Na Motho o Itšenyetsa Mehloli ea Lijo?
“Bothata ba sebele boo re tobaneng le bona kajeno hase ba likoloto le litšenyehelo tse ngata ho feta phaello kapa tlhōlisano ea lefatše, empa bothata ke ho fumana tsela ea ho phela bophelo bo nang le morero le bo khotsofatsang ntle le ho senya lintho tse lefatšeng tse phelisang tsohle tse phelang. Ha ho mohla batho ba kileng ba tobana le tšokelo e tšoanang le ena: ho senyeha ha lintho tse re bolokang re phela.”—David Suzuki, Setsebi sa Liphatsa Tsa Lefutso.
APOLE ke ntho e ka nkoang habobebe feela. Haeba u lula sebakeng se tletseng lifate tsa liapole, u ka ’na ua nahana hore li fumaneha habonolo feela, le hore ha e le hantle u ka ’na ua kha tsa mefuta e fapaneng. Empa na u ne u tseba hore e ka ’na eaba ho setse mefuta e ’maloa haholo kajeno ha ho bapisoa le e neng e le teng lilemong tse 100 tse fetileng?
Pakeng tsa selemo sa 1804 le 1905, ho ne ho e-na le mefuta ea liapole e 7 098 e neng e lengoa United States. Kajeno, mefuta e 6 121 ea eona—e leng karolo ea 86 lekholong—ha e sa le eo. Lipere le tsona li fokotsehile ka mokhoa o tšoanang. Hoo e ka bang karolo ea 88 lekholong ea mefuta e 2 683 e kileng ea lengoa ha e sa le eo. ’Me ha ho tluoa tabeng ea meroho, ho lerootho le ho feta. Ho na le se seng se nyamelang, ’me se bitsoa mefuta-futa ea lintho tse phelang—eseng feela bongata ba mefuta ea lintho tse phelang empa hape le mefuta-futa e fumanehang mofuteng ka mong oa tsona. Mefuta ea meroho ka ho fapana e neng e mela United States e fokotsehile ka karolo ea 97 lekholong lilemong tse ka tlaase ho tse 80! Empa na mefuta e fapaneng ke ea bohlokoa hakaalo?
Litsebi tse ngata tsa saense li re ho joalo. Le hoja ho sa ntse ho tsekisanoa ka taba ea hore na ke melemo efe e hlahisoang ke mefuta-futa ea lintho tse phelang, litsebi tse ngata tsa tikoloho li re ke ea bohlokoa linthong tse phelang lefatšeng. Li re ke ea bohlokoa lijalong tseo re li lemang bakeng sa ho ja haesitana le limeleng tsa naha tse imelelang merung, likhoeng le makhulong a lefatše. Mefuta-futa e fumanoang mofuteng ka mong oa semela le eona ke ea bohlokoa. Ka mohlala, mefuta e mengata ea raese e fumanehang e eketsa menyetla ea hore e meng e mamelle mathata a tloaelehileng ao e thulanang le ’ona. Ka hona, tokomane e hatisitsoeng ke Worldwatch Institute e sa tsoa hlokomela hore ka ho khetheha, khaello ea lijo e tla hlokomelisa batho hore na ho tebile hakae ho fokotsa mefuta-futa ea lintho tse phelang tse fumanehang lefatšeng.
Ho fela ha limela ho ka ama lijalo tse jeoang bonyane ka litsela tse peli: ea pele, ka ho senya lijalo tsa naha tse tsamaisanang le tse lengoang, e leng tse neng li tla atisa lijalo tsa nako e tlang, ’me tsela ea bobeli ke ea ho fokotsa palo ea mefuta e fapaneng sejalong sa mofuta o le mong. Ka mohlala, mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, mohlomong e ne e ka ba mefuta e fetang 100 000 ea raese e neng e lengoa Asia, bonyane e ka bang 30 000 ea eona e lengoa India. Hona joale karolo ea 75 lekholong ea lijalo tsa India e na le mefuta e leshome feela. Mefuta e 2 000 ea raese Sri Lanka e felile ’me ho setse e mehlano feela. Mexico teng, sebaka seo ho lengoang koro ho sona se se se jala feela karolo ea 20 lekholong ea mefuta e neng e fumaneha moo lilemong tsa bo-1930.
Empa hase lijo feela tse kotsing. Karolo e ka etsang 25 lekholong ea meriana e etsoa ka limela, ’me ho tsoeloa pele ho fumanoa limela tse ncha tse ka etsang meriana. Leha ho le joalo, limela li ea ho timeleng. Na ho ka etsahala hore ebe, ha e le hantle, re khethula lona lekala leo re itšehelitseng ka lona?
Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Paballo ea Lintho tsa Tlhaho, mefuteng ea limela le ea liphoofolo e 18 000 e fupulitsoeng, mefuta e fetang 11 000 e tjamelane le ho fela. Libakeng tse kang Indonesia, Malaysia le Latin America, moo ho ripitliloeng meru e mengata bakeng sa ho etsa masimo, bafuputsi ba ka hakanya feela hore na ke mefuta e mekae e tjametsoeng ke ho fela—kapa e seng e felile. Leha ho le joalo, The UNESCO Courier, e tlaleha hore ba bang ba re ho fela hoo ho etsahala ka “sekhahla se bakang tlokotsi.”
Ke ’nete hore lefatše le ntse le hlahisa lijo ka bongata bo hlollang. Empa moloko o ntseng o eketseha oa batho o tla tsoela pele ho fumana lijo halelele hakae haeba mefuta-futa ea limela e ntse e fokotseha? Linaha tse ’maloa li rarolotse ngongoreho eo ka ho theha libaka tsa polokelo ea peō e le hore li ka sebelisoa haeba limela tsa bohlokoa li nyamela. Lirapa tse ling tsa pokello ea limela li kene mosebetsing oa ho li boloka ka mefuta ea tsona. Saense e hlahisitse lisebelisoa tse ncha tse matla tsa ho tsoaka limela ho hlahisa mefuta e mecha. Empa na libaka tsa polokelo ea peō le saense li hlile li rarolla bothata? Sehlooho se latelang se tla tšohla potso ena.