Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 2/8 maq. 4-6
  • Morero oa Molimo ke Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morero oa Molimo ke Ofe?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o na le Morero
  • Ho Finyeletsoe Morero o Molemo
  • ’Muso oa Molimo oa Lilemo Tse Sekete
  • Tšepa Hore Jehova o Tla Phethahatsa Morero oa Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Lumella ha Molimo Mahlomola ho Haufi le ho Fela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • ’Muso oa Molimo—Puso e Ncha ea Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Mahlomola ’Ohle a Tla Fela Haufinyane!
    Mahlomola ’Ohle a tla Fela Haufinyane!
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 2/8 maq. 4-6

Morero oa Molimo ke Ofe?

BATHO ba bangata ba belaellang boteng ba Molimo ea matla ’ohle, ea lerato, baa botsa: Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha a lumeletse hore ho be le mahlomola le bokhopo tse kaale ho pholletsa le histori? Ke hobane’ng ha a lumella boemo bo utloisang bohloko ba litaba boo re bo bonang bo re potolohile kajeno? Ke hobane’ng ha a sa nke khato ho felisa ntoa, bokebekoa, leeme, bofutsana le mesarelo e meng tse ntseng li eketseha ka tekanyo e tšosang linaheng tse ngata hakaale lefatšeng?

Ba bang ba bolela hore Molimo o bōpile bokahohle, a beha batho polaneteng ea Lefatše, ’me a ba tlohella hore ba iketsetse mesebetsi ea bona. Ho latela pono ena, Molimo a ke ke a behoa molato ka matšoenyeho le mahlomola ao batho ba itlisetsang ’ona ka lebaka la meharo ea bona kapa ho hlōleha ha bona ho tsamaisa lintho hantle.

Leha ho le joalo, ba bang ba hana khopolo e joalo. Ka mohlala, Conyers Herring, moprofesa oa fisiks ea reng o lumela ho Molimo, o re: “Ke hanana le khopolo ea hore khale koana Molimo o ne a thehe tsamaiso e khōlō ea lintho e khonang ho itaola eaba ka mor’a moo o emella ka thōko o shebella ha moloko oa batho o loantšana le litsietsi. Lebaka le leng le etsang hore ke hane sena ke hobane phihlelo ea ka ho tsa saense ha e mphe lebaka la hore ke lumele hore ho na le ‘tsamaiso’ e itseng e khonang ho itaola ea bokahohle e nepahetseng kahohle-hohle. Likhopolo tsa rōna tsa saense . . . li tla lula li hloka ho lokisoa ka ho eketsehileng, empa ke kholisehile hore li tla ipaka li sa phethahala kamehla. Ke nahana hore ho molemo ho lumela matleng a phelang a etsang hore lintlafatso tsena li khone ho etsoa.”

Molimo o na le Morero

Morero oa Molimo oa tšimolohong e ne e le hore polanete ea Lefatše e ahuoe ke batho ba lokileng, ba phethahetseng. Moprofeta Esaia o ile a ngola: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo, Eena Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka mokhoa o sa sisinyeheng, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le ahuoe.”—Esaia 45:18, NW.

Ho e-na le hore Molimo a tlatse lefatše ka ho bōpa motho e mong le e mong ka ho toba, o ile a rera ho tlatsa lefatše ka hore batho ba be le bana. Ha Adama le Eva ba fetohela Molimo, sena ha sea ka sa nyopisa morero oa hae oa tšimolohong, empa se ile sa etsa hore ho be le liphetoho tse itseng e le hore morero oa hae mabapi le batho le lefatše o ka phethahatsoa.

Ka lilemo tse qalang tse ka bang 6 000 nakong ena, Molimo o lumeletse moloko oa batho hore o ipuse ntle ho tataiso ea hae e tobileng. Ke sona seo ka boithatelo batsoali ba rōna ba pele ba ileng ba ikhethela sona. (Genese 3:17-19; Deuteronoma 32:4, 5) Ho lumella ho ipusa hona ntle ho tataiso ea Molimo, le puso e ileng ea latela ea batho ho e-na le ea Molimo, li ne li tla bontša ho hlōleha ha motho ho tsamaisa mehato ea hae le ho hlōleha ha hae ho busa batho ba bang ka katleho.

Ha e le hantle, Jehova o ne a tsebile esale pele ka liphello tsena. O ile a bululela bangoli ba Bibele hore ba ngole hoo. Ka mohlala, moprofeta Jeremia o ile a ngola: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23.

Monna ea bohlale, Solomone, o ile a bua ka liphello tse bohloko tse bang teng ha batho ba leka ho busa ba bang, joalokaha ho bile joalo ka makholo a lilemo. “Ke li bone kaofela tseo, ha ke ne ke ntse ke nahana mesebetsi eohle e etsoang tlas’a letsatsi, le kamoo batho ba [renang] holim’a ba bang kateng, ho ba etsa hampe.”—Moeklesia 8:9.

Leha ho le joalo, ho fapana le hore o ‘emeletse ka thōko o shebeletse ha moloko oa batho o loantšana le litsietsi,’ Molimo ea Matla ’Ohle o ’nile a ba le lebaka le letle la ho lumella lilemo tsena tse likete hore li fete a sa kenelle ka ho toba bophelong ba batho ba bangata.

Ho Finyeletsoe Morero o Molemo

Lilemo tse fetileng tse 6 000 tsa histori ea motho li ka ’na tsa bonahala e le nako e telele ha li bapisoa le karolelano ea lilemo tseo re li phelang tse ka tlaase ho 100. Empa ho latela kemiso ea Molimo ea nako le tsela eo a talimang ho feta ha nako ka eona, lilemo tsena tse likete li tšoana le matsatsi a tšeletseng—matsatsi a ka tlaase ho beke! Moapostola Petrose o ile a hlalosa: “’Nete ena e le ’ngoe a e se ke ea phonyoha tlhokomelo ea lōna, baratuoa, hore letsatsi le le leng ho Jehova le joaloka lilemo tse sekete le lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.”—2 Petrose 3:8.

Joale Petrose o tsoela pele ho hanyetsa qoso leha e le efe ea hore Molimo ha a tsotelle kapa oa lieha, ka ho phaella: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”—2 Petrose 3:9.

Ka hona, ha lilemo tse behiloeng li fela, ’Mōpi o tla felisa ho se tsamaisoe hantle ha polanete ena ea rōna e ntle. O tla be a fane ka nako e lekaneng hore motho a bontše ho hlōleha ha hae ho busa kapa ho felisa ntoa, pefo, bofutsana, ho kula le lintho tse ling tse bakang mahlomola. Ka phihlelo ea sebele, sena se tla netefatsa seo Molimo a neng a ile a se bolella batho tšimolohong—hore ba lokela ho latela tataiso ea Molimo e le hore ba atlehe.—Genese 2:15-17.

Ho latela phethahatso ea boprofeta ba Bibele, hona joale re phela lintšing tsa ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena ea lintho e se nang bomolimo. (2 Timothea 3:1-5, 13; Matheu 24:3-14) Ho mamella ha Molimo puso ea batho ka ntle ho eena, hammoho le bokhopo le mahlomola, ho se ho le haufi le ho fela. (Daniele 2:44) Haufinyane, matšoenyeho a maholo ka ho fetisisa ao lefatše lena le e-s’ong ho ka le e-ba le ’ona a tla re oela holimo, a fihle tlhōrōng ka Armagedone, ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ (Tšenolo 16:14, 16) Ntoa ena e laoloang ke Molimo ka ho toba e ke ke ea senya mosebetsi oa matsoho a Molimo, e leng lefatše, empa e tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

’Muso oa Molimo oa Lilemo Tse Sekete

Ho tla ba le baphonyohi ba limilione lefatšeng ha Armagedone e se e fetile. (Tšenolo 7:9-14) Boprofeta ba Liproverbia 2:21, 22 bo tla be bo phethahalitsoe: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”

Morero oa Molimo ke hore ka mor’a ntoa e lokileng ea Armagedone ho latele nako e khethehileng ea lilemo tse sekete. (Tšenolo 20:1-3) Ena e tla ba Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Mora oa Molimo, Kreste Jesu, e le Morena oa ’Muso oa leholimo oa Molimo. (Matheu 6:10) Nakong ea ’Muso ona o thabisang o tla busa lefatšeng, ba limilione tse se nang palo ba tla tsosoa borokong ba bona ba lefu e le hore ba kopane le baphonyohi ba Armagedone ba limilione. (Liketso 24:15) Ba tla khutlisetsoa phethehong kaofela, joale—bofelong ba Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste—qetellong lefatše le tla be le tletse ka banna le basali ba phethahetseng, litloholo tsohle tsa Adama le Eva. Morero oa Molimo o tla be o phethiloe ka mokhoa o khanyang le o atlehileng.

E, morero oa Molimo ke ho “‘hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’ Eaba Ea lutseng teroneng o re: ‘Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’” (Tšenolo 21:4, 5) Ntle ho tikatiko, morero oo o tla phethahatsoa bokamosong bo seng bo le haufi.—Esaia 14:24, 27.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Lefatšeng le lecha la Molimo, batho ba tla phela ka ho sa feleng ka thabo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela