Na ho Tsamaea ka Sefofane ho Ntse ho Sireletsehile?
LIFOFANE tse ’nè tse khōlō tsa baeti li ile tsa koeteloa. Tse ’nè tsa soahlamana. Liemahale tse hlahelletseng tsa senyeha. Thelevishene ea bontša e sa tsoa bontša setšoantšo sa ha sefofane sa jete sa 767 se thula o mong oa Mehaho e ’Meli e Melelele.
Litlhaselo tsa la 11 September, 2001, li re kentse mehleng e mecha ea tšabo ea bokhukhuni bo mabifi. Lifofane li ile tsa sebelisetsoa merero e kotsi, ’me tsa fetoha libomo.
Ka lebaka leo, ho hlahile mofuta o mocha oa batho ba tšabang ho tsamaea ka lifofane: Batho ba neng ba nka ho tsamaea ka sefofane ho sireletsehile hona joale ba tšaba hore ho ka ’na ha e-ba le tlhaselo ea bokhukhuni. Ho feta moo, likotsi tse ling tsa lifofane tse etsahetseng ka mor’a la 11 September tseo ho tsona ho shoeleng batho, tse neng li sa amane le bokhukhuni, li ekelitse tšabo ea ba bangata ea ho tsamaea ka lifofane.
Ke ’nete hore ho tsamaea ka sefofane ke bophelo bo mabothobotho boo ba limilione lefatšeng ka bophara ba ke keng ba bo khona. Leha ho le joalo, ba bang ba tlameha ho tsamaea ka sefofane nako le nako. Bao mesebetsi ea bona e ba hlokang hore ba tsamaee haholo ha ba na mokhoa oa ho qoba ho tsamaea ka sefofane. Baromuoa le basebeletsi ba Bakreste hangata ba nka maeto a malelele ka lifofane ho ea likabelong tsa bona le ho khutla. Ka linako tse ling esita le batho ba futsanehileng ba tsamaea ka lifofane e le oona feela mokhoa oa ho tsamaea ha ba hloka kalafo e potlakileng. Hape batsamaisi ba lifofane le basebetsi ba lifofaneng ba likete ba hiretsoe ho tsamaea le tsona.
Mohlomong ba bangata ba batho bana ba tsamaeang ka lifofane le bona baa tšaba, empa ba tlameha ho kokobetsa matsoalo a balekane ba bona le a bana ba bona pele ba tsamaea. Batho ba tsamaeang ka lifofane, bao pele ba neng ba nka ho tloha ha sefofane e le ntho feela tjee, hona joale baa tšoha ha se tloha, baa ipotsa hore na ho sa le bohlale ho tsamaea ka sona.
Tsoha! e ile ea buisana ka taba ena e tšoenyang le litsebi tsa tšireletseho, basebetsi ba boema-fofane, baokameli ba lifofaneng le bo-mak’henike ba tsona. Ho bonahala kaofela ha bona ba lumellana ka sena: Le hoja ho tsamaea ka sefofane e ntse e le mokhoa o sireletsehileng ka ho fetisisa, litšokelo tsa morao tjena li entse hore ho hlokahale litsela tse ncha tsa ho matlafatsa tšireletseho ea baeti.
Lihlooho tse latelang li tla tšohla mathata a amehang le seo u ka se etsang ho tiisa hore u sireletsehile le ho ikutloa u phutholohile ha u tsamaea ka sefofane.