Tlokotsi ea ho Shoa ha Bacha
“Ke na le boikutlo ba hore moloko oa rōna oa fela.”—Johanna P., seithuti se secha se lilemo li 18 univesithing ea Connecticut, U.S.A.
MAPOLESA a ile a bona pono e tšosang polasing e ’ngoe e ka thōko ho Hobart, e leng motse-moholo oa Tasmania, naha e sehlekehlekeng ea Australia. Ka tlung ho ne ho e-na le banana ba bane ba lilemo li pakeng tsa 10 le 18. Kaofela ha bona ba ne ba shoele, ba bolailoe ke ntate oa bona, ea neng a tjapaletse haufi le bona a e-na le leqeba le mo bolaileng la ho thunngoa hloohong. O ne a ikapile letsoho le letona ka selepe. Ketso ena ea polao le ho ipolaea e ile ea nyarosa baahi bohle ba Tasmania. ’Me e ile ea siea potso e qakang likelellong tsa batho—Hobane’ng? Ke hobane’ng ha banana bao ba bane ba se nang molato ba shoele?
Belgium le teng lipelo tsa batho li sa le bohloko ka mor’a hore banana ba tšeletseng ba hlekahlekoe ka likamano tsa botona le botšehali ’me ba bane ba bona ba bolaoe ke senokoane se betang se neng se lokolotsoe teronkong ka lebaka la maemo a itseng. ’Me ha hlaha potso e tšoanang—Hobane’ng? Argentina, bo-’mè ba bang ba lumela hore batho ba 30 000, ba bangata ba bona e le bara le barali ba bona, ba nyametsoa ke hoo hona joale ho tsejoang e le ntoa e litšila.a Ba bang ba batho bana ba malimabe ba ile ba hlokofatsoa, ba thethefatsoa, ’me ba ntan’o fofisetsoa leoatleng le ho akheloa ka ho lona ba le sefofaneng. Ba bangata ba bona ba ile ba akheloa ba ntse ba phela. Ke hobane’ng ha ba ne ba lokela ho shoa? Bo-’mè ba bona ba ntse ba emetse karabo.
Ka 1955 Seboka sa Lefatše sa Bo-’mè se ile sa nyatsa ho hloka morero ha ntoa eo ’me sa phatlalatsa hore seboka se “etsa boipiletso bo matla ho feta leha e le bofe bo bong, boipiletso ba temoso e tsoang ho bo-’mè bohle ba loanelang ho sireletsa bana ba bona, ba baholo le ba banyenyane, liphellong tse mpe tse tlisoang ke ntoa le litokisetso tsa ntoa.” Ka ho fapaneng, palo ea bacha ba shoeleng lintoeng tse sehlōhō ho tloha nakong ea seboka seo e tsoela pele ho eketseha lefatšeng ka bophara—moloko oa batho o lahlehetsoe ke batho ba nang le litsebo le bokhoni.
Histori e Telele ea ho Shoa ha Bacha
Tlaleho ea histori e tletse ka mali a bacha. Esita le lekholong la rōna la bo20 la lilemo le bitsoang hore ke le tsoetseng pele, lintoa tsa merabe le tsa meloko li entse hore bacha e be bona ba ka sehloohong lipolaeanong. Ho bonahala eka bacha ba tlameha ho lefella ka bophelo ba bona liphoso le litakatso tsa baholo ba bona tsa ho batla bophahamo.
Koranta ea The New Republic e tlaleha hore naheng e ’ngoe ea Afrika, sehlopha sa bacha ba masole a bolumeli se ipitsang hore ke Lebotho la Morena la Khanyetso se ile sa rutoa hore se lumele hore likulo li ke ke tsa se etsa letho. Hase feela e neng e e-na le sehlooho se reng “Tšotleho ea Bacha”! Ka hona, malapa a bohlokong ka lebaka la ho shoeloa ke bara le barali—ba neng ba ke ke ba thibela likulo ho ba lematsa—ka nepo aa botsa: Ke hobane’ng ha bacha ba rōna ba shoele? Morero oa seo sohle e ne e le ofe?
Ho phaella mesarelong le masisa-pelong ana ’ohle ke lenane le ntseng le eketseha la bacha ba ipolaeang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ntoa ena e bitsoang ntoa e litšila e qalile nakong ea puso ea lekhotla la nakoana la sesole (1976-83) ha batho ba likete ba neng ba belaelloa ka hore ba batla ho ketola ’muso ba ne ba bolaoa. Likhakanyo tse ling li hakanya hore palo ea bahlaseluoa e pakeng tsa 10 000 le 15 000.