Toro ea ho Tsamaea ka Sefofane
“LIFOFANE, kaofela ha tsona, li totobalitse kapele maele ao re a tsebileng ho tloha ha re sa le banyenyane a reng, ‘Se eang holimo se tlameha ho theohela fatše.’”
Ke kamoo sehlooho sa baphatlalatsi se bontšang ho ba le pelaelo e itseng se ileng sa qala kateng ho The New York Times ea la 25 May, 1908—lilemo tse ka tlaase ho tse hlano ka mor’a hore bara ba ha Wright ba nke leeto ka sefofane le tummeng ba le Kitty Hawk, North Carolina, U.S.A. A ntse a belaella ho atleha ha mofuta o mocha oa “lifofane” tse neng li qala ho bonahala holimo sepakapakeng, mongoli o ile a nahana hore “ha ho bapisoa ke ba seng bakae feela ho rōna ba lakatsang ho ba holimo-limo se-pakapakeng hōle le lefatše.” Le hoja sehlooho sena se lumela hore meloko e tlang e ka ’na ea rata ho tsamaea ka sefofane, se ile sa tiisa hore “toro ea lifofane tsa baeti tse nkang maeto a malelele ... ho ka etsahala hore ho se be le mohla e tla phethahala.”
Ponelo-pele eo e ne e fosahetse hakaakang! Kajeno, selemo le selemo baeti ba fetang limilione tse sekete ba tsamaea “ka lifofane tsa baeti tse nkang maeto a malelele.” E, lekholong le le leng la lilemo, lifofane li fetotsoe ho tloha ho beng mechine e bobebe e entsoeng ka lehong le masela e leng kamoo li neng li le kateng mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo hore e be lijete tsa mehleng ea kajeno tse ntle tse nang le lik’hompu-tha, tse fofelang bophahamong ba lik’hilomithara tse leshome ka holim’a lefatše ’me li nka baeti ba makholo ho ea libakeng tse hōle ba le mabotho-bothong ao ho ’ona boemo ba leholimo bo leng tlas’a taolo.
Tsoelo-pele e potlakileng ea theknoloji ea ho fofisa lifofane lekholong la bo20 la lilemo e bile e tsotehang e le kannete ’me e fetotse lefatše la rōna haholo. Ha e le hantle, taba ea ho phehella ha motho ho laola sepakapaka e qalile khale haholo lilemong tse fetileng tse fetang mashome a seng makae—kapa esita le lilemong tse fetileng tse makholo a seng makae. Ho tsamaea ha motho ka sefofane ke toro eo batho ba ’nileng ba nahana haholo ka eona ho tloha mehleng ea boholo-holo.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lockheed SR-71 Blackblrd, jete e lebelo ka ho fetisisa lefatšeng, e fofa ka lebelo la lik’hilomithara tse 3 540 ka hora
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Boeing Stratoliner 307, ea hoo e ka bang ka 1940, e nka baeti ba 33, e fofa ka lebelo la lik’hilomithara tse 346 ka hora
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Boeing Company Archives
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
“Flyer,” ea bara ba ha Wright, ea 1903
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo