Ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše ho Tlang ho U Tsoela Molemo
“E le hore ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho tle ho atlehe, ho lokela ho khotsofatsa mafutsana le barui ka tsela e tšoanang. Ho lokela ho khotsofatsa litokelo tsa batho ka tsela e tšoanang le eo ho tlisang leruo ka eona. Ho lokela ho tlisa toka sechabeng le ho tšoara batho ka tsela e lekanang joalokaha ho tlisa katleho moruong le ho ntlafatsa mecha ea puisano.”—KOFI ANNAN, MONGOLI-KAKARETSO OA MACHABA A KOPANENG.
JOALOKAHA Kofi Annan a bontšitse, ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ha sebele ho tla ntlafatsa bophelo ba moahi e mong le e mong oa lefatše. Empa seo re se boneng lilemong tsa morao tjena se fapane hōle le seo. Litokelo tsa batho le ho tšoara batho ka tsela e lekanang li saletse morao haholo ha li bapisoa le khatelo-pele e entsoeng theknolojing le linthong tse bonahalang.
Bothata bo ka sehloohong ke hore ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše moruong ho susumelitsoe ke lerato la chelete. Ke seoelo batho ba phehellang phaello ba keng ba nahane ka mafutsana le bahloki, kapa hona ho nahana ka lintho tseo lefatše la rōna le li hlokang tse tla le tsoela molemo ka nako e telele. Dr. David C. Korten o re: “Moruo oa lefatše o sa laoleheng, o tsamaisoang ke lik’hamphani tse nkang chelete e le eona feela ntho ea bohlokoa, ha oa tsitsa . . . ebile ha e le hantle o futsanehisa batho ka litsela tse ngata.”
Na mebuso ea lefatše e tla khona ho laola moruo oa lona ka tsela e tla khotsofatsa batho bohle? Ha ho bonahale joalo. Ho fihlela joale, mebuso e thatafaletsoe ke ho rarolla mathata leha e le afe a lefatše—ebang ke bonokoane bo teng lefatšeng lohle, mocheso o mongata lefatšeng lohle kapa bofutsana bo aparetseng lefatše. Annan oa hlalosa: “E le ho khotsofatsa lithahasello tsa bohle lefatšeng, ho hlokahala mohato o kopanetsoeng, empa lefatšeng lena leo lichaba li ikopantseng, ke hona ho ntseng ho reroa hore na lichaba tsa lefatše li ka nka mehato efe.”
Lefatše ha lea tlameha ho nka mehato e itseng feela ho rarolla mathata a lona. Komisi ea Tsamaiso ea Mebuso ea Lefatšea e bontša hore lefatše le boetse le lokela ho ba le litekanyetso tsa boitšoaro. Tlaleho ea eona e bontša hore “ntle le hore lefatše lohle le be le litekanyetso tsa boitšoaro, likhohlano le tsitsipano li tla eketseha lefatšeng mona; hafeela boeta-pele bo le sieo, esita le tsona litokisetso tse molemo le merero e molemo li tla nyopa.”
E khothalelitse litekanyetso life tsa boitšoaro lefatšeng? Tlaleho eo e itse: “Batho ba lokela ho tšoara ba bang ka tsela eo ba tla rata ho tšoaroa ka eona.” Jesu Kreste, moeta-pele e moholohali ea kileng a ba teng lefatšeng o ile a ruta ka molao-motheo ona oa boitšoaro lilemong tse likete tse peli tse fetileng. (Matheu 7:12) Empa molao-motheo ona o ntse o sebetsa le kajeno. Ha ho pelaelo hore ha lichaba tsa lefatše li ne li ikopanya li itšetlehile ka molao-motheo ona, hoo ho ne ho tla tlisetsa bohle melemo. Na seo se tla ke se etsahale?
Mofuta o Mong oa Tharollo ea Mathata a Lefatše
Bibele e boletse esale pele hore haufinyane ’muso oa lefatše lohle o tla kopanya lichaba tsa lefatše motheong oa ho hloka boithati, eseng oa chelete kapa theknoloji. E tla atleha hobane e na le matla le mekhoa e nepahetseng ea ho nka khato molemong oa batho bohle lefatšeng. Jesu Kreste o hlile a tsepamisa mohopolo ’musong ona oa lefatše lohle ha a ne a ruta balateli ba hae hore ba rapelle ‘’Muso oa Molimo hore o tle le hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng.’—Matheu 6:10.
’Muso oa Molimo, e leng ’muso oa leholimo o taolong ea Jesu Kreste, o tla beha mohlala oa litekanyetso tsa boitšoaro bo nepahetseng lefatšeng lohle, e leng oona oo Jesu a ileng a ruta ka oona ha a le mona lefatšeng. Melao-motheo e tla tataisa batho e tla ba ho rata Molimo le ho rata moahelani. (Matheu 22:37-39) Boprofeta bo bongata ba Bibele bo bolela seo ’muso ona o mocha o tla se etsa. Ha e bua ka ’Musi oa oona, Jesu Kreste, Bibele ea tšepisa: “Mafutsana o tla a ahlōlela ka toka, ba ikokobelitseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka.” (Esaia 11:4, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ba ruileng le ba matla ba ke ke ba tšoara bahloki hampe. Jesu o tla “utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng . . . O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”—Pesaleme ea 72:13, 14.
Mathata a tikoloho a tla rarolloa hang-hang. Ho fapana le naha e ntseng e fetoha lefella, “lehoatata le tla thaba ’me naha e omeletseng e thunye lipalesa.” (Esaia 35:1, Today’s English Version) Ho e-na le hore lijo li haelle, “ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng.”—Pesaleme ea 72:16.
’Muso oa Molimo o kopanya batho ba limelo tsohle. Molimo oa tšepisa: “Ke tla ba beha bonngoeng, joaloka mohlape ka lesakeng.” ‘Ke tla etsa hore ba fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha bona ba ntšebeletse ka mahetla a bapileng.’ (Mikea 2:12; Sofonia 3:9) ‘Puo ena e hloekileng,’ e akarelletsang litekanyetso tse tloaelehileng tsa boitšoaro le tsa bolumeli, e kopanya batho le hona joale.
Ka lebaka la mekhoa e fapa-fapaneng ea lipalangoang lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova li lula li e-ba le likopano tse khōlō tsa machaba, tse matlafatsang kamano pakeng tsa batho ba merabe e fapaneng, lichaba tse fapaneng le batho ba mekhoa e fapaneng ea bophelo. Likopano tsena li fana ka bopaki ba bonngoe bo amanang le pelo le maikutlo, eseng bo tlisoang ke theknoloji le khoebo. (Bona lebokose le tsamaeang le sehlooho sena.) Moruti oa thuto ea bolumeli oa Lesepanishe ea ileng a ea likopanong tse joalo o ile a ngola: ‘Ke ile ka tloha moo ke ikutloa ke matlafetse, ke sa matlafatsoa feela ke lipuo tsa Mangolo tse rutang, empa le ke bonngoe bo neng bo le har’a batho bana, boitšoaro ba bona bo phahameng, bo khotsofatsang.’
Lipaki tsa Jehova li boetse li sebelisa menyetla ea litšobotsi tse ling tsa ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho nolofatsa mosebetsi oa tsona oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka mohlala, Tsoha! e fetoleloa ka lipuo tse fetang 80 ke bafetoleli ba bangata lefatšeng lohle, ba sebelisa k’homphieutha le mecha ea puisano ea elektronike. Lithulusi tse joalo li thusa Lipaki tsa Jehova hore lenaneo la tsona la thuto ea Bibele e be la lefatše lohle. Ho hlakile hore lithulusi tse hlahisitsoeng ke ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše li ka sebelisoa ka tsela e molemo le ka tsela e kotsi.
Ka ho tšoanang, ho fapana le ho baka mathata ho entsoeng ke ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše, ’muso o tla beng o hlonngoe ke Molimo lefatšeng lohle o tla rarolla mathata. Re na le mabaka ’ohle a ho tšepa tsamaiso ena ea leholimo. Molimo oa tšepisa: “Ke etsa lefatše le lecha. Lintho tsa nako e fetileng li ke ke tsa hlola li hopoloa. Thabang le nyakalle ka ho sa feleng ka seo ke se bōpang.” (Esaia 65:17, 18, TEV) “Lefatše le lecha” la Molimo ka sebele le tla tsoela batho bohle lefatšeng molemo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Komisi ena, e entsoeng ka baeta-pele ba hlahelletseng ba lefatše ba 28, e ile ea etsa tlaleho e telele ka 1995, e neng e e-na le sehlooho se reng “Lefatše Leo re Phelang ho Lona,” moo e neng e thathamisitse litlhahiso tseo e nkang hore li ka ntlafatsa puso ea lefatše.
[Lebokose le leqepheng la 28]
BA HOKAHANE EMPA HA BA BONNGOENG
Le hoja theknoloji e entse hore lefatše e ke le lenyenyane, likarohano li sa le khōlō. Thelevishene, lithelefono tsa cellular le Internet li bonahetse li le molemo bakeng sa ho hokahanya batho, eseng ho ba momahanya. Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše moruong le ho fela ha tlhōlisano ea hore na ’muso o moholo ke ofe ho fokolitse palo ea lintoa tse neng li kupa pakeng tsa Linaha, empa likhohlano tse ka har’a linaha li ntse li bolaea le ho holofatsa batho ba likete tse makholo selemo se seng le se seng.
Hobane’ng? Hobane lehloeo le pakeng tsa lihlopha tse hlōlisanang tsa morabe, bochaba le bolumeli—e leng sona sesosa se ka sehloohong sa lintoa tsa lehae—ha le bonahale le fokotseha. Likhoebo lefatšeng lohle le lihlopha tsa linokoane li etsa bonnete ba hore libetsa tse sa jeng chelete e ngata li fumaneha ka bongata e le hore mahlakore a loantšanang a lule a hlometse. Bonngoe ba sebele bo ke ke ba tlisoa ke lintho tsa elektronike. Leha e le hona hore ho hōla ha ’maraka oa matsete ho ka khothalletsa toka sechabeng.
Ka litsela tse itseng, ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše moruong ho ka ba ha tlatsetsa ho se utloaneng ha batho. Ha ’maraka oa matsete o theoha ka mor’a hore o hōle, batho ba futsanehileng e ka ba liphofu tse hlaseloang habonolo ke bo-ralipolotiki ba feteletseng ba sebelisang hampe mathata a moruo ho ithuisa molemo. Tharollo ke efe? Human Development Report 1999 ea lumela: “Ho tlameha ho be le ’muso o mocha bakeng sa lefatše lohle—o amehileng haholo ka tsoelo-pele le toka bathong.” Sena ke sona hantle seo ’Muso oa Molimo o tla se etsa.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Lenaneo la lefatše lohle la thuto ea Bibele la Lipaki tsa Jehova le thusitse ho kopanya batho ba limelo tsohle