Meriana ea Llk’hemik’hale e Bolaeang Likokoanyana ha e Bolaee Tsona Feela
KA MONGOLLI OA TSOHA! B R A Z I L
HA A ntse a shebile lijalo tsa hae tsa cassava polasing ea hae e ka boroa ho Brazil, Domingos dos Santos eo e leng sehoai o re: “Li atlehile.” O na le lebaka la hore ebe o khotsofetse. Makhasi a limela tseo tsa hae a shebahala joalokaha eka ha ho kokoanyana e kileng ea a hlasela. Na ke katleho e ’ngoe ea tšebeliso ea meriana e bolaeang likokoanyana? Che. Domingos o re: “Selemong se fetileng le selemong sena, ha hoa hlokahala hore ke reke moriana leha e le ofe o bolaeang likokoanyana.”
Domingos ke oa sehlopha se ntseng se hōla sa lihoai tse leng leqe ho sebelisa meriana e bolaeang likokoanyana ho sireletsa lijalo tsa tsona.a Ho e-na le hoo, li sebelisa mekhoa e sa amaneng le ho sebelisa lik’hemik’hale, kapa bonyane e fokotsang tšebeliso ea tsona. Ke ile ka botsa Sandro Muller, eo e leng setsebi sa temo ea lijalo ea ’nileng a etsa liteko masimong a litholoana tsa mofuta oa lamunu haufi le Sao Paulo: “Ke mekhoa efe? Tabeng ea pele, ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lihoai hore li fokotse tšebeliso ea ho futhela ka meriana e bolaeang likokoanyana?”
Potoloho ea Meriana e Bolaeang Likokoanyana
E le ho nthusa hore ke bone ka leihlo la kelello tšenyo e bakoang ke ho sebelisa meriana ea lik’hemik’hale e bolaeang likokoanyana, Sandro o re: “Nahana ka sehlopha sa mapolesa a lelekisang lequloana la masholu a utsoang libankeng. E le hore a balehe, masholu ana a ikakhela mohahong oa ofisi o phetheselang. Ha masholu ana a se a itsoakantse le letšoele, mapolesa a bitsa helikopthara e akhelang bomo ea khase mohahong oo oa ofisi.
Bomo ena ha e bolaee masholu feela empa hape le basebetsi ba ofisi ba se nang molato le balebeli ba mohahong oo. Ho etsahala ntho e kang ena ha khafetsa, sehoai se ntse se futhela lijalo tsa sona ka meriana e bolaeang likokoanyana. E bolaea likokoanyana tse kotsi, e leng masholu, empa hape e bolaea le tse molemo, e leng balebeli.”
Ka arabela ka ho re, “Empa bonyane lijalo li sirelelitsoe.” Leha ho le joalo, Sandro o bolela hore ho sebelisoa ha meriana e bolaeang ho sa khethoe, ho qala potoloho e kotsi. Joang? Likokoanyana tse ling li phonyoha mofuthelo oo kahobane li khona ho itšireletsa merianeng e itseng e bolaeang likokoanyana. Ka mor’a moo li iphumana li le ka har’a lijalo, ho se na ‘balebeli’ ho hang, kapa likokoanyana tse thusang—ka lebaka la mofuthelo oa sehoai.
Ha lijo tsa likokoanyana tse kotsi li le ngata ’me ho se na lira tsa tsona tsa tlhaho, hoo ho etsa hore likokoanyana tse khonang ho itšireletsa merianeng ea likokoanyana li eketsehe ka potlako, e leng ho qobellang sehoai hore se boele se futhele, mohlomong joale se sebelisa mofuta o bileng o le matla le ho feta oa moriana o bolaeang likokoanyana. Libakeng tse ling tseo ho tsona ho lengoang linaoa Amerika Boroa, lihoai li futhela beke e ’ngoe le e ’ngoe. Liphello tsa potoloho ee e ba life? Sehoai se seng se ile sa re: “Ha u jala meriana e bolaeang likokoanyana, u kotula chefo.”
Tšebeliso ea Meriana e Bolaeang Likokoanyana—Na ho Baka Tlokotsi Hanyenyane?
Phuputso e ’ngoe e bontša hore motho ea tšellang likokoanyana chefo o boetse o itšella chefo. Makasine ea Guia Rural e tlalehile hore Brazil feela, meriana e bolaeang likokoanyana e kenya chefo ho batho ba ka bang 700 000 selemo le selemo—hoo ke karolelano ea motho a le mong ka metsotsoana e meng le e meng e 45! ’Me Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o tlaleha hore lefatšeng ka bophara batho ba 220 000 ba shoa selemo le selemo ka lebaka la ho pepesetsoa merianeng e bolaeang likokoanyana e chefo. Ho phaella moo, meriana e bolaeang likokoanyana e baka tšenyo e khōlō tikolohong ea rōna.
Le hoja kajeno batho ba bang ba nahana hore ho bula botlolo e tšetseng moriana o bolaeang likokoanyana ho batla ho tšoana le ho ipakela likhathatso tse ngata, hangata ba bang ba talima ho sebelisa meriana e bolaeang likokoanyana ho batla ho se na kotsi ho feta ho se e sebelise. Batho ba beha mabaka ka hore: Taba ke hore re sebelisa meriana e bolaeang ’me re ba le lijo kapa ha re sebelise meriana e bolaeang ’me rea lapa. Etsoe palo ea batho lefatšeng e ntse e eketseha ha naha e loketseng temo e ntse e fokotseha. E le hore ho ka thibeloa tlala lefatšeng ka bophara, lijalo li lokela ho sireletsoa likokoanyaneng tse kotsi tse ka li felisang.
Ka ho hlakileng, likokoanyana li hlahisa bothata bo boholo. Leha ho le joalo, ka lehlohonolo palo e ntseng e eketseha ea lihoai lefatšeng ka bophara e ntse e ithuta hore ho na le mokhoa o molemo ho feta ho futhela lijalo ka meriana e bolaeang likokoanyana e mengata. O bitsoa mekhoa e kopantsoeng ea ho laola likokoanyana (intergrated pest management), kapa IPM.
IPM—Mokhoa o Mong o ka Sebelisoang
Ke ile ka botsa Moprofesa Evôneo Berti Filho, eo e leng hlooho ea Lefapha la Thuto ea Likokoanyana Univesithing ea São Paulo, Piracicaba le mofuputsi ea hlahelletseng tabeng ea ho laola likokoanyana: “IPM ke’ng?” Moprofesa Berti o ile a hlalosa hore sepheo sa IPM ke ho fokotsa tšebeliso ea meriana e bolaeang likokoanyana ho isa moo ho hlokahalang, le ho sebelisa feela meriana e bolaeang likokoanyana tse itseng tse kotsi. Ha ho fokotsoa mofuthelo, joale ho eketsoa mekhoa ea tlhaho ea ho laola likokoanyana.
Mokhoa o mong o joalo oa ho laola likokoanyana ke ho lema lijalo ka phapanyetsano. Ka mohlala, ka selemo se seng sehoai se ka ’na sa lema lijalo tsa lijo-thollo ho e-na le linaoa. Likokoanyana tse ratang lijo-thollo empa li sa rate linaoa li ka ’na tsa shoa ke tlala kapa tsa tsamaea ho ea batla libakeng tseo ho nang le lijo-thollo tse ngata. Joale, lekhetlong le latelang ha ho lengoa lijo-thollo, mohlomong likokoanyana tse ngata li tla be li tsamaile—bonyane ka nakoana. Nakong eo likokoanyana tse ratang lijo-thollo li khutlang, mohlomong lijalo tse ling tse fapaneng li ka ’na tsa li qobella hore li hle li tsamaee kapele-pele hape.
Ho sebelisa lintho tse ling tse phelang ke karolo e ’ngoe ea IPM. Sena se akarelletsa hore lihoai li ikopanye e le basebetsi-’moho le likokoanyana, libaktheria, livaerase, li-fungus le lira tse ling tsa tlhaho tsa likokoanyana. Ka mohlala, bafuputsi ba Brazil ba ile ba hlokomela hore ka tlhaho lithithiboea tse ngata li ne li e-shoa ka mor’a hore li kopane le vaerase e bitsoang baculovirus. Ba ile ba nahana hore kaha vaerase eo ha e kotsi ho batho, ba ka futhela lijalo ka mokelikeli o nang le vaerase ena ’me e ne e tla sebetsa e le ntho e phelang e bolaeang lithithiboea tse jang lijalo tsa linaoa le tsa cassava. E ile ea sebetsa. Lithithiboea li ile tsa shoa matsatsi a seng makae ka mor’a hore li je lijalo tseo tse futhetsoeng. Joalokaha eka li se fa bonase, lithithiboea tse shoeleng li boetse li neha sehoai sebetsa sa mahala bakeng sa ntoa nakong e tlang. Joang?
Moprofesa Berti o ile a hlalosa: “Habonolo feela, sehoai se tšela lithithiboea tseo tse shoeleng, tse tšoaelitsoeng ka mochining o silang, sea li sila, ebe se sefa karolo eo e sitsoeng, ’me se boloke mokelikeli o setseng karolong e leqhoa ea sehatsetsi.” Joale ebe sehoai se qhibilihisa mokelikeli oo o tšoaelitsoeng ke vaerase, se o tsoaka le metsi, ’me se futhela lijalo tsa sona ka motsoako oo.
Moriana ona o bolaeang likokoanyana ka lintho tsa tlhaho o ka ’na oa se ke oa potlaka joaloka e meng ea lik’hemik’hale, empa leha ho le joalo, mofuputsi e mong o re bonyane o na le katleho ea karolo ea 90 lekholong.
Ho Hlôla Likokoanyana—Ka Tsela ea Tlhaho
Ho sebelisa likokoanyana tse molemo joaloka basebetsi-’moho ho loantša likokoanyana tse kotsi ke karolo e ’ngoe ea bohlokoa ea ho laola likokoanyana ka lintho tsa tlhaho. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boiteko ba ho kholisa lihoai hore li sebelise mokhoa ona oa ho laola likokoanyana, lihoai tse ngata Brazil le libakeng tse ling li sa ntse li le leqe ho etsa joalo. Hobane’ng? Ho bonahala eka khopolo ea ho lokolla likokoanyana hore li kene polasing e le e sa utloahaleng ho lihoai feela joalokaha ho lokolla maphele hore a kene lifoleteng ho ne ho ke ke ha utloahala ho batho ba lulang metseng e meholo. Moprofesa Berti o ile a mpolella hore “ho lihoai tse ngata, likokoanyana tsohle li ja limela. Ho hang sehoai ha se batle ho bona tse eketsehileng.”
Ka ho hlakileng, ho laola likokoanyana ka lintho tsa tlhaho e tla ba ntho e ratoang hafeela lihoai li se li utloisisa hore likokoanyana tse itseng ke basebetsi-’moho le tsona. Ka mohlala, balemi ba litholoana ba California, U.S.A., ba ile ba sebelisa thuso ea bo-maleshoane ho ea bofelong ba lilemo tsa bo-1800. Nakong eo, likokoanyana tse kotsi tse neng li latiloe Australia ho sa reroa, li ne li hlasetse ’me li qetile hoo e ka bang lifate tsohle tsa surilamunu le lilamunu. Ho ile ha nka bo-maleshoane bao nako e ka tlaase ho lilemo tse peli hore ba laole likokoanyana tse hlasetseng, ’me ba pholosa meru ea California ea mofuta oa lamunu!
Taolo e Tlisang Phapang
Kajeno lihoai tse ling Brazil li sibolla bocha karolo e phethoang ke joaninha (Joanna e nyenyane, e leng lebitso la maleshoane mona) e le ea ‘molebeli’ ea ka tšeptjoang. “Bo-joaninha ba loantša hoaba lifateng tsena tsa mofuta oa lamunu,” Sandro o ile a mpolella joalo ha re ntse re tsamaea re ikhohlile ka mela ea lifate tsa lamunu masimong a lifate tsa mofuta oa lamunu a hlokometsoeng ke eena. O ile a ema sefateng se seng sa lamunu, a nanabela lekala le nang le makhasi a manyenyane, a le kobela fatše. Boroku, kapa hoaba—likokoanyana tse noabolohang tse lekanang le hloohoana ea tholopini—li ne li ituletse li sa sisinyehe, melomo e tsetsepetse makhasing, li monya lero.
Leha ho le joalo, hoaba ena ke lijo tsa ‘molebeli’ eane. Ha e le hantle, har’a mefuta e meng ea bo-maleshoane, maleshoane a le mong a ka ja lihoaba tse 800 bophelong bohle ba eona. Na hoo ho lekane hore ho be le phapang? Sandro o ile a re: “Ehlile ho joalo, haeba u tlohela joang bo lekaneng le mahola pakeng tsa lifate tsa lamunu ho etsa hore ho be le lehae la bo-maleshoane ba bangata le lira tse ling tsa tlhaho.” Sandro o ile a hlokomelisa hore nakong e fetileng, ha ho ne ho sa sebelisoe mokhoa oa ho laola likokoanyana ka lintho tsa tlhaho, meriana e bolaeang likokoanyana e ne e futheloa libeke tse ling le tse ling tse peli. Kajeno, ka lebaka la lira tsa tlhaho tse kang bo-maleshoane le likokoanyana tse ling, tlhokahalo ea hore ho futheloe ka meriana e bolaeang likokoanyana e fokotsehile hoo ho futheloang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse peli kapa tse tharo.
Maleshoane ke e mong oa basebetsi-’moho ba bangata bao lihoai li ba tšepang. Linotši, bobi, linonyana, likho, lihohoana, linqaqana, ha re bolela tse seng kae feela, kaofela ha tsona ke litho tsa lebotho le laolang likokoanyana ka linako tsohle. Esita le litlhapi li ka sebelisoa ho e-na le kotikoti ea mofuthelo. Joang?
Xiao Fan, eo e leng mofuputsi oa Lefapha la Temo le Meru sebakeng sa Nanking, Profensing ea Kiangsu, Chaena, o tlaleha hore tlhokahalo ea hore ho sebelisoe meriana e bolaeang likokoanyana e ile ea fokotseha ha ho qala ho ruuoa litlhapi masimong a reisi a tletseng metsi. Lihoai li hulanya ropo holim’a limela e le hore likokoanyana li ka oela ka metsing. Fan oa hlalosa: “Kaha hoaba e iketsa eka e shoele ha e oela e tloha lijalong tsa reisi, e itjelloa habonolo ke litlhapi.”
Tšebeliso e fokolang ea meriana e bolaeang likokoanyana e boetse e etsa hore likokoanyana tse nang le thuso li phele. Likokoanyana tseo li ikopanya le litlhapi tsena tse jang likokoanyana hore li loantše likokoanyana tse ling tse senyang. Fan o re ka lebaka la ho laola likokoanyana ka lintho tsa tlhaho, ho sebelisoa ha meriana e mengata e bolaeang likokoanyana e se e le ntho ea nako e fetileng. O phaella ka hore bophelo bo botle le melemo e bang teng tikolohong li totobetse.
Ke ’nete hore lihoai li sebelisa mokhoa oa IPM ka lebaka la ho boloka chelete ho feta ho hlokomela tikoloho. Etsoe ho fokotsa tšebeliso ea meriana e theko e boima e bolaeang likokoanyana ho boloka chelete, ’me hoo ho bolela phaello e khōlō—e leng tšusumetso e lulang e le teng kamehla le e ipiletsang lefatšeng lohle. Leha ho le joalo, haeba phaello e khōlō licheleteng le eona e etsa hore ho be le lijalo tse se nang chefo e ngata le hore ho se be le tšenyo e khōlō tikolohong, joale IPM e tlisa melemo ho lihoai le bareki hammoho le tikolohong. Joalokaha mohlokomeli e mong a boletse, “e mong le e mong ke mohlōli” ka IPM.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mefuta ea meriana e chefo e bolaeang e sebelisoang haholo ke (1) ebolaeang likokoanyana, (2) ebolaeang mahola, (3) ebolaeang li-fungus, le (4) e bolaeang. O mong le o mong o rehelloa ka ntho eo o e bolaeang.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Lefa la Meriana e Bolaeang Likokoanyana
Esita le haeba mekhoa e kopantsoeng ea ho laola likokoanyana e ne e ka sebelisoa ke lihoai kaofela lefatšeng ka bophara ho tloha kajeno, bothata ba meriana e bolaeang likokoanyana bo ne bo tla be bo sa le hōle le ho fela. United Nations Food and Agricultural Organization (FAO) e hakanyetsa hore ho na le lithane tse fetang 100 000 tsa mesaletsa ea meriana e bolaeang likokoanyana e bolokiloeng linaheng tse tsoelang pele moruong. Our Planet, makasine e hatisoang ke Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng e bolela hore “karolo e khōlō ea thepa e phaellaneng ke mesaletsa ea meriana e bolaeang likokoanyana e fumanoeng ka litumellano tsa hore ho fanoa ka lithuso.” Thepa ena e phaellaneng e akarelletsa karolo e khōlō ea DDT le meriana e meng e bolaeang likokoanyana eo hona joale e talingoang e le lithōle tse kotsi. Our Planet e bolela hore haeba lefa lena la meriana e bolaeang likokoanyana le sa tlosoe, “ho ka lebelloa tlokotsi.”
Leha le joalo, ho tlosa litšila ke mosebetsi o jang chelete e ngata. Ho tlosa lefa lena la meriana e bolaeang likokoanyana, Afrika feela ho ka ’na ha ja ho ea fihla liranteng tse limilione tse 574. Ke mang ea tla lefella molato oo? FA0 e ipiletsa ho linaha tse fanang ka meriana eo e le thuso hore li o lefe. Leha ho le joalo, joalokaha FAO e bontša, “ho lokela hore ho batloe thuso le lik’hamphaning tse hlahisang meriana e joalo, tseo hangata li ileng tsa phetha karolo e itseng ho faneng ka meriana e bolaeang likokoanyana e mengata haholo kapa e sa hlokahaleng.” Leha ho le joalo, ho fihlela joale, lik’hamphani tsena li ’nile tsa e-ba “leqe hore li fane ka monehelo oa chelete mabapi le ho tlosa thepa ea khale e phaellaneng.”
[Lebokose le leqepheng la 28]
Limela Tse Fetotsoeng Ke Hobane’ng ha ho Phehisanoa Khang ka Tsona?
Saense e shebaneng le ho fetola lintho sebōpeho le eona ke sebetsa se seng sa ho loantša likokoanyana. Kaha tsebo ea motho e ntse e eketseha mabapi le kamoo likahare tsa molek’hule ea DNA li sebetsang kateng, bafuputsi ba khonne ho kopanya likaroloana tsa DNA tsa mefuta e sa tšoaneng ebe ba hlahisa limela tse seng li ntse li e-na le mekhoa ea ho itšireletsa likokoanyaneng.
Mohlala o mong oa tsona ke lijo-thollo. Litsebi tsa ho fetola liphatsa tsa lefutso li ile tsa fetisetsa karolo ea liphatsa tsa lefutso ho DNA ea lijo-thollo e tsoa mohloling o mong. Ka lehlakoreng le leng, karolo ena e kentsoeng ea liphatsa tsa lefutso e ile ea hlahisa protheine e neng e bolaea likokoanyana. Phello e bile hore ho hlahisoe semela sa lijo-thollo se fetotsoeng karolo ea sona ea liphatsa tsa lefutso se khonang ho ikemela khahlanong le lira tsa sona tsa likokoanyana.
Leha ho le joalo, limela tse fetotsoeng li etsa hore ho tsohe likhang. Bahanyetsi ba pheha khang ea hore li ka ’na tsa kulisa batho kapa hore lijalo tse fetotsoeng li ka ’na tsa fetoha lehola le atlehileng. Litsebi tse ling tsa saense li lemosa hore limela tse kentsoeng liphatsa tsa lefutso tse bolaeang likokoanyana li tla potlakisa mokhoa oa likokoanyana oa ho itšireletsa merianeng. Berti, setsebi sa thuto ea likokoanyana, oa lemosa: “Re lokela ho lekanyetsa cheseho ea rōna mabapi le ho fetoloa ha liphatsa tsa lefutso. Na u sa hopola hore na batho ba ne ba nkehile hakaakang lilemong tsa bo-1950 ha ho ne ho thoholetsoa meriana e bolaeang likokoanyana ho thoe ke mohlolo? Kajeno rea tseba hore seo hase ’nete. Meriana e bolaeang likokoanyana ea mohlolo e hlahisitse likokoanyana tsa mohlolo. Ke mang ea tsebang hore na mohlolo oa kajeno oa limela tse fetotsoeng liphatsa tsa lefutso o tla baka bothata bofe?”
Esita le haeba mathata ’ohle a lintho tsa tlhaho a ka rarolloa, batho ba bang ba amehile ka tekanyetso ea boitšoaro mabapi le ho kena-kenana ha litsebi tsa saense le kaheho ea liphatsa tsa lefutso. Ba bang ba na le boikutlo ba hore saense e shebaneng le ho fetola sebōpeho sa lintho e ka ’na ea rarolla mathata a khale a meriana e bolaeang likokoanyana empa joale ea re siela mathata a macha mabapi le litekanyetso tsa boitšoaro.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Maleshoane e ka ja likokoanyana tse makholo