Na ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše ho ka Hla ha Rarolla Mathata a Rōna?
“Joalokaha baahelani ba sa utloane, le lichaba tsa lefatše li hōle le ho utloana kajeno; li na le mathata a mangata. Baahi ba tsona ha ba tšoaroe ka ho lekana; ha ba na menyetla e tšoanang. Ba limilione ba tinngoe lintho tse ngata hoo ba sa inkeng e le karolo ea lichaba tsena.”—“OUR GLOBAL NEIGHBOURHOOD.”
FATIMA, moahi oa motse o mong o moholo oa Afrika, o inka a le lehlohonolo. Bonyane o na le sehatsetsi. Empa lehae la hae ke mok’huk’hu o hlonngoeng haufi le mabitla a mararo a lejoe la ’mabole. Joaloka baahi ba bang ba etsang halofo ea milione, o lula setšeng se seholo sa mabitla. Le sona setša sena sa mabitla se ea se tlala. Oa tletleba: “Batho ba bangata ba fallela mona mabitleng ka ho khetheha.”
Lik’hilomithara tse ka bang 15 ho tloha moo Fatima a lulang teng ke matlo a macha a ikhethang ka botle, a bileng a nang le lireschorente le lebala le leholo la kolofo le nang le mekoti e 27. Papali e le ’ngoe ea kolofo e hloka chelete e fetang moputso oa khoeli oa motho ka mong naheng ena ea Afrika. Bofutsana bo ’nile ba aparela motse ona, empa mabala a kolofo—e leng ntho ea batho ba ikhonang—ke ntho e ncha le e halefisang. Lefatšeng lena la rōna, ho na le mabothobotho le bofutsana bo feteletseng.
Phula ea Hadhramaut, e tsoelipanang sebakeng se omeletseng sa Yemen, se Bochabela bo Hare, ke tsela ea khale ea bahahlauli ba tsamaeang ka lihlopha, e nang le metse ea boholo-holo. Ha u e habanya feela, u ka bona eka ha ho na liphetoho phuleng ena e ka thōko. Empa ponahalo ea ka ntle e ka thetsa. Motseng o haufi le moo oa Saywūn, musiamo oa teng o na le setsebi se fumaneng mangolo a univesithi se thusang ka ho thathamisa matlotlo ’ohle a motse ona Mocheng oa Boitsebiso oa Internet. Le hoja setsebi sena e le ngoanana oa hona moo motseng, o tsoa ithutela sena Ohio, U.S.A. Matsatsing ana, batho hammoho le likhopolo tsa bona ba ka ea leha e le kae lefatšeng moo ba neng ba ke ke ba ea pele.
Lik’hilomithara tse likete tse ’maloa ka bophirimela, Sahara, mokoloko oa literaka tse tharo o tsamaea butle tseleng e ka thōko ho leba ka boroa. Mokhanni e mong oa tsona ea bitsoang Mashala o hlalosa hore o tsamaisa lithelevishene, mechine e rekotang ea video le li-satellite dish. Eena ka boeena o lula a tseba litaba tse etsahalang lefatšeng ka ho shebella litaba tse hasoang seteisheneng sa Amerika. Oa hlalosa: Motseng oa heso “kaofela re na le li-satellite dish.” Ke libaka tse ’maloa lefatšeng tse sa finyelloeng ke mecha ea litaba tsa lefatše.
Ho tsamaea ho sa khaotseng ha batho, likhopolo, litaba, chelete le theknoloji ho hlahisitse lefatše le lecha le ka bang le melemo. Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho thusa ho tsebahatsa tsela eo ho pheloang ka eona Yemen ho bile ho etsa hore Mashala a amohele chelete e ka etsang R35 000 bakeng sa leeto la libeke tse tharo. Empa chelete ha e abeloe motho e mong le e mong. Fatima le baahisani ba hae ba bona batho ba ’maloa ba rua molemo ho ikopanyeng ha lichaba tsa lefatše, athe ho bona bofutsana bo ja kobo maaparo.
Le hoja kutloano ea lichaba lefatšeng lohle e le ntho e sieo, mohato oa ho ikopanya ha lichaba lefatšeng lohle oona o ke ke oa fetoloa. Na batho ba tla tima li-TV tsa bona, ba lahle lithelefono tsa bona tsa cellular, ba senye lik’homphieutha tsa bona le ho emisa ho ea linaheng tse ling? Na lichaba li tla leka ho ikarola ka ho feletseng lichabeng tse ling tsa lefatše lipolotiking le moruong? Ha ho bonahale seo se ka etsahala. Ha ho motho ea batlang ho lahleheloa ke melemo ea ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše. Empa ho thoe’ng ka mathata a tlisoang ke hona? A baka tšabo, ’me a ama bophelo ba motho e mong le e mong. A re hlahlobeng hakhutšoaane mathata a seng makae a tebileng a ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše.
Lekhalo le Eketsehang
Ha ho mohla leruo la lefatše le kileng la ajoa ka toka, empa joale ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše moruong ho ekelitse le ho feta lekhalo le teng pakeng tsa barui le mafutsana. Ke ’nete hore linaha tse ling tse tsoelang pele li rua molemo ka ho kena lenaneong lena la ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše moruong. Litsebi li bolela hore lilemong tse leshome tse fetileng, palo ea batho ba futsanehileng haholo India e fokotsehile ho tloha karolong ea 39 lekholong ho isa ho ea 26 lekholong, ’me ho bile le ho ntlafala ho tšoanang Asia. Phuputso e ’ngoe e bontša hore ka 1998, e ne e le karolo ea 15 feela lekholong ea baahi ba Asia Bochabela e neng e phela ka $1 ka letsatsi, ho fapana le lilemong tse leshome tsa pele ho moo ha e ne e le karolo ea 27 lekholong. Leha ho le joalo, boemo lefatšeng kaofela ha bo bonahale bo tšepisa hakaalo.
Linaheng tsa Afrika tse ka boroa ho Sahara le libakeng tse ling tse sa tsoelang pele, chelete e kenang e fokotsehile lilemong tse 30 tse fetileng. Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan o re: “Lefatšeng lena le ruileng ho feta leha e le neng pele, lichaba tsohle . . . ha li etse letho ka batho ba ka bang limilione tse likete li tharo—e leng ba ka etsang halofo ea baahi bohle lefatšeng—ba phelang ka chelete e kaalo ka $2 ka letsatsi kapa e ka tlaase ho moo.” Le leng la mabaka a ka sehloohong a etsang hore ho be le lekhalo le leholo hakana sechabeng ke meharo ea lichelete. Larry Summers eo e kileng ea e-ba mongoli lefapheng la lichelete United States oa hlalosa: “Lefatšeng lohle, ’maraka ea lichelete eo e seng ea ’muso e hlokomoloha ba futsanehileng haholo. Libanka tse tloaelehileng ha li batle ho bula makala metseng ea batho ba futsanehileng kaha ha ba na chelete.”
Phapang e khōlō ea chelete e fumanoang ke ba ruileng le e fumanoang ke ba futsanehileng e arola batho hammoho le linaha. Hase khale ha leruo la motho ea ruileng ka ho fetisisa United States le ne le feta hōle chelete eohle ea Maamerika a habo a limilione tse lekholo. Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho boetse ho entse hore lik’hamphani tse ruileng tse nang le makala linaheng tse fapa-fapaneng li hōle ’me sena se entse hore lik’hamphani tsena li laole ’maraka oa lefatše oa lihlahisoa tse itseng. Ka mohlala, ka 1998 lik’hamphani tse leshome feela li ne li laola karolo ea 86 lekholong ea khoebo ea mecha ea puisano e etsang chelete e kaalo ka liranta tse libilione tse tharo. Matla a moruo a lik’hamphani tsena tse linaheng tse fapa-fapaneng hangata a feta a mebuso ’me joalokaha Amnesty International e bontša, “ha li natse litokelo tsa batho kapa tsona tsa basebetsi.”
Ka ho utloahalang, mekhatlo ea litokelo tsa botho e amehile ka ho bokellana ha leruo la lefatše bathong ba ’maloa ba lehlohonolo. Na u ka rata ho phela sebakeng seo ho sona batho ba etsang karolo ea 20 lekholong ba ruileng ka ho fetisisa ba fumanang chelete e fetang eo mafutsana a e fumanang ka makhetlo a 74? ’Me ka lebaka la thelevishene, karolo ea 20 lekholong ea batho ba futsanehileng e tseba hantle hore na batho ba ruileng bona ba phela joang, le hoja ho bona ho le lerootho hore ba ka ntlafatsa boemo ba bona. Ho hlakile hore ho hloka toka ho bohloko joalo motsaneng ona oa rōna oa lefatše ho entse hore ho be le merusu le pherekano.
Ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše Mokhoeng oa Bophelo
Bothata bo bong bo ngongorehisang ke ba ho se tšoane ha mekhoa ea bophelo le ho ata ha lerato la lintho tse bonahalang. Ho fapanyetsana maikutlo ke habohlokoa ho ikopanyeng ha lichaba tsa lefatše, ’me Internet ke eona e sebelisoang ka ho fetisisa. Ka bomalimabe, Internet ha e sebelisoe feela bakeng sa ho hasa boitsebiso bo molemo, mekhoa ea bophelo le litaba tsa khoebo. Mecha e meng ea boitsebiso e hlahisa litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe, khethollo ea morabe le papali ea chelete. E meng e ’maloa ebile e fana ka litaelo tse tobileng tsa hore na motho a ka iketsetsa bomo joang. Joalokaha Thomas L. Friedman a bontša, “ho fumana boitsebiso bo kotsi ho Internet ho bonolo feela. U ka iphumana u kene ’momoring oa ho batla ho phethola ’muso o neng o tšoaretsoe ka bareng ea Manazi, kapa ua iphumana u se u le pokellong ea libuka tsa litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe, . . . ’me ho se motho ea ka u thibang kapa ea ka u tataisang.”
Thelevishene le lifilimi le tsona li susumetsa tsela eo batho ba nahanang ka eona haholo. Melaetsa e hlahang lifiliming tsa lefatše hangata e tsoa Hollywood, e leng fektheri e ka sehloohong lefatšeng ea lintho tse inahanetsoeng. Hangata mokhoa ona oa boithabiso o khothalletsa lerato la lintho tse bonahalang, pefo kapa boitšoaro bo bobe. Lintho tsena e ka ba mekhoa e sa tloaelehang ka ho feletseng linaheng tse ngata tsa lefatše. Leha ho le joalo, ho lula ho le thata hore mebuso, matichere le batsoali ba thibele mekhoa ena.
Moahi oa Havana, Cuba, o ile a re ho moeti ea tsoang Amerika Leboea: “Re rata mokhoa oo ho pheloang ka oona United States. [Re] tseba likhalala tsohle tsa lōna tsa Hollywood.” Mekhoa ea bophelo ea Bophirimela e boetse e khothalletsa lijo tse phehoang ka lepotla-potla le ho ajoa kapele le lino-mapholi. Rakhoebo e mong oa Malaysia o itse: “Batho ba mona ba rata ntho leha e le efe ea Bophirimela, haholo-holo ea Amerika. . . . Ba batla ho ja [lijo tsa teng] le ho tšoana [le batho ba teng].” Mookameli oa Koleche ea Havana o ile a re ka pelo e bohloko: “Cuba ha e sa le naha e ka thōko. Ha ho sa na linaha tse iphelelang bophelo ba tsona li le ling. Ho se ho e-na le lefatše le le leng feela.”
Mokhoa oa bophelo oa Bophirimela o ama lintho tseo batho ba behileng tšepo ea bona ho tsona le tseo ba li lakatsang. Human Development Report 1998 e itse: “‘Takatso ea ho ba le lintho tse bonahalang tse lekanang le tsa baahisani’ e fetohile, hona joale ha ho sa batloa hore ho lekanoe le baahisani empa ho phehelloa ka matla ho phela ka tsela e tšoanang le ea batho ba ruileng le ba tummeng ba hlahang lifiliming le mananeong a thelevishene.” Ho hlakile hore boholo ba baahi ba lefatše bo ke ke ba finyella mokhoa oo oa bophelo.
Na ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše ke Pheko?
Joaloka lintho tse ngata tse ’nileng tsa etsoa ke batho, ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho bile molemo ha ba ha e-ba kotsi. Ho ruisitse ba bang, ha ba ha etsa hore mehleng ena ho be bonolo ho buisana lefatšeng lohle. Leha ho le joalo, ho tsoela ba ruileng le ba hlahelletseng molemo, ha ba futsanehileng le ba hlokang bona ba hlokomolohuoa. ’Me linokoane le likokoana-hloko tsa maloetse li sebelisa monyetla oa ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho feta le eona mebuso.—Bona mabokose a leqepheng la 24 le la 25.
Ho ea bohōleng bo itseng, ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho ekelitse mathata a seng a ntse a le teng lefatšeng lena la rōna le sa phethahalang. Ho fetohile bothata ho e-na le ho rarolla mathata a teng lefatšeng. Lichaba li arohane le ho feta, ’me pherekano e ngata. Mebuso lefatšeng lohle e leka ka matla ho sebelisa melemo ea ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ha ka nako e tšoanang e leka ho sireletsa baahi ba eona mathateng a hona. Na e tla atleha? Na ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ka tsela e nahanelang batho ba bang e ka ba tharollo? Sehlooho se latelang se tla sekaseka lipotso tsena.
[Mabokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
HO IKOPANYA HA LICHABA TSA LEFATŠE BONOKOANENG LE BOKHUKHUNING
Ka bomalimabe, lithulusi tsa mosebetsi le tsa khoebo li ka fetoloa libetsa tsa bonokoane habonolo feela. Human Development Report 1999 ea hlalosa: “Joalokaha likhoebo tse sebetsang linaheng tse fapa-fapaneng li lekile ho kopanya tšebeliso ea moruo oa lefatše, ho joalo le ka ‘bonokoane bo teng linaheng ka ho fapa-fapana’—lihlopha tsa tlōlo ea molao tse hlophisitsoeng—bo ’nile ba sebelisa monyetla ona hampe.” Tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e ruile molemo ofe ho ikopanyeng ha lichaba tsa lefatše?
Mekhatlo e seng molaong ea lithethefatsi e fumane menyetla e mengata e mecha ea ho pata bolotsana ba liranta tse limilione-milione tseo e li fumanang e le phaello. Ho felisoa ha melao e mengata ea lekhetho la thepa e kenang linaheng, le keketseho ea batho ba tsamaeang libaka ka ho fapana le tsona li nolofalelitse mekhatlo ena hore e tsamaise lithethefatsi tse seng molaong ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, kapa ho tloha k’honthinenteng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Ho thahasellisang ke hore lilemong tsa bo-1990, tekanyo ea k’hok’heine e etsoang e ile ea imena habeli, ha ea matekoane eona e ile ea imena hararo. Lihlopha tsa Mafia tse sebetsang linaheng ka ho fapa-fapana le tsona li thehile khoebo ea botekatse e kenyang chelete e ngata. Selemo se seng le se seng, li romela basali le banana ba ka bang 500 000 Europe Bophirimela ka morero ona—boholo ba bona bo sa batle.
Lihlopha tsa bonokoane, joalo feela ka likhoebo tse sebetsang linaheng tse fapa-fapaneng, li matlafalitse tšebetso ea tsona lilemong tsa morao tjena. Boholo ba tsona li sebetsa lefatšeng lohle, ’me kaofela li fumana phaello e hakanyetsoang ho liranta tse libilione tse 17,5 ka selemo—e leng chelete e fetang ea theko ea lihlahisoa tsa Fora.a
Internet le eona e bile sesebelisoa se setle sa litsebi tse sa tšepahaleng tsa k’homphieutha. Ka 1995, motho e mong ea khonang ho kena mecheng e itseng ea k’homphieutha ntle ho tumello o ile a utsoa boitsebiso boo theko ea bona e neng e ka ba liranta tse limilione tse 12 hammoho le linomoro tse 20 000 tsa likarete tsa ho reka ka mokitlane. José Antonio Soler, rabanka oa Lesepanishe o itse: “Ho sebelisa theknoloji e ncha bakeng sa ho utsoa ha ho na likotsi tse kaalo ho bile ho na le melemo e mengata.”
Likhukhuni le tsona li sebelisa monyetla oa ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše. Ka lebaka la litaba tsa lefatše tse bonoang hohle, ho koeteloa ha bahahlauli ba ’maloa ba tsoang Bophirimela sebakeng se thōko ho ka thusa ho phatlalatsa ka potlako tletlebo leha e le efe ea lipolotiki.
“BAETI” BA SA RATEHENG
Batho le maloetse ba ka tsamaea lefatšeng lohle, ’me maloetse a mang aa bolaea. Moprofesa Jonathan M. Mann, setsebi sa mafu a seoa, oa hlalosa: “Ho eketseha ho potlakileng ha batho ba etang lefatšeng lohle, thepa le likhopolo ke tsona lintho tse ka sehloohong tse jalang maloetse lefatšeng lohle. Mafu a tšoaetsanoang a macha le a khale a hlasela lefatše habonolo ’me, ho hobe le ho feta, a atile a bile a jaleha lefatšeng lohle.”
Mohlala oa sebele oa ho hlaseloa habonolo hona ho hocha ha lefatše lohle, ke seoa sa AIDS, eo hona joale e bolaeang batho ba ka bang limilione tse tharo selemo se seng le se seng. Linaheng tse ling tsa Afrika, basebetsi ba bophelo bo botle ba ’mele ba na le tšabo ea hore lefu lena le tla qetella le bolaile bahlankana le baroetsana ba babeli ho ba bararo. Lenaneo le Kopanetsoeng la Machaba a Kopaneng la HIV⁄AIDS lea tlaleha: “Ho sa tsotellehe mafu a seoa a sekete sena sa lilemo, ntoa le tlala ea sekoboto, historing ha ho e-s’o ka ho e-shoa bacha ba bangata hakana joaloka hona joale.”
Likokoana-hloko hase tsona feela tseo e leng “baeti” ba sa rateheng lefatšeng. Liphoofolo, limela le likokoanyana li tlohile libakeng tsa habo tsona ’me li hlasela lik’honthinente tse ling. Mofuta o mong oa linoha tse mahloko tsa Australia o kene lihlekehlekeng tsa Pacific, ’me ho bonahala li fihlile moo ka ho kena ka sefofaneng li sa lemohuoe. Li se li bile li qetile linonyana tsohle tsa morung Guam. Semela sa metsing se bitsoang hyasinthe, sa Amerika Boroa, se nametse linaheng tse 50 tse chesang tse mongobo, moo se fihlang se kiba likotopo le ho senya matangoana a litlhapi. International Herald Tribune ea tlaleha: “‘Baeti’ bana ba hlaselang ba etsa hore lefatše le be le litšenyehelo tsa liranta tse libilione selemo le selemo, ba jala maloetse le ho senya tikoloho haholo.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ho buuoa ka “theko ea lihlahisoa tsa naha,” ho boleloa theko ea thepa eohle le litšebeletso tse etsoang ke naha ka selemo.
[Litšoantšo]
CHELETE E MOKOTSOENG
E fumanoa ka har’a thepa e rometsoeng ea lipopi tsa libere
K’HOK’HEINE E MOKOTSOENG
Ho fumanoa k’hok’heine e jang R47 000 000 koloing e sebelisetsoang ho ea boikhathollong e tšoeroeng moeling
BOKHUKHUNI KA TŠEBELISO EA LIK’HEMIK’HALE TSE KOTSI
Masole a phenyekolla Capitol Hill, Washington, D.C., a batla koatsi
HO PHATLOHA HA LIBOMO
Koloi e nkileng bomo ea phatloha Iseraele
HO NAMA HA AIDS LEFATŠENG
Afrika Boroa, seoa sa AIDS se haketse hoo lipetlele tse ling tsa ’muso li hanang ho amohela bakuli
HO HLASELA HA MEFUTA E ITSENG EA LINTHO TSE PHELANG
Linoha tse sootho tse lulang lifateng li haufi le ho qeta linonyana tsa morung Guam
HYASINTHE EA METSING
Semela sena se kiba likotopo le mabōpo a nōka linaheng tse ka bang 50
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Money and cocaine smuggling: James R. Tourtellotte and Todd Reeves/U.S. Customs Service; bioterrorism: AP Photo/Kenneth Lambert; burning bus: AP Photo/HO/Israeli Defense Forces; child: AP Photo/Themba Hadebe; snake: Photo by T. H. Fritts, USGS; water hyacinth: Staff CDFA, California Dept. of Food & Agriculture, Integrated Pest Control Branch
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše moruong ho ekelitse lekhalo le pakeng tsa barui le mafutsana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UN PHOTO 148048/ J. P. Laffont - SYGMA
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Ho sebelisoa “Internet” ho ntšetsa pele bokhukhuni