Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 10/8 maq. 8-11
  • Lefatše le Tla Feptjoa ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le Tla Feptjoa ke Mang?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Saense le Theknoloji li ka re Pholosa?
  • Haufinyane ho Tla ba le Lefatše le Khanyang, le Atlehileng
  • Bokamoso bo Tšoere Eng?
    Tsoha!—2001
  • Ho se Tšoane ha Lintho ke Habohlokoa Bophelong
    Tsoha!—2001
  • Na Motho o Itšenyetsa Mehloli ea Lijo?
    Tsoha!—2001
  • Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 10/8 maq. 8-11

Lefatše le Tla Feptjoa ke Mang?

A BATHO ba tla ke ba qale ho sireletsa mefuta-futa ea limela ho e-na le ho e felisa? Ho latela setsebi sa baeloji, John Tuxill, seo se tla hloka “phetoho e khōlō mokhoeng oo ho etsoang lintho ka oona.” Leha ho le joalo, o phaella ka hore phetoho e joalo “e ke ke ea etsahala ntle le hore batho ba be le kutloisiso e feletseng ka melemo ea mefuta-futa ea limela, ba lakatse ho fetola tsela eo ho etsoang lintho ka eona kajeno le ho ikemisetsa ha bona ho leka mekhoa e mecha.”

Ba bangata ba thatafalloa ke ho lumela hore ho ka ba le liphetoho tse khōlō hakaalo. ’Me bongata bo hanyetsa qeto ea Tuxill. Ho na le bo-rasaense ba tikoloho ba nkang hore bohlokoa ba ho ba le mefuta-futa ea limela bo sa ntsane bo sa utloisisoe hantle le hore mohlomong bo-mphato ba bona ba bang baa bo feteletsa. Leha ho le joalo, ha bo-rasaense ba sekaseka taba ena, ho bonahala ho le molemo ho ela hloko sello se hlahang ho litsebi tse ling lefapheng lena. Li bonahala li sa tšoenngoa feela ke ho lahleheloa ke mefuta-futa ea limela, empa hape li tšoentsoe ke meharo le ho se shebe ka nģ’ane ho mosebetsi ona o bakang tšenyo. Hlokomela maikutlo ana a tsoang ho lingoli tse sa tšoaneng.

“Lekholong le fetileng la lilemo, lihoai tse limilione tse makholo tse neng li hasakane hohle li ne li laola peō eohle eo li nang le eona. . . . Kajeno, ho hlahisitsoe boholo ba peō, ea tsoakoa le ho fuoa lik’hamphani tse itseng lefatšeng hore e be tsona feela tse nang le tokelo ea ho e boloka le ho e rekisa. . . . Ka ho lebisa tlhokomelo linthong tse kenyang chelete ka potlako, indasteri ea theknoloji ea baeloji e sokela ho felisa eona tšobotsi ea motsoako oo ka letsatsi le leng e ka ’nang ea e-ba oa bohlokoa ka ho fetisisa mokhoeng o mocha oa ho loantša boloetse bo bocha kapa likokoana-hloko tseo ho leng thata ho li timetsa.”—Sengoli sa saense, Jeremy Rifkin.

“Khopolo e pheta-phetoang mecheng ea litaba ke ea hore ntho ea bohlokoa e lokela ho ba ’maraka, khoebo e se nang lithibelo le moruo oa lefatše lohle. Ha mocha oa litaba o amehile ka leruo le lithahasello tsa mekhatlo e itseng, tumelo ena ea moruo e ba joaloka thuto ea bolumeli ’me ke ka seoelo e phephetsoang.”—Setsebi sa liphatsa tsa lefutso, David Suzuki.

Bukeng ea hae ea Seeds of Change—The Living Treasure, sengoli Kenny Ausubel o bontša boikaketsi bo teng linaheng tse tsoetseng pele ha “mebuso le mekhatlo [ea eona] e hlomoloa ke kotsi e atamelang lefatšeng lohle ea ho timela ha ‘lefa le tloaelehileng’ la batho la liphatsa tsa lefutso ka mefuta.” O bontša hore ke eona e sokelang mefuta-futa ena ka ho khothalletsa mekhoa ea morao tjena ea temo le ho lema mofuta o le mong oa lijalo.

Ebang lingongoreho tse matla tsa litsebi tsa tikoloho lia utloahala kapa che, u ka ’na ua fumana ho le thata ho kholiseha ka bokamoso ba lefatše lena. Le tla ba teng nako e kae ha e le moo ho bonahala batho ba susumetsoa ke meharo? Moo batho ba bangata ba labalabelang likarabo, ba ba le tšepo ea hore saense e tla re inola mathateng.

Na Saense le Theknoloji li ka re Pholosa?

The Royal Society ea Edinburgh haufinyane tjena e bontšitse ngongoreho ea eona ea hore tsoelo-pele ea saense hona joale e potlakile ebile e rarahane hoo bo-rasaense ba leng kotsing ea ho se utloisise sohle se boleloang ke tsoelo-pele ena. David Suzuki o ngotse: “Saense e fana ka leseli le fokolang le le sa fellang ka lefatše. Re tseba ho fokolang ka lintho tse phelang Lefatšeng, re se re sa re letho ka taba ea hore na lintho tsena li amana joang le hore na li tšehetsana hakae.”

Joalokaha makasine ea Science e hlalositse: “Likotsi kapa melemo ea li-GEO [Lintho tse Phelang Tseo Liphatsa tsa Tsona tsa Lefutso li Fetotsoeng] ke tsa sebele kapa tse akaretsang. . . . Bokhoni ba rōna ba ho bona esale pele liphello tse tla bakoa ke ho hlahisa mefuta e mecha ea lintho tse phelang, ho akarelletsa le tsa li-GEO, ha boa nepahala ka ho feletseng.”

Boholo ba “tsoelo-pele” bo ipakile bo le ntlha-peli. Bo hlahisa melemo e itseng, empa bo boetse bo bonahatsa ho haella ha bohlale ba batho, haholo-holo meharo ea bona. (Jeremia 10:23) Ka mohlala, le hoja ntlafatso ea temo e hlahisitse lijo tse ka fepang batho ba bangata, e boetse e tlatselitse ho timetsoeng ha mefuta-futa ea limela. Dr. Mae-Wan Ho o ngotse hore ka ho khothalletsa tšebeliso ea chefo e bolaeang likokoanyana le mekhoa e meng e hlokang chelete e ngata ea temo, ntlafatso ea temo e qetella e ruisa “mekhatlo e hlahisang limela le batho ba phahameng Linaheng tse Fokolang Moruong, ha batho ba tloaelehileng bona ba lahleheloa.” Tloaelo ena e tsoela pele ha temo e itšetlehileng ka theknoloji ea baeloji e ntse e ja setsi ’me e e-ba khoebo e matla e re lebisang bokamosong boo ho bona tšireletseho ea lijo e itšetlehang haholo ka saense.

Leha ho le joalo, mathata ana ha aa lokela ho re nyahamisa. Ha e le hantle, a hlakisa ntlha ea bohlokoa. Bibele e re thusa hore re se ke ra lebella mohlolo bathong ba sa phethahalang bao hona joale ba tsamaisang lefatše lena le maruo a lona. Hona joale, ’nete ke hore ho hlōleha le tsamaiso e mpe ke karolo ea bophelo ba motho. Ka hona, Pesaleme ea 146:3 ea eletsa: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” Empa re ka tšepa Molimo ka ho feletseng. (Liproverbia 3:5, 6) O na le takatso le matla a ho re thusa.—Esaia 40:25, 26.

Haufinyane ho Tla ba le Lefatše le Khanyang, le Atlehileng

Pele u nchafatsa ntlo e sohlokehileng, ho ka ’na ha hlokahala hore u qale ka ho hleka lithōle tsohle tse teng. Ka ho tšoanang, haufinyane Jehova Molimo o tla felisa batho bohle ba khopo lefatšeng, ho kopanyelletsa le ba nkang lefatše lena la rōna, matlotlo a lona a tlhaho esita le batho e le lintho tse ka sebelisoang hampe feela molemong oa bona le ho hōliseng likhoebo. (Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 11:18) Empa Jehova o tla pholosa bohle ba mo ratang le ba lekang ka matla ho etsa thato ea hae.—1 Johanne 2:15-17.

Ka mor’a moo, lefatše le lintho tsa lona tse phelang tse se nang palo, ho kopanyelletsa le moloko oa batho o mamelang, le tla tsamaisoa ke ’muso o hlonngoeng ke Molimo—’Muso oa Bomesia. (Daniele 7:13, 14; Matheu 6:10) Ke matletsetletse a makaakang a tla hlahisoa ke lefatše tlas’a puso eo ea morena ea bohlale! Pesaleme ea 72:16 e re: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng, ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.” E, lijo e ke ke ea hlola e e-ba taba eo ho tsekisanoang ka eona le e bakang ngongoreho. Ho e-na le hoo, e tla ba tse sireletsehileng le tse ngata.

Kahoo, ha tsamaiso ena ea hona joale e ntse e tetebela le ho feta ho nyahameng le ho felloeng ke tšepo, ba tšepang Jehova ba ka lebella bokamoso bo khanyang hona mona lefatšeng. Tšepo ena e fuperoe ke “litaba tse molemo tsa ’muso” tseo Lipaki tsa Jehova ka thabo li li arolelang bohle ba batlang lefatše le molemo le le nang le toka haholoanyane. (Matheu 24:14) Ka lebaka la tšepo ena e tiileng—le tlhokomelo ea botsoali ea Molimo ho batho ba hae—le hona joale re ka ‘lula re sireletsehile ’me re sa khathatsoe ke ho tšaba tlokotsi.’—Liproverbia 1:33.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Tlas’a ’Muso oa Molimo, lijo e tla ba tse ngata ’me e be tse sireletsehileng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

FAO Photo/K. Dunn

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Tourism Authority of Thailand

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela