Ho Lahleheloa ke Leoto Kapa Letsoho—Na ho ka U Etsahalla?
Benjamin o ne a le ka ntle a ntse a thabela mofuthu oa letsatsi la selemo motseng oa Sarajevo, ha a hata seqhomane sa fatše. O ile a khaoha leoto le ka leqeleng. Benjamin oa hopola: “Ke ile ka leka ho tsoha. Empa ka sitoa.” Benjamin e mpa e le e mong feela oa batho ba 20 000 bao selemo le selemo ba bolaoang kapa ba holofatsoang ke liqhomane tsa fatše.
ANGOLA e tletse ka liqhomane tse ngata tsa fatše tse ka bang limilione tse 15—e leng tse fetang e le ’ngoe bakeng sa monna, mosali le ngoana e mong le e mong naheng eo. Hona joale Angola e na le batho ba 70 000 ba lahlehetsoeng ke maoto kapa matsoho. Cambodia e tsetetseng liqhomane tsa fatše tse limilione tse robeli ho isa ho tse limilione tse leshome, e na le batho ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng ba lahlehetsoeng ke maoto kapa matsoho—ho hakanyetsoang hore ke motho a le mong ho batho ba bang le bang ba 236. Ho tlalehoa hore Bosnia le Herzegovina li na le liqhomane tsa fatše tse fetang limilione tse tharo—tse 59 ho sekoere-k’hilomithara.
Empa hase linaheng tse harasantsoeng ke ntoa feela moo batho ba lahleheloang ke maoto kapa matsoho. Ka mohlala, ho na le batho ba ka bang 400 000 United States ba lahlehetsoeng ke maoto kapa matsoho. Har’a batho ba bangata ba baholo palong eo, ho lahleheloa ke leoto kapa letsoho ho bakoa ke ho kula ho itseng ho sa foleng ho bitsoang “peripheral vascular disease,” kapa PVD. Ena ke tlhaloso e akaretsang maloetse a ’maloa. Taber’s Cyclopedic Medical Dictionary e hlalosa PVD e le tlhaloso e sa tobang e akaretsang “maloetse a methapo e tsamaisang mali a tsoang pelong le e a isang pelong a tlohang maotong kapa matsohong, [haholo-holo] maemo ao a sitisanang le ho phalla ha mali ka tsela e loketseng ho tloha kapa ho ea likarolong tseo tse qetellong.” Sesosa se itlhommeng pele sa PVD ke lefu la tsoekere. Ho ea ka The World Health Report 1998, “batho ba baholo ba tšoeroeng ke lefu la tsoekere ba tla imena ka makhetlo a fetang a mabeli lefatšeng ho tloha ho ba limilione tse 143 ka 1997 ho ea ho ba limilione tse 300 ka 2025.”
United States, likotsi—tse akarelletsang likotsi tsa likoloi, tsa mechine, tsa thepa ea motlakase le lithunya—ke sesosa sa bobeli se itlhommeng pele se bakang tahlehelo ea maoto kapa matsoho, se ikarabellang bakeng sa karolo ea 20 ho isa ho ea 30 lekholong ea maoto kapa matsoho ’ohle a khaoloang. Lisosa tse ling tsa tahlehelo ea maoto kapa matsoho ke lihlahala (hoo e ka bang karolo ea 6 lekholong) le kholofalo ea tsoalo (hoo e ka bang karolo ea 4 lekholong).
Ho ka boleloang ke feela hore khopolo ea ho lahleheloa ke leoto kapa letsoho le babatsehang ke e ferekanyang. Na ho na le tsela leha e le efe ea ho fokotsa kotsi ea seo? ’Me haeba u se u ntse u lahlehetsoe ke leoto kapa letsoho, u ka thabela bophelo bo molemo joang? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena le tse ling.