Ho Lahleheloa ke Leoto Kapa Letsoho—Kamoo U ka Fokotsang Monyetla oa Hona Kateng
MABAKENG a mangata tahlehelo ea leoto kapa letsoho e ne e ka qojoa! ’Me seo ke ’nete esita le ho batho ba nang le peripheral vascular disease (PVD). Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, hangata PVD e bakoa ke lefu la tsoekere.a Ka lehlohonolo, hangata lefu la tsoekere le ka laoloa.
The Encyclopædia Britannica e re: “Lijo tseo motho a li jang ke tsa bohlokoa phekolong ea lefu la tsoekere ebang o laetsoe hore a sebelise insulin kapa che.” Dr. Marcel Bayol, oa Sepetlele sa Kings County se New York City, o ile a bolella Tsoha!: “Haeba batho ba tšoeroeng ke lefu la tsoekere ba nka ho kula ha bona ka ho teba, ba hlokomela lijo tseo ba li jang, ’me ba latela tataiso ea lingaka, ba tla fokotsa monyetla oa hore ba lahleheloe ke maoto.” Batho ba nang le lefu la tsoekere la Type II ba latelang keletso ena ba ka ’na ba bona matšoao a boloetse ba bona a ntlafala ka mor’a nako.b
Boikoetliso ke ba Bohlokoa
Boikoetliso le bona ke ba bohlokoa. Bo thusa ’mele ho boloka boemo ba tsoekere bo le tekanyetsong e loketseng. Ha PVD e se e le teng, ho ikoetlisa ho thusa ho boloka matla, ho tenyetseha le ho phallela ha mali ho hlokahalang libakeng tse utloileng bohloko. Ho ikoetlisa ho boetse ho thusa ho fokotsa bohloko bo kenang masapong boo batho ba nang le PVD ba ka ’nang ba bo utloa mesifeng ea litlhafu ha ba tsamaea kapa ba ikoetlisa. Leha ho le joalo, batho ba joalo ba lokela ho qoba boikoetliso bo khathatsang maoto kapa bo a thothometsang. Boikoetliso bo batlang bo le molemonyana bo akarelletsa ho tsamaea, ho palama baesekele, ho soka seketsoana, ho sesa le ho etsa boikoetliso bo bobebe bo etsetsoang ka tlung. Kamehla motho o lokela ho bona ngaka pele a qala ho ja lijo tse itseng kapa a qala lenaneo le khethehileng la boikoetliso.
Ka sebele, ho tsuba ho lokela ho qojoa ke motho e mong le e mong ea batlang ho phela hantle. PVD e mpa e le bo bong feela ba maloetse a mangata a bakoang kapa a mpefatsoang ke ho tsuba. Dr. Bayol o re: “Ho tsuba ke sesosa se seholo sa ho khaoloa ha litho tsa ’mele, haholo-holo ha motho ea tsubang a na le lefu la tsoekere le PVD.” Bothata boo bo tebile hakae? Motataisi oa batho ba khaohileng litho tsa ’mele ea ba thusang ho boela boemong ba bona ba pele ba ’mele o bolela hore “ho khaoloa ha litho tsa ’mele ho batho ba tsubang ho feta ha ba sa tsubeng ka makhetlo a leshome.”
Ho Hlokomela Maoto le Matsoho a Kulang
PVD e ka fokotsa ho phallela ha mali maotong, e leng ho ka bakang boemo bo bitsoang neuropathy—e leng ho shoa, kapa ho ba shoohlo, ha methapo. Ka hona maoto kapa matsoho a ka ’na a tsoa kotsi habonolo, esita le ha motho a iphomoletse betheng. Ka mohlala, kaha mokuli ha a utloe bohloko, a ka ’na a cha habohloko haeba kobo ea hae ea motlakase kapa botlolo ea hae ea metsi a chesang li ka tsa futhumala ho tlōla tekanyo! Ka lebaka lena, baetsi ba thepa ena ba eletsa batho ba lefu la tsoekere hore ba be hlokolosi ha ba sebelisa thepa ena.
Maoto kapa matsoho a kulang a boetse a tšoaetseha habonolo. Esita le mongoapo o monyenyane o ka iphetola leqeba, kapa sona seso se kekang. Ka hona ho baballa maoto ke habohlokoa, ’me sena se akarelletsa ho roala lieta tse tsamaisang hantle le tse lekanang maoto hantle le ho a boloka a hloekile ’me a omme. Lipetlele tse ngata li na le litleliniki tsa maoto tse rutang bakuli ka tlhokomelo ea maoto.
Ha PVD e se e le boemong bo bobe hoo ho hlokahalang phekolo ea bongaka, hangata lingaka li tla leka ho qoba ho khaola leoto kapa letsoho le amehang. Mokhoa o mong o ka sebelisoang ke oa ho sarolla methapo e tsamaisang mali ho sebelisoa lethopo la polasetike e bonolo le nang le ntlha e kang balune. Ngaka ea methapo e kenya lethopo le nang le ntlha e kang balune. Balune e pompeloa moea, e leng ho sarollang methapo e thibaneng. Mokhoa o mong ke oa tšebetso ea ho buoa e etsang hore phallo ea mali e pote ka thōko ho karolo e thibaneng—ho tlosoa methapo ea mali e senyehileng haholo ’me e nkeloa sebaka ka e nkiloeng karolong e ’ngoe ea ’mele.
Barbara, ea lilemo li 54, o bile le lefu la tsoekere la Type I ho tloha ha a le lilemo li ’nè. Ka mor’a hore a be le ngoana oa pele, maoto a hae a ile a e-ba le PVD. Lingaka tse ling li ile tsa mo eletsa hore a a khaole. Leha ho le joalo, Barbara o ile a fumana ngaka e ’ngoe ea methapo ea mali e tummeng hantle ka ho sebelisa mokhoa oa ho sarolla methapo e tsamaisang mali ho ntlafatsa tsela eo mali a phallang ka eona maotong a hae. Mokhoa oo oa ho sarolla methapo e tsamaisang mali o ile oa sebetsa ka nakoana, empa qetellong Barbara o ile a lokela hore a buoe ho tlosoe methapo ea mali e senyehileng ’me e nkeloe sebaka ka e nkiloeng karolong e ’ngoe ea ’mele, e leng ho ileng ha atleha. Hona joale Barbara o hlokomela maoto a hae ka tsela e hlokolosi.
Qoba ho Tsoa Kotsi
Ho tsoa kotsi ke sesosa sa bobeli se bakang tahlehelo ea maoto kapa matsoho. Kaha ha ho ikhetheloe, ho tsoa kotsi ho ka senya karolo leha e le efe ea ’mele. Leha ho le joalo, pono ea bomolimo ka bophelo e ka etsa ho hongata ho fokotsa menyetla ea hore motho a tsoe kotsi. Ebang baa sebetsa, baa khanna, kapa ba thabela boikhathollo, Bakreste ba lokela ho tšoara ’mele ea bona joaloka mpho e tsoang ho Molimo. Ka hona, ba tla batla ho hlompha litekanyetso tsohle tsa tšireletso le ho qoba ho etsa lintho tse kotsi ka bothoto.—Baroma 12:1; 2 Bakorinthe 7:1.
Ho etsoa’ng ho fokotsa menyetla ea ho tsoa likotsi linaheng tseo ho tsetetsoeng liqhomane tsa fatše ho tsona ka bongata? Mananeo a tšehelitsoeng ke ’muso a hlokomelisang ka liqhomane tsa fatše aa sebetsa linaheng tse ngata. Ho ea ka tlaleho ea mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, mananeo ana a ruta “baahi ba kotsing . . . kamoo ba ka fokotsang monyetla oa hore ba fetohe liphofu tsa tsona le hoja ba phela ba bile ba sebetsa libakeng tse tsetetsoeng liqhomane tsa fatše.”
Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e bolela hore ka masoabi, “batho ba tloaela ho ba teng ha liqhomane tsa fatše hoo ba seng ba bile ba sa li tsotelle. Ka linako tse ling tšusumetso ea bolumeli e khothalletsa [batho] ho ba le boikutlo ba ho hlolloa lefu ka likotsi tse joalo.” Leha ho le joalo, boikutlo ba ho hlolloa lefu ho hang ha bo tšehetsoe ke Lentsoe la Molimo. Ho fapana le moo, Bibele e khothalletsa hore motho a be hlokolosi ’me a itšireletse.—Deuteronoma 22:8; Moeklesia 10:9.
Kahoo, ka ho ba seli le ka ho nka mehato e hlokahalang bakeng sa ho sireletsa bophelo ba hao bo botle, u ka fokotsa haholo monyetla oa hore u lahleheloe ke leoto kapa letsoho. Empa ho thoe’ng ka ba seng ba ntse ba lahlehetsoe ke maoto kapa matsoho? Na ba ntse ba ka thabela bophelo ba boleng bo botle?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mathata a methapo ea mali maotong a ka boela a bakoa kapa a mpefatsoa ke haeba motho a apara liaparo tse mo tiisang karolong e ka tlaase ea ’mele kapa a roala lieta tse mo tšoarang kapa a qeta nako e telele a lutse (haholo-holo a kolohantse maoto) kapa a eme.
b Batho ba nang le lefu la tsoekere la Type I ba laeloa hore ba ente liente tsa insulin letsatsi le letsatsi. Ba nang le lefu la tsoekere la Type II (lefu la tsoekere le sa hlokeng hore ba itšetlehe ka insulin) hangata ba ka laola boemo ba bona ka ho ja lijo tse loketseng le ka ho ikoetlisa. United States, karolo ea 95 lekholong ea batho ba nang le lefu la tsoekere ke ba nang le la Type II.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho tsuba ho eketsa haholo monyetla oa ho lahleheloa ke leoto kapa letsoho, haholo ho batho ba nang le boloetse ba methapo ea mali
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho ikoetlisa ka ho loketseng le ho ja lijo tse nepahetseng ho ntlafatsa boleng ba tsamaiso ea methapo ea mali