Ho Ameha ka Tšireletseho
HO TSAMAEA ka sefofane bophahamong ba lik’hilomithara tse 11 ka holim’a lefatše e ka ba phihlelo e tšosang ho ba bang. Ho ka bonahala ho hanyetsana le melao ea tlhaho. Kaha litekanyetso tsa tšireletseho le ho tšepahala ha maeto a lifofane ho ntlafetse haholo, menyetla ea ho oa ka sefofane e fokotsehile. Leha ho le joalo, ka linako tse ling liketsahalo tse bohloko li re hopotsa hore likotsi lia etsahala.
Ho Sebetsana le Tšabo
Ho sa tsotellehe ’nete ena, motho o ’nile a bontša takatso ea ho fofa ho tloha khale. Lilemo tse sekete pele ho Kreste, Morena Davida o ile a ngola: “Hoja ke ne ke e-na le mapheo joaloka leeba! Ke ne ke tla fofa.” (Pesaleme ea 55:6) Joalokaha re se re bone, theknoloji ea kajeno e entse hore ho tsamaea ka sefofane e be o mong oa mekhoa e sireletsehileng ka ho fetisisa ea ho tsamaea. Leha ho le joalo, ha oa phethahala. Ha ho letho le sireletsehileng ka ho phethahetseng lefatšeng lena kapa le ka boneloang pele ka ho feletseng.
Ke habohlokoa hore re hopole sena ha re thatafalloa ho lula re khobile matšoafo ha lintho li tsamaisoa ke motho e mong. Batho ba bang ba ka ’na ba sekamela ho nahaneng hore, ‘Haeba lintho li tsamaisoa ke ’na, ho ke ke ha tšosa hakaalo.’ Haeba ho joalo, batho bao ba ka ’na ba sulafalloa ha ba le maemong ao ho seng letho leo ba ka le etsang ho laola boemo. Ho tsamaea ka sefofane ho beha motho boemong bo joalo.
Ho sa tsotelehe boiteko bo entsoeng ho etsa hore ho tsamaea ka sefofane e be ho sireletsehileng, motho ha aa lokela ho raha qhebelele. Bohle ba tsamaeang ka sefofane ba ka sebelisana hammoho ho fokotsa lintho tse ka bakang kotsi. Leha ho le joalo, ba boholong ba lemosa ka maemo a lulang a sokela. Maele a bohlale a Bibele a re: “Motho ea bohlale o bonela kotsi pele ’me o ba hlokolosi.” (Liproverbia 22:3, New Living Translation) Ke bohlale ho hlokomela hore hoo e batlang e le nthong e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang, kotsi e ka ’na ea hlaha. Ho ba le pono e loketseng, hopola hore ho tsamaea ka sefofane ho u hloka hore u be hlokolosi joaloka maemong a mang.
Batho ba tsamaeang ka sefofane khafetsa ba ka khona ho itlhokomela haholoanyane tlas’a maemo a thata. Lebaka la sena ke hobane batho ba atisang ho tsamaea ka sefofane ba batla ba tloaetse boema-fofane le lifofane ho feta baeti ba bang. Le uena u ka itloaetsa tsona le ho lula u khobile matšoafo joaloka bona ka ho latela mehato e bonolo e hlalositsoeng mabokoseng a tsamaisanang le sehlooho sena.
Ho Inolofalletsa Leeto
Le hoja ho hlahlojoa ka sepheo sa tšireletseho ho le molemo, baeti ba bang—haholo-holo ba potlakileng—ba ho nka e le tšenyo ea nako. U ntse u sa lebale hore liemelong tse ngata tsa lifofane ho tiisitsoe letsoho tabeng ea tšireletso, u ka batla ho sebelisa litlhahiso tse latelang hore u fete habonolo libakeng tseo ho hlahlojoang ho tsona:
◼ Fihla pele ho nako. Ka ho lokisetsa ho qeta nako e teletsana u le boema-fofane, u ka iketla, ua phomola, ’me ua qoba ho ferekanngoa ke maemo a sa lebelloang kapa a ka sitisang.
◼ Ha u khetha sefofane seo u tsamaeang ka sona, batla sefofane se atisang ho tsamaisa baeti ba khoebo. Ba se ba tloaetse, ba nka thōtō e nyenyane ’me ba batla lintho tse sa ba liehiseng.
◼ Pele u feta mochineng o llang ha ho feta tšepe, ntša lintho tseo u nahanang hore li ka ’na tsa etsa hore o lle. Tsena li akarelletsa linotlolo, chelete ea tšepe, mabenyane le thelefono ea cellular. Li fe mohlokomeli pele u feta pel’a mochine.
◼ Beha mekotla le lintho tse ling tseo u tla kena le tsona sefofaneng lebanteng le tsamaisang lithōtō u li batalalitse; haeba motho ea mochineng oa X-ray a bona setšoantšo se sa hlakang, a ka ’na a batla hore u pakolle mokotla kapa u o khutlisetse morao lebanteng.
◼ Lemosa mohlokomeli ka ntho leha e le efe e sa tloaelehang eo u nahanang hore e ka ’na ea tsosa khoao, joaloka sesebelisoa sa khale sa kichine se entsoeng ka silevera seo u se filoeng ke nkhono oa hao. Haeba mohlokomeli a khotsofatsoa ke tlhaloso ea setšoantšo se hlahisoang ke mochine, a ka ’na a se ke a tsitlallela ho se hlahloba. Haeba u tatile haholo, pakolla thōtō esale pele ’me u kōpe hore e mong a e hlahlobe.
◼ Haeba mochine o lla, sebelisana le mohlokomeli ’me u mo hlalosetse hang-hang. Haeba mohlokomeli a tseba hore mochine o llisoa ke ntho itseng ’me ho e-na le e mong ea tšoereng mochine oa letsoho o hlahlobang, o tla u lebisa ho eena.
◼ Haeba u batla ho siuoa ke sefofane, soasoa ka ho koeteloa ha sefofane kapa ka bomo. Ntle le hore liofisiri tsa tšireletseho boemo-fofaneng li tla u phenya-phenya, u ka ’na ua qosoa ka tlōlo ea molao.
E-ba le Leeto le Sireletsehileng!
Na hoa khoneha ho ikhethela ho ba le leeto le sireletsehileng? E, hoa khoneha. Ho sa tsotellehe hore na u khetha ho tsamaea ka sefofane sefe, u na le monyetla o moholo oa hore u fihle u sireletsehile. Haeba u e-na le pelaelo, etsa lipatlisiso ka sefofane seo u batlang ho tsamaea ka sona. Hopola hore le hoja likotsi li etsahala lifofaneng, ho tsamaea ka sefofane ho ntse ho nkoa e le e ’ngoe ea litsela tse sireletsehileng ka ho fetisisa.
Ho sa le joalo, re ka lebella ka thabo nako eo ka eona ho tla ba le polokeho, tšireletseho le kholiseho tlas’a puso ea Molimo holim’a lefatše. Ha ho se ho phela batho ba tšabang Molimo lefatšeng, ba nang le khotso, ho ke ke ha hlola ho e-ba le monyetla oa hore batho ba behe bophelo ba ba bang kotsing. Batho “ba tla bolokeha le ho sireletseha, ba ke ke ba tšoha tlokotsi.”—Liproverbia 1:33, Holy Bible—Contemporary English Version.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lihlooho tse ling tse amehang bona sehlooho se reng “Ho Etsa Hore ho Tsamaea ka Sefofane e be ho Sireletsehileng,” Tsoha! (ea Senyesemane) ea September 22, 2000; “E-ba le Leeto le Sireletsehileng la Sefofane!” Tsoha! (ea Senyesemane) ea September 8, 2000; “Ho Ameha Eng Hore Lifofane li Lule li Fofa?” Tsoha! (ea Senyesemane) ea September 8, 1999; “Lifofane li Sireletsehile Hakae?” Tsoha! (ea Senyesemane) ea March 8, 1999; “Tšabo ea ho Tsamaea ka Sefofane—Na e U Thibela ho se Palama?” Tsoha! (ea Senyesemane) ea September 22, 1988.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10, 11]
LITLHAHISO TSE LING TSA TŠIRELETSEHO
Tsamaea ka lifofane tse sa fapoheleng. Likotsi li etsahala haholo nakong eo lifofane li tlohang, ha li phahama, ha li theoha, kapa ha li lula. Ho nka sefofane se sa fapoheleng ho ka fokotsa maemo ana ao likotsi li atisang ho etsahala ho ’ona.
Khetha sefofane se seholo. Hangata lifofane tse khōlō tse nkang baeti ba fetang 30 li hahiloe le ho hlahlojoa ho lateloa litekanyetso tse thatanyana ho feta lifofane tse nyenyane. Ho feta moo, haeba ho ka etsahala kotsi e khōlō, ho batla ho e-na le monyetla oa hore baeti ba pholohe sefofaneng se seholo.
Mamelisisa ka hloko litaelo tse fanoang pele sefofane se tloha. Le hoja ho ka bonahala eka ho pheta-phetoa boitsebiso bo tšoanang, libaka tseo le ka tsoang ka tsona boemong ba tšohanyetso li ka ’na tsa fapana ho itšetlehile ka sefofane seo u se palameng le hore na u lutse hokae.
U se ke ua beha lintho tse boima sebakeng sa liphasele se ka holim’a hao. Libaka tsena tseo ho behoang liphasele ho tsona li ka ’na tsa sitoa ho jara meroalo e boima ha sefofane se thulana le meea e matla, kahoo haeba u nkile thepa eo u tla sokola ho e kenya libakeng tsena, e tsamaise le lithōtō tse ling e sa le nako.
Lula u itlamme ka lebanta ka linako tsohle. Ho lula u itlamme ka lebanta ho ka u sireletsa haholoanyane haeba ka tšohanyetso sefofane se thulana le meea e matla.
Mamela bahlokomeli ba sefofane. Lebaka le ka sehloohong leo ka lona ho nang le bahlokomeli ka sefofaneng ke molemong oa tšireletseho, kahoo haeba e mong oa bona a u kōpa hore u etse ho itseng, etsa hoo pele ’me u botse lipotso hamorao.
U se ke ua nka lintho tse kotsi. Ho na le lethathamo le batlang le le lelelele la lintho tse sa lumelloang ho kena ka sefofaneng, empa kelello e lokela ho u joetsa hore u se ke ua nka peterole, liasiti tse kotsi, likhase tse chefo le lintho tse ling tse joalo ka sefofaneng ntle le haeba li lumeletsoe ke ba lifofaneng ’me li kentsoe ka k’hontheinareng e loketseng.
U se ke ua noa haholo. Ho noa seno-tahi leha e le sefe ho tla u ama haholoanyane ha u le moeeng ho feta ha u le fatše. Ho noa ka ho itekanetseng ke bohlale maemong ’ohle.
Lula u falimehile. Boemong ba tšohanyetso bo ka hlahang, bo kang ba ho lemosoa hore le tsoe kapele ka sefofaneng, u lokela ho latela litaelo tsa bahlokomeli le basebetsi ba sefofane ’me u tsoe kapele kamoo ho ka khonehang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: AirSafe.com
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]
TIISETSA BA LELAPA LA HAO HORE BA SE KE BA TŠOENYEHA
Haeba u nka leeto, u ka thusa ba lelapa la hao ka litsela tse latelang hore ba se ke ba tšoenyeha.
Bua le ba lelapa la hao. Pele u kena leetong, qeta nako e itseng u buisana le baratuoa ba hao ka taba ea ho sireletseha ha hao hammoho le ha bona. Hlalosa mehato e mecha e seng e nkiloe ka tšireletseho le hore na e ama ho sireletseha ha hao joang ha u le leetong.
Ba lumelle hore ba bue ka se ba tšoenyang. E-re ba lelapa la hao ba bue ka se ba tšoenyang maikutlong. Baa u rata ’me ba lakatsa hore u sireletsehe. Ba mamele ka hloko, u se ke ua nyatsa maikutlo a bona, ’me u utloisise seo ba amehileng ka sona le se ba tšoenyang.
Ba kokobetse letsoalo. Ba bolelle kamoo mekhatlo e fapa-fapaneng e lekang ka matla kateng ho thibela litlhaselo tse ling tsa bokhukhuni. Boiteko bona bohle bo kopanyelletsa mehato e thata-thata ea tšireletso boema-fofaneng le ka lifofaneng. Monyetla oa hore ho ka etsahala ntho e ’ngoe e mpe ha u le ka sefofaneng o fokola haholo.
Lula u buisana le bona. Ba tšepise hore u tla ba founela ha u fihla moo u eang teng. Ba founele nako le nako ha u ntse u le sieo lapeng. Ke habohlokoa hore ba lelapa la hao ba tsebe hore na ba ka u fumana joang ha maemo a tšohanyetso a hlaha.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
E nkiloe Mocheng oa boitsebiso ba Internet oa United Behaviorial Health
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ikemisetse ho sebelisana le bahlokomeli libakeng tseo ho hlahlojoang ho tsona