Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 9/8 maq. 18-23
  • Ho Sebeletsa Molimo ke Talimane le Lefu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebeletsa Molimo ke Talimane le Lefu
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hlohonolofatsoa ka Thuto e Ntle ea Sekolo
  • Mokhatlo o Mocha oa Bolumeli
  • Ho Kena ha Ka Teronkong ka Lekhetlo la Pele
  • Ho Kopana Hoo e Leng Khale ho Letetsoe
  • Liketsahalo Tse Lebisitseng Kolobetsong
  • Mahloriso a Qala Bocha
  • Lilemo Tse Robong Tsa Mahlomola
  • Ke Ile ka Lokolloa, Empa ka Boela ka Tšoaroa
  • Re Ile ra Lokolloa, Empa ra ’na ra Hlorisoa
  • Qetellong, Bolokolohi ba ho Bolela!
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ke Tlohetse ho ba Sengangele sa Lipolotiki ka ba Mokreste ea sa Nkeng Lehlakore
    Tsoha!—2002
  • Molimo e ’Nile ea E-ba Mothusi oa Rōna
    Tsoha!—1999
  • Ke Qalile ke Kolla Ntsi Hanong ka Qetella ke Hafa ka Nkatana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 9/8 maq. 18-23

Ho Sebeletsa Molimo ke Talimane le Lefu

Joalokaha ho boletse João Mancoca

Ka la 25 June, 1961, masole a ile a qhala seboka sa rōna sa Bokreste Luanda, Angola. Ba 30 ba rōna re ile ra isoa teronkong ’me ra khakhathoa hoo masole a neng a khutla ka mor’a metsotso e meng le e meng e 30 ho tla bona haeba ho e-na le ea shoeleng. A mang a ’ona a ile a utluoa a bolela hore e tlameha ebe Molimo oa rōna ke oa ’nete, kaha kaofela ha rōna re ile ra pholoha.

KA MOR’A ho khakhathoa hoo ke ile ka koalloa teronkong ea São Paulo ka likhoeli tse hlano. Lilemong tse robong tse ileng tsa latela, ke ile ka koalloa literonkong tse fapa-fapaneng ’me ka makhetlo a mangata ka mamella ho khakhathoa ho eketsehileng, tšotleho le ho hlongoa lipotso. Nakoana ka mor’a hore ke lokolloe teronkong ka 1970, ke ile ka boela ka tšoaroa, ’me lekhetlong lena ka romeloa kampong ea lefu e tummeng hampe ea São Nicolau, eo hona joale e leng Bentiaba. Ke ile ka koalloa moo ka lilemo tse peli le halofo.

U ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha, le hoja ke le moahi ea hlomphang molao, ke ne nka kenngoa teronkong ka lebaka la ho buisana le ba bang ka litumelo tsa ka tse thehiloeng Bibeleng le hore na ke qalile ho ithuta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo hokae.

Ke Hlohonolofatsoa ka Thuto e Ntle ea Sekolo

Ke hlahetse haufi le motse oa Maquela do Zombo, ka leboea ho Angola, ka October 1925. Ha Ntate a hlokahala ka 1932, ’Mè o ile a nthomela ho khaitseli ea hae hore ke e’o lula le eona Belgian Congo (eo hona joale e leng Democratic Republic of Congo). E ne e se hore o ne a hlile a batla ho etsa joalo, empa o ne a se na mokhoa oa ho mphelisa.

Malome e ne e le Mobaptiste, ’me o ile a nkhothalletsa ho bala Bibele. Le hoja ke ile ka ba setho sa kereke ea hae, lenyora la ka la moea ha lea ka la khotsofatsoa ke seo ke neng ke ithuta sona, leha e le hona hore ke ile ka susumelletseha ho sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, Malome o ile a nkisa sekolong ’me a nthusa hore ke fumane thuto e ntle ea sekolo. Har’a lintho tse ling, ke ile ka ithuta ho bua Sefora. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka boela ka ithuta ho bua Sepotoketsi. Ha ke qeta sekolong, ke ile ka fumana mosebetsi oa ho tsamaisa mechine ea khaso seteisheneng sa taolo ea seea-le-moea se Léopoldville (eo hona joale e leng Kinshasa). Joale, ha ke le lilemo li 20, ke ile ka nyala Maria Pova.

Mokhatlo o Mocha oa Bolumeli

Hona selemong seo, ka 1946, ke ile ka susumetsoa ke motsamaisi ea rutehileng oa k’hoaere oa Angola eo e neng e le setho sa Kereke ea Baptiste. O ne a labalabela ho ruta le ho ntlafatsa boemo ba batho ba buang Sekikongo ba lulang ka leboea ho Angola. O ne a e-na le bukana ea Sepotoketsi e fetoletsoeng ho tsoa ho ea Senyesemane e reng The Kingdom, the Hope of the World, e neng e hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society ’me e ajoa ke Lipaki tsa Jehova.

Motsamaisi enoa oa k’hoaere o ile a fetolela bukana ena ka Sekikongo ’me a e sebelisetsa ho tšoara puisano ea Bibele ea beke le beke le sehlopha sa rōna Maangola a neng a sebetsa Belgian Congo. Ha nako e ntse e ea, motsamaisi eo oa k’hoaere o ile a ngolla ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e United States ’me a fumana lingoliloeng tse eketsehileng. Leha ho le joalo, boitsebiso boo a neng a re fa bona bo ne bo tsoakane le lithuto tsa likereke. Ka hona, ke ne ke sa khone ho khetholla Bokreste ba ’nete ka ho hlaka ho lithuto tseo e seng tsa Mangolo tsa Bokreste-’mōtoana.

Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore molaetsa oa Bibele o fuperoeng ke lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower o fapane le ntho leha e le efe eo ke neng ke e utloile Kerekeng ea Baptiste. Ka mohlala, ke ile ka ithuta hore Bibele e hatisa bohlokoa ba lebitso la Molimo la botho, Jehova, le hore ka ho loketseng Bakreste ba ’nete ba ipitsa Lipaki tsa Jehova. (Pesaleme ea 83:18; Esaia 43:10-12) Ho feta moo, ke ile ka thabisoa ke tšepiso ea Bibele ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise bakeng sa ba neng ba tla sebeletsa Jehova ka botšepehi.—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3-5.

Le hoja tsebo ea ka ea Bibele e ne e fokola, ke ile ka ikutloa joaloka moprofeta Jeremia, ea ileng a sitoa ho thiba takatso ea hae e tukang ea ho bua ka Molimo oa hae, Jehova. (Jeremia 20:9) Litho tsa sehlopha sa rōna sa thuto ea Bibele li ile tsa kopanela le ’na boboleling ba ntlo le ntlo. Ke bile ka tšoarela liboka tsa phatlalatsa ka jareteng ea Malome, ke sebelisa limemo tse thaepiloeng ho mema batho. Ka nako e ’ngoe batho ba ka bang 78 ka bongata ba ne ba e-ba teng. Mokhatlo ona o mocha oa bolumeli o ile oa thehoa tlas’a boeta-pele ba motsamaisi oa k’hoaere oa Angola.

Ho Kena ha Ka Teronkong ka Lekhetlo la Pele

Ke ne ke sa tsebe hore mokhatlo leha e le ofe o amanang le Mokhatlo oa Watch Tower o ne o thibetsoe Belgian Congo. Ka hona, ka la 22 October, 1949, ba seng bakae ba rōna ba ile ba tšoaroa. Pele nyeoe ea rōna e lula, moahloli o ile a buisana le ’na ka thōko a leka ho batla litsela tsa ho ntokolla, kaha o ne a tseba hore ke sebetsa ’musong. Empa e le hore ke lokolohe, ke ne ke tla tlameha ho latola mokhatlo o neng o se o thehiloe ka lebaka la boboleli ba rōna, ’me ke ile ka hana ho etsa seo.

Ka mor’a ho qeta likhoeli tse peli le halofo ke le teronkong, ba boholong ba ile ba etsa qeto ea hore, rōna Maangola, ba re romele naheng ea habo rōna. Leha ho le joalo, ha re khutlela Angola, ba boholong pusong ea bokolone ea Portugal le bona ba ile ba belaella mosebetsi oa rōna ’me ba re hlokisa bolokolohi. Litho tse eketsehileng tsa mokhatlo oa rōna li ile tsa fihla li e-tsoa Belgian Congo, ’me re ile ra qetella re le ka holimo ho 1 000 re hasa-hasane le Angola.

Ha nako e ntse e ea, balateli ba moeta-pele ea hlaheletseng oa bolumeli Simon Kimbangu ba ile ba kenella mokhatlong oa rōna. Batho bana ba ne ba sa thahaselle ho ithuta lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower, kaha ba ne ba lumela hore Bibele e ne e ka hlalosoa feela ke motho ea buisanang le meea. Boholo ba litho tsa mokhatlo oa rōna li ne li tšehetsa maikutlo ana, ho akarelletsa le motsamaisi oa k’hoaere, ea neng a ntse a nkoa e le moeta-pele oa rōna. Ke ile ka rapela ka tieo hore Jehova a re kopanye le baemeli ba ’nete ba Mokhatlo oa Watch Tower. Ke ne ke tšepa hore sena se ne se tla kholisa litho tsohle tsa mokhatlo oa rōna hore li lokela ho amohela ’nete ea Bibele le ho hana lineano tseo e seng tsa Mangolo.

Litho tse ling tsa mokhatlo oa rōna li ile tsa khopisoa ke boboleli bo neng bo etsoa ke ba seng bakae ba rōna. Ka hona, li ile tsa re loma ho ba boholong ’me tsa re qosa ka hore re baeta-pele ba mokhatlo oa bopolotiki. Ka hona, ka February 1952 ba ’maloa ba rōna ba ile ba tšoaroa, ho akarelletsa le Carlos Agostinho Cadi le Sala Ramos Filemon. Re ile ra koalloa ka seleng e se nang lifensetere. Leha ho le joalo, molebeli e mong ea botsoalle o ile a re tlisetsa lijo tse tsoang ho basali ba rōna hammoho le mochine oa ho thaepa e le hore re ka etsa likopi tse eketsehileng tsa libukana tsa Mokhatlo oa Watch Tower.

Ka mor’a libeke tse tharo re ile ra isoa Baia dos Tigres, e leng lehoatata le ka boroa ho Angola. Basali ba rōna ba ile ba tsamaea le rōna ho ea moo. Re ile ra ahloleloa lilemo tse ’nè re sebetsa ka thata, re sebeletsa k’hamphani ea ho tšoasa litlhapi. Ho ne ho se kou ea likepe tsa ho tšoasa litlhapi Baia dos Tigres, kahoo basali ba rōna ba ne ba tlameha ho lula ba qhefetsa ka metsing ho tloha hoseng ho fihlela bosiu ba thotha meroalo e boima ea litlhapi ho tloha likepeng.

Kampong ena ea teronko, re ile ra fumana litho tse ling tsa mokhatlo oa rōna ’me ra leka ho li phehella hore li tsoele pele ho ithuta Bibele. Empa li ile tsa khetha ho latela motsamaisi oa k’hoaere, Toco. Ha nako e ntse e ea, li ile tsa bitsoa Matoco.

Ho Kopana Hoo e Leng Khale ho Letetsoe

Ha re le Baia dos Tigres, re ile ra fumana aterese ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower le Rhodesia Leboea (eo hona joale e leng Zambia) ’me ra le ngolla ho kōpa thuso. Lengolo la rōna le ile la fetisetsoa lekaleng la Afrika Boroa, le ileng la re ngolla, la re botsa hore na ho tlile joang hore re thahaselle ’nete ea Bibele. Ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower, e United States, e ile ea tsebisoa ka rōna, ’me ha etsoa litokisetso tsa ho romela moemeli ea khethehileng ho tla kopana le rōna. E ne e le John Cooke, moromuoa ea neng a e-na le phihlelo ea lilemo tse ngata a le linaheng lisele.

Ka mor’a hore Mor’abo rōna Cooke a fihle Angola, ho ile ha mo nka libeke tse ’maloa pele ba boholong pusong ea Mapotoketsi ba ka mo lumella ho re etela. O ile a fihla Baia dos Tigres ka la 21 March, 1955, ’me a lumelloa ho lula le rōna matsatsi a mahlano. Litlhaloso tsa hae tsa Bibele li ne li hlile li khotsofatsa, ’me ke ile ka kholiseha hore o emela mokhatlo o le mong feela oa ’nete o hlophisitsoeng oa Jehova Molimo. Letsatsing la ho qetela la ketelo ea hae, Mor’abo rōna Cooke o ile a fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng, “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso.” Ka kakaretso ba 82 ba ile ba e-ba teng, ho akarelletsa le motsamaisi e moholo oa Baia dos Tigres. E mong le e mong ea neng a le teng o ile a fuoa kopi e hatisitsoeng ea puo eo.

Nakong ea likhoeli tse hlano tseo a li qetileng Angola, Mor’abo rōna Cooke o ile a kopana le Matoco a ’maloa, ho akarelletsa le moeta-pele oa ’ona. Leha ho le joalo, boholo ba ’ona a ne a se na thahasello ea ho ba Lipaki tsa Jehova. Ka hona, ’na le bo-mphato ba ka re ile ra ikutloa re tlameha ho hlakisetsa ba boholong boemo ba rōna. Re ile ra etsa sena ka lengolo le qaqisang litaba, le ngotsoeng ka la 6 June, 1956, le lebisitsoe ho “Mohlomphehi ea Khabane ’Musisi oa Setereke sa Moçâmedes.” Re ile ra bolela hore ha ho sa na moo re amanang teng le balateli ba Toco le hore re lokela ho talingoa re le “litho tsa Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova.” Re ile ra boela ra kōpa hore re fuoe tokoloho ea borapeli. Empa, ho e-na le hore kahlolo ea rōna e fokotsoe, e ile ea eketsoa ka lilemo tse peli.

Liketsahalo Tse Lebisitseng Kolobetsong

Qetellong re ile ra lokolloa ka August 1958, ’me ha re khutlela Luanda, ra fumana sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa Jehova. Se ne se hlophisitsoe selemo pele ke Mervyn Passlow, moromuoa ea neng a rometsoe Angola ho ea nka sebaka sa John Cooke le hoja a ne a se a lelekiloe ka har’a naha nakong ea ha re fihla. Joale, ka 1959, Harry Arnott, moromuoa e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a eta. Leha ho le joalo, o ile a tšoaroa hang ha a fihla boema-fofane, hammoho le rōna ba bararo ba neng ba mo emetse moo ho ea mo khahlametsa.

Ba bang ba babeli, Manuel Gonçalves le Berta Teixeira, bao e neng e le Lipaki tsa Mapotoketsi tse neng li sa tsoa kolobetsoa, ba ile ba lokolloa ka mor’a ho lemosoa hore ba se ke ba hlola ba tšoara liboka hape. Mor’abo rōna Arnott o ile a lelekoa ka har’a naha, ’me ’na ka lemosoa hore ntle leha nka saena pampiri e bolelang hore ha ke sa le Paki, ke tla khutlisetsoa Baia dos Tigres. Ka mor’a ho hlongoa lipotso ka lihora tse supileng, ke ile ka lokolloa ke ntse ke sa saena letho. Beke hamorao ke ile ka qetella ke khonne ho kolobetsoa, hammoho le metsoalle ea ka Carlos Cadi le Sala Filemon. Re ile ra hira ntlo Muceque Sambizanga, e leng motse o pel’a toropo ea Luanda, moo phutheho ea pele ea Lipaki tsa Jehova ea Angola e ileng ea e-ba hona teng.

Mahloriso a Qala Bocha

Palo e ntseng e eketseha ea batho ba thahasellang e ile ea qala ho kopanela libokeng. Ba bang ba ne ba tletse ho tla fokisa, empa ba ile ba thabela liboka tsa rōna ’me hamorao ba fetoha Lipaki tsa Jehova! Maemo a lipolotiki a ile a fetoha, ’me boemo bo ile ba re thatafalla le ho feta ka mor’a hore ho qhome morusu oa bochaba ka la 4 February, 1961. Ho sa tsotellehe mashano a neng a jetsoe ka rōna, ka la 30 March re ile ra atleha ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste, ho e-na le ba 130.

Ka June, ha ke ntse ke khanna Thuto ea Molula-Qhooa, seboka sa rōna se ile sa qhaloa ke masole a etsang mosebetsi oa sepolesa. Basali le bana ba ile ba lokolloa, empa ha nkoa banna ba 30 ba neng ba le teng moo, joalokaha ho boletsoe sethathong. Re ile ra khakhathoa mocha-o-chele ka melamu ka lihora tse peli. Ke ile ka hlatsa mali ka likhoeli tse tharo ka mor’a moo. Ke ne ke bona hantle hore ke tla shoa; ha e le hantle, motho ea neng a nkhakhatha o ne a mpoleletse hore ke tlil’o shoa. Ba bang ba bangata ba neng ba khakhathiloe e ne e le batho ba bacha, liithuti tsa Bibele tse e-s’o kolobetsoe, kahoo ke ile ka ba rapella ka tieo: “Jehova, hlokomela linku tsa hao.”

Ka thuso ea Jehova, ha ho le ea mong oa bona ea ileng a shoa, e leng ho ileng ha makatsa masole ao. A mang a masole ana a ile a susumelletseha ho rorisa Molimo oa rōna, eo masole a boletseng hore o re pholositse! Tse ngata tsa liithuti tseo tsa Bibele li qeteletse li fetohile Lipaki tse kolobelitsoeng, ’me hona joale tse ling tsa tsona li sebeletsa e le baholo ba Bakreste. Se seng sa tsona, Silvestre Simão, ke setho sa Komiti ea Lekala Angola.

Lilemo Tse Robong Tsa Mahlomola

Joalokaha ke boletse qalong, ke ile ka feta mahlomoleng a mangata lilemong tse robong tse latelang ’me ke ile ka koalla literonkong tse fapa-fapaneng kapa likampong tse fapa-fapaneng tsa mosebetsi o boima. Libakeng tsena tsohle, ke ile ka khona ho pakela batšoaruoa ba lipolotiki, bao ba bangata ba bona e leng Lipaki tse kolobelitsoeng kajeno. Mosali oa ka, Maria, le bana ba rōna ba ile ba lumelloa ho tsamaea le ’na.

Ha re le kampong ea mosebetsi o boima ea Serpa Pinto, batšoaruoa ba bane ba lipolotiki ba ile ba khaoletsoa ba leka ho baleha. Ba ile ba hlokofatsoa ka sehlōhō ho fihlela ba e-shoa ka pel’a batšoaruoa ba bang kaofela e le ho ba tšosa hore le ka le baliloeng ba se ke ba leka le ho nahana feela ka ho baleha. Hamorao molaoli oa kampo o ile a ntšokela ka pel’a Maria le bana: “Ha nka ba ka u fumana u ntse u bolela hape, u tla bolaoa joaloka bona bana ba neng ba leka ho baleha.”

Qetellong, ka November 1966, re ile ra qetella re le sebakeng se neng se se se fetohile kampo e tšabehang ea lefu ea São Nicolau. Ha re fihla moo, ke ile ka tšoha ha ke fumana hore mohlokomeli oa kampo eo e ne e le Monghali Cid, eena monna eloa oa ho nkhakhatha hore ke batle ke e-shoa teronkong ea São Paulo! Ho ne ho bolaoa batho ba mashome-shome ka tatellano khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ’me lelapa la ka le ile la qobelloa ho shebella lipolao tsena tse sehlōhō. Ka lebaka leo, Maria o ile a ba le lefu la kelello le ntseng le e-s’o fole hantle le kajeno. Qetellong, ke ile ka khona ho fumana tumello ea hore eena le bana ba isoe Luanda, moo barali ba ka ba babeli ba baholo, Teresa le Joana, ba ileng ba ba hlokomela.

Ke Ile ka Lokolloa, Empa ka Boela ka Tšoaroa

Ke ile ka lokolloa selemong se latelang, ka September 1970, ’me ka boela ka kopana le lelapa la ka le barab’eso bohle ba Luanda. Ke ile ka seka meokho ha ke bona kamoo mosebetsi oa boboleli o hatetseng pele kateng ka lilemo tse robong tseo ke bileng sieo ka tsona. Ha ke ne ke isoa teronkong ka 1961, phutheho ea Luanda e ne e e-na le litsi tse ’nè tse nyenyane. Joale ho ne ho e-na le liphutheho tse ’nè tse khōlō, tse hlophisitsoeng hantle ’me ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng li ne li thusoa ke moemeli ea tsamaeang oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ke ne ke tletse thabo e khaphatsehang ka lebaka la ho ba ea lokolohileng, empa bolokolohi boo ba ka e ile ea e-ba ba nakoana.

