Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 9/8 maq. 12-15
  • Khoebo ea Lefatše—Kamoo e U Amang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khoebo ea Lefatše—Kamoo e U Amang Kateng
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moruo o Kopanetsoeng ke Linaha Tsa Lefatše ke Eng?
  • Na e Hlile ke Tlhohonolofatso Tjee?
  • Liphello Tse Tšoaetsanoang Tse ka U Ruisang Kapa Tsa U Futsanehisa
  • Ho Ruisa Barui, ho Futsanehisa Mafutsana
  • Ho Khannoa ke Meharo—Na ke Mokhoa o Loketseng?
  • “Ntoa e Khōlō ea Matla le Lintho Tsa Bohlokoa”
  • Ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše—Seo Batho ba se Tšepileng le Seo ba se Tšabang
    Tsoha!—2002
  • Na ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše ho ka Hla ha Rarolla Mathata a Rōna?
    Tsoha!—2002
  • Ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše ho Tlang ho U Tsoela Molemo
    Tsoha!—2002
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 9/8 maq. 12-15

Khoebo ea Lefatše—Kamoo e U Amang Kateng

HA Peter a lahleheloa ke mosebetsi khoebong e nang le makala linaheng tse ngata eo a neng a e sebelelitse ka lilemo tse 20, lengolo la teleko mosebetsing le ile la beha molato ka ho feletseng ho “moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše.” Ha chelete ea Thailand, baht, e lahleheloa ke matla a fetang halofo ea boleng ba eona, letona la lichelete la naha eo le ile la hlahella thelevisheneng le nyatsa ka matla “moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše.” Ha theko ea reise e nyoloha ka karolo ea 60 lekholong naheng e ’ngoe Boroa-bochabela ho Asia, lihlooho tsa likoranta tse rekisetsoang lephepheng li ile tsa phatlalatsa: “Ke ka lebaka la Moruo o Kopanetsoeng ke Linaha tsa Lefatše!”

Hantle-ntle moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše ke eng? O ama naha ea heno hammoho le chelete eo u nang le eona joang hona hobane’ng? Ke’ng se susumetsang tšekamelo ee?

Moruo o Kopanetsoeng ke Linaha Tsa Lefatše ke Eng?

E le se etsahalang litabeng tsa moruo, moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše ke phetoho ho tloha tsamaisong e ikemetseng ea moruo oa naha ka ’ngoe ho ea ho e kopanetsoeng ke linaha tse ngata. Kajeno, tlhahiso ea thepa “motseng oa lefatše lohle” e tlas’a taolo ea machaba, ’me chelete e phalla ka bolokolohi le ka ho panya ha leihlo ho tšela meeli. Ha e le hantle ke khoebo e se nang meeli. Tsamaisong ena ea moruo likhoebo tse nang le makala linaheng tse ling li ba le matla a maholo, ha bo-ramatsete ba sa tsejoeng ba ka khothalletsa katleho moruong kapa ba baka ho oa ha moruo ho bakang tšenyo e tšabehang karolong leha e le efe ea lefatše.

Moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše o bakile phetoho ea kajeno ea tsamaiso ea boitsebiso ha ka nako e tšoanang le oona e le phello ea eona. O susumetsoa ke lintlafatso tse hlollang tsa mekhoa ea puisano, bokhoni bo tsotehang ba lik’homphieutha le tsoelo-pele ea tsamaiso e rarahaneng ea boitsebiso, e kang ea Internet. Theknoloji ena e thusa ho hlōla litšitiso tsa libaka tse hōle. Ka liphello life?

Na e Hlile ke Tlhohonolofatso Tjee?

Ho latela babuelli ba oona, moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše e ka ba matla a susumetsang khoebo le matsete, e leng lintho tse hahang moruo le tse khothalletsang ntlafatso esita le linaheng tsa lefatše tse futsanehileng ka ho fetisisa. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1990 feela, bo-ramatsete ba tsoang linaheng lisele ba ’nile ba kenya liranta tse libilione tse tšeletseng linaheng tse sa tsoelang pele moruong. Ho eketseha hona ho hoholo ha matsete machabeng ho entse hore linaha tse futsanehileng li khone ho haha litsela, boema-fofane le lifektheri. Ka sebele moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše ke tšusumetso e phahamisitseng maemo a bophelo linaheng tse ling tsa lefatše. Peter Sutherland, molula-setulo oa Lekhotla la Ntlafatso Linaheng tsa Mose, o bolela hore “ho fihlela morao tjena, ho ne ho nka bonyane meloko e ’meli hore maemo a bophelo a ntlafale, empa hona joale maemo a bophelo a ntlafala ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse 10, Chaena.” Moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše o talingoa e le o fang batho ba limilione tse likete menyetla eo ho seng mohla ba kileng ba e fumana. Khōlo e hlollang ea khoebo ea lefatše e bakile keketseho e khōlō ea tlhahiso ea thepa le bokhoni ’me e hlahisitse mesebetsi e mecha.

Leha ho le joalo, ba nyatsang khoebo ea lefatše ba bolela hore e ka boela ea liha moruo ka bosiu bo le bong. Chelete ea naha e itseng e lahleheloa ke matla a eona ka ho panya ha leihlo ka ho penya likonopo tse seng kae k’homphieutheng, ’me chelete eo batho ba limilione ba phelisang malapa ba e bokeletseng bophelong bohle ba bona e ka hoholeha. Ka nako le motsotso, mantsoe a tšosang le a susumetsang a mohlahlobi oa maemo oa Wall Street a ka etsa hore bo-ramatsete ba tšohileng ba rekise matsete a bona a Asia, e leng ho ka hoholang chelete e ngata ea letsete hoo ba limilione ba ka qetellang ba tobane le bofutsana. Boto ea batsamaisi e ka etsa qeto ea ho koala fektheri Mexico le ho bula e ’ngoe Thailand bakeng sa eona—ea hlahisa mesebetsi Asia ha ka lehlakoreng le leng e tlisetsa malapa a makholo-kholo a Latin America bofutsana.

Ba bangata ba bontša hore moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše o thatafalelitse karolo e khōlō ea mokhatlo oa batho bophelo le hore o sokela ho siea karolo e ’ngoe ea lefatše morao. Sutherland o ile a re: “Hase mohlolo hore ebe tsoelo-pele e khathatsang matla ea moruo karolong e khōlō ea Afrika e ka Boroa ho Sahara e bontša ho hlōleha ho kenella moruong oa lefatše, ’me kahoo, e be le khoebo e atlehang ’me e hohele matsete.”

Liphello Tse Tšoaetsanoang Tse ka U Ruisang Kapa Tsa U Futsanehisa

See se u ama joang? Moruo oa tikoloho, oa naha le oa sebaka o hokahane ’me o mong o itšetlehile ka o mong. Ka hona, matšoao a boloetse moruong oa naha e ’ngoe a ka ’na a jaleha ka potlako ho tšoaetsa tse ling—ho akarelletsa le naha ea heno. Ka mohlala, tlokotsi ea lefatše ea lichelete e ileng ea thefula Asia ka 1997 le Russia le Latin America ka 1998 le 1999 hona joale e sokela ho baka tšenyo e khōlō katlehong ea moruo oa United States, linaheng tsa Europe, le linaheng tse ling tse nang le maemo a tsitsitseng a lichelete. Linaha tse neng li bonahala li eme hantle moruong ka nako e ’ngoe li ile tsa tsukutleha habohloko ka nako le motsotso—kamoo ho bonahalang kateng, eseng ka lebaka la liphetoho leha e le life tse ncha ka har’a meeli ea tsona empa ka lebaka la mathata a hlahang linaheng tse ling. Litsebi tsa moruo li bitsa boemo bona “tšoaetsano ea maemo a lichelete.” Lionel Barber oa Financial Times o re: “Mathata a lichelete a hlahela hong ’me mabakeng a mangata a na le tšusumetso bo bong ho bo bong. Tšoaetsano ha e sa le feela kotsi e ka ’nang ea e-ba teng; e se e hlile e le boemo bo etsahalang bophelong.”

Ka hona, moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše o hokahantse bophelo ba batho ka ho eketsehileng tsamaisong e le ’ngoe ea moruo, lefatšeng ho pota. Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, tšoaetsano e joalo e u ama ka litsela tse fapa-fapaneng. Nahana ka mehlala e latelang. Ha Brazil e tlohela chelete ea eona hore e feto-fetohe ho latela maemo ka January 1999, barui ba likhoho Argentina ba ile ba makala ha ba hlokomela hore batho ba Brazil ba ne ba se ba rekisetsa lisuphamakete tsa Buenos Aires likhoho ka theko e ka tlaase ho feta ea bona. Ho feta moo, ho putlama ha moruo oa machaba ho ne ho se ho ntse ho soahlamantse theko ea mapolanka, soy, jusi ea litholoana, nama ea khomo le chisi Argentina. Litheko tse tlaase le ho fokotseha ha bareki ho ile ha etsa hore libaka tsa moo tsa tlhahiso ea lebese li koaloe, ’me ha siea ba makholo ba hloka mosebetsi.

Ka nako e tšoanang, barui ba likolobe ba Illinois, U.S.A., ba ile ba fumana hore le hoja nakong e fetileng ba ne ba ile ba thabela ho romela nama e ntle ea kolobe linaheng tse hōlang tsa Asia, joale ba ne ba tlameha ho theola litheko tsa bona, kaha tlhokahalo ea eona e ne e fokotsehile ’me tlhōlisano e le matla. Sehoai se seng se ile sa tletleba: “Ha ho mohla re kileng ra bona tahlehelo e matla hakana thekisong ea nama ea kolobe, esita le nakong ea Ho oa ho Hoholo ha Moruo.” Hona naheng eo, basebetsi ba lifeme tsa tšepe ba ile ba behelloa ka thōko ho mosebetsi, kaha lik’hamphani tsa bona li ne li imeloa ke tšepe e romelloang ka bongata ho tsoa Chaena, Japane, Russia, Indonesia le linaheng tse ling—tseo kaofela ha tsona li neng li e-na le chelete e nang le matla a fokolang e neng e etsa hore thepa eo li e romelang e be e theko e tlaase haholo. Ka lebaka la ho haella ha bareki Asia, liqubu tsa lijo-thollo tse sa rekisoang li ile tsa phaellana United States, e leng ho ileng ha nyahamisa lihoai naheng eo.

Liphello tsa moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše li thatafatsoa le ho feta ke ’nete ea hore libanka le matlōle a penshene linaheng tse ruileng li entse likalimo kapa matsete a maholo “limmarakeng tse ncha”—e leng theneketso ea linaha tse ling tse sa tsoelang pele moruong. Ka hona, ha moruo oo o putlama nakong ea tlokotsi ea lichelete ka 1997-99, hoo ho ile ha e-ba le liphello tse tobileng ho baahi ba tloaelehileng bao mohlomong ba neng ba amohela penshene kapa ba koaletse chelete libankeng tse ileng tsa lahleheloa ke chelete. Hoo e batlang e le e mong le e mong o ’nile a utloa liphello tse nyarosang tsa tahlehelo eo, ebang ke ka tsela e tobileng kapa e sa tobang.

Ho Ruisa Barui, ho Futsanehisa Mafutsana

Tlhahlobo e hlokolosi ea tšebetso ea moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše e bontša hore o hlahisitse lihlotšoana tsa barui tse ntseng li hōla tse kang lihlekehleke linaheng tse futsanehileng le matšoele-tšoele a bafutsana a kang maoatle linaheng tse ruileng. Joang? David Korten o araba karolo e ’ngoe ea potso ena bukeng ea hae e reng, When Corporations Rule the World: “Khōlo e sekhahla ea moruo linaheng tse kenyang chelete e nyenyane e tlisetsa ba seng bakae ba lehlohonolo boema-fofane, thelevishene, litsela tse khōlō tse bulehileng le litsi tsa mabenkele tse nang le lisebelisoa tse laolang mofuthu le mohatsela le tse nang le thepa e tsoetseng pele ea elektronike le mabitso a lifeshene. Ke ka seoelo e ntlafatsang maemo a bophelo a ba bangata. Khōlo ea mofuta ona e hloka hore moruo o lebisoe thepeng e romeloang linaheng tse ling e le hore ho fumanoe chelete ea linaha lisele bakeng sa ho reka lintho tseo barui ba lakatsang ho ba le tsona. Ka hona, linaha tse futsanehileng ke tsona tse khethoang bakeng sa ho romela lijalo linaheng tse ling. Joale ba neng ba lema libaka tsena pele ba iphumana ba phela metseng ea litakana toropong moo ba sehlang ka thata likhoebong tse ba lefang meputso e tlaase bakeng sa ho hlahisa thepa e romeloang linaheng tse ling. Malapa aa qhalana, likamano tsa sechaba li thefuloa ho isa bohōleng ba hore li senyehe, ’me pefo ea ata. Bao khōlo eo e ba tsoetseng molemo joale ba hloka chelete e ’ngoe e eketsehileng ea linaha tse ling e le hore ba reke libetsa bakeng sa ho itšireletsa bohaleng ba ba kollang ntsi hanong.”

Kae le kae, moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše o baketse batho ba sebetsang khatello e matla kaha mebuso e theola meputso le maemo ao ho sebeletsoang ho ’ona ka boiteko ba ho hohela bo-ramatsete ba linaha tse ling ka tšepiso ea hore litšenyehelo ke tse tlaase. Le hoja linaha tse ling tse sa tsoa kena indastering li ruile molemo ka ho eketseha ha thepa eo li e romelang linaheng tse ling ka lebaka la khoebo e lokolohileng ea lefatše, boholo ba linaha tse futsanehileng li ’nile tsa behelloa ka thōko naleng ena.

Ho se lekane ha maemo lefatšeng ho tebile hakae? Ak’u nahane ka lipalo-palo tse qotsitsoeng ke Korten: “Hona joale [ka 1998] ho na le bo-ralibilione ba 477 lefatšeng, ho tloha ho ba 274 feela ka 1991. Thepa ea bona ha e kopane e etsa chelete e ka batlang e lekana le eo halofo ea batho ba futsanehileng ka ho fetisisa ba e fumanang ka selemo—batho ba limilione tse likete tse 2,8.” Molato ke oa mang? “Ena ke phello e tobileng ea moruo o sa laoleheng oa lefatše.”

Ho Khannoa ke Meharo—Na ke Mokhoa o Loketseng?

Bofokoli ba motheo ba moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše ke bofe? Ha a bua ka tlokotsi ea lichelete ea 1997-98, mohlophisi Jim Hoagland o boletse hore bo-rahistori ba nakong e tlang ba “tla fumana mophula oa menyetla e sa kang ea sebelisoa, bofokoli litšebelisanong tsa machaba le meharo ea batho.” Batho ba bang baa botsa: ‘Na ho ka ba le khotso le nala lefatšeng ha ho e-na le tsamaiso ea moruo e qabanyang barui ba seng bakae le mafutsana a mangata ntoeng e amang lefu le bophelo? Na ke ho loketseng hore bahlōli ba seng bakae ba thabele mabothobotho a borui ha ba bangata ba hlōtsoeng ba qobelloa ho ba bofutsaneng bo theolang seriti?’

Ka sebele, meharo e sa khotsofaleng le ho haella ha boitšoaro ho hlahisitse lefatše le nang le ho se lekane ho hoholo ha lichelete. Seo ’muelli e mong oa molao a se buileng lilemong tse 2 000 tse fetileng e sa ntse e le ’nete: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi.” (1 Timothea 6:10) Na mebuso ea batho e ikemiselitse ho sebetsana ka katleho le bofokoli bo joalo boo e leng karolo ea sebōpeho sa batho sa ho se phethahale? Fernando Cardoso, eo e leng mopresidente oa Brazil, o ile a bolela se mo ngongorehisang: “Mosebetsi oa ho nahanela boiketlo ba batho ntlafatsong nakong ea Moruo o Kopanetsoeng ke Linaha tsa Lefatše o fetohile phephetso e khōlō, kaha kaofela ha rōna re lokela ho sebetsana . . . le boemo ba ho hloka litekanyetso tse loketseng bo bakiloeng ke ho inehela ka ho feteletseng khoebong.”

“Ntoa e Khōlō ea Matla le Lintho Tsa Bohlokoa”

Puong e ileng ea fanoa Sebokeng sa bo22 sa Lefatše sa Mokhatlo oa Ntlafatso ea Machaba, Korten o ile a hlalosa lipelaelo tseo a nang le tsona ka tse ling tsa liphello tse molemo tsa moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše. O ile a bolela hore ho na le “ntoa e khōlō ea matla le lintho tsa bohlokoa pakeng tsa batho ba phelang libakeng tse ngata le mekhatlo ea moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše. Phello ea ntoa ena e ka ’na ea rera hore na lekholo la bo21 la lilemo le tla tšoaea ho oela ha moloko oa rōna pherekanong ea meharo, pefo, bofutsana le tšenyo ea tikoloho tse ka re lebisang timetsong kapa che. Kapa ho hlahella ha lichaba tse atlehileng bophelong tseo batho ba tsona kaofela ba khonang ho phelisana ba sa hloke letho ka khotso le ka kutloano le lefatše.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

“LEFATŠE LE NTSE LE IKETSA KHOKANYANA-PHIRI”

Polelo eo e ile ea sebelisoa karolong ea mohlophisi makasineng ea Asiaweek ea la 26 February, 1999, e ileng ea re: “Lefatše le ntse le iketsa khokanyana-phiri, ka lebaka la bolokolohi ba tsamaiso ea khoebo, chelete e khonang ho fetisoa habonolo, boitsebiso le theknoloji. . . . Leano leo le bitsoa tlamahano: libaka le lichaba tse eketsehileng li tlamelloa tsamaisong e rarahaneng ea moruo oa lefatše, eo e leng ’maraka o moholoanyane bakeng sa bahlahisi bohle ba lefatše.”

E ile ea boela ea re: “Ho putlama ha moruo Asia Bochabela, Russia le Brazil [lilemong tsa morao tjena] ho bontšitse hore lefatšeng lena le kopantsoeng ke moruo le theknoloji, ho haha sebaka se le seng ha tse ling li heleha ke ho hloka ponelo-pele.”

Sehlooho sona seo se ile sa lemosa ka ho qhelela Asia “ka thōko moruong le lipolotiking,” se hopotsa babali hore “Japane le Chaena e ntse e le tsona tse boemong ba bobeli le ba boraro ka ho ba linaha tse matla ka ho fetisisa moruong.” Sa tsoela pele: “Ka sebele sepenya sa baahi Asia ka bosona feela se ke ke sa hlokomolohuoa.” Limilione tse likete tsa Asia li ke ke tsa tlōlisoa mahlo holimo. Ka sebele, re phela tsamaisong ea moruo o kopanetsoeng ke lefatše, ’me meeli ea khoebo e theotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše o ’nile oa jarisoa molato ka ho eketseha ha lekhalo le teng pakeng tsa barui le mafutsana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela