Lifofane li Sireletsehile Hakae?
KA SELEMO ho shoa batho ba ka bang halofo ea milione litseleng lefatšeng. Ho fapana le hoo, palo ea mafu a bakoang ke likotsi tsa lifofane ka 1996 e bile 1 945. Ka 1997 palo e akaretsang e ne e theohetse ho 1 226. Ho latela lipalo-palo tse bolokiloeng ke moetsi oa li-Boeing, “lijete tsa khoebo li soahlamana ka makhetlo a ka tlaase ho a mabeli maetong a mang le a mang a milione a lifofane.”
Empa, ho soahlamana ho hong le ho hong ha sefofane ho phatlalatsoa hohle, empa polao e sehlōhō ea letsatsi le letsatsi litseleng e nkoa e le ntho e tloaelehileng. United States, ke maeto a libese feela ao ho nkoang hore a batla a sireletsehile ho feta ho tsamaea ka sefofane.
Ke hobane’ng ha ka tloaelo sefofane se sireletsehile ho feta koloi? Lebaka le leng le totobetseng ke hore ho fapana le likoloi tse tsamaeang ’mileng, hase hangata lifofane li fofang li atamelane. Lebaka le leng ke hobane bongata ba basebetsi ba lifofaneng ba koetlisitsoe ka tsela e phahameng ’me ba phetha boikarabelo ba bona ka tsebo e phahameng. Ka tloaelo mokhanni ea ka sehloohong oa Boeing 747 o lilemong tsa bo-50, ’me o na le phihlelo ea ho khanna lifofane ea lilemo tse 30. Tšireletseho ke ntlha e ka sehloohong eo basebetsi bohle ba sefofaneng ba amehileng ka eona. Etsoe, le bophelo ba bona bo kotsing.
Tšireletseho Sebakeng Seo Mokhanni le Bathusi ba Hae ba Lulang ho Sona
Ha u ka sheba ka sebakeng seo mokhanni le bathusi ba hae ba lulang ho sona sefofaneng sa baeti, u tla hlokomela hore mechine eohle ea bohlokoa le likofuto tse laolang sefofane li entsoe hore li be peli mofuteng ka mong—sete e ’ngoe e ka lehlakoreng le letšehali bakeng sa mokhanni ea ka sehloohong ’me e ’ngoe e ka lehlakoreng le letona bakeng sa mothusi oa hae.a Kahoo, ho latela The Air Traveler’s Handbook, “haeba ho ka etsahala hore e mong oa bakhanni a akhehe, mokhanni e mong o na le likofuto tsohle tse laolang sefofane hore se tsamaee ka tsela e sireletsehileng. Ha se le moeeng, mokhanni ka mong a ka lekola likofuto tsa e mong, ’me a etsa bonnete ba hore li bontša matšoao a tšoanang mamatjaneng ka bobeli.”
Ntlha e ’ngoe e tlatsetsang tšireletsehong e nkoang e le mokhoa oa ho ba hlokolosi ka sebakeng seo ho lulang mokhanni ea ka sehloohong le mothusi oa hae ke hore, ka tloaelo mokhanni ea ka sehloohong le mothusi oa hae ba ja lijo tse sa tšoaneng. Hobane’ng? E le hore haeba ho ka etsahala hore ebe lijo li na le chefu, ho amehe a le mong feela oa bona.
E le ho tiisa taolo ea likarolo tse ka tsamaisoang tse kang qola ea mapheo, kere e laolang sefofane ha se lula, le mariki, “hangata lifofane li na le litsamaiso tse peli kapa ho feta tse laolang likarolo tsena ebang mohlomong e ’ngoe e ka hlōleha.” Ho etsa tsamaiso e nang le likofuto ka bobeli kapa esita le ka boraro ke tlhokahalo ea motheo ea tšireletseho lifofaneng tse ngata tsa kajeno.
U ka Etsa’ng?
Tse ling tsa litemoso tseo baeti ba lokelang ho li ela hloko ke tsena: Bala karete ea litaelo ea maemo a tšohanyetso, ’me u mamele ha bahlokomeli ba sefofane ba hlalosa mekhoa ea tšireletseho qalong ea leeto ka leng. Ha u lula setulong sa hao, tiiseha hore na monyako o tsoang o haufi-ufi le uena o hokae. ’Me ha kotsi e hlaha, latela litaelo tsa bahlokomeli ba sefofane. Kaofela ha bona ba koetlisitsoe haholo bakeng sa ho sebetsana le maemo a thata, ha a ka hlaha. Ha ho fanoa ka litaelo, ke habohlokoa hore baeti ba tsamaee kapele ’me ba lebale ka thepa ea bona. Bophelo ke ba bohlokoa ho feta thepa.
Lifofane tsa kajeno li fofela ka holimo ho sebaka seo ho sona maemo a leholimo a leng mabe, ka hona li tsamaea ha phollatsi ha li nka maeto a eang libakeng tse hōle. Ka lebaka leo, ke batho ba seng bakae feela ba kulisoang ke ho tsamaea ka sefofane. Haeba ho lebeletsoe ho tsukutleha ho itseng ka lebaka la maemo a sepakapaka, hangata mokhanni ea ka sehloohong o eletsa baeti hore ba etse bonnete ba hore ba fasa mabanta a bona a pholoho e le bohato ba ho itšireletsa.
Na ho tsamaea ka sefofane ho ka sireletseha haholoanyane? Karabo ke e. Empa baeti ba bangata ba ke ke ba mamella phetoho e hlokahalang. E ka ba efe? Ho etsa hore baeti ba shebe morao ho e-na le ho sheba pele! Hoo ho ka ba le molemo ofe? Baeti ba ne ba ka tšehetsoa ke ntho e itšetlehang nakong eo lebelo le fokotsoang ka tšohanyetso ho e-na le ho fasa lebanta la pholoho feela mpeng, e leng tšireletso e sa lekanang ha ho bapisoa le ea mabanta a litulo tsa likoloi tse ngata ao hape a parolang sefuba. Leha ho le joalo, batho ba khetha ho sheba moo ba eang teng ho e-na le ho sheba moo ba tsoang teng!
Na U Tšaba ho Tsamaea ka Sefofane?
Ho hakanngoa hore ho batho ba baholo ba United States moahi a le mong ho ba tšeletseng o tšaba ho tsamaea ka sefofane. Ho ba bang ke ho fetang tšabo—ke tšabo e feteletseng, ho haroha letsoalo ho ka fellang ka liketso tse bontšang ho ameha kelellong. Ke’ng se ka thusang?
Ho ba moeti ea nang le tsebo ho ka etsa ho hongata ho kokobetsa matšoenyeho. Selemo ka seng lefatšeng ka bophara hoo e ka bang lifofane tse 15 000 li sebeletsa liemelo tsa lifofane tse ka bang 10 000, li tsamaisa batho ba fetang limilione tse 1 200, ho ba le likotsi tse seng kae kapa likhathatso. “Ho latela [k’hamphani ea inshorense ea] Lloyd ea London ho tsamaea ka sefofane ho sireletsehile ka makhetlo a 25 ho feta ho tsamaea ka koloi.”
Haeba u tšaba ho tsamaea ka sefofane, bala libuka tse buang ka ho tsamaea ka sefofane, ka lifofane le koetliso ea bakhanni ba tsona. Bala ka litekanyetso tse phahameng tsa koetliso tse hlokoang ho bakhanni ba lifofane le melao e ba laolang mabapi le nako ea bona ea ho robala, meeli e behiloeng mabapi le ho noa joala pele ba khanna sefofane le ho hlahlojoa ba sa lebella ka morero oa ho bona hore na ba na le lithethefatsi ’meleng. Hape ho na le litlhahlobo tse etsoang habeli ka selemo tseo bakhanni ba lifofane ba lokelang ho li feta ka katleho tse etsetsoang ka har’a sesebelisoa se hlahisang maemo a ka hlahang ha sefofane se tsamaea ho bona hore na ba ka itšoara joang maemong a tšohanyetso. Maemo ana a tšoana hantle le a sebele hoo bakhanni ba bang ba lifofane ba eeng ba tsoe ka har’a sesebelisoa sena “ba thothomela ebile ba re tee! ke mofufutso.” Haeba mokhanni oa sefofane a hlōleha ho feta tlhahlobo ea sesebelisoa sena ka katleho, a ka amohuoa laesense ea hae ea ho khanna sefofane sa khoebo.
Litekanyetso tsena li phahame haholo ho feta tse beheloang bakhanni ba likoloi. Ka lebaka leo, ha u ntse u ithuta haholoanyane ka lifofane le bakhanni ba tsona, kholiseho ea hao e tla eketseha haholoanyane.
Ho etela boema-fofane le hona ho ka thusa. Hlokomela mekhoa e sebelisoang bakeng sa ho tsamaisa litaba tsa baeti, ’me u bone kamoo batho ba itšoarang kateng. U tla hlokomela hore batho ba bangata ba theoha sefofaneng joalokaha eka ba theoha beseng. Ho bona ho tsamaea ka sefofane ke ntho e tloaelehileng. Shebella lifofane ha li phahama leha li lula. Utloisisa u be u bohe melao-motheo ea saense ea liphello tsa matla a moea tse etsang hore ho tsamaea ka sefofane ho khonehe ho be ho sireletsehe.
Ha qetellong u tsamaea ka sefofane ka lekhetlo la pele, bolella mohlokomeli oa sefofane hore lena ke lekhetlo la pele u kena ka sefofaneng le hore u ka ’na ua tšoha hanyenyane. Litsebi tsena li tseba kamoo li ka u thusang hore u phutholohe ’me u tšepe tsamaiso eohle ea sefofane. Leka ho phutholoha. Ha mokhanni ea ka sehloohong a re ho tsamaea ka sefofaneng ho sireletsehile, ema ’me u otlolle maoto ka karolong ea baeti ea sefofane. Mohlomong u hlile u tseleng ea ho hlōla tšabo ea hao ea ho tsamaea ka sefofane!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lifofaneng tse ngata ha sefofane se ntse se eme mokhanni ea ka sehloohong o tla u lumella ho sheba ka sebakeng seo eena le bathusi ba hae ba lulang ho sona. Hape o tla araba lipotso tsa hao.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
“Ho latela [k’hamphani ea inshorense ea] Lloyd ea London
ho tsamaea ka sefofane ho sireletsehile ka makhetlo a 25 ho feta ho tsamaea ka koloi”
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Ho Ithuta ho phutholoha ho ka etsa hore ho tsamaea ka sefofane ho be monate
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Photograph courtesy of Boeing Aircraft Company