Metsi le Bophelo ba Hao bo Botle ’meleng
MAKASINE ea Health e bontša hore, “U ke ke ua emela mohla u nyoriloeng e le hore u tsebe hore na ’mele oa hao o hloka metsi a makae.” Leha ho le joalo, ho noa metsi a mangata hoa hlokahala bakeng sa bophelo ba rōna bo botle ’meleng le maikutlong haesita le ponahalong ea rōna. ’Mele ea rōna e lula e lahleheloa ke metsi nakong ea ha re fufuleloa, re ntša likhapha le ha re ntša metsi le ha re phefumoloha. Metsi ana a lahlehileng a tlameha ho nkeloa sebaka ke a mang. Ho hlokahala a makae? Ba bangata ba boholong ba buella hore ho nooe bonyane likhalase tse robeli tsa metsi—lilithara tse peli—letsatsi le leng le le leng.
Hobane’ng? Metsi ke a bohlokoa bakeng sa ho fepela ’mele ea rōna ka limatlafatsi le ho tlosa likarolo tse sa sebetseng ho eona. A hlokahala bakeng sa ho laola mocheso oa rōna le ho nyaea manonyeletso a rōna. Health e re: “Esita leha ho haella qapinyana feela u ka ikutloa u khathetse . . . kapa u kula. Ho haelloa ke metsi ’meleng ke sesosa se seng sa mokhathala se atisang ho hlokomolohuoa.” Makasine eo e buella hore: “U se ke ua isoa le khongoana holimo ke metsi a teng kofing le teeng, lino-mapholing tse nang le caffeine le joaleng; ha e le hantle li tlatsetsa ho etseng hore motho a haelloe ke metsi ’meleng.” Caffeine le joala li etsa hore motho a ntše metsi hangata ’me li etsa hore ’mele o lahleheloe ke metsi.
Ho phaella moo, “letlalo la hao le hloka metsi e le hore le lule le le bonojoana le le boreleli.” E le ho thusa ho sena, lingobetsi le tsona li ka ’na tsa sebelisoa letlalong. Empa ha li eketse mongobo. Ho e-na le hoo, li fana ka tšireletso e thusang ho boloka mongobo o seng o ntse o le teng letlalong. Ho boloka mongobo ona ho hlokahala haholo ha lilemo li ntse li eketseha, kaha letlalo la rōna le lahleheloa ke matla a lona a ho boloka metsi ha re ntse re tsofala.
Ka masoabi, karolong e khōlō ea lefatše, ho hlokahala boiteko bo matla ba ho fumana metsi a lekaneng ’me a bile a hloekile. Empa seo se tšoaneloa ke boiteko. Noa metsi a mangata ka hohle-hohle, ’me u sebelise tsela ena e bonolo e etsang hore u shebahale hantle ’me u ikutloe u phetse hantle!