Liqhomane tsa Fatše—Kotsi ea Lefatše Lohle
KHOELI e ’ngoe le e ’ngoe banna, basali le bana ba likete-kete ba se nang molato linaheng tse fetang 60 ba holofalitsoe ’me ba bang ba bolailoe ke liqhomane tsa fatše. Ho lekanyetsoa hore liqhomane tse chehetsoeng masole li bolaile batho ba bangata kapa ho ba ntša likotsi ho feta batho ba bolailoeng ntoeng ea lik’hemik’hale, ea libetsa tse bakang mafu a seoa le ea
nyutlelie. Ho latela phuputso ea mokhatlo oa Human Rights Watch, batho ba ka bang 30 000 ba se ba holofalitsoe ke liqhomane tsa fatše Cambodia feela.
Liqhomane tsena tse nyenyane li ile tsa epeloa fatše lintoeng tse fapaneng, ’me tse ngata tsa tsona ha ho mohla li ileng tsa epolloa. Ho lekanyetsoa hore tse ka bang limilione tse 100 li sa ntse li epetsoe fatše linaheng tse fetang 60. Li ka qhoma habonolo feela ha motho a li hata ’me li tloaelehile haholo ntoeng hobane ha li theko e boima ’me lia sebetsa. Seqhomane se le seng se bitsa R10 feela. Se seng, se phosang libolonyana tsa tšepe tse 700 le ho bolaea se le bohōle ba limithara tse 40, se bitsa R93 feela. Tlhoko ea tsona e khōlō hoo The New York Times e tlalehileng hore hona joale lichaba tse 48 li etsa le ho rekisa mefuta e fapaneng e 340 ea liqhomane tsena. Letsatsi le letsatsi ho chehoa tse ngata ho feta tse cheholloang ke matšolo a ho hleka liqhomane.
Ho hleka liqhomane ho thata ’me ho theko e boima kaha masole a mangata a sa boloke litlaleho tsa moo liqhomane tsena li epetsoeng teng; ’me ka ho eketsehileng liqhomane li etsoa ka lehong, polasetiki le lintho tse ling tseo ho leng thata hore tšepe e batlang liqhomane e ka li fumana. Setho sa senate sa United States, Patrick Leahy, ea ileng a etsa boipiletso ba hore ho thibeloe thomello ea libetsa tsena ka har’a naha o itse: “Netherlands batho ba sa ntse ba bolaoa ke liqhomane tsa Majeremane tsa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ak’u nahane hore na boemo bo mpefetse hakae Afghanistan, Cambodia, Angola, Bosnia le linaheng tse ling moo li neng li chehiloe ka bongata teng.”
Ke lefatše le lecha feela la Molimo le tlang le tla rarolla mathata a joalo. Lentsoe la hae lea tšepisa: “[Molimo] o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.”—Pesaleme ea 46:9.