Ho ba Lintšing Tsa Lefu
“Ka linako tse ling ke lora ke e-na le maoto a mabeli hape. . . . Lilemong tse fetileng ha ke ne ke sa le monyenyane haholo, ke ile ka ea bapala le metsoalle ea ka haufi le hae. Ka tšohanyetso ho ile ha re ‘QHUU!’. . . Leoto la ka le letona kaofela le ile la phatloleloa koana.”—Song Kosal ea lilemo li 12, Cambodia.
Letsatsi le leng le le leng, ka karolelano batho ba ka bang 70 ba holofatsoa kapa ba bolaoa ke liqhomane tsa fatše. Boholo ba bahlaseluoa ba ho phatloha ha liqhomane tsa fatše hase masole. Ho e-na le hoo, ke baahi—banna ba lisitseng likhomo, basali ba eang selibeng, bana ba ntseng ba bapala. Ka mohlala, Rukia ea lilemo li robeli ea bontšitsoeng sekoahelong sa makasine ena o ile a lematsoa ke seqhomane se ileng sa bolaea likhaitseli tsa hae tse tharo le ’mangoane oa hae.
Seqhomane sa fatše se ka lula se le boemong boo ho bona se ka ’nang sa phatloha ka lilemo tse fetang 50 ka mor’a hore se tseteloe. Ka hona, The Defense Monitor e re “ke sona feela sebetsa se teng se bolaeang batho ba bangata ka mor’a hore ntoa e khaotse ho feta nakong ea ha e sa ntse e kupa.” Ha ho ea tsebang hore na ho tsetetsoe liqhomane tsa fatše tse kae lefatšeng ka bophara. Ho tloaelehile hore ho hakanngoe tse ka bang limilione tse 60. Ke ’nete hore liqhomane tse ngata tsa fatše lia tlosoa. Leha ho le joalo, haufinyane tjena ka 1997, Machaba a Kopaneng a ile a tlaleha hore “bakeng sa seqhomane se seng le se seng sa fatše se tlosoang, ho tseteloa tse 20. Ka 1994, ho ile ha tlosoa tse ka bang 100 000, ha tse eketsehileng tse limilione tse 2 li ile tsa tseteloa.”
Ke hobane’ng ha balaoli ba bangata ba ntoa ba kajeno ba khetha ho sebelisa liqhomane tsa fatše? Litšenyehelo tsa lichelete le tsa maemo a bophelo li kae? Baphonyohi ba ameha joang? Na lefatše la rōna le tla ke le hloke liqhomane tsa fatše?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]
© ICRC/David Higgs
Copyright Nic Dunlop/Panos Pictures