Ka letsatsi le leng molaoli oa mabotho a Police for Investigation and Defense of the State (PIDE) e seng e sa sebetse hona joale o ile a mpitsa. Ka mor’a ho mphafa morali oa ka Joana a ntse a le teng, o ile a mpha tokomane e ’ngoe hore ke e saene. E ne e thathamisa mesebetsi ea ka ke le mpimpi ea PIDE ’me e ntšepisa meputso e mengata ea lintho tse bonahalang bakeng sa tšebetso ea ka. Ha ke hana ho saena, ke ile ka sokeloa ka hore ke tla khutlisetsoa São Nicolau, moo ke ileng ka bolelloa hore nke ke ka hlola ke lokolloa.

Ka January 1971, likhoeli tse ’nè feela ka mor’a hore ke lokolloe, litšokelo tseo li ile tsa phethahatsoa. Ka kakaretso, baholo ba Bakreste ba 37 ba Luanda ba ile ba tšoaroa ’me ba romeloa São Nicolau. Re ile ra koalloa moo ho fihlela ka August 1973.

Re Ile ra Lokolloa, Empa ra ’na ra Hlorisoa

Ka 1974 ho ile ha phatlalatsoa tokoloho ea bolumeli Portugal, ’me ka mor’a moo tokoloho ena ea atolosetsoa likoloneng tsa Portugal tse mose ho maoatle. Ka la 11 November, 1975, Angola e ile ea fumana boipuso ba eona ho Portugal. E ile ea e-ba thabo e kaakang ho rōna ha ka March selemong sona seo re tšoara likopano tsa rōna tsa pele tsa potoloho ka bolokolohi! Ke ile ka ba le tokelo ea ho fana ka puo ea phatlalatsa lipokanong tsena tse thabisang Lebaleng la Lipapali la Luanda.

Leha ho le joalo, ’muso o mocha o ne o le khahlanong le boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore, ’me ntoa ea lehae e ne e kupa hohle Angola. Boemo bo ile ba mpefala hoo Lipaki tsa ba basoeu li ileng tsa tlameha ho baleha ka hare ho naha. ’Na le barab’eso ba bang ba babeli ba moo re ile ra fuoa boikarabelo ba ho hlokomela mosebetsi oa boboleli Angola, tlas’a tataiso ea lekala la Portugal la Lipaki tsa Jehova.

Ka mor’a nakoana lebitso la ka le ile la qala ho hlahella likoranteng le ho phatlalatsoa seea-le-moeeng. Ke ile ka qosoa ka ho ba lehlahana la puso ea machaba ea tlatlapo le ka hore ke ’na ea ikarabellang bakeng sa hore ebe Lipaki tsa Angola li hana ho nka lihlomo. Ka hona, ke ile ka laeloa hore ke itlhahise ka pel’a ’musisi e moholo oa profinse ea Luanda. Ka tlhompho, ke ile ka mo hlalosetsa boemo ba Lipaki tsa Jehova ba ho se nke lehlakore lefatšeng ka bophara, e leng boemo bo ileng ba nkoa ke balateli ba pele ba Jesu Kreste. (Esaia 2:4; Matheu 26:52) Ha ke mo bolella hore ke qetile lilemo tse fetang 17 ke le literonkong le likampong tsa mosebetsi o boima nakong ea puso ea bokolone, o ile a etsa qeto ea ho se ntšoare.

Mehleng eo, ho ne ho hlokahala sebete ho sebeletsa u le Paki ea Jehova, Angola. Kaha lehae la ka le ne le katiloe, re ile ra tlameha ho khaotsa ho le sebelisetsa liboka. Empa joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela, ‘re ne re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, empa re ne re sa patisoa hoo re neng re ke ke ra sisinyeha.’ (2 Bakorinthe 4:8) Ha ho mohla re kileng ra emisa ho kopanela tšebeletsong ea rōna. Ke ile ka tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli, ke sebeletsa ke le mosebeletsi ea tsamaeang le ea matlafatsang liphutheho liprofinseng tsa Benguela, Huíla le Huambo. Ka nako eo ke ne ke sebelisa lebitso le leng, Mor’abo rōna Filemon.

Ka March 1978 mosebetsi oa rōna oa boboleli o ile oa boela oa thibeloa, ’me mehloli e tšepahalang e ile ea ntoma tsebe hore baitseki ba lipolotiki ba rerile ho mpolaea. Kahoo ke ile ka tšabela ha Paki e ’ngoe ea Nigeria e neng e sebetsa ofising ea bonģosa ba Nigeria e Angola. Khoeli hamorao, ha boemo bo batla bo kokobetse, ke ile ka tsoela pele ho sebeletsa barab’eso ke le molebeli oa potoloho.

Ho sa tsotellehe thibelo le ntoa ea lehae, Maangola a likete-kete a ile a arabela boboleling ba rōna. Ka lebaka la keketseho e ntle ea ba fetohang Lipaki, ho ile ha khethoa komiti ea naha bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa boboleli Angola, tlas’a tataiso ea lekala la Portugal. Nakong ena, ke ile ka ea Portugal ka makhetlo a ’maloa, moo ke ileng ka fumana koetliso ea bohlokoa ho basebeletsi ba tšoanelehang, hammoho le tlhokomelo e hlokahalang ea meriana.

Qetellong, Bolokolohi ba ho Bolela!

Ha ke ne ke le likampong tsa mosebetsi o boima, batšoaruoa ba lipolotiki ba ne ba atisa ho ntšoma ka hore ha ho mohla ke tla lokoloha haeba ke ntse ke tsoela pele ka boboleli. Empa ke ne ke ee ke arabe: “Hona joale ha e e-s’o be nako ea Jehova ea hore a bule monyako, empa mohla a o bulang, ha ho motho ea tla khona ho o koala.” (1 Bakorinthe 16:9; Tšenolo 3:8) Monyako oo oa monyetla oa ho bolela kantle ho litšitiso o ile oa buloa haholoanyane ka mor’a ho oa ha Soviet Union ka 1991. Ka nako eo re ile ra qala ho latsoa bolokolohi bo eketsehileng ba borapeli Angola. Ka 1992 mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa lumelloa ka molao. Qetellong, ka 1996 ho ile ha thehoa lekala la Lipaki tsa Jehova, Angola, ’me ke ile ka khetheloa ho ba setho sa Komiti ea Lekala.

Lelapa la ka le ile la lula le hlokomelehile ka litsela tse fapa-fapaneng ka lilemo tse ngata tseo ke li qetileng ke le teronkong. Re ne re e-na le bana ba tšeletseng, ’me ba bahlano ba ntse ba phela. Joana oa rōna ea ratehang o ile a hlokahala selemong se fetileng a bolaoa ke kankere. Ba bane ba bana ba rōna ba ntseng ba phela ke Lipaki tse kolobelitsoeng, empa ngoana e mong oa rōna ha a e-s’o nke bohato ba kolobetso.

Ha Mor’abo rōna Cooke a re etela ka 1955, re ne re le Maangola a mane ka kakaretso a neng a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Kajeno ho na le baboleli ba ’Muso ba fetang 38 000 naheng eo, ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 67 000 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Har’a ba bolelang litaba tse molemo ho na le ba bangata ba kileng ba re hlorisa. Sena ke se khotsofatsang hakaakang, ’me ke leboha Jehova hakaakang ka ho mpoloka le ho mpha monyetla oa ho phethahatsa takatso ea ka e matla ea ho phatlalatsa lentsoe la hae!—Esaia 43:12; Matheu 24:14.

[’Mapa o leqepheng la 20, 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Democratic Republic of Congo

Kinshasa

Angola

Maquela do Zombo

Luanda

São Nicolau (eo hona joale e leng Bentiaba)

Moçâmedes (eo hona joale e leng Namibe)

Baia dos Tigres

Serpa Pinto (eo hona joale e leng Menongue)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

[Litšoantšo tse leqepheng la 22, 23]

Ka tlaase: ’Na le John Cooke ka 1955. Sala Filemon o ka ho le letšehali

Ka ho letona: Re boela re kopana le John Cooke ka mor’a lilemo tse 42

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

’Na le mosali oa ka, Maria

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela