Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 3/8 maq. 14-17
  • Sefofane se BIle Teng Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sefofane se BIle Teng Joang?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lifofane li na le Bokamoso Khoebong?
  • Ho Laola Lefatše
  • Mathata a Tsoelo-pele
  • Toro ea ho Tsamaea ka Sefofane
    Tsoha!—1999
  • Lifofane li Sireletsehile Hakae?
    Tsoha!—1999
  • Ho Laola Sephethephethe sa Lifofane—Ho U Sireletsa Joang?
    Tsoha!—2008
  • Lifofane Tse Nang le Enjene
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 3/8 maq. 14-17

Sefofane se BIle Teng Joang?

BAQAPI ba ile ba qetella ba atlehile joang ho etsa lifofane tse boima ho feta moea? Ba ile ba lebisa tlhokomelo ea bona morao ho tseo e hlileng e leng litsebi tsa ho fofa—linonyana. Ka 1889 moenjiniere oa Mojeremane ea bitsoang Otto Lilienthal, a susumelitsoe ke mekhoa ea ho fofa ea mekotatsie, o ile a phatlalatsa “Ho Fofa ha Linonyana e le Motheo oa ho Fofisa Lifofane.” Ka mor’a lilemo tse peli o ile a etsa glider ea hae ea pele e sa rarahanang. Ka 1896, ka mor’a maeto a ka bang 2 000 ka glider, Lilienthal o ile a shoa ha a ne a ithuta ho fofisa sefofane sa hae se nkang motho a le mong. Octave Chanute, moenjiniere oa Moamerika ea hlahetseng Fora, o ile a ntlafatsa moetso o qapiloeng ke Lilienthal ’me a etsa glider e nang le mapheo a mabeli eo hape e neng e bontša tsoelo-pele e khōlō moetsong oa lifofane tse boima ho feta moea.

Joale ha fihla bara ba ha Wright. Beng ba lebenkele la libaesekele le Dayton, Ohio, U.S.A., Orville le Wilbur Wright ba ile ba qala ho etsa liteko tsa bona tsa pele tsa ho fofa ka 1900, ba haha motheong oa se neng se finyeletsoe ke Lilienthal le Chanute. Ba ha Wright ba ile ba sebetsa butle le ka tsela e laolehileng ka lilemo tse tharo tse latelang, khafetsa ba etsa liteko tsa ho fofisa ba le Kitty Hawk, North Carolina. Ba ile ba etsa meetso e mecha ka thuso ea tselana ea moea, ba ile ba iketsetsa moetso oa pele ho ena ka lebokose la setache le tšelang liaparo tse il’o hlatsuoa. Bakeng sa sefofane sa bona sa pele se sebelisang matla, ba ile ba iketsetsa enjene ea lisilindara tse ’nè, e matla a lekanang le a lipere tse 12 ’me ba e khomaretsa ka tlas’a lepheo la sefofane se secha. Enjene ena e ne e tsamaisa masokoana a lehong, le le leng le le ka lehlakoreng ka leng la karolo e ka morao e laolang sefofane.

Ka la 14 December, 1903, ka lekhetlo la pele moetso o qapiloeng bocha oa ba ha Wright o ile oa phahama oa tloha tseleng ea oona ea lehong eo o tsoibiloang o le ho eona—’me oa ba moeeng ka metsotsoana e meraro le halofo! Ka mor’a matsatsi a mararo bara bana ba motho ba ile ba fofisa mochine ona hape. Qetellong o ile oa ’na oa tsamaisoa ke moea ka ho batlang e le motsotso o feletseng ’me oa ea bohōle ba limithara tse 260. Ho etsoa ha sefofane ho ne ho atlehile.*

Hoa makatsa hore ebe lefatše ha lea ka la natsa ketsahalo ena e ikhethang e finyeletsoeng. Ha qetellong The New York Times e e-ba le taba e buang ka bara ba ha Wright ka January 1906, e ile ea bolela hore “sefofane” sa bona se etselitsoe lekunutung le leholo le hore ka 1903, bara bana ba motho ba ne ba finyeletse feela “katleho e nyenyane tabeng ea ho fofa moeeng. ” Bonneteng, Orville o ne a ile a romella ntat’ae thelekramo bosiung bona boo ba ho fofa ho tummeng historing, a mo phehella hore a tsebise baphatlalatsi ba litaba. Leha ho le joalo, ke likoranta tse tharo feela United States tse ileng tsa itšoenya hore li hatise taba eo ka nako eo.

Na Lifofane li na le Bokamoso Khoebong?

Lefatše ka kakaretso le ne le belaella taba ea ho fofisa lifofane lilemong tsa hona tse qalang. Esita le Chanute, e mong oa bo-pula-maliboho ba tummeng ba ho fofisa lifofane, o ile a bolela esale pele ka 1910: “Ho ea ka maikutlo a litsebi tse tšoanelehang ha ho na thuso ho lebella hore sefofane se na le bokamoso khoebong. Ho na le moeli, ’me o tla lula o le teng mabapi le hore na se nka moroalo o mokae e leng se tla thibela hore se sebelisetsoe ho nka baeti kapa thepa.”

Leha ho le joalo, theknoloji ea ho fofisa lifofane e tsoetse pele ka potlako lilemo ka mor’a ho fofisa ho ileng ha etsoa ka lekhetlo la pele ke ba ha Wright. Ka lilemo tse hlano bara bana ba motho ba ne ba entse sefofane se nkang batho ba babeli se neng se ka tsamaea ka lebelo la lik’hilomithara tse 71 ka hora ’me se fofela bophahamong ba limithara tse 43. Ka 1911 ho ile ha etsoa sefofane sa pele sa United States se neng se haola le k’honthinente; leeto la ho tloha New York ho ea California le ile la nka matsatsi a ka bang 49! Ntoeng ea I ea Lefatše, lebelo la lifofane le ile la eketseha ho tloha ho lik’hilomithara tse 100 ka hora ho ea ho tse fetang 230 ka hora. Tlaleho ea bophahamo boo li fofelang ho bona kapele e ile ea ba limithara tse 9 000.

Litlaleho tsa ho fofisa lifofane li ile tsa tsoela pele ho ba lihlooho tsa litaba ka bo-1920. Ka 1923 liofisiri tse peli tsa lebotho la ntoa la Amerika, li ile tsa nka leeto li sa emise ho pholletsa le United States, li tloha lebōpong la leoatle li e-ea ho le leng ka lihora tse ka tlaase ho 27. Lilemo tse ’nè hamorao Charles A. Lindbergh o ile a tuma ka nako le motsotso ka ho tsamaea ka sefofane a sa emise ho tloha New York ho ea Paris ka lihora tse 33 le metsotso e 20.

Ho sa le joalo, lifofane tse ncha tsa khoebo li ne li qala ho hohela baeti. Ho ella qetellong ea 1939, ho tsamaea ka sefofane ho ne ho tloaelehile ho isa bohōleng boo ho bona lifofane tsa United States li neng li sebeletsa baeti ba ka bang limilione tse tharo selemo ka seng. Sefofane se tloaelehileng sa qetellong ea bo-1930, DC-3, se ne se nka baeti ba 21 fee-la ’me se tsamaea ka lebelo la lik’hilomithara tse 270 ka hora; empa ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, lifofane tsa khoebo li ile tsa ba khōloanyane ’me tsa e-ba matla haholoanyane, li fihla lebelong le ka holimo ho lik’hilomithara tse 480 ka hora. Ka 1952 Batho ba Brithani ba ile ba kenya tšebetsong lifofane tsa khoebo tsa enjine ea turbojet. ’Me lijete tse khōlōhali, tse kang Boeing 747 e nkang baeti ba 400, li ile tsa qala ho bonahala ka 1970.

Katleho e ’ngoe e bile teng ka 1976 ha sehlopha sa lienjiniere tsa Brithani le tsa Fora li kenya tšebetsong Concorde, sefofane sa jete se mapheo a likhutlo li tharo se khonang ho nka baeti ba 100 se tsamaea ka lebelo le kopolang la molumo habeli—lik’hilomithara tse 2 300 ka hora. Empa litšenyehelo tse phahameng tsa ho se tsamaisa li fokolitse tšebeliso e pharaletseng ea lifofane tsa khoebo tse tsamaeang ka lebelo le phahameng ka ho fetisisa.

Ho Laola Lefatše

Esita le haeba ha u e-s’o tsamaee ka sefofane, mohlomong tsoelo-pele ena e potlakileng ea theknoloji e laola bophelo ba hao. Tsamaiso ea lifofane e atolohetse lefatšeng lohle; hangata, lijo tseo re li jang, liaparo tseo re li aparang, le mechine eo re e sebelisang mosebetsing kapa lapeng e tlile ka sefofane e tsoa mose ho maoatle kapa k’honthinenteng e ’ngoe. Mangolo le thepa li tlosoa naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka poso ea sefofane. Likhoebo li itšetlehile haholo ka litšebeletso tsa poso tse etsoang ka sefofane hore li etse mesebetsi ea tsona ea letsatsi le letsatsi. Thepa e rekisoang le litšebeletso tseo re li fumanang le chelete eo re e lefang bakeng sa tsona kaofela li susumelitsoe ke matla a motho a ho li tsamaisa ka sefofane.

Ho fofisa sefofane ho boetse ho tlisitse liphetoho tse khōlōhali sechabeng. Ntle ho pelaelo, lefatše le nyenyefetse, ka lebaka la ho fofa ha lifofane. Ka lihora tse seng kae feela, u ka ba hoo e ka bang hohle lefatšeng—haeba u na le chelete. Litaba li tsamaea kapele, le batho ka ho tšoanang.

Mathata a Tsoelo-pele

Empa tsoelo-pele e joalo e na le mathata. Ka lebaka la ho eketseha ha sephethephethe sa moeeng, ba bang ba tšaba hore sepakapaka se ba kotsi haholoanyane. Selemo ka seng ho soahlamana ha lifofane tsa praefete le tsa khoebo ho bolaea batho ba bangata. Makasine ea Fortune e re: “Ha li le tlas’a khatello ea tlhōlisano lik’hamphani tsa lifofane li tlōla litekanyetso tsa tšireletseho tseo li ’nileng tsa li boloka kamehla ha li ne li khona ho lefisa baeti litšenyehelo tse eketsehileng.” Makasine ena e ile ea tlaleha hore Lekala la ’Muso la Tsamaiso ea Lifofane, le ikarabellang mosebetsing oa ho tiisa hore lifofane li sireletsehile United States, le “fuoa chelete e nyenyane, ha le na basebetsi ba lekaneng, ’me bookameli ba lona ha bo tsamaise lintho hantle.”

Ka nako e tšoanang, litsebi tsa tikoloho tse eketsehileng li makaletse keketseho ea tšilafalo ea moea le lerata le kotsi tse bakoang ke sephethe-phethe se sengata haholo sa lijete. Makasine ea Aviation Week & Space Technology e itse: Ho sebetsana le ho tšoenyeha ka mathata a lerata ke “e ’ngoe ea litaba tse bakang karohano e khōlō litlhokong tsa tsamaiso ea lifofane tsa sechaba lefatšeng.”

Mathata ana a eketsoa ke ’nete ea hore mefuta e itseng ea lifofane e ntse e tsofala: Ka 1990, ho ile ha hlokomeleha hore sefofane se le seng ho tse ’nè lifofaneng tsa k’hamphani ea lifofane ea United States se na le lilemo tse fetang 20, ’me karolo ea boraro ea tsona e sebelisitsoe ka nako e fetang e bontšitsoeng “lipakaneng tsa nako eo li e behetsoeng” joalokaha moetsi oa tsona a ne a rerile qalong.

Kahoo, hona joale lienjiniere tsa lifofane li talimane le liphephetso tse khōlō haholo. Li lokela ho qapa mekhoa e sireletsehileng haholoanyane le e litšenyehelo li tlaase ea ho nka baeti ba eketsehileng, esita le haeba litšenyehelo li phahama le ho ameha ka tikoloho ho eketseha.

Mekhoa e meng ea ho rarolla bothata ba ho fokotsa litšenyehelo e se e qalile ho hlaha. Jim Erickson, ha a ngola ho Asiaweek, o re sehlopha sa batho ba Fora ba Ikopantseng le ba Brithani sa Saense ea Lifofane le Indasteri ea Lifofane ea Brithani se rera ho etsa sefofane se ka nkang baeti ba ka bang 300 se fofang ka lebelo le kopolang la molumo habeli. Litšenyehelo tsa sona le pe-terole eo se e sebelisang bakeng sa moeti ka mong li tla theoha. ’Me ha ba arabela tabeng ea sephethephethe se sengata haholo liemelong tse ngata tsa lifofane, batho ba nang le ponelo-pele ea lintho ba entse tlhahiso ea mofuta o mocha oa lihelikopthara tse khōlōhali tse nkang baeti ba nkang maeto a makhutšoanyane—tseo ka bonngoe li ka khonang ho nka baeti ba 100. Ba lumela hore ka letsatsi le leng lifofane tsena li ka khona ho sebetsana le sephethephethe se sengata sa moeeng sa maeto a makhutšoanyane ao hona joale a nkoang ke lifofane tse tloaelehileng tse mapheo a emeng.

Na ka sebele lihelikopthara tse khōlōhali le lifofane tse lebelo le phahameng haholo li ka khahlametsa litlhoko tse potlakileng tsa indasteri ea lifofane lilemong tse tlang? Ho tla bonahala ha nako e ntse e feta, ha motho a ntse a phehella ho ‘bula sepaka-paka’ bakeng sa hore batho ba tsamaee ho sona ka lifofane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

Ba bang ba bolela hore ka 1901, Gustave Whitehead (Weisskopf), Mojerenane ea falletseng Connecticut, U.S.A., le eena o ile a khanna sefofane seo a se qapileng. Leha ho le joalo, ha ho na lifoto tse tiisang polelo ena.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Otto Lilienthal, hoo e ka bang ka 1891

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Library of Congress/Corbis

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Charles A. Lindbergh o fihla London ka mor’a leeto la hae la sefofane, leo ho lona a ileng a tšela Leoatle la Atlantlc a e-ea Paris, ka 1927

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Corbis-Bettmann

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Sopwith Camel, ka 1917

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Museum of Flight/Corbis

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

DC-3, ka 1935

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph courtesy of Boeing Aircraft Company

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Sikorsky S-43 sefofane se khonang ho phaphamala ha se le ka metsing, ka 1937

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Helikopthara ea pholoso, Coast Guard

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Pitts e tsebang ho tšoephoha, setšoantšo se seng sa eona se entsoeng ke Samson

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Concorde e ile ea qala maeto a nang le kemiso ka 1976

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Sefofane sa A300 se tsamaelang libakeng tse haufi

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ha sefofa-sebakeng se boetse se fihla, se fetoha “glider” e lebelo le phahameng

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

“Rutan VariEze,” 1978

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela