Ho Laola Sephethephethe sa Lifofane—Ho U Sireletsa Joang?
KA MONGOLI OA TSOHA! PHILIPPINES
HA U palame sefofane, na u kile ua ipotsa hore na mokhanni o tseba joang moo a eang teng? Mohlomong u ile ua ikutloa u sa phutholoha ha u nahana ka lifofane tse ngata tse fapakanang moeeng ka nako e le ’ngoe. Ho tla joang hore li se ke tsa thulana?
Ke ho utloahalang hore batho ba nkang maeto ba ipotse lipotso tseo. Leha ho le joalo, lipalo-palo li bontša hore ho tsamaea ka sefofane ho sireletsehile,a ha e le hantle ho sireletsehile le ho feta ho tsamaea ka sethuthuthu kapa koloi. Ntho e ka sehloohong e etsang hore e be ho sireletsehileng ke mokhoa oo ho laoloang sephethephethe sa lifofane ka oona.
Ho Tataisa Lifofane ka Tsela e Sireletsehileng
Mokhanni oa sefofane ke eena ea jarang boikarabelo bo boholo ho etsa hore sefofane se tsamaee ka polokeho. Empa maemong a mangata ha a khone ho bona lifofane tse ling tse fofang haufi ebile ha a hlokomele le hore li teng. Ka lebaka lena, linaha tse ngata li na le tsamaiso ea taolo ea sephethephethe sa lifofane. Basebetsi ba lifofaneng ba fatše ba boloka tlaleho ea lifofane tsohle tse fofang moeeng tse hlahang mechineng ea bona.
Samuel, ea qetileng lilemo tse 13 a laola sephethephethe sa lifofane, o re: “Litsebi tse laolang sephethephethe sa lifofane li le fatše li phetha karolo ea bohlokoa ho etseng hore lifofane li sireletsehe. Ntho e ka sehloohong eo li amehileng ka eona ke ho etsa hore lifofane li sielane sebaka.” Melba, eo e leng ofisiri ea taolo ea sephethephethe sa lifofane, le eena o hlalosa hore, “Ntho ea pele eo re amehileng ka eona ke tšireletseho, empa re boetse re thusa lifofane hore li tsamaee ka potlako le ka tsela e laolehileng.” Kahoo, ho phaella tabeng ea ho thusa hore lifofane li se ke tsa thulana, balaoli ba sephethephethe sa lifofane ba boetse ba etsa hore li ’ne li tsamaee.
Sena sohle se bolela hore ha mokhanni a ntse a fofisa sefofane, ho na le batho ba bangata ba fatše ba shebileng le ba mametseng hore na sefofane seo se hokae. Mokhanni o bua ka radio le balaoli ba moo sefofane se tlohang teng le ba moo se eang teng le ba libakeng tse ’maloa tse lipakeng.
Ho beha leihlo maemo ao mokhanni oa sefofane a sa a boneng ho bohlokoa haholo mehleng ena ea lifofane tse mathang ka lebelo le phahameng. Nka hore lifofane tse peli tse khōlō tsa baeti li tla li tobane. Nakong eo bakhanni ba bonanang, mohlomong ba tla be ba saletsoe ke metsotsoana feela hore ba qobe hore li thulane! Ke boikarabelo ba balaoli ba sephethephethe sa lifofane hore ba thibele seo ho etsahala. Nako e telele le pele bakhanni ba ka bonana, ba tla be ba fuoe litaelo tse tla etsa hore lifofane tsa bona li sielane sebaka ka tsela e sireletsehileng.
Ha Sefofane se le Moeeng
Mechine e fatše e fana ka boitsebiso bo tataisang lifofane. Mokhanni oa sefofane o na le mechine e amohelang boitsebiso bo mo bontšang hantle hore na o hokae. Kaha mechine e fanang ka boitsebiso e libakeng tse itseng, lifofane li tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng ho fihlela li fihla moo li eang teng. Ha e le hantle, mechine ena e tataisang lifofane e entse hore ho be le litsela tse khethehileng tsa lifofane.
Balaoli ba sephethephethe sa lifofane ba na le boitsebiso ka lifofane tse tsamaeang litseleng tsena. Pele bakhanni ba tloha, ba lokela ho fana ka boitsebiso mabapi le hore na sefofane se tlil’o tsamaea ka tsela efe. Motho ea laolang sefofane a le fatše o ba le kopi ea boitsebiso bohle bo amehang. Salvador Rafael, ea okametseng taolo ea sephethephethe sa lifofane, o hlalosa kamoo sena se thusang kateng: “Ho na le moo litsela tsa lifofane li teanang teng moeeng. Ha mokhanni a fihla moo, o lokela ho tsebisa molaoli ea fatše. Joale molaoli eo o tla bontša seo koping eo a e tšoereng.” Ka tsela eo molaoli o tla tseba hore na sefofane seo se tsamaea tseleng efe.
Ea laolang sefofane o fuoa boitsebiso boo ka radio. Oa tseba hore na sefofane se hokae, ’me mokhanni o fuoa litaelo tse mo thusang hore a tsamaelle hōle le sefofane se seng. Hangata balaoli ba sephethephethe sa lifofane le bakhanni ba sebelisa li-radio tse ’maloa le maqhubu a ’maloa. Haeba e ’ngoe e sa sebetse, ba ka sebelisa e ’ngoe.
Ho etsahala’ng ha lifofane li ea linaheng tse ling moo ho buuoang lipuo tse sa tšoaneng? Ho qoba likotsi tse ka ’nang tsa hlahisoa ke ho se utloane ka puo, Mokhatlo oa Machaba oa Tsamaiso ea Lifofane o khethile hore ho sebelisoe Senyesemane tsamaisong ea lifofane. Hape kaha mantsoe a mang, liletere le lipalo li utloahala li tšoana ha li bitsoa radiong, balaoli ba sephethephethe sa lifofane ba rutiloe hore ba sebelise lipoleloana tse itseng le ho bitsa mantsoe ka tsela e itseng ha ba fa bakhanni litaelo. E le ho ntlafatsa tšireletseho le ho feta, bakhanni ba kōptjoa hore ba phete litaelo tse itseng tseo ba li fuoeng ke balaoli.
Thulusi e ’ngoe eo balaoli ba sephethephethe sa lifofane ba e sebelisang ke mochine oa radar. Maqhubu a radio a khutlang lifofaneng a amoheloa ke eriale ea mochine oa radar. Joale lifofane tseo li hlahella mochineng oa radar o sebelisoang ke balaoli ba sephethephethe sa lifofane. Lifofane tse ngata li na le ntho e fetisetsang boitsebiso ba tsona mochineng oa radar. Ha boitsebiso boo bo kopana le bo bong bo k’homphieutheng, sefofane seo se hlahella mochineng oa radar, se feletse se e-na le nomoro, se bontša lebelo leo se tsamaeang ka lona, hore na se fofela holimo hakae le hore na ke sa moetso ofe.
Haeba molaoli a hlokomela hore o lokela ho etsa hore lifofane li se ke tsa thulana, ho na le lintho tse ’maloa tseo a ka li etsang. A ka ’na a laela mokhanni hore a nke (1) tsela e ’ngoe. Kapa a ka ’na a mo laela hore a eketse (2) lebelo kapa a le fokotse, haeba ka mohlala sefofane se seng se feta se seng. Tsela e tloaelehileng eo a ka arolang lifofane ka eona e ka ba ho fetola (3) bophahamo boo li fofang li le ho bona.
E le ho ntlafatsa tšireletseho, mechine e mengata ea radar e hlokomelisa balaoli ba lifofane ha boemo bo e-ba kotsi. Ka mohlala, lialamo lia lla le ho ba lemosa ha ho bonahala eka lifofane tse peli li tla atamelana haholo. Alamo e ’ngoe ea lla haeba ho na le sefofane seo ho bonahalang eka se tsamaella tlaase haholo.
Sepheo ke ho U Sireletsa
Ho se ho ntse ho etsoa litokisetso tsa ho ntlafatsa mokhoa oa ho laola sephethephethe sa lifofane. Hangata mechine e tataisang lifofane e le fatše e etsa hore lifofane li tsamaee ka litsela tse itseng feela li bile li le bophahamong bo itseng feela. Sena se etsa hore ho be le sebaka se itjang feela sepakapakeng ’me se lelefatsa maeto a lifofane. Nakong e tlang lifofane li tla itšetleha haholo ka mechine e laoloang ka sathelaete, e kang ea Global Positioning System, e tla lumella lifofane hore li tsamaee ka litsela tse ling e be e bebofatse mokhoa oa ho laola lifofane tse eang mose ho maoatle.
Joalokaha re se re hlokometse ka lintlha tse seng kae tseo re li tšohlileng ka taolo ea sephethephethe sa lifofane, hase mokhanni oa sefofane feela ea tsebang hore na sefofane seo le se palameng se hokae ka nako leha e le efe. Ha e le hantle, batho ba bang ba bangata ba liofising tse fatše ba behile sefofane sa lōna leihlo ha se le moeeng. Mokhoa o sebelisoang o reretsoe ho fokotsa likotsi le ho etsa hore lifofane li sireletsehe kahohle kamoo ho ka khonehang. Ha ho makatse hore ebe lenane la likotsi lifofaneng tsa baeti le tlaase haholo!
Kahoo haeba u tsamaea ka sefofane, ha ho hlokahale hore u tšohe hakaalo. Lekhetlong le latelang ha u nka leeto le lelelele ka sefofane, hopola hore ho na le batho ba bangata ba fatše ba shebileng le ba mametseng hore na sefofane seo se hokae ho etsa bonnete ba hore u sireletsehile. Phutholoha ’me u thabele leeto la hao!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Selemong se seng morao tjena United States, lifofane li ile tsa tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang limilione tse likete tse 11, ’me ka karolelano ha e-ba le kotsi e le ’ngoe feela ka mor’a lihora tse ling le tse ling tse 334 448 tseo li li qetileng li fofa.
[Setšoantšo se Qanollang 14, 15]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
HA SEFOFANE SE LE MOEENG
Global Positioning System
☒
Tsamaiso ea taolo Mechine e fatše Radio Eriale ea radar
ea sephethephethe e tataisang
sa lifofane lifofane
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Tora ea taolo ea sephethephethe sa lifofane
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Balaoli ba sephethephethe sa lifofane
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Setsi sa taolo ea sephethephethe sa lifofane
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng 15]
Tower and controllers: NASA Ames Research Center; control center: U. S. Federal Aviation Administration