Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 3/8 maq. 12-13
  • “Ka Sebele Sepakapaka se Bulehile”!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ka Sebele Sepakapaka se Bulehile”!
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libalune Tsa Mollo le “Sepakapaka se ka Tukang Habonolo”
  • Libetsa Tsa Ntoa Li Bonoe Esale Pele
    Tsoha!—2007
  • Sefofane se BIle Teng Joang?
    Tsoha!—1999
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 3/8 maq. 12-13

“Ka Sebele Sepakapaka se Bulehile”!

“TAKATSO ea ho tsamaea ka sefofane e hlahile hong le motho,” ke kamoo rahistori Berthold Laufer a hlokometseng kateng ho The Prehistory of Aviation. Litlaleho tsa histori ea Greece ea boholo-holo, Egepeta, Assyria le likhopolo-taba tsa Linaha tsa Bochabela li na le litšōmo tse ngata tsa marena, melimo le bahale ba ileng ba leka ho sebelisa matla a ho fofa. Hoo e ka bang boemong bo bong le bo bong, litšōmo tsena li bua ka batho ba etsisang ho fofa ha linonyana ho etsoang ka mapheo.

Ka mohlala, Machaena a bua ka Moemphera Shun ea bohlale le ea sebete, eo ho lumeloang hore o phetse lilemong tse fetang 2 000 pele Jesu Kreste a tsoaloa. Ho latela tšōmo ena, Shun o ile a iphumana a tšoasehile ka holim’a moliko o chang, o ile a itlhoma masiba, eaba o pholoha ka ho fofa. Tlaleho e ’ngoe e re o ile a qhoma a tloha ka holim’a tora ’me a sebelisa likatiba tse peli tse khōlō tsa lehlaka ho etsa pharachuti eo a ileng a theohela fatše ka eona a sireletsehile.

Har’a Magerike, ho na le tšōmo e bileng teng ka lilemo tse 3 000 ea Daedalus, moetsi oa litšoantšo ea tummeng le moqapi, ea ileng a etsa mapheo ka masiba, khoele le boka e le hore eena le mora oa hae Icarus ba ka baleha Kreta, moo ba neng ba le botlamuoeng teng. Daedalus o ile a re: “Ka sebele sepakapaka se bulehile, ’me ke eona tsela eo re tla tsamaea ka eona.” Qalong, mapheo ana a ile a sebetsa hantle. Empa Icarus, a khahliloe ke matla a hae a ho fofela holimo sebakeng, o ile a tsoela pele ho fofela holimo-limo ho fihlela mocheso oa letsatsi o qhibilihisa boka bo neng bo kopantse mapheo a hae. Moshanyana enoa o ile a oela ka leoatleng ’me a shoa.

Litšōmo tse joalo li ile tsa susumetsa mohopolo oa baqapi le bo-rafilosofi ba neng ba lakatsa hore ba hle ba fofe. Khale koana lekholong la boraro la lilemo C.E., Machaena a ne a etsa lik’haete le ho etsa liteko ka tsona, a bontša hore a ’nile a utloisisa melao-motheo e itseng ea lifofane nako e telele le pele ho qalisoa liteko tsa mofuta ona Europe. Lekholong la bo15 la lilemo, Giovanni da Fontana, ngaka ea Movenetia, o ile a etsa teko ka lirokete tse sa rarahanang tse entsoeng ka lehong le pampiri tse neng li tsoibiloa ka ho phatloloa ha mosili o kenngoang sethunyeng. Hoo e ka bang ka 1420, da Fontana o ile a ngola: “Ka sebele, ha ke na pelaelo ea hore ho ka khoneha ho kenya motho mapheo ao ho ka etsoang hore a phuphusele ka tsela ea maiketsetso, ao ka ’ona a ka khonang ho iphahamisetsa sepakapakeng ’me a tlohe sebakeng se seng a ee ho se seng a be a hloe litora le ho tšela linōka.”

Mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo Leonardo da Vinci, setsebi sa ho toroea litšoantšo ka pente, ’metli oa litšoantšo tsa majoe ebile e le moenjiniere oa mechine oa setsebi, o ile a etsa litšoantšo tse seng ntle tsa mefuta ea lihelikopthara le lipharachuti hammoho le lifofa-sebakeng tse se nang enjine tseo lintlha tsa mapheo a tsona li phuphuselang. Bopaki bo bontša hore o ile a etsa limmotlolo tsa bonyane lifofane tse ling tseo a nang le morero oa ho li etsa. Leha ho le joalo, ha ho le se seng sa litšoantšo tsa da Vinci seo e neng e hlile e le sa ntho ea sebele.

Makholong a mabeli a lilemo a ileng a latela ho ile ha ba le litlaleho tse sa tšoaneng tsa boiteko ba batho ba sebete ba neng ba tlamella mapheo a maiketsetso ’meleng ea bona ’me ba leka ho etsa hore a phuphusele ha ba ntse ba tsubella ba tloha maralleng kapa litoreng. ‘Bafofisi bana ba etsang liteko’ ba pele-pele e ne e le batho ba sebete ba sekametseng ho ipeha kotsing—empa boiteko ba bona ha boa ka ba atleha ho hang.

Libalune Tsa Mollo le “Sepakapaka se ka Tukang Habonolo”

Ka 1783 litaba tsa khatelo-pele e hlollang ea lifofane li ile tsa tsebahala hohle Paris le liprofinseng tsa Fora. Bara ba motho ba babeli, Joseph-Michel le Jacques-Étienne Montgolfier, ba ile ba hlokomela hore ba ne ba ka etsa hore libalune tse nyenyane tsa pampiri li nyolohele sepakapakeng ka potlako ’me e le habonolo ka hore ba li tlatse moea o chesang. Balune ea bona ea pele ea mollo e khōlō, e leng kamoo e neng e bitsoa kateng, e ne e entsoe ka pampiri le line ’me e ne e tlatsitsoe mosi oa mollo o moholo o nkhang hampe. Balune ena e neng e se na batho e ile ea nyolohela bophahamong ba limithara tse fetang 1 800 ha e ne e qala ho fofa. Ka la 21 November, 1783, balune ena e ne e nkile batho ba babeli—bao batho ba neng ba ba bitsa bafofisi ba libalune—ea nka metsotso e 25 e fofa ka holim’a Paris. Selemong sona seo, moqapi e mong, e leng Jacques Charles, o ile a senola balune ea pele e neng e tletse khase, e tletse hydrogen kapa “moea o ka tukang habonolo,” e leng kamoo o neng o tsejoa kateng ka nako eo.

Ha theknoloji ea libalune e ntse e ntlafala, sepakapaka se ile sa qala ho “buleha” ka potlako bakeng sa bafofisi ba libalune ba sekametseng ho ipeha kotsing. Ka 1784, libalune li ne li nyolohela bophahamong bo fetang limithara tse 3 400. Selemo feela hamorao, Jean-Pierre-Francois Blanchard o ile a atleha ho tšela English Channel ka balune ea hydrogen a nkile mangolo a tsamaisoang ka sefofane a ho qala lefatšeng. Ka 1862, bafofisi ba libalune ba ile ba nka maeto ho pholletsa le Europe le ho pholletsa le United States ’me ba khona ho fihla bophahamong ba lik’hilo-mithara tse fetang tse robeli!

Empa bafofisi ba pele ba libalune ba ne ba ntse ba le mohaung oa moea o fokang; ho ne ho se tsela ea ho laola balune hore e fofe e lebile sebakeng sefe kapa e tsamaee ka lebelo le lekae. Ho etsoa ha lifofane tsa petrole le tsa motlakase halofong ea ho qetela ea lekholo la bo19 la lilemo ho ile ha etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho ea libakeng tse sa tšoaneng ka sefofane, empa lifofane tse motopo tse bobebe ho feta moea li ne li tsamaea butle—hangata e le ka lebelo le lipakeng tsa lik’hilomithara tse 10 le tse 30 ka hora. Ho ne ho hlokahala mohato o mocha e le hore motho a ka “phahamela sepakapakeng le ho tsamaea ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng,” joalokaha da Fontana a ne a boletse esale pele.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Daedalus ba Icarus ba tšōmong

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Leonardo da Vinci

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Leonardo da Vinci, 1898

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Bara ba ha Montgolfier ba ile ba etsa balune ea pele ea baeti ea moea o chesang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela