Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 10/8 maq. 4-8
  • Ho se Tšoane ha Lintho ke Habohlokoa Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho se Tšoane ha Lintho ke Habohlokoa Bophelong
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntlafatso ea Temo
  • Ntlafatso ea Liphatsa Tsa Lefutso
  • Libaka Tsa Polokelo ea Peō—Na ke Tiiso ea Hore Limela ha li na ho Fela?
  • Mathata Sebakeng sa Polokelo
  • Na Motho o Itšenyetsa Mehloli ea Lijo?
    Tsoha!—2001
  • Lefatše le Tla Feptjoa ke Mang?
    Tsoha!—2001
  • Kamoo Temo ea Kajeno e Fetotseng Lefatše Kateng
    Tsoha!—2009
  • Meriana ea Llk’hemik’hale e Bolaeang Likokoanyana ha e Bolaee Tsona Feela
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 10/8 maq. 4-8

Ho se Tšoane ha Lintho ke Habohlokoa Bophelong

KA BO-1840, palo ea baahi ba Ireland e ile ea feta limilione tse robeli, e leng ho ileng ha e etsa naha e nang le sepenya sa baahi ho feta tsohle Europe. Litapole e ne e le lijo tsa teng tsa letsatsi le letsatsi, ’me mofuta o le mong oa tsona o bitsoang lumper e ne e le oona o lengoang ka ho fetisisa.

Ka 1845, lihoai li ile tsa lema li-lumper tsa tsona joaloka kamehla, empa lebabo la hlasela ’me la batla le bolaea limela tsohle. Paul Raeburn, bukeng ea hae e bitsoang The Last Harvest—The Genetic Gamble That Threatens to Destroy American Agriculture, o ile a ngola: “Boholo ba batho ba Ireland bo ile ba pholoha selemo seo sa masetla-pelo. Tšenyo e tšabehang e ile ea e-ba teng selemong se latelang. Lihoai li ne li se na boikhethelo haese ho lema mofuta oona oo oa litapole hape. Li ne li se na mefuta e meng. Lebabo le ile la hlasela hape, ’me lekhetlong lena la etsa ha e phetoe! Ho ile ha e-ba le mahlomola a sa hlaloseheng.” Bo-rahistori ba hakanya hore batho ba milione ba ile ba bolaoa ke tlala ea boja-likata, ha ba milione le halofo ba ile ba falla, ’me boholo ba bona ba fallela United States. Ba setseng ba ile ba sotloa habohloko ke bofuma.

Lithabeng tsa Andes, Amerika Boroa, lihoai li ne li lemme mefuta-futa ea litapole, ’me ke tse fokolang feela tse ileng tsa angoa ke lebabo. Ka lebaka leo, ha hoa ka ha e-ba le seoa. Ka ho hlakileng, ho se tšoane ha mefuta e itseng, le ho fapana ha mefuta ka boeona ke tšireletso. Ho lema mofuta o le mong oa semela ho khahlanong le mokhoa oa tlhaho oa ho pholoha ha limela ’me ho li siea li pepesehetse maloetse le mafu a seoa, e leng tse ka timetsang temo ea sebaka sohle. Ke ka lebaka leo lihoai tse ngata li tšepetseng haholo ho sebeliseng chefo e bolaeang likokoanyana nako le nako, meriana e bolaeang lehola, meriana e bolaeang lintho tse kang boroku, le hoja lik’hemik’hale tse joalo hangata li le kotsi tikolohong.

Joale ke hobane’ng ha lihoai li lema mofuta o le mong oa sejalo ho e-na le ho lema e mengata? Hangata hoo ho bakoa ke khatello ea moruo. Ho lema lijalo tsa mofuta o le mong ho ka etsa hore kotulo e be bonolo, lihlahisoa li be ntle, tšenyo e thibeloe le kotulo e be khōlō. Mekhoa ena e ile ea qala ho sebelisoa haholo lilemong tsa bo-1960 ha ho ne ho kena mehla e ileng ea bitsoa ea ntlafatso ea temo.

Ntlafatso ea Temo

Ka lebaka la matšolo a maholo a mebuso le mekhatlo ea khoebo, lihoai tse neng li le linaheng tse ka oeloang ke tlala ea sekoboto li ile tsa susumelletsoa hore li leme mofuta o le mong ho e-na le ho lema e mengata ea lijo-thollo tse behang haholo, haholo-holo raese le koro. Lijo-thollo tsena tsa “mohlolo” li ile tsa thoholetsoa e le eona tharollo bakeng sa tlala e aparetseng lefatše. Empa li ne li fumaneha ka theko e phahameng—peō ea tsona e ne e bitsa chelete e imenneng hararo ha e bapisoa le theko ea peō e tloaelehileng. Ho beha le hona ho ne ho itšetlehile haholo ka lik’hemik’hale, ho kopanyelletsa le manyolo, re se re sa re letho ka thepa e theko e boima joaloka literekere. Leha ho le joalo, ’muso o ile oa fana ka thuso ea chelete hore ntlafatso ea temo e ate. Raeburn o re: “Le hoja e pholositse ba bangata ho bolaoeng ke tlala, hona joale e sokela tšireletso ea lijo lefatšeng.”

Ha e le hantle, e ka ’na eaba ntlafatso ea temo e hlahisitse melemo e fokolang ha ho bapisoa le likotsi tsa nako e telele tseo e li bakileng. Ho lema lijalo tse tšoanang ho ile ha tlala ka potlako lik’honthinenteng tsohle—ha ka lehlakoreng le leng ho sebelisa manyolo haholo ho ne ho etsa hore lehola le hōle, ’me chefo e bolaeang likokoanyana eona e ne e bolaea tse phethang mosebetsi oa bohlokoa hammoho le tse senyang. Libakeng tse mongobo tseo ho lengoang raese ho tsona, chefo e ile ea bolaea litlhapi, li-shrimp, makhala, lihohoana le litlama tse jeoang le limela tsa naha—tseo boholo ba tsona e leng lijelello tsa bohlokoa. Ho sebelisa lik’hemik’hale tsena ho boetse ha etsa hore ka linako tse ling lihoai li jesane chefo.

Dr. Mae-Wan Ho, eo e leng tichere Lefapheng la Baeloji la Open University e United Kingdom, o ile a ngola: “Hona joale ho ke ke ha hanyetsoa hore ho lema mofuta o le mong oa sejalo, ho ileng ha sebelisoa nakong ea ‘Ntlafatso ea Temo’ ho amme hampe mefuta-futa ea lijalo le tšireletso ea lijo lefatšeng lohle.” Ho latela Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng, karolo ea 75 lekholong ea mefuta-futa e neng e le teng lijalong tsa lekholong le fetileng la lilemo hona joale e felile ka lebaka la mekhoa ea indasteri e sebelisoang temong.

Tokomane e hatisitsoeng ke Worldwatch Institute e lemosa ka hore “likotsi tse bang teng linthong tse phelang le tikolohong ea tsona ha re sebelisa mokhoa ona oa ho etsa hore lijalo li tšoane e ba tse khōlō haholo.” Likotsi tsee li laoloa joang? Ho hlokahala bo-rasaense ba temo le lik’hemik’hale tse matla hammoho le ho tšehetsa lihoai ka chelete. Empa ha ho tiiso. Ho lema lijo tsa mofuta o le mong ke hona ho ileng ha lebisa seoeng sa lebabo se ileng sa senya koro United States le ho senyeheloa ke raese e ka etsang lihekthere tse 202 350 Indonesia. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena ho qalile mofuta o mocha oa ntlafatso ea temo, e leng o akarelletsang ho laola bophelo motheong oa bona—e leng ho tsoakoa ha limela hore li hlahise mefuta e meng.

Ntlafatso ea Liphatsa Tsa Lefutso

Thuto ea ho tsoaka limela e hlahisitse indasteri e ncha e nang le phaello e ntle e bitsoang theknoloji ea baeloji. Joalokaha lebitso le se le ntse le hlalosa, e kopanya baeloji le theknoloji ea morao-rao ka mekhoa e kang ea ho tsoaka limela hore li hlahise mefuta e meng. Tse ling tsa lik’hamphani tse ncha tsa theknoloji ena ea baeloji li sebetsana feela le temo ’me li sebetsa ka cheseho ho hlahisa peō e tla beha haholo, e hanelang maloetse, e mamellang komello le serame le e sa hlokeng tšebeliso e ngata ea lik’hemik’hale tse kotsi. Haeba lipakane tse joalo li ne li ka finyelloa, e ne e tla ba tse molemo haholo. Empa ba bang ba hlahisitse lipelaelo ka ho tsoakoa ha limela.

Buka ea Genetic Engineering, Food and Our Environment e re: “Ka tlhaho, ho tsoaka mefuta e itseng ea limela ho tlas’a meeli e itseng. Mofuta o itseng oa rosa o ka nyalanngoa le o mong o fapaneng, empa le ka mohla rosa e ke ke ea nyalanngoa le tapole. . . . Ka lehlakoreng le leng, ho tsoaka limela bakeng sa ho hlahisa mefuta e mecha hangata ho kopanyelletsa ho nka metsoako mofuteng o itseng le ho e kenya ho o mong ka morero oa hore li be le litšobotsi tse itseng. Ka mohlala, sena se ka bolela ho khetha motsoako o hlahisang k’hemik’hale e nang le metsoako ea ho thibela metsi ho hoama e fumanoang tlhaping ea moo ho batang po! (e kang flounder), le ho e kenya tapoleng kapa monokotšoaing ho etsa hore li khone ho mamella serame. Hona joale ho se ho khoneha hore ho tsoakoe mefuta ea limela ka ho sebelisa liphatsa tsa lefutso tse fumanoeng libaktherieng, livaeraseng, likokoanyaneng, liphoofolong esita le bathong.”a Joale, ha e le hantle theknoloji ea baeloji e lumella batho hore ba bule mekoallo ea liphatsa tsa lefutso e arolang mefuta ea lintho tse phelang.

Joaloka ntlafatso ea temo, seo ba bang ba se bitsang ntlafatso ea liphatsa tsa lefutso se tlatsetsa bothateng ba ho ba le mofuta o le mong oa lintho—ba bang ba re e mpefatsoa le ho feta ke hore litsebi tsa liphatsa tsa lefutso li ka khona ho sebelisa mekhoa e kang ho tsoalisa ntho ntle le hore e kopane le peō ea e ’ngoe le ho hōlisa sele ka ntle ho ’mele, mekhoa e hlahisang ntho e tšoanang hantle le e e tsoetseng. Ka hona, ngongoreho ka tšenyo e bakoang ke theknoloji ea baeloji e sa le teng. Leha ho le joalo, limela tseo ho tsoakiloeng mefuta ea tsona li baka phehisano litabeng tse kang tsa hore na liphello e tla ba life ho rōna le tikolohong ka boeona. Jeremy Rifkin, eo e leng sengoli sa saense, o itse: “Ka bofofu bohle, re ea re lebile mehleng e mecha ea temo ea theknoloji ea baeloji re e-na le tšepo e khōlō, litšitiso tse fokolang ’me re sa tsebe liphello tse ka ’nang tsa hlaha.”b

Ka lehlakoreng le leng, matla a ho laola bophelo ho tloha liphatseng tsa lefutso ke mohloli oa bohlokoa ’me ka lebaka leo, ho na le tlhōlisano ea ho hlahisa peō e ncha le lintho tse ling tse fetotsoeng. Ho sa le joalo, khang ea hore limela lia timela e ntse e tsoela pele. Joalokaha ho boletsoe pejana, e le ho qoba koluoa, mebuso e meng le mekhatlo e meng e ikemetseng e ’nile ea theha libaka tsa polokelo ea peō. Na libaka tsee li tla khona ho fa meloko e tlang ea batho peō ka mefuta bakeng sa ho e lema le ho kotula?

Libaka Tsa Polokelo ea Peō—Na ke Tiiso ea Hore Limela ha li na ho Fela?

The Royal Botanic Gardens e Kew, Engelane, e kene mosebetsing oa se thoholetsoang e le “morero oa machaba o moholo ka ho fetisisa o kileng oa sebelisoa”—Morero oa Selemo sa Likete Tse Peli oa Sebaka sa Polokelo ea Peō. Sepheo se ka sehloohong sa morero ona ke (1) hore ka selemo sa 2010, o be o bokeletse le ho boloka karolo ea 10 lekholong—e leng mefuta e ka holimo ho 24 000 ea peō ea limela tsa lefatše le hore (2) pele ho moo, o be o bokeletse le ho boloka peō ea limela tsa mefuta eohle e melang United Kingdom. Linaha tse ling le tsona li boetse li thehile libaka tsa polokelo ea peō, kapa libaka tsa polokelo ea metsoako ea limela kamoo ka linako tse ling li bitsoang kateng.

Setsebi sa baeloji, John Tuxill, o boletse hore bonyane karolo ea 90 lekholong ea peō e lekanngoang ka limilione e bolokiloeng polokelong ea peō ke ea lijo tsa bohlokoa le limela tse ling tsa bohlokoa tse kang koro, raese, poone, mabele, litapole, eiee, konofolo, ’moba, k’hothone le linaoa ka mefuta ea tsona ha re se re bolela tse seng kae. Empa peō ke ntho e lulang e phela ho fihlela ha matla a eona a ka hare a khathala. Ka hona, libaka tsa polokelo ea peō li tšepahala hakae?

Mathata Sebakeng sa Polokelo

Libaka tsa polokelo ea peō li hloka tšebeliso e ngata ea chelete—ho latela Tuxill, ka selemo ke kakaretso ea liranta tse limilione tse likete tse 2,4. Leha ho le joalo, oa hlokomela hore esita le eona chelete ena e ka ’na ea se ke ea lekana kaha “ke karolo ea 13 lekholong feela ea libaka tsa polokelo ea peō tse nang le thepa e sebetsang hantle e khonang ho boloka peō nako e telele.” Kaha peō e sa bolokoang hantle ha e lule nako e telele, e lokela ho lengoa kapele e le hore peō e hlahlamang e ka kotuloa; ho seng joalo, libaka tsa polokelo ea peō li fetoha libaka tsa poloko ea peō e shoeleng. Ho hlakile hore mosebetsi o joalo o hloka basebetsi ba bangata, e leng se thatafatsang litaba le ho feta ka lebaka la lisebelisoa tse seng li ntse li hloka chelete e ngata.

Buka ea Seeds of Change—The Living Treasure e hlalosa hore Laboratori ea Sechaba ea Polokelo ea Peō e Colorado, U.S.A., e “bile le mathata a mangata, ho akarelletsa ho khaoha ha motlakase, ho robeha ha lihatsetsi le ho haella ha basebetsi ho entseng hore peō e ngata e sale e hasane ka liqubu, e sa hlophisoa.” Libaka tsa polokelo ea peō li boetse li tobane le bothata ba merusu ea lipolotiki, ho theoha ha moruo le likoluoa tsa tlhaho.

Ho boloka peō nako e telele ho hlahisa mathata a mang hape. Ha limela li le tikolohong ea tsona ea tlhaho, li na le matla a lekanyelitsoeng empa e le a bohlokoa a hore li tloaele sebaka, ’me sena se etsa hore li khone ho pholoha maloetse le mathata a mang. Empa ha li le sebakeng sa polokelo ea peō, ka mor’a nako li ka ’na tsa lahleheloa ke matla a mang a tsona. Leha ho le joalo, peō e bolokiloeng hantle ea limela tse ngata e ka ’na ea qeta makholo a lilemo pele e ka hloka ho lengoa hape. Ho sa tsotellehe mefokolo eo le maemo a feto-fetohang, ho ba teng ha libaka tsa polokelo ea peō ho bonahatsa kameho e hōlang ka lijalo tse jeoang bakeng sa meloko e tlang ea batho.

Ka sebele, tsela e molemohali ea ho fokotsa ho fela ha limela ke ho sireletsa libaka tsa tlhaho tsa lijalo le ho matlafatsa mefuta-futa ea tsona. Empa Tuxill o re ho etsa joalo ho tla re hloka hore re “be le boikutlo bo bocha bo leka-lekaneng ka litlhoko tsa motho le tsa lefatše ka bolona.” Leha ho le joalo, ho utloahala hakae ho nahana hore batho ba tla ba “le boikutlo bo bocha bo leka-lekaneng” ka lefatše ka bolona ha ka lehlakoreng le leng ba pheheletse khatelo-pele ea indasteri le ea moruo ka cheseho e khōlōhali? Joalokaha re se re bone, le eona temo e nkoa e le khoebo e khōlō e tšehelitsoeng ke theknoloji e phahameng, e reretsoeng ho etsa phaello e ngata. Ho lokela ho be le tharollo e ’ngoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Maikutlo a sa ntsane a fapana tabeng ea liphello tse ka ’nang tsa e-ba teng bophelong ba liphoofolo le ba batho le tikolohong ka lebaka la lijo tse fetotsoeng. Ho tsoaka liphatsa tsa lefutso tsa lintho tse sa amaneng ho phahamisitse lipotso tsa hore na ho nepahetse kapa che.—Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 22, 2000, leqepheng la 25-7.

b Makasine ea New Scientist e tlaleha hore sugar beet ea Europe eo “metsoako ea eona e fetotsoeng hore e khone ho hlōla moriana o bolaeang limela ka phoso e ile ea fumana metsoako e meng e etsang hore e hlōle le meriana e meng.” Motsoako o sollang o ile oa kena ho li-beet tseo ha ka phoso li ne li fumana peō e phofo ea beet ea mofuta o mong eo liphatsa tsa eona li fetotsoeng hore e khone ho hlōla mofuta o itseng oa moriana o bolaeang limela. Bo-rasaense ba bang ba tšoha hore tšebeliso e pharaletseng ea limela tse fetotsoeng hore li hlōle meriana e itseng e bolaeang limela e ka etsa hore ho be le lehola le lengata le hlōlang meriana e bolaeang limela.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lihoai—Na li ‘Kotsing’?

Koranta ea World Watch e re: “Ho tloha ka 1950, palo ea batho ba sebetsang temong e ’nile ea theoha ka sekhahla lichabeng tsohle tsa khoebo, libakeng tse ling ka karolo e fetang 80 lekholong.” Ka mohlala, hona joale United States e na le palo e fokolang ea lihoai ha e bapisoa le ea batšoaruoa. Ke eng se etsang hore batho ba tlohele masimo ka bongata hakaale?

Lisosa tse ka sehloohong ke ho fokotseha ha chelete e kenang, ho phahama ha likoloto tse bakoang ke temo, bofutsana bo eketsehang le ho eketseha ha tšebeliso ea mechine. Ka 1910, lihoai tsa United States li ne li fumana lisente tse 40 dolareng e ’ngoe le e ’ngoe eo ho rekoang lijo ka eona, empa ka 1997, chelete eo lihoai li e fumanang e ne e theohetse lisenteng tse 7. World Watch e re sehoai ka seng sa koro “se fumana feela lisente tse 6 dolareng e rekang lofo ea bohobe.” Sena se bolela hore bareki ba lefella sephuthela-bohobe chelete e lekanang le eo ba e lefang sehoai ka koro ea sona. Lichabeng tse tsoelang pele, lihoai li boemong bo bobe le ho feta. Sehoai sa Australia kapa sa Europe se ka ’na sa khona ho alima chelete bankeng hore se qheqhebise selemong se sebe; sehoai sa Afrika Bophirimela sona e ka ’na eaba e se e le ha se hlōtsoe. Se ka ’na sa putlamela ruri.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

“Ho lema mofuta o le mong oa sejalo ho ileng ha qala ho sebelisoa nakong ea ‘Ntlafatso ea Temo’ ho amme mefuta-futa ea limela le tšireletso ea lijo hampe lefatšeng lohle.”—Dr. Mae-Wan Ho

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Background: U.S. Department of Agriculture

Centro Internacional de Mejoramiento de Maíz y Trigo (CIMMYT)

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Sebaka sa Polokelo ea Peō ea Selemo sa Likete Tse Peli, Engelane, se boloka peō ea limela tsa bohlokoa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Trustees of Royal Botanic Gardens, Kew

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela