e susumetsang e bitsoang The Divine Comedy, e neng e hlalosa lihele le pelekatori ka tsela e hlakileng haholo. Ka hona, ho ile ha e-ba le boikutlo ba bolumeli bo ileng ba etsa hore batho ba be le tšekamelo ea ho tobana le seoa sena ka ho se tsotelle ho makatsang le ka ho inehela, ba se nke e le kotlo e tsoang ho Molimo ka boeena. Joalokaha re tla bona, ho ba le boikutlo bo joalo ba ho felloa ke tšepo ha e le hantle ho ile ha akofisa ho nama ha lefu lena. Buka e reng The Black Death, ea Philip Ziegler e re: “Ha ho letho le leng le neng le ka hlahisa tikoloho e tšepisang haholoanyane eo ho eona seoa se neng se ka nama.”
Joale, khafetsa-khafetsa ho ile ha boela ha e-ba le bothata ba komello ea lijalo Europe. Ka lebaka leo, baahi ba atang ka potlako ba k’honthinente eo ba ne ba haelloa ke phepo e nepahetseng ’meleng—ba ne ba sa hlomelloa ho loantša bokuli boo.
Ho Nama ha Seoa
Ho latela ngaka ea Mopapa Clement VI, e leng Guy de Chauliac, Europe e ne e hlasetsoe ke mefuta e ’meli ea seoa: sa lefu la matšoafo le sa ho ruruha litšoelesa. O ile a hlalosa maloetse ana ka ho hlaka, a ngola: “Ba pele bo ile ba tšoarella likhoeli tse peli, tseo ka tsona motho a neng a lula a e-na le feberu ’me a hlatsa mali, ’me bona bo ne bo bolaea motho ka mor’a matsatsi a mararo. Ba bobeli bo ile ba tšoarella ho fihlela seoa se fela, le bona nakong ea bona motho o ne a lula a e-na le feberu empa e le e tsamaisanang le mathopa le libebe ’meleng, haholo-holo ka mahafing le nokeng. Bona bo ne bo bolaea motho ka mor’a matsatsi a mahlano.” Ho ne ho se seo lingaka li ka se etsang ho emisa seoa sena.
Batho ba bangata ba ile ba balehisoa ke ho tšoha—ba siea ba likete ba tšoaelitsoeng. Ha e le hantle, har’a ba pele ba ileng ba baleha ho ne ho e-na le bahlomphehi le litsebi tsa mesebetsi. Le hoja baruti ba bang ka ho tšoanang ba ile ba baleha, lihlopha tse ngata tsa bolumeli tsa baitlami li ile tsa ipata ka matlong a tsona a boitlami, ka tšepo ea hore li tla phema tšoaetso eo.
Har’a lephehlophehlo lena, mopapa o ile a phatlalatsa selemo sa 1350 e le Selemo se Halalelang. Bahahlauli ba etelang libaka tse halalelang ba neng ba e-ea Roma ba ne ba tla fuoa tumello ea ho kena paradeiseng ka ho toba ho sa hlokahale hore ba fete pelekatoring! Bahahlauli ba likete tse makholo ba etelang libaka tse halalelang ba ile ba mamela pitso eo—ba hasanya seoa seo ha ba ntse ba tsamaea.
Boiteko ba Lefeela
Boiteko ba ho thibela Lefu leo la Seoa la Europe le Asia e ile ea e-ba ba lefeela hobane ho ne ho se motho ea hlileng a tsebang hore na le tšoaetsanoa joang. Ba bangata ba ile ba hlokomela hore ho thetsa mokuli—kapa esita le liaparo tsa hae—ho ne ho le kotsi. Ba bang ba ne ba bile ba tšaba ho shejoa ke mokuli! Leha ho le joalo, baahi ba Florence, Italy, ba ile ba jarisa likatse le lintja tsa moo molato ka seoa seo. Ba ile ba bolaea liphoofolo tsena, ba sa hlokomele hore ka ho etsa joalo, ba ne ba fa sebōpuoa se hlileng se amehang ho jaleng lefu lena bolokolohi ba ho lalasa—e leng khoto.
Ha palo ea ba shoang e ntse e phahama, ba bang ba ile ba retelehela ho Molimo bakeng sa thuso. Banna le basali ba ile ba fa kereke sohle seo ba neng ba e-na le sona, ba tšepile hore Molimo o ne a tla ba sireletsa bokuling—kapa bonyane a ba putse ka bophelo ba leholimo haeba ba e-shoa. Sena se ile sa ruisa kereke haholo. Likhoeetsa tsa lehlohonolo, litšoantšo tsa Kreste le lithatho le tsona li ile tsa fetoha litlhare tse tloaelehileng. Ba bang ba ile ba retelehela tumela-khoeleng, boselamoseng le phekolong ea bo-kea-tseba bakeng sa ho fumana pheko. Ho ne ho boleloa hore litlolo tse nkhang hamonate, asene le meriana e itseng e khethehileng li thibela lefu lena. Ho phatsa e ile ea e-ba phekolo e ’ngoe e ratoang haholo. Litsebi tse rutehileng lefapheng la thuto ea bongaka Univesithing ea Paris li bile tsa bolela hore seoa sena se amana le boemo ba lipolanete! Leha ho le joalo, litlhaloso le “lipheko” tsa bohata ha lia ka tsa etsa letho ho emisa seoa sena se bolaeang.
Liphello Tse Tšoarellang
Qetellong ho ile ha bonahala eka Lefu la Seoa la Europe le Asia le felile ka mor’a lilemo tse hlano. Empa pele lekholo leo la lilemo le kolumela, le ne le tla boea sekoele bonyane ka makhetlo a mane. Ka hona, liphello tsa Lefu la Seoa la Europe le Asia li ’nile tsa bapisoa le tsa Ntoa ea I ea Lefatše. Buka ea 1996 e bitsoang The Black Death in England, e re: “Bo-rahistori ba kajeno ba batla ba sa hanyetsane tabeng ea hore ho fihla ha seoa moo ho bile le liphello tse tebileng moruong hammoho le sechabeng ho tloha ka 1348.” Seoa seo se ile sa bolaea karolo e khōlō ea baahi, ’me ho ile ha feta makholo a lilemo pele libaka tse ling li boela boemong ba tsona ba pele. Ka lebaka la ho fokotseha ha lenane la basebetsi, litefello tsa mosebetsi li ile tsa phahama. Bo-rapolasi bao e neng e le barui ba ile ba oa, ’me puso ea bopolotiki ea sehlotšoana se itseng—e neng e tšoaea Mehla e Bohareng—e ile ea soahlamana.
Ka hona, seoa sena se ile sa susumetsa liphetoho lipolotiking, bolumeling le likamanong tsa sechaba. Pele seoa se hlasela, Sefora se ne se buuoa haholo ke sehlopha sa barutehi Engelane. Leha ho le joalo, ho shoa ha matichere a mangata a Sefora ho ile ha thusa puo ea Senyesemane hore e be le tšusumetso e matla ho feta ea Sefora, Brithani. Ho ile ha boela ha e-ba le liphetoho bolumeling. Joalokaha rahistori oa Lefora, Jacqueline Brossollet a hlokomela, ka lebaka la ho haella ha ba batlang ho kenela boprista, “hangata Kereke le eona e ne e bitsa batho ba hlokang tsebo, ba sa tsotelleng.” Brossollet o bolela hore “bobolu ba litsi tsa [kereke] tsa thuto le tumelo e bile se seng sa lisosa tsa ho Fetoheloa ha Lithuto tsa K’hatholike.”
Ka sebele, Lefu la Seoa la Europe le Asia le ile la e-ba le tšusumetso e matla bononong, ho shoa ho ile ha fetoha sehlooho se tloaelehileng sa bonono. Bonono bo tummeng bo bontšang tantši ea lefu, bo atisang ho tšoantšisa lithotsela le litopo, bo ile ba fetoha tšoantšiso e ratoang ea matla a lefu. Ba sa tiiseha ka bokamoso, ba bangata ba phonyohileng seoa seo ba ile ba nyehlisa lithibelo tsohle tsa boitšoaro. Kahoo, boitšoaro bo ile ba hlepha haholo. Ha e le kereke eona, kaha e ne e hlōlehile ho thibela Lefu la Seoa la Europe le Asia, “motho oa Mehleng e Bohareng o ile a ikutloa hore Kereke e mo soetsitse.” (The Black Death) Bo-rahistori ba bang le bona ba bolela hore liphetoho tsa kahisano tse ileng tsa latela ka lebaka la Lefu la Seoa li ile tsa khothalletsa khopolo ea ho iketelletsa pele le ea mosebetsi oa khoebo le ho atisa liphetoho tsa kahisano le tsa moruo—tseo e ileng ea e-ba lilelekela tsa bok’hapitale.
Lefu la Seoa la Europe le Asia le ile la boela la susumelletsa mebuso ho theha litsamaiso tsa ho lahla likhoerekhoere. Ka mor’a hore seoa seo se kokobele, Venice e ile ea nka mehato ea ho hloekisa literata tsa eona. Morena John II oa Fora, ea bitsoang Good, le eena o ile a laela hore ho hloekisoe literata e le tsela ea ho loantša tšokelo ea seoa sena. Morena o ile a nka bohato bona ka mor’a hore a utloe ka ngaka e ’ngoe ea Mogerike e ileng ea sireletsa Athene seoeng se seng ka ho hloekisa le ho hlatsoa literata. Literata tse ngata tsa Mehleng e Bohareng, tseo pele e neng e le liqanthana tsa metsi a litšila li ile tsa qetella li hloekisitsoe.
Na ke Seoa se Fetileng?
Leha ho le joalo, e bile feela ka 1894, moo setsebi sa libaktheria sa Lefora Alexandre Yersin, se ileng sa fumana kokoana-hloko e bakang Lefu la Seoa la Europe le Asia. E ile ea rehelloa ka eena ea bitsoa Yersinia pestis. Lilemo tse ’nè hamorao, Lefora le leng le bitsoang Paul-Louis Simond, le ile la sibolla karolo eo matsetse (a likhotong) a e phethang tšoaetsanong ea lefu lena. Kapele ka mor’a moo ho ile ha etsoa ente e ileng ea e-ba le katleho e lekanyelitsoeng.
Na seoa seo ke ntho e seng e fetile? Le hanyenyane. Mariheng a 1910, batho ba ka bang 50 000 ba ile ba bolaoa ke seoa seo Manchuria. ’Me selemo se seng le se seng Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o beha litlaleho tse ling tse ncha tse likete—’me palo eo e ntse e eketseha. Ho boetse ho ntse ho sibolloa mefuta e mecha ea boloetse boo—e leng mefuta e sa phekoleheng. E, ntle leha litekanyetso tsa motheo tsa bohloeki li ka lateloa ka tieo, seoa sena se tla ’ne se sokele moloko oa batho. Ke kahoo buka e hlophisitsoeng ke Jacqueline Brossollet le Henri Mollaret, e bitsoang Pourquoi la peste? Le rat, la puce et le bubon (Lebaka la Seoa ke Lefe? Khoto, Letsetse le ho Ruruha ha Litšoelesa), e phethang ka ho re, “ho fapana le hore ebe ke boloetse ba Europe ea boholo-holo Mehleng e Bohareng, . . . ka masoabi, mohlomong seoa seo ke boloetse ba nakong e tlang.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba mehleng eo ba ile ba le bitsa lefu le leholo le akaretsang kapa lefu la seoa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
Banna le basali ba ile ba fa kereke sohle seo ba neng ba e-na le sona, ba tšepile hore Molimo o ne a tla ba sireletsa bokuling
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
Sehlopha sa Bokhelohi sa Baichapi
Ba nka seoa seo e le kotlo e tsoang ho Molimo, ba bang ba ile ba leka ho kokobetsa bohale ba Molimo ka ho ikotla ka sephali, kapa ho ichapa. Mokhatlo oa Bara ba Motho oa Baichapi, e leng mokhatlo oo ho thoeng o ne o e-na le batho ba 800 000, o ile oa fihla tlhōrōng ea botumo ba oona nakong ea Lefu la Seoa la Europe le Asia. Melao ea sehlopha seo sa bokhelohi e ne e thibela ho buisana le basali, ho hlapa, kapa ho apara liaparo tse ling. Ho ichapa phatlalatsa ho ne ho etsoa habeli ka letsatsi.
Buka e bitsoang Medieval Heresy, e re: “Ho ichapa e ne e le e ’ngoe ea litsela tse seng kae tse bulehetseng baahi ba aparetsoeng ke tšabo.” Baichapi ba ne ba boetse ba tumme ka ho nyatsa sehlopha se phahameng se busang kereke le ka ho khella fatše tloaelo ea kereke e ruisang ea ho fana ka tšoarelo ea libe. Kahoo, hase ho makatsang hore ebe ka 1349 mopapa o ile a nyatsa sehlopha seo sa bokhelohi. Leha ho le joalo, qetellong mokhatlo oo ile oa putlama ka booona ka mor’a hore Lefu la Seoa la Europe le Asia le fele.
[Setšoantšo]
Baichapi ba ile ba leka ho bōpa khotso le Molimo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Bibliothèque Royale de Belgique, Bruxelles
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Seoa Marseilles, Fora
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Cliché Bibliothèque Nationale de France, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Alexandre Yersin o ile a fumana kokoana-hloko e bakang seoa seo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Culver Pictures