Takatso ea ho ba le Maeto a Sefofane a Sireletsehileng
LIBEKE li se kae pele ho la 11 September, Alex o ne a nahana hore o mothating oa ho hlōla tšabo ea hae ea ho tsamaea ka sefofane. Ha sefofane sa baeti seo a neng a le ka ho sona se tloha Athene se e-ea Boston, mookameli enoa oa lekala la litšebeletso tsa sechaba, ea lilemo li 42, o ile a qala ho tšoha—pelo ea hae ea qala ho otla ka matla ’me a fufuleloa matsoho le phatleng.
Empa o ne a tseba seo a lokelang ho se etsa. Motho ea neng a mo thusa ho hlōla tšabo ea hae ea ho tsamaea ka sefofane o ne a mo boleletse hore a khe moea tlaase, a inahane a le sebakeng se setle, ’me a itšoarelletse ka thata setulong, a se tšoare a se tlohela ka makhetlo a mane ka motsotso. Ha ho sisinyeha ha sefofane le lerata la sona li ne li batla li mo phahamela, Alex o ne a inahana a le haufi le letša le khutsitseng. Alex o re: “Ke ne ke nahana hore ke batla ke ntlafalitse.”
Baeti ba limilione ba tsamaeang ka lifofane ba kile ba tšaba ho tsamaea ka tsona. Lilemong tsa morao tjena, ba bangata ba ile likolong tse ba koetlisetsang ho hlōla tšabo ea ho tsamaea ka sefofane, hangata e le ka khothalletso ea litho tsa lelapa, bahiri le ba lifofaneng, bao kaofela ha bona sepheo sa bona e leng ho ba thusa hore ba tsamaee ka sefofane. Likoetliso tsena li tsoetse baeti ba bangata molemo; likolo tse ngata li motlotlo hore ebe li atlehile ho thusa ba ka etsang karolo ea 90 lekholong.
Empa liketsahalo tsa la 11 September li fetotse seo sohle. Alex o ile a nyahlatsa likoetliso tseo a neng a li tsamaea. O ile a boela a ikhula morerong oa ho tsamaea ka sefofane ho ea kopana le rakhoebo e mong ea hlahelletseng eo ho neng ho ka ’na ha e-ba le litšebelisano le eena, e leng se ileng sa nyahamisa mohiri oa hae. Alex o itse: “Tšabo ea ka ea ho tsamaea ka sefofane hammoho le litlhaselo tsa bokhukhuni, li ne li phahametse matla a ka. Likoetliso li ne li sa ka tsa ntlhomella seo.”
Taba ea Tšireletseho ea Shebisisoa
Baeti ba tšabang ho tsamaea ka lifofane ba bontša hore lipotso tse tloaelehileng tse botsoang batho pele ba kena ka sefofaneng li ile tsa botsoa bakoeteli ka la 11 September, e leng lipotso tse kang: “Na ho na le motho eo u sa mo tsebeng ea u kōpileng hore u mo tsamaele le ho itseng leetong lee? Na u kile ua arohana le thōtō ea hao ka mor’a hore u e pake?” Bakoeteli ba ile ba arabela ka tsela e tšoanang le ea ba bangata, ka ho re: “Che!” Litsebi tse ling tsa tšireletseho le tsona li nka hore ho atleha ha bakoeteli ho kena ka sefofaneng ke bopaki ba ho nyehla ha tšireletseho maetong a lifofane. Jim McKenna, eo e kileng ea e-ba motsamaisi oa Mokhatlo oa Tšireletseho Maetong a Lifofane o itse: “Ha ho motho kapa ntho leha e le efe e neng e ka qobella hore ho be le phetoho. Ho koeteloa ha lifofane tse ’nè le ho soahlamanngoa ha tsona, ho ileng ha bolaea batho ba likete, ho ka ’na ha qobella hore ho be le phetoho eo.”
Ka mor’a ho soahlamana hoo ha lifofane ho ileng ha bolaea batho, taba ea tšireletseho ea boema-fofane le ea lifofane e ile ea shebisisoa ka leihlo le nchocho. Sebokeng sa lekhotla le etsang melao, mookameli e moholo oa Lefapha la Lipalangoang United States, Kenneth M. Mead, o itse: “Ho sa tsotellehe mekhoa e sebelisoang hona joale le e mecha ea tšireletso, tšireletseho e ntse e haella ka tsela e tšosang ’me ho sa na le . . . likheo tse hlokang ho katoa.” Ho etsoa eng ho kata likheo tseo?
Ho Lekolisisa se ka ’Nang sa Sokela Tšireletseho
Ha ofisiri e phahameng ea tšireletseho lifofaneng tsa United States e ne e botsoa hore na e tšaba ho tsamaea ka sefofane, e ile ea araba e sa qeaqee: “Le letho! ke tšepa CAPS [Computer Assisted Passenger Screening].” E ne e bua ka lenaneo la K’homphieutha le Thusang ho Hlahloba Baeti, le rekotang tekete e ’ngoe le e ’ngoe e rekisitsoeng ke lifofane tse tlas’a lenaneo lena. Lenaneo lena le bontša hore na tekete eo e rekiloe ofising ea lifofane kapa ofising ea tsa maeto kapa ho Internet. Le rekota boitsebiso bo kang ba hore na moeti o tsamaea a le mong kapa le litho tsa lelapa kapa metsoalle, hammoho le bo kang ba hore na o kile a ameha tlōlong ea molao kapa a itšoara ka tsela e sa amoheleheng lifofaneng, basebetsing ba tsona, kapa thepeng ea tsona.
Nako le nako ha moeti a fihla boema-fofane, boitsebiso bona boa hlahlojoa ’me ho kenyelletsoa ba morao-rao, ho akarelletsa le tsela eo a arabetseng ka eona lipotsong tse botsoang pele a tsamaea. Ho bokelloa ha boitsebiso le ho sebelisoa ha bona le tsela eo bo sebelisoang ka eona ke le leng la makunutu a bolokoang e le pinyane khoebong ena. Mananeo a fapaneng a tšoanang le a CAPS a sebelisoa lefatšeng ka bophara, a mang a hokahane ka ho toba le mekhatlo e tsamaisoang ke ’muso le mekhatlo ea machaba ea sepolesa, e kang oa Interpol. Libakeng tse ngata tsa boema-fofane Europe, mananeo a taolo ea liphasepoto a khona ho rekota le ho hlahisa boitsebiso ba maeto ao motho a a nkileng ka sefofane le linaha tseo a li etetseng.
Boitsebiso bona bo sekasekoa ka khopolo ea hore batho ba khopo ba ka ba kotsi tšireletsehong ho feta lintho tse kang tseo batho ba kenang ka tsona ka sefofaneng le lithōtō. Ka hona, e le ho matlafatsa tšireletseho ka ho tsoelang pele boema-fofaneng, hona joale ho sebelisoa litsela tse khethollang motho le likarete tsa elektronike kapa ho nahaneloa hore li sebelisoe.
Ntle le ho sekaseka boitsebiso bona ba moeti, lefapha la tsa tšireletseho boema-fofaneng le boetse le amehile haholo ka ho thibela hore lintho tse kotsi li se ke tsa kena ka sefofaneng. Ho hlahloba lintho ka mechine ea X-ray kae-kae hoa haella. Basebetsi ba tšireletseho boema-fofaneng ba thatafalloa ho tsepamisa mohopolo ka nako e telele kaha ho sheba litšoantšo tse sa hlakang tsa lithōtō ha li feta mechineng ea X-ray e ka ba ho khathatsang kelello. Ka nako e tšoanang, mechine ea magnetometer e lula e llisa bohata, e lla ha ho feta linotlolo tsa ntlo, chelete ea tšepe le lichasepere tsa mabanta.
Melao e Thatafetseng
E le ho kata likheo tseo, mebuso e nkile bohato ka ho etsa melao e matlafatsang tšireletseho boema-fofaneng. United States, sena se bolela hore ha thōtō e kena ka sefofaneng e kene le mong’a eona, meroalo e menyenyane e hlahlojoe ka ho feletseng le lithōtō tsohle tse tsamaeang li hlahlojoe hore na ha li na liqhomane, ’me sena se lokela se be se kene tšebetsong bofelong ba 2002. Ho ntse ho matlafatsoa le ho tiisa mamati a fetelang ka ho motsamaisi. Basebetsi ba lifofaneng ba fuoa koetliso e eketsehileng ea ho sebetsana le maemo a tlokotsi. Masole a hlometseng a moeeng a se a bile a sebelisoa lifofaneng tsa baeti.
Libeke le likhoeli ka mor’a la 11 September, baeti ba ne ba phopholetsoa ’me lithōtō li phenyekolloa liemelong tse ngata tsa lifofane lefatšeng ka bophara. Maemong a mang, baeti le lithōtō ba ne ba hlahlojoa ka makhetlo a mabeli. Baeti ba Europe ba se ba ntse ba tloaetse mehato ena ea tšireletso kaha e ile ea kenngoa tšebetsong lilemong tsa bo-1970, ha ho koeteloa ha lifofane ho ne ho iphile matla. Hona joale baeti ba thibeloa ho kena sefofaneng ka ntho leha e le efe e nchocho. Ke baeti ba nang le litekete tsa ho tsamaea feela ba lumelloang ho feta libakeng tseo ho hlahlojoang ho tsona. Ba bangata ba se ba tloaetse mela e melelele le boteng ba masole a hlometseng boema-fofaneng.
Li Lokisoa ka Tsela e Hlokolosi
Ak’u nahane ka boemo bona bo tloaelehileng bo nyahamisang: Ka mor’a hore moeti a fete libakeng tse ngata tsa ho hlahlojoa, qetellong o iphumana a le keiting, a emetse ho utloa ha mosebetsi oa lifofaneng a re ba palame. Moeti e mong ea apereng sutu ea maemo e thokoa ea haufi le eena o re: “Na u utloile? Sefofane se tla lieha ho tloha ka lebaka la mathata a thekniki.” O sisinya hlooho ’me o re: “Kea tšepa ha ba na ho re tsamaisa ka sefofane se se nang enjene!”
Seo baeti ba bangata ba sa se lemoheng ke hore mekhatlo ea tsamaiso ea lifofane e na le mananeo a ho hlahloba lifofane ka tsela e hloahloa le e hlokolosi. Ho hlahlojoa ka hloko buka e tlalehileng maeto ao sefofane se a nkileng ho bona lintho tse lokelang ho lokisoa. Ha e le hantle, mekhatlo eo e hloka hore ho khomareloe kemiso e sa fetoheng ea ho lokisa lifofane le ho li nchafatsa lienjene—hoo ho etsoa ka makhetlo a mangata le ho feta ao koloi e lokisoang ka ’ona—esita le haeba sefofane se e-na le tlaleho e ntle ea ho se robehe.
Mak’henike e mong ea ka sehloohong a ka netefatsa sena. O re: “Lilemong tse ka bang 15 tseo ke sebelitseng mona ka tsona, ha ke e-s’o ka ke bona kapa ke utloa mak’henike ea sa nkeng tšireletseho ka ho teba. Etsoe, metsoalle le ba malapa a basebetsi le bona ba tsamaea ka lifofane tsena tseo ba li lokisang, ka hona, ba netefatsa hore ba etsa mosebetsi o phethahetseng.”
Boikarabelo bo boholo bo mahetleng a litheknishiene le bo-mak’henike ba lifofane. E mong oa bona o re: “Ha ke sa tla lebala bosiu boo ka bona re ileng ra lahleheloa ke sefofane sa DC-10 Sioux City, Iowa. Ka nako eo, ke ne ke le theknishiene ea lifofane, ’me ke ne ke ntse ke hlahloba sefofane sa mofuta o tšoanang le seo le ho se lokisa mohatleng. Ka nako ena, re ne re e-na le boitsebiso bo fokolang ba hore na hantle-ntle ho etsahetse’ng ka sefofane seo. Ke hopola kamoo ke ileng ka etsa mosebetsi oa ka ka kelo-hloko e khōlō kateng bosiung boo, ke ipotsa: ‘Ho etsahetse’ng ka sefofane seo? Na ebe mohlomong motho e mong o ile a sitoa ho hlokomela ho itseng hoo ’na hona joale nka ’nang ka ho lemoha ’me ka thibela tlokotsi e ’ngoe ho etsahala? Na ke etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle ka tsela eo ke lokelang ho e etsa ka eona?’ Ke ile ka qeta nako e ngata mohatleng bosiung boo, ke hlahloba ke bile ke ntse ke nahana.”
Litheknishiene tsa lifofane li lula li koetlisetsoa likarolo tsohle tsa mosebetsi oa tsona, ebang ke mosebetsi oo li o etsang nako le nako kapa o keneletseng oa ho hlahlobisisa hammoho le mekhoa ea ho lemoha mathata le ho a lokisa. Likoetliso tse fuoang basebetsi li nchafatsoa selemo le selemo e le hore li akaretse maemo ’ohle a ka hlahang, ebang ke a tloaelehileng kapa a sa tloaelehang.
Ka mor’a koluoa ea sefofane, boitsebiso bo bokeletsoeng boa sekasekoa ’me bo kenngoa mochineng o hlahisang maemo a tšoanang le a se etsahetseng. Bafofisi ba nang le bokhoni bo ikhethang le lienjiniere tsa lifofane ba sebelisa mochine ona ho bona hore na ke lintho life tse ling tse ka etsoang ho rarolla bothata e le hore basebetsi ba ka li sebelisa nakong e tlang ha ho hlaha bothata bo tšoanang. Joale basebetsi ba hlophisetsoa lenaneo le ba koetlisetsang sena e le hore ba fuoe litaelo tse tobileng. Litlhahlobo tse kang ena li boetse li etsa hore ho etsoe liphetoho sefofaneng le moetsong oa sona, ka tšepo ea hore ho ka ithutoa ho itseng liketsahalong tse joalo ’me tsa fokotsoa.
Mak’henike enoa o phetha ka ho re: “Bohle re bolelloa hore ‘tšireletseho ha e iketsahalle feela—e tlameha ho sebeletsoa.’”
O Boetse o Tsamaea ka Sefofane
Ka mor’a likhoeli tse ’nè tseo Alex a li qetileng a ipolelletse hore ha a na ho tsamaea ka sefofane, o ile a etsa qeto ea hore ke nako ea hore a loantšane le tšabo ea hae. Ha aa ka a tšoenngoa ke boteng ba mapolesa le masole Boema-fofaneng ba Machaba ba Boston’s Logan. Ha aa ka a khopisoa ke mela e melelele libakeng tseo ho hlahlojoang ho tsona le ho phahlolloa ha thōtō ea hae.
Alex o ne a nka lintho tsena li le molemong oa hore a be le leeto la sefofane le sireletsehileng. O ntse a fufuleloa le hoja e se ka matla hakaalo le ho sehoa ke mala a masesaane. Leha ho le joalo, ha Alex a beha liphasele tsa hae sebakeng sa tsona se ka holim’a hae, o re: “Hona joale ke ikutloa ke le betere haholo.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
’Nete ea Taba ka ho Tsamaea ka Sefofane
Ho ea ka likhakanyo, motho a le mong ho ba bahlano ba tsamaeang ka sefofane o na le tšabo ea ho tsamaea ka sona. Leha ho le joalo, hase kaofela ha bona ba nahanang hore ho tsamaea ka sefofane ha hoa sireletseha. Hangata ba amehile ka lintho tse ling, tse kang ho tšaba ho ba sebakeng se phahameng kapa ho ba ka har’a batho ba bangata.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Ho Na Le Menyetla E Mekae Ea Hore Ho Etsahale Kotsi E Bolaeang?
Ka selemo ho na Nakong eohle
le monyetla o le eabophelo ho
mong ho e: na lemonyetla
o le mong ho e:
Ea koloi 6 212 81
Ea ho bolaoa 15 104 197
Ea mechine 265 000 3 500
Ea ho soahlamana
ha sefofane 390 000 5 100
Ea ho khangoa ke metsi
ka bateng 802 000 10 500
Ea ho bolaoa ke
liphoofolo tse mahloko
le limela tse chefo Limilione tse 4,2 55 900
Ea ho otloa ke lehalima Limilione tse 4,3 56 000
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: National Safety Council
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Tšireletseho e matlafalitsoeng boema-fofane
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Joel Page
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho hlahlojoa ha baeti
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Litsela tse ntlafalitsoeng tsa ho lokisa lifofane
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Batsamaisi ba lifofane ke litsebi tse koetlisitsoeng tsa boemo bo phahameng