Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 5/8 maq. 4-7
  • Ho Sekaseka Litšenyehelo Tsa Liqhomane Tsa Fatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sekaseka Litšenyehelo Tsa Liqhomane Tsa Fatše
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšenyehelo Tsa Lichelete le Tsa Maemo a Bophelo
  • Ho Thoe’ng ka ho Tlosa Liqhomane Tsee Tsa Fatše?
  • Boiteko ba ho Loantša ho Sebelisoa ha Liqhomane Tsa Fatše
  • Liqhomane tsa Fatše—Kotsi ea Lefatše Lohle
    Tsoha!—1994
  • Ho ba Lintšing Tsa Lefu
    Tsoha!—2000
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2000
  • Kamoo Ntoa e Sithabetsang Bana Kateng
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 5/8 maq. 4-7

Ho Sekaseka Litšenyehelo Tsa Liqhomane Tsa Fatše

Ka la 26 December, 1993, Augusto ea lilemo li tšeletseng o ne a ntse a tsama-tsamaea hlatheng haufi le Luanda, motse-moholo oa Angola. Ka tšohanyetso o ile a bona nthonyana e benyang fatše. E mo hohetse, o ile a etsa qeto ea ho e thonaka. Mohato oa hae o latelang o ile oa phatlola seqhomane sa fatše.

Ka lebaka la ho phatloha hoo, Augusto o ile a tlameha ho khaoloa leoto le letona. Hona joale ha a le lilemo li 12, nako e ngata o e qeta a le setulong sa likooa, ’me o foufetse.

AUGUSTO o holofalitsoe ke seqhomane sa fatše se reretsoeng masole, se tena se bitsoa joalo hobane se korola haholo batho e seng litanka kapa makoloi a masole. Ho hakanngoa hore ho fihlela joale, mefuta e fetang 350 ea liqhomane tsa fatše tse reretsoeng masole e ’nile ea etsoa bonyane linaheng tse 50. Boholo ba tsona li etselitsoe ho ntša kotsi, eseng ho bolaea. Hobane’ng? Hobane masole a tsoileng likotsi a hloka thuso, ’me lesole le lemalitsoeng ke seqhomane sa fatše le tla fokotsa matla a sesole—e leng sona seo lira li hlileng li se batlang. Ho feta moo, sello se otlang pelo sa lesole se ka kenya tšabo lipelong tsa masole a habo lona. Ka hona, hangata ho nkoa liqhomane tsa fatše li sebetsa haholo ha bahlaseluoa ba tsona ba phonyohile lefu—leha e ka ba ka lesobana la nale.

Leha ho le joalo, joalokaha re hlokometse sehloohong se fetileng, bahlaseluoa ba bangata ba liqhomane tsa fatše tse phatlohang ke baahi eseng masole. Hase kamehla sena se etsahalang ka phoso. Ho latela buka ea Landmines—A deadly Legacy, liqhomane tse ling “ka boomo li chehetsoe baahi e le hore ho ka balehisoa batho sebakeng se itseng, e le hore ho ka senngoa mehloli ea lijo, batho e be baphaphathehi kapa feela hore ho jaloe tšabo.”

Ho bolela mohlala o le mong, ntoeng ea Cambodia, ho ile ha tseteloa liqhomane tsa fatše moo metse ea lira e fellang teng, ’me baahi ba motse oo ba ile ba hlaseloa ka moqeqeko oa libetsa. Moo ba lekang ho baleha, baahi bao ba ile ba mathela hona moo ho tsetetsoeng liqhomane tsa fatše teng. Ho sa le joalo, moo litho tsa Khmer Rouge li lekang ho qobella ’muso hore o tle lipuisanong le tsona, li ile tsa tsetela liqhomane tsa fatše masimong a reise, tsa kenya tšabo lipelong tsa lihoai ’me tsa batla li emisa temo.

Se etsahetseng Somalia ka 1988 mohlomong e bile se tšabehang le ho feta. Ha ho ne ho liheloa libomo motseng oa Hargeysa, baahi ba ile ba tlameha ho baleha. Joale masole a ile a tsetela liqhomane tsa fatše malapeng ao ho balehiloeng ho ’ona. Ha ntoa e fela, baphaphathehi ba ile ba khutlela feela ho tla holofatsoa le ho bolaoa ke liqhomane tse patiloeng.

Empa liqhomane tsa fatše li baka kotsi e fetang feela ea ho bolaea kapa ho holofatsa. Nahana ka liphello tse ling tsa libetsa tsena tse kotsi.

Litšenyehelo Tsa Lichelete le Tsa Maemo a Bophelo

Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan, o re: “Ho ba teng ha seqhomane se le seng sa fatše—kapa eona tšabo ea boteng ba sona—ho ka thibela tšimo eohle hore e lengoe, ha felisa mokhoa oa boipheliso oa motse oohle, ha ba ha beha tšitiso bakeng sa hore naha e tsosolose litsela le ho etsa tsoelo-pele.” Ka hona, Afghanistan le Cambodia, ho ka be ho ile ha lengoa karolo e eketsehileng ea 35 lekholong ea masimo hoja lihoai tsa se ke tsa tšaba ho hata mobung. Ba bang ba ipeha kotsing. Sehoai se seng sa Cambodia se re: “Ke tšaba liqhomane tsa fatše. Empa haeba ke sa e’o hela joang le lehlaka, re ke ke ra phela.”

Hangata baphonyohi ba liqhomane tsa fatše tse phatlohang ba tobana le boima bo hatellang ba lichelete. Ka mohlala, naheng e tsoelang pele moruong, ngoana ea lahleheloang ke leoto la hae ha a le lilemo li leshome a ka ’na a hloka maoto a maiketsetso a ka bang 15 nakong eo a ntseng a phela ka eona, ’me le le leng la ’ona ka karolelano e ka ba R770. Ke ’nete hore eo e ka ’na ea bonahala e se chelete e ngata ho ba bang. Empa ho batho ba bangata ba Angola, R770 ke chelete e fetang moputso oa likhoeli tse tharo!

Nahana hape ka litšenyehelo tse bohloko tsa boemo ba bophelo. Ka mohlala, baahi ba sebakeng se seng sa Asia ba qoba ho tsoakana le batho ba khaohileng litho hobane ba tšaba hore ba tla ba tšela “senyama.” Lenyalo lona e ka ’na ea e-ba toro feela ho motho ea khaohileng setho se seng. Monna e mong oa Angola eo leoto la hae le khaotsoeng ka mor’a hore a lemale ha seqhomane sa fatše se phatloha, oa tletleba: “Ha kea rera ho nyala. Mosali o batla monna ea tla khona ho sebetsa.”

Ka ho utloahalang, bahlaseluoa ba bangata ba hlokofatsoa ke maikutlo a hore ha ba sa na thuso. Monna e mong oa Cambodia o re: “Ke se ke sitoa ho fepa ba lelapa la ka, ’me sena sea ntšoabisa.” Ka linako tse ling maikutlo a joalo a ka ’na a fokolisa le ho feta hona ho lahleheloa ke setho se itseng sa ’mele. Mohlaseluoa e mong oa Mozambique, Artur, o re: “Ke lumela hore tšenyo e khōlōhali e bile maikutlong. Ka linako tse ngata ke ne ke tenoa feela ke hore motho o shebile ka lehlakoreng leo ke leng ho lona. Ke ne ke nahana hore ha ho sa na motho ea ntlhomphang ho hang le hore ha ke sa tla phela bophelo bo tloaelehileng hape.”a

Ho Thoe’ng ka ho Tlosa Liqhomane Tsee Tsa Fatše?

Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha etsoa boiteko bo matla ba ho khothalletsa lichaba hore li thibele tšebeliso ea liqhomane tsa fatše. Ho phaella moo, mebuso e meng e se e qalile mosebetsi o kotsi oa ho tlosa liqhomane moo li tsetetsoeng teng. Empa ho na le litšitiso tse ngata tseleng. E ’ngoe ea tsona e amana le nako. Ho tlosa liqhomane tsena ho etsoa butle ka tsela e khathatsang matla. Ha e le hantle, ba tlosang liqhomane tsena ba hakanya hore ka karolelano, ho tlosa seqhomane sa fatše ho nka nako ea bolelele bo imenang halekholo ho feta ha se tseteloa. Tšitiso e ’ngoe ke litšenyeho. Seqhomane se le seng se ka ja chelete e lipakeng tsa R18 le R90, empa ho tlosa se le seng ho ja chelete e kaalo ka R6 000.

Ka hona, ho bonahala ho tlosa liqhomane tsa fatše ka ho feletseng e le ntho e ke keng ea etsahala. Ka mohlala, ho tlosa liqhomane tsohle tsa fatše Cambodia ho ne ho ka hloka hore motho e mong le e mong naheng eo a nehelane ka moputso oohle oa hae ka lilemo tse ’maloa bakeng sa mosebetsi ona. Ho hakanngoa hore esita le haeba lichelete li ne li le teng, ho tlosa liqhomane tsohle tsa fatše moo ho ne ho tla nka lilemo tse lekholo. Ho ba lerootho le ho feta joale ha ho tluoa boemong ba lefatše ka bophara. Ho hakanngoa hore ha ho sebelisoa theknoloji ea kajeno, ho tlosa liqhomane lefatšeng ho ne ho tla ja liranta tse limilione tse likete li 203 ’me ho ne ho tla nka lilemo tse fetang sekete!

Ke ’nete hore ho bueletsoe tšebeliso ea mekhoa e mecha ea ho tlosa liqhomane tsa fatše—ho tloha tšebelisong ea lintsintsi tse ratang litholoana tseo liphatsa tsa tsona tsa lefutso li etsang hore li fumane moo liqhomane li leng hona teng ho ea tšebelisong ea likoloi tse khōlō tse laoloang ka theknoloji ho se mokhanni ka hare tse ka tlosang liqhomane sebakeng se boholo ba lihekthere tse peli ka hora. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha nka nako pele ho ka sebelisoa mekhoa e joalo ka ho pharaletseng, ’me ho ka etsahala hore e be teng feela linaheng tse ruileng haholo.

Ka hona, libakeng tse ngata ho tlosa liqhomane tsa fatše ho etsoa ka mokhoa oa khale. Monna o hahaba ka mpa a ntse a fata mobu o ka pele ka thupa, senthimithara ka senthimithara, a akaretsa sebaka sa limithara tse 20 ho ea ho tse 50 ka letsatsi. Na ho kotsi? E! Bakeng sa liqhomane tse ling le tse ling tse 5 000 tse tlosoang, motho a le mong ho ba li tlosang oa shoa, ’me ba babeli baa lemala.

Boiteko ba ho Loantša ho Sebelisoa ha Liqhomane Tsa Fatše

Ka December 1997, baemeli ba tsoang linaheng tse ngata ba ile ba saena Tumellano ea Thibelo ea Tšebeliso, Pokello, ho Etsa le ho Tsamaisa Liqhomane Tse Reretsoeng Masole, esita le ea Pheliso ea Tsona, e tsejoang hape e le selekane sa Ottawa. Tona-khōlō ea Canada, Jean Chrétien, o re: “Ena ke katleho e finyeletsoeng ho sa lateloa mohlala kapa ketso e tšoanang le ena e kileng ea etsahala, ebang ke tumellanong ea machaba ea ho beha libetsa fatše, kapa molaong oa machaba oa boiketlo ba sechaba.”b Ho ntse ho le joalo, linaha tse ka bang 60—ho kopanyelletsa tse ling tseo e leng tse ka holimo-limo lefatšeng ho etseng liqhomane tsa fatše—ha li e-s’o ka li saenela selekane seo.

Na selekane sa Ottawa se tla atleha ho felisa seoa sa liqhomane tsa fatše? Mohlomong ho ea bohōleng bo itseng. Empa ba bangata ha ba na tšepo. Claude Simonnot, e mong oa baokameli ba Handicap International, Fora, o re: “Esita le haeba linaha tsohle tsa lefatše li ne li ka tšehetsa ka botšepehi mehato ea Ottawa, seo e ne e tla ba feela mohato o le mong o lebisang ho lokolleng lefatše likotsing tsohle tsa liqhomane tsa fatše.” Hobane’ng? Simonnot o re: “Liqhomane tse limilione li ntse li tsetelehile mobung, li letetse ka mamello batho bao li tla ba hlasela ka moso.”

Rahistori oa sesole, John Keegan, o hlahisa ntlha e ’ngoe. O re ntoa “e finyella sebakeng se siretseng ka ho fetisisa pelong ea motho, . . . moo ho renang boikhohomoso, moo maikutlo a phahamang ka ho fetisisa le moo ho busang tšekamelo ea tlhaho.” Lilekane li ke ke tsa fetola litšekamelo tse tebileng joalo tsa batho tse kang lehloeo le meharo. Empa na see se bolela hore batho ba tla lula e le bahlaseluoa ba liqhomane tsa fatše ho-ea-ho-ile?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho sebetsana le ho lahleheloa ke setho se itseng sa ’mele, hlahloba lihlooho tse hlahlamanang tlas’a sehlooho se reng “Tšepo Bakeng sa ba Holofetseng,” tse hlahang leqepheng la 3-10 la Tsoha! ea June 8, 1999.

b Selekane seo se ile sa qala ho sebetsa ka la 1 March, 1999. Ho tloha ka la 6 January, 2000, se ne se se se saenetsoe ke linaha tse 137 ’me tse 90 tsa tsona li se tiisitse.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Na li Fumana Chelete Habeli?

Molao-motheo oa khoebo ke hore lik’hamphani lia ikarabella haeba lihlahisoa tsa tsona li baka kotsi. Ka hona, e mong oa Mines Advisory Group, Lou McGrath, o pheha khang ea hore lik’hamphani tse ruileng molemo ka ho etsa liqhomane tsa fatše li tlameha ho lefa puseletso bakeng sa litšenyehelo. Leha ho le joalo, ka ho fapaneng lik’hamphani tse ngata tse entseng liqhomane tsena ke tsona tse boetseng li ruang molemo ho tlosoeng ha tsona. Ka mohlala, ho tlalehoa hore k’hamphani e ’ngoe eo pele e neng e etsa liqhomane tsa fatše Jeremane e ile ea fumana konteraka ea liranta tse limilione tse 600 bakeng sa hore e tlose liqhomane tseo Kuwait. ’Me Mozambique, konteraka ea liranta tse limilione tse 46 ea hore ho tlosoe liqhomane litseleng tse ka sehloohong e ile ea etsoa le lik’hamphani tse tharo tse ipōpileng—tseo tse peli tsa tsona li entseng liqhomane tsa fatše.

Ba bang ba nka hore ke bobolu bo feteletseng hore lik’hamphani tse entseng liqhomane tsa fatše e be tsona tse boelang li fumana chelete ka ho li tlosa. Ka mantsoe a mang, ba bolela hore baetsi ba liqhomane tsa fatše ba fumana chelete habeli. Leha ho ka ba joalo, ho etsa le hona ho tlosa liqhomane tsa fatše ho tsoela pele ho ba likhoebo tse hōlang.

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 5]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Karolelano ea palo ea liqhomane tsa fatše lisekoere k’hilomithareng tse ling le tse ling tse 2,5, linaheng tse robong tseo li tletseng ka ho fetisisa ho tsona

BOSNIA le HERZEGOVINA 152

CAMBODIA 143

CROATIA 137

EGEPETA 60

IRAQ 59

AFGHANISTAN 40

ANGOLA 31

IRAN 25

RWANDA 25

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Source: United Nations Department of Humanitarian Affairs, 1996

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Cambodia, litšoantšo tse khōlō le matšoao li lemosa ka liqhomane tsa fatše

Bakeng sa liqhomane tse ling le tse ling tse 5 000 tse tlosoang, motho a le mong ho ba li tlosang oa shoa, ’me ba babeli baa lemala

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Background: © ICRC/Paul Grabhorn

© ICRC/Till Mayer

© ICRC/Philippe Dutoit

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela