Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 9/8 maq. 16-17
  • Matokomane ka Mokhoa oa Seafrika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matokomane ka Mokhoa oa Seafrika
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Temo ea Matokomane
  • Ho Sila Matokomane
  • Makhasi a Cassava—Lijo Tsa Letsatsi le Letsatsi Tsa ba Limilione
    Tsoha!—1996
  • Batla ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Tloo U Tl’o Bona ’Maraka oa Afrika
    Tsoha!—2010
  • Ho Hlahisa Mesebetsi Linaheng tse Hōlang Moruong
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 9/8 maq. 16-17

Matokomane ka Mokhoa oa Seafrika

KA MONGOLLI OA TSOHA! CENTRAL AFRICAN REPUBLIC

LINAHENG tsa Bophirimela, hangata matokomane a nkoa e le ntho feela e sebelisetsoang ho etsa peanut butter. Leha ho le joalo, linaheng tse ling tsa Afrika ha e le hantle a phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Joang?

Afrika e bohareng, lijo tse ngata tse ratoang li etsoa ka matokomane. Mona joaloka libakeng tse ling tse sa tsoelang pele moruong, phofo le cornstarch—metsoako e sebelisetsoang ho tiisa sechu le sopho—hangata ha e fumanehe habonolo. Ka hona, hangata ho sebelisoa matokomane a sitsoeng bakeng sa eona.

Leha ho le joalo, hase feela taba ea ho reka botlolo ea matokomane a sitsoeng lebenkeleng le haufi. Mabenkeleng matokomane a sitsoeng a rekisoa ka khaba e nyenyane ea tee, ’me a bitsa chelete e ngata. Ka hona, basali ba bangata ba Maafrika ba bona ho le molemo hore ba iketsetse a bona. Tsela eo mosebetsi ona o boima o phethoang ka eona ea hlolla. Boitsebiso bo latelang bo fumanoe ka ho buisana le basali ba ’maloa ba Maafrika.

Temo ea Matokomane

Ka ho hlakileng, matokomane hase sejalo seo ho leng thata ho se hlokomela. Bothata-thata ke ho lema mobu. O lengoa mathoasong a nako ea lipula ha mobu o sa ntsane o omme ’me o le thata. Ka April ho jaloa peō ka letsoho, ’me haeba pula e qalella ho na, matokomane ao a ka ’na a kotuloa mafelong a August kapa mathoasong a September.

Afrika bohareng, tšimo e itekanetseng eo ho lengoang matokomane ho eona e ka ’na ea e-ba bophara ba limithara tse 90 le bolelele ba limithara tse 50. Batho ba bang ba ’nile ba a lema seratsoaneng se pel’a ntlo. Hangata ho sebelisoa mohoma o nang le mofeng o mokhutšoanyane le thipa e khōlō bakeng sa ho khatha tšimo. Ona e ka ba mosebetsi o thata haholo! Sejalo sena se hloka tlhokomelo e ngata, bonyane ha se sa qala. Tšimo e hloka ho lebeloa e le hore likhoto li se ke tsa fata peō ’me tsa e ja. ’Me mobu o hloka ho hlaoleloa e le hore o se ke oa thatafala hape ho se ke ha e-ba le lehola.

Tšimo e hloka ho lebeloa ka ho khetheha ha nako ea kotulo e atamela. Ho ka ’na ha thoe bana ba lebele tšimo ha nako ea kotulo e atamela. Mosali e mong o ile a tlaleha hore moahisani oa hae o ile a fumana lihlahla tsa hae tsa matokomane li leketlile lifateng tse haufi le tsona. Litšoene li ne li li fanyehile moo ’me li itšetlile ka ho mo senyetsa!

Hangata kotulo e ba mosebetsi oa lelapa. E mong le e mong o ea tšimong ho ea thusa. Lihlahla li fotholoa ka letsoho ’me lia anehoa, joale ho hlohloroa matokomane ho tsona ebe a isoa motseng ka likotlolo tse khōlō, tseo batho ba kotulang ba li roalang hloohong.

Joale ho etsahala’ng ka matokomane aa? Ka mor’a hore a hlatsuoe, a phehoa ka metsi a letsoai. A mang a jeoa hang-hang ke ba lelapa, empa boholo ba ’ona a bolokeloa hore a tle a sebelisoe hamorao ha ho phehoa. A anehoa fatše pel’a ntlo e le hore a ome ka ho feletseng. Motho e mong o lokela ho lula a a behile leihlo e le hore a a sireletse ho lipōli tse sollang tse ka ’nang tsa thabela ho hlakola lehano ka ’ona.

Ka mor’a hore matokomane a ome, a bokelloa ka tlung e entsoeng ka meseme le mobu e hahiloeng holim’a lithupa. Sena se etsa hore matokomane a lule a omme, ’me se boetse se thibela likhoto hammoho le bana ba ka ’nang ba batla ho hong hoo ba ka ho jang ha ’Mè a ntse a ile masimong.

Ho Sila Matokomane

Matokomane a tlameha ho eboloa pele a ka siloa. Joale aa halikoa, hangata ka pane e khōlō, e sephara holim’a mollo oa patsi o tukelang tlaase o besitsoeng fatše. Sena se etsa hore a be le monko le tatso ea linate hape a ebolehe habonolo. Matokomane a tloheloa hore a fole, ’me aa pikitloa ho tlosa makhapetla. Joale ho sebelisoa mochine o silang ho sila matokomane hore e be sereleli se borethe. Haeba mochine o le sieo, ’mè oa lelapa o a ala holim’a leloala ’me o a sila ka botlolo kapa tšiloana.

Ka mor’a sebakanyana matokomane a sitsoeng a tla be a se a sebelisetsoa ho tiisa sopho, hangata lijong tse pheheloang ka pitseng e le ’ngoe ’me li jelelloa ka cassava, plantain, kapa reisi. Haeba u ipotsa hore na lijo tse tsoakiloeng ka matokomane li latsoeha joang, ke hobane’ng ha u sa leke ho li pheha?

U ka ’na ua latela mokhoa o tloaelehileng oa ho pheha sechu sa nama, eiee, konofolo le lekhotloane la tamati. U se phehe ho fihlela nama e le bonolo, ’me u tšele sepiniche se khabetsoeng haeba u lakatsa ho etsa joalo. Ha se sa le ifo, u hlapolle matokomane a sitsoeng ka metsi a seng makae ho a nolofatsa—hoo e ka bang li-deciliter tse tharo bakeng sa k’hilograma e ’ngoe le e ’ngoe ea nama—ebe u a tšela sechung. Se tlohele metsotso e leshome kapa ho feta hore se ptjatle mollong o mongata e le hore tatso ea matokomane e se ke ea utloahala haholo. Haeba sechu se sa tiea kamoo u batlang kateng, tšela matokomane a eketsehileng. Tšela letsoai bakeng sa tatso. Haeba u rata lijo tse tšetsoeng linōko, u ka ’na ua nōka ka pepere e bohale.

Ba bangata ba fumana lijo tseo e le tse hlabosehang ha li jelelloa ka reise! Le hoja sa hao se ka ’na sa se ke sa ipabola ka ho feletseng, u tla iponela ka bouena litsela tseo matokomane a sebelisoang ka tsona—ka mokhoa oa Seafrika!

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Matokomane aa kotuloa, ebe a isoa lapeng ho ea eboloa le ho siloa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